Babylona e Moholo—Ho Ahloleloa ha Hae Lefu
“Ho no ho ngoliloe phatleng ea hae lebitso le reng: Sephiri: Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” “Likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, Molimo o mo ahlolang.”—Tšenolo 17:5; 18:8.
RE NA le tokelo ea ho ipotsa ka mantsoe ao a ileng a ngoloa ke moapostola Johanne lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. “’M’a liotsoa” eo ke mang? O foselitse Molimo joang hakaalo-kaalo hoo o lokelang ho mo ahlola haboima hakaale? Ha ho pelaelo hore likahlolo tsa Molimo khahlanong le seotsoa sa sephiri Babylona e Moholo ke tse ripitlang. ’Me ka sebele sena se re fa lebaka la ho tseba hore na seotsoa sena ke mang le hore na qetello ea sona e tla re ama joang.—Tšenolo 18:21.
Ke mang kapa ke eng seo Babylona e Moholo e se tšoantšetsang? Bibele e bolela hore babusi ba lefatše ba febile le eena le hore bahoebi ba hoebile le eena. (Tšenolo 18:3) Ka hona, a ke ke a emela lipolotiki kapa khoebo e khōlō. Empa sena se siea kofuto ea boraro e matla haholo lefatšeng e le eona feela e lokeloang ke lebitso “’m’a liotsoa.” Ha ho e mong haese ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane!a
Joale ho sala lipotso tsena: Ke hobane’ng, ke joang, ’me ke neng Babylona e Moholo a tlang ho ahloleloa lefu? Kapa ho bea litaba ka ho toba: Ke hobane’ng, ke joang, ’me ke neng bolumeli ba bohata bo tlang ho fela holim’a lefatše lee?
Tlaleho eo e Seng ea Bokreste ea Bokreste-’mōtoana
Ha re hlahloba tlaleho ea bolumeli ba bohata, re ka ’na ra boetse ra hopotsoa ka polelo ea boprofeta ea boholo-holo: “Ba jala moea, ’me ba tla kotula sefefo.” (Hosea 8:7) Sena se lumellana le molao-motheo o ileng oa buuoa ke moapostola oa Mokreste Pauluse: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Galata 6:7) Ka hona, bolumeli ba bohata bo jetse eng lefatšeng lohle? ’Me bo tla kotula eng?
Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae hore ha baa lokela ho rata baahelani ba bona feela empa hape le lira tsa bona. (Mattheu 5:43, 44) Ha a qotsa Mangolong a Seheberu, Pauluse o bontšitse ka ho hlaka hore na Bakreste ba lokela ho tšoara lira tsa bona joang. O itse: “Ka baka leo, eo e leng sera ho uena, ekare ha a lapile, u mo fepe; ha a nyoriloe, u mo nose, hobane ha u ntse u etsa joalo, etlaba u ’mokellela mashala a mollo hlohong. U se ke ua hlōloa ke bobe, u mpe u hlōle bobe ka botle.”—Ba-Roma 12:20, 21.
Ho ntse ho le joalo, histori ea malumeli a Bokreste-’mōtoana ke ea lehloeo le tšollo ea mali. Lintoa tsa bolumeli tsa boholo-holo le tsa kajeno tse kenyelletsang ho inkela lintho ka mahahapa, peto, le lefu li ’nile tsa hlohonolofatsoa le ho lumelloa. Ka mohlala, ho inkela Abyssinia ka likhōka ha mokha oa puso ea bohatelli oa Italy (1935) le “ntoa ea bolumeli” ea Franco Ntoeng ea Lehae ea Spain (1936-39) li ile tsa hlohonolofatsoa ke bahlomphehi ba Kereke e K’hatholike.
