Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/1 maq. 4-5
  • Seotsoa se Seholo Sea Koaholloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seotsoa se Seholo Sea Koaholloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babylona Mohlohlelletsi oa Ntoa
  • Babylona e Moholo—Ho Ahloleloa ha Hae Lefu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/1 maq. 4-5

Seotsoa se Seholo Sea Koaholloa

TSAMAISO ea hona joale ea lefatše e tlas’a taolo ea Satane e na le likarolo tse tharo tsa sehlooho tse sebelisoang hampe ke “molimo oa lefatše lena.” Likarolo tsena ke mebuso ea lipolotiki, taolo le tšusumetso e khōlō ea khoebo, le bolumeli. Ka nako e ka holimo ho likete-kete tsa lilemo tsa histori, likofuto tsena tse tharo e ’nile ea e-ba likofuto tse sa fetoheng tsa hoo e ka bang tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea puso. Ke efe ho litšusumetso tsena tse matla e tšoantšetsoang ke “’m’a liotsoa”?—2 Ba-Korinthe 4:3, 4; Tšenolo 12:9; 17:5.

Ho latela pono ea Johanne eo ho buuoang ka eona mona, babusi, “marena a lefatše,” ka boithatelo a ile malaong a hae a bohlola. (Tšenolo 18:3) (Bopaki ba sena ba histori bo tla fanoa maqepheng a latelang.) Ka hona, Babylona e Moholo a ke ke a tšoantšetsa kofuto ea bobusi ba lipolotiki tsamaisong ea lefatše.

Ho thoe’ng ka karolo ea khoebo e khōlō e nkileng karolo ea bohlokoahali litabeng tsa batho kajeno? Ka sebele ke tšusumetso e matla lichabeng tse ngata, ’me ha e le hantle, e rera hore na ke mang ea tla rua le ea tla futsaneha. Na e ka ba ee ke eona Babylona e Moholo? Lengeloi le ile la fa Johanne ntlha ea bohlokoa e arabelang potso ena. Le ile la tsebisa ka ketsahalo e nyarosang—ho lihuoa ha Babylona mohaung! O lahleheloa ke bao e tekatsang le bona le linyatsi tsa hae, bao ka tšohanyetso ba fumanang a se a nyonyeha. Ke bo-mang hape, ntle ho “marena a lefatše,” ba ’nileng ba e-ba har’a ba mo etelang khafetsa-khafetsa? Lengeloi lea bolela: “Hobane lichaba tsohle li noele veine ea bohale ba bootsoa ba hae; ’me marena a lefatše a febile le eena, ’me bahoebi ba lefatše ba enne ka boholo ba menono ea hae.” E, bahoebi ba lefatše ba ithuisitse molemo ka ho hoeba le ka ho etsa botsoalle le eena le ka ho eketsa “menono ea hae.” Ka hona, a ke ke a tšoantšetsa khoebo e khōlō ea lefatše lohle.—Tšenolo 18:3.

Ka hona, ha li ntse li tlosoa ka bonngoe, bobusi ba bopolotiki le taolo le tšusumetso ea khoebo e khōlō li se li behelletsoe ka thōko. See se re siea le eng? E lokela ho ba karolo eane e matla eo le eona e lumellanang le qoso, “hobane lichaba kaofela li khelositsoe ke bolao ba hao.” Ke karolo eo ka nako e ’ngoe e neng e le matla empa eo joale matla a eona a ntseng a qepha a susumelitseng ka ho teba monahano le liketso tsa lichaba haesale ho tloha mehleng ea Babylona ea boholo-holo. Ke eona e ’nileng ea ‘busa marena a lefatše’—e leng, bolumeli ba bohata!—Tšenolo 17:18; 18:23.

E, le hoja ho ka ’na ha bonahala ho nyarosa ho batho ba bang ba nkileng bolumeli ka ho teba, Babylona e Moholo, ’m’a liotsoa, e tšoantšetsa ’muso oa lefatše oa Satane oa bolumeli ba bohata. Ke eona e tšoantšetsang malumeli a lefatše a ’nileng a sekisetsa ka litsela tse fapaneng mabapi le likarolo tsa mebuso ea lipolotiki le ea lichelete ho theosa le histori.

Babylona Mohlohlelletsi oa Ntoa

Tumellanong le pono ea boprofeta, Babylona e Moholo ke sefebe se seholo se lebisitseng lichaba, batho, le merabe lintoeng tse tšollotseng mali, lintoa tsa bolumeli, le ho iphetetseng ho mabifi, se li hlohonolofatsa ka litakaletso tsa mahlohonolo, metsi a halalelang, lithapelo, le ka lipuo tse halefisang tsa bochaba.a—Tšenolo 18:24.

Baruti ba eona, haholo-holo baruti ba eona ba mabotho a ntoa, e ’nile ea e-ba likofuto tsa babusi tse ithaopelang ho etella pele matšoele-tšoele a batho ba il’o bolaoa ka lithunya lintoeng tse peli tsa lefatše le lintoeng tse ling tse kholoanyane. Mok’hatholike o bolaile Mok’hatholike, le Moprostanta a phetha mosebetsi a rinya Moprostanta, ’me ha lahleha bophelo ba batho ba ka bang limillione tse 50 ho ea ho tse 60 lintoeng tse peli tsa lefatše feela.

Lekholong lena la bo20 la lilemo la batho ba seng ba e-na le tsebo e ngata, ho fana ha bolumeli ka limpho ho tsoela pele ho tsoala lehloeo le lefu—eseng feela ’musong oa Bokreste-’mōtoana ka K’hatholike ea bona e loantšanang le Boprostanta empa hape le lefatšeng la bao eseng Bakreste moo Boislame ba lona bo loantšanang le Bojuda, Bohindu bo loantšanang le Boislame, Bobuddha bo loantšanang le Bohindu, Bosikhe bo loantšanang le Bohindu, joalo-joalo.

Ho feta moo, bolumeli bo ’nile ba batla ka mehla ho kenya tšusumetso e matla ho “marena a lefatše,” bo leka ho rera hore na puso ea ’ona e tsamaee joang le hore na ke bo-mang ba tla e nka ka mor’a moo. E re ka bokhutšoanyane re hlahlobe mehlala e seng mekae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lintoa tsa Bolumeli “tse halalelang” (1096-1270), Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo ea Europe (1618-48), lintoa tse peli tsa lefatše, le ho bolaoa ha Mahindu le Masolomane a 200 000 ha India e aroloa (1948) ke mehlala e fokolang feela ea ho ba molato oa mali ha bolumeli.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ke efe ho tsee—lipolotiki, khoebo e khōlō, kapa bolumeli—e emeloang ke “Babylona e moholo”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela