Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Veine e Tsosang Takatso

      13. (a) Lengeloi le matla le hlokomelisa ka ho pharalla ha bootsoa ba Babylona e Moholo joang? (b) Ke boitšoaro bofe bo bobe bo neng bo atile Babylona ea boholo-holo bo boetseng bo fumanoang ho Babylona e Moholo?

      13 Ka mor’a moo, lengeloi le matla le hlokomelisa ka ho pharalla ha bootsoa ba Babylona e Moholo, le re: “Etsoe lichaba kaofela li fetohile liphofu ka lebaka la veine ea bohale ba bohlolaa ba hae, ’me marena a lefatše a ile a etsa bohlola le eena, ’me bahoebi ba tsamaeang ba lefatše ea e-ba ba ruileng ka lebaka la matla a menono ea hae ea ho se hlajoe ke lihlong.” (Tšenolo 18:3) E rutile lichaba tsohle litsela tsa eona tse sa hloekang tsa bolumeli. Ho latela rahistori oa Mogerike Herodotus, Babylona ea boholo-holo mosetsana e mong le e mong o ne a laeloa hore a silafatse boroetsana ba hae ka ho iketsa letekatse borapeling tempeleng. Le kajeno ho ntse ho bontšoa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate litšoantšong tse betliloeng tse sentsoeng ke ntoa tsa Angkor Wat, Kampuchea le litempeleng tsa Khajuraho, India, tse bontšang molimo oa Bohindu Vishnu a pota-potiloe ke litšoantšo tse manyala tse tsosang litakatso tsa ho kopanela liphate. United States, ho pepesoa ha boitšoaro bo bobe ho ileng ha sisinya baevangeli ba thelevishene ka 1987, esita le ka 1988, hammoho le ho senoleha ha mokhoa o jeleng setsi oa bosodoma o etsoang ke baruti ba bolumeli, ho bontša hore le Bokreste-’mōtoana bo lumella mekhoa e tšosang ka tsela e feteletseng ea bohlola ba sebele. Empa, lichaba tsohle li oetsoe ke mofuta o tebileng le ho feta oa bohlola.

      14-16. (a) Ke kamano efe ea lipolotiki le bolumeli e litšila moeeng e ileng ea e-ba teng Italy ea Bofascista? (b) Ha Italy e futuhela Abyssinia, babishopo ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba ile ba bua lipolelo life?

      14 Re se re hlahlobile kamano e litšila ea lipolotiki le bolumeli e ileng ea hloesetsa Hitler pusong Jeremane ea Bonazi. Lichaba tse ling le tsona li ile tsa utloa bohloko ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha bolumeli litabeng tsa lefatše. Ka mohlala: Italy ea Bofascista, ka la 11 February, 1929, Mussolini le Mok’hadinale Gasparri ba ile ba saena Selekane sa Lateran, se fetolang Motse oa Vatican naha e ipusang. Mopapa Pius XI o ile a bolela hore “o khutliselitse Italy ho Molimo, le Molimo ho Italy.” Na hoo e ne e le ’nete? Nahana ka se ileng sa etsahala lilemo tse tšeletseng hamorao. Ka la 3 October, 1935, Italy e ile ea futuhela Abyssinia, e bolela hore “e ne e le naha ea boqaba e ntseng e sebelisa bokhoba.” Ha e le hantle, eo e neng e le leqaba ke mang? Na Kereke e K’hatholike e ile ea nyatsa bokhopo ba Mussolini? Ha mopapa a bua lipolelo tse sa hlakang, babishopo ba hae ba ile ba bua puo-phara ba hlohonolofatsa mabotho a hlometseng a “lefatše la bo-ntat’a bona” la Italy. Bukeng ea The Vatican in the Age of the Dictators, Anthony Rhodes o tlaleha sena:

      15 “Lengolong la hae la Bolisa la la 19 October [1935], Mobishopo oa Udine [Italy] o ile a ngola hore, ‘Hase nako e loketseng ebile ha hoa tšoanela hore re bolele hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe tabeng ena. Mosebetsi oa rōna re le Mataliana, ’me ho feta moo re le Bakreste e ntse e le ho tlatsetsa katlehong ea mabotho a rōna.’ Mobishopo oa Padua o ile a ngola tjena ka la 21 October, ‘Lihoreng tse thata tseo re fetang har’a tsona, re le kōpa hore le be le tumelo ho litsebi tsa rōna tsa puso ea naha le mabotho a hlometseng.’ Ka la 24 October, Mobishopo oa Cremona o ile a halaletsa lifolakha tse ’maloa tsa sesole eaba o re: ‘Molimo a ke a hlohonolofatse masole ana mobung oa Afrika moo a tlang ho hapela Mataliana a bohlale linaha tse ncha tse nonneng, kahoo a li isetse setso sa Roma le sa Bokreste. E se eka Italy e ka boela ea ema e le morupeli oa Bokreste lefatšeng lohle.’”