Liphapang tsa thuto ea bolumeli li ’nile tsa lokisoa ka hore batho ba chesoe thupeng. Mofetoleli oa Bibele William Tyndale o ile a fenetheloa thupeng ’me setopo sa hae sa chesoa ka 1536, ka mor’a hore a hatise phetolelo ea hae ea Senyesemane ea “Testamente e Ncha.” Pejana, ka taelo ea Mopapa Martin V, ba boholong bolumeling, ba khannoa ke moea oa boiphetetso, ba ile ba cheka masapo a mofetoleli oa Bibele Wycliffe lilemo tse 44 ka morao ho lefu la hae hore feela ba nyakallisoe ke ho a chesa. Nakong ea Lekhotla la K’hatholike le Otlang Bakhelohi, Bajode ba likete le “bakhelohi” ba ile ba nkeloa maruo a bona, ba hlokofatsoa, ’me ba chesoa thupeng—kaofela ha bona ho thoe ke ka baka la lebitso la Kreste! Seithuti sa bolumeli sa Spain Michael Servetus, ea ileng a hlorisoa ke Mak’hatholike a Roma le Maprotestanta ka ho tšoanang, o ile a chesetsoa thupeng ka taelo ea Moprotestanta John Calvin. Lintoeng tse peli tsa lefatše tsa lekholong lena la lilemo, mabotho a ntoa a ’nile a hlohonolofatsoa ke baruti ba “Bakreste,” ’me baruti ba mabotho ba tletseng moea oa bochaba ba ’nile ba phehella masole ho bolaea.
Ke ho fapaneng hakaakang le Bokreste ba ’nete! Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:12-14.
Ho Bakreste Roma, Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:17-19) Leseling la melao-motheo ea Bokreste, joale, Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile. Bo jetse lehloeo le boikaketsi ’me bo tla kotula timelo.
Malumeli ao e Seng a Bokreste—Tlaleho ea ’Ona
Empa Babylona e Moholo e na le ho hongata ho feta feela malumeli a Bokreste-’mōtoana. Malumeli ’ohle a maholo a lefatše lena a na le seabo tšollong ea mali ea seotsoa seo se tummeng hampe. Ka mohlala, bolumeli ba Shinto ba Japane bo tlameha ho jara karolo ea molato bakeng sa monahano oa batho ba feteletsang litaba le ba nyakalatsoang ke ho tlatlapa ba bang ho bontšitsoeng ke sesole sa Japane Ntoeng ea II ea Lefatše. Rahistori Paul Johnson o bolela hore e le hore “ba ka imatlafatsa lefatšeng le se nang thabo, la tlhōlisano” le busoang ke litekanyetso tsa boitšoaro tsa Europe, ba ile ba fumana ho hlokahala hore ba iqapele “bolumeli ba naha le tekanyetso ea boitšoaro, tse tsejoang e le Shinto le bushido [“tsela ea mohlabani”]. . . . Borapeli ba ka mehla le mehla ba moemphera bo ile ba hlongoa, haholo-holo mabothong a hlometseng a ntoa, ’me ho tloha ka bo-1920 ho ea pele melao ea sechaba ea boitšoaro, kokumin dotoku, e ne e rutoa likolong tsohle. Phello e ile ea e-ba efe? Ka 1941, ha Japane e lihela bomo Pearl Harbor ’me ka tsela eo e kena Ntoeng ea II ea Lefatše, “Shinto . . . e ile ea fetoloa ho tloha borapeling ba pele-pele ba mehlolo, bo neng bo se bo sa sebetse le bo fokolang ho tla boemong ba joale bo amohelehang, boemo ba bompoli, ’me ka hona ka phapang e ikhethang le e nyatsehang, bolumeli, bo neng bo lokela hore e be bo ile ba sebeletsa ho hanela manyala a neng a le teng nakong eo, bo ile ba sebelisoa ho a hlohonolofatsa.”
Mabapi le ho aroloa ha India ka 1947, eo ho eona liphapang tsa bolumeli e neng e le sesosa, rahistori Johnson oa bolela: “Batho ba ka bang limillione tse 5 ho ea ho tse 6 ba ne ba phasa-phasa ho pholosa bophelo ba bona. . . . Bao ho hakanngoang hore ba ile ba shoa ka nako eo ba ne ba phahametse ho tloha ho millione e le ’ngoe ho ea ho tse peli. Litlaleho tsa morao-rao tjena li fana ka khakanyo ea ba 200 000 ho ea ho 600 000.” Ho fihlela kajeno, lipolao tse hlohlelletsoang ke bolumeli le ho hlabisoa lihlong lia etsahala mokhatlong oa batho oa Hindu. Hangata Harijans, kapa batho ba tlaasana ba khesoang bao pele-pele ho ba ama e neng e le ho itšilafatsa ho Mahindu a phahameng, ke bona ba bolaoang ke sehlopha sa babolai se hlophisoang ke barui ba phahameng.
Bohindu bo amana haholo le mekhoa ea tšebelisano le meea. (Tšenolo 18:23) Sengoli sa Leindia Sudhir Kakar se bua ka “Mohindu e mong le e mong ea loeang le ea hlomphang borapeli ba mehlolo le ea bo sebelisang” ’me sea phaella: “Balepi ba linaleli, linohe, lilaoli ba nkoa hape e le sadhus [banna ba “halalelang” ba iteletseng lintho tsa moea], Mahindu a bo-hloma-u-hlomole [Baruti ba Hindu ba etsang mesebetsi ea boselamose] le melimo e meng ea batho e hlonepshoa ka ho teba hobane ho nahanoa hore e na le kamano e haufi le boleng bo phahameng.”—India Today, April 30, 1988.
Ho phaella moo, ho na le likhohlano tse sa feleng pakeng tsa Mahindu, Masikhe, le malumeli a mang a Bochabela. Likhohlanong tsena, bolumeli ka bong bo phaella seabo sa bona sa lehloeo, ntoa, le polao. Ena ke feela tšobotsi e ’ngoe ea litholoana tsa Babylona e Moholo.
Ho feta moo, histori ea kajeno ea ntoa, lipolao, le khatello ea maikutlo ha e buelle Bojode ka letho. Pefo eo ka linako tse ling e bonahatsoang ke litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa mehlolo sa Bojode ho litho tse ling tsa lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bojode le malumeli ao e seng a Bojode ha e amohelehe le hanyenyane mahlong a Molimo.
Ha re ithuta ka histori ea lefatše ka bophara ea ’muso oa bolumeli, re ka bona habonolo lebaka leo ka lona Moahloli ea Phahameng a nang le motheo oa ho ahlolela Babylona e Moholo lefu. “E, ho eena ho fumanoe mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24, NW) Ho kenella ha bolumeli ba bohata lintoeng tsa linaha le tsa lefatše ho entse hore bo be molato mahlong a Molimo maling “a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”
Ho latela qoso ea Bibele, Babylona e Moholo o ahlotsoe a tšoaneloa ke timetso ka baka la tlaleho ea hae ea histori ea bofebe ba moea le babusi ba lefatše, molato oa hae oa mali lintoeng, le mekhoa ea hae ea tšebelisano le meea. Ka hona, Jehova Molimo ka boahloli o entse qeto ea hore ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane o tlameha ho felisoa.—Tšenolo 18:3, 23, 24.
Kamoo Bolumeli ba Bohata bo Tla Felisoa Kateng
Ka puo e phahameng ea tšoantšetso, buka ea Tšenolo e hlalosa timetso ea Babylona e Moholo. Ho Tšenolo 17:16 rea bala: “’Me linaka tse leshome tseo u li boneng ho sebata, li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” “Linaka tse leshome” li tšoantšetsa mebuso eohle ea lipolotiki e teng hona joale lefatšeng le e tšehetsang Machaba a Kopaneng, “sebata se ’mala oa sekarelata,” seo ka bosona e leng setšoantšo sa tsamaiso ea bopolotiki ea Satane e silafalitsoeng ke mali.—Tšenolo 16:2; 17:3.b
Ho latela boprofeta ba Bibele, mebuso ea lefatše ea bopolotiki e kopane le Machaba a Kopaneng e tla fetohela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ’me e o ripitle. Malumeli ’ohle a bohata a tla ameha. Litsamaiso tse ling tsa bopolotiki li se li bontšitse ho hloka mamello ha tsona ka ho itšunya-tšunya ha bolumeli ba bohata mafapheng a bopolotiki le a tsamaiso ea sechaba. Linaha tse ling tsa bokomonisi li emela ho se lumele boteng ba Molimo ’me li theoletse bolumeli boemong bo se nang thuso, joaloka Albania, kapa bo boemong ba ho ba mothusi ea ikokobelitseng, joaloka Russia le Chaena. Libakeng tse ling, babusi ba lipolotiki ba bontša ho nyatsa ho matla tokoloho ea bolumeli ea baruti ba bang ba K’hatholike linaheng tse futsanehileng. Empa ba bang ba hatella malumeli a itšunya-tšunyang litabeng tsa merabe. Esita le linaheng tseo ho thoeng li na le bolokolohi, bo-ralipolotiki ba bang ba nyatsa ho itšunya-tšunya ha baruti lipolotiking le litabeng tsa sechaba.
Ho sa lebelletsoe hape ho bona hore na ke litseko life hape tse tla qholotsa mebuso ea lipolotiki lefatšeng ka bophara ho nka khato khahlanong le bolumeli ba bohata. Empa ho na le ntho e le ’ngoe ea sebele—ho ahloleloa lefu ha Babylona e Moholo ke mebuso ena e ke ke ea e-ba thato ea eona feela empa hape e tla ba thato ea Molimo. Tšenolo 17:17 ea bolela: “Hobane Molimo o kentse lipelong tsa bona ho phetha morero oa oona, le ho lumellana, le ho neela sebata mebuso ea bona, lipolelo tsa Molimo li tle li be li phethehe.”—Bapisa Jeremia 51:12, 13.
Se etse phoso. Ho ahloleloa lefu ha Babylona e Moholo e ke ke ea e-ba feela pontšo ea bora ba bopolotiki mabapi le manganga a bolumeli le ho itšunya-tšunya ha bona. Babusi ba bopolotiki e tla ba likofuto tsa Molimo tse se nang boikhethelo ho timetsa borapeli ba bohata lefatšeng ka bophara. E, “libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”—Tšenolo 18:5.
Jehova o laetse hore bolumeli ba bohata bo ikhohomosang bo tlameha ho kokobetsoa. Boprofeta boa bolela: “Mo hlokofatseng, le be le mo hlomolise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ea hae: Ke lutse ke le mofumahali, ha ke mohlolohali, ’me nke ke ka tseba bofifi. Ka baka leo, likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, Molimo o mo ahlolang.”—Tšenolo 18:7, 8.
Kahlolo ea Lefu e Neng?
“Tsatsi le le leng” leo, kapa nako e khutšoanyane ea kahlolo ea lefu e potlakang, hona joale e haufi. Ha e le hantle, timetso ea Babylona e Moholo e etella pele “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” (Esaia 61:2) Ka morao ho moo, ntoa ea toka ea Molimo ea Harmagedone e tla be e le holim’a rōna. Bopaki bohle ba liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 bo bontša hore nako e-ea fela bakeng sa tsamaiso ea lintho ea Satane. Ka hona, puso ea ’Muso oa Molimo e haufi.—Luka 21:32-36; Tšenolo 16:14-16.
Barapeli ba ’nete ba tla itšoara joang ha Babylona e Moholo e timetsoa? Tšenolo e re: “Nyakallang ka baka la oona, uena leholimo, le lōna bahalaleli, baapostola, le baprofeta, hobane Molimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka eona!” (Tšenolo 18:20) Ho tla ba le thabo ea bokahohleng bohle ha morero oa Jehova o phethahatsoa ’me lebitso la hae le halaletsoa. Boprofeta boa bolela: “Ka mora’ tseo, ka utloa leholimong ho kang lentsoe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna; hobane likahlolo tsa oona ke tsa ’nete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotsoa se seholo, se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; ’me o phetelitse mali a bahlanka ba oona letsohong la sona.”—Tšenolo 19:1, 2.
Ho ripitloa ha Babylona e Moholo, ho tla lateloa ke ho ahlolela ha Molimo mebuso e setseng ea tsamaiso ea Satane lefu, ho tla bolela mahlohonolo a sa feleng bakeng sa barapeli ba ’nete ba Molimo, ho akarelletsa le ba bangata ba tla tsosetsoa mona lefatšeng. Joalokaha Jesu a ile a tšepisa bohle ba joalo: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32; Tšenolo 19:11-21.
Barapeli ba ’nete ba se ba ntse ba lokolohile lithutong tsa bolumeli ba bohata tse ’nileng tsa nyefola Molimo ho theosa le lilemo. Lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la ho loka, ba tla be ba lokolohile ho phela ba sa tšabe lefu, hobane “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona. . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Lintho tsa pele tse tla be li fetile li akarelletsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki bo eketsehileng bo qaqileng bo khethollang Babylona e Moholo, bona Molula-Qhooa oa April 1, 1989.
b Bakeng sa litlhaloso tsa lintho tsena le litšoantšo tse ling tse hlahang ho Tšenolo, bona buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Ka phapang e ikhethang le e nyatsehang, bolumeli, bo neng bo lokela hore e be bo ile ba sebeletsa ho hanela manyala a neng a le teng nakong eo, bo ile ba sebelisoa ho a hlohonolofatsa”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Wycliffe le Tyndale ba ile ba hlorisetsoa ho fetolela Bibele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Li nkiloe litšoantšong tsa boholo-holo tse setiloeng tsa Bibliothèque Nationale