      16 Abyssinia e ile ea nkoa ka likhoka, ’me baruti ba Roma e K’hatholike ba ile ba hlohonolofatsa seo. Na ho na le ofe kapa ofe har’a bona eo ka tsela leha e le efe a ka buang joaloka moapostola Pauluse a re o “hloekile maling a batho bohle”?—Liketso 20:26.

      17. Spain e ile ea utloa bohloko joang ka lebaka la ho hlōleha ha baruti ba eona ho “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma”?

      17 Ho phaella ho Jeremane, Italy le Abyssinia, sechaba se seng se ileng sa kopanela bohloleng ba Babylona e Moholo ke Spain. Ka tsela e itseng, Ntoa ea Lehae ea 1936-39 e ileng ea e-ba teng naheng eo e ile ea qhomisoa ke ha ’muso oa sechaba ka sechaba o nka bohato ba ho fokotsa matla a maholo a Kereke ea Roma e K’hatholike. Ha ntoa e qaleha, moeta-pele oa mabotho a bofetoheli eo e neng e le Mok’hatholike e bile e le setho sa mokha oa Bofascista, Franco, o ile a itlhalosa e le “Molaoli ea ka Sehloohong oa Lebotho la Ntoa e Halalelang ea Bokreste,” e leng tlotla eo a ileng a e tlohela hamorao. Maspanishe a likete tse makholo a ile a shoa ntoeng eo. Ntle ho mona, ho latela likhakanyo tse tlaase-tlaase, Batšehetsi ba Franco ba Tletseng Moea oa Bochaba ba ne ba se ba bolaile litho tse 40 000 tsa mokha oa Popular Front, ha ba mokha oo bona ba ne ba se ba bolaile basebeletsi ba kereke ba 8 000—bao e neng e le baitlami ba banna le ba basali, baprista, le ba koetlisetsoang boitlami. Ao ke masisa-pelo le masetla-libete a ntoa ea lehae, a bontšang bohlale ba ho mamela mantsoe a Jesu a reng: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Ke ntho e manyala hakaakang hore Bokreste-’mōtoana bo itšunya-tšunye tšollong e khōlō hakaalo ea mali! Ka sebele baruti ba bona ba hlōlehile ka ho feletseng ho “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma”!—Esaia 2:4.

  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • [Lebokose le leqepheng la 263]

      “Marena . . . a Ile a Etsa Bohlola le Eena”

      Mathoasong a bo-1800 bahoebi ba Europe ba ne ba mokola matekoane a mangata ba a kenya Chaena. Ka March 1839 ba boholong Chaena ba ile ba leka ho emisa khoebo ena e sa lumelloang ka molao ka ho amoha bahoebi ba Brithani mabokose a 20 000 a sethethefatsi sena. Hona ho ile ha baka khohlano pakeng tsa Brithani le Chaena. Ha likamano pakeng tsa linaha tsena tse peli li ntse li mpefala, baromuoa ba bang ba Maprostanta ba ile ba hlohlelletsa Brithani hore e kene ntoeng, ba bua lipolelo tse kang tse latelang:

      “Mathata aa a nyakallisa pelo ea ka hakaakang hobane ke nahana hore e ka ’na eaba ’muso oa Manyesemane o halefile, ’me Molimo, ka matla a Hae a ka ’na a liha mekoallo e thibelang molaetsa o molemo oa Kreste hore o kene Chaena.”—Henrietta Shuck, moromuoa oa Southern Baptist.

      Qetellong, ntoa e ile ea qhoma—ntoa eo kajeno e tsebahalang e le Ntoa ea Matekoane. Baromuoa ba ile ba khothatsa Brithani ka lipelo tsohle tsa bona ka ho bua mantsoe a kang ana:

      “Ke tlameha ho hetla morao boemong boo litaba li leng ho bona hona joale, e se hakaalo taba ea matekoane kapa ea Manyesemane, empa e le Tataiso e khōlō ea Molimo ho etsa hore bokhopo ba motho bo phethahatse merero ea Hae ea ho bontša Chaena mohau ka ho phunyelletsa lerako la eona la ho itšehla thajana.”—Peter Parker, moromuoa oa Congregational.

      Moromuoa e mong oa Congregational, e leng Samuel W. Williams, o ile a phaella ka ho re: “Letsoho la Molimo le bonahetse ka mokhoa o tsotehang ho sohle se etsahetseng, ’me ha re na khoao tabeng ea hore Ea ileng a re O tlisitse sabole lefatšeng o tlile hona mona le hore o tletse ho tla timetsa lira tsa Hae ka potlako le ho theha ’muso oa Hae. O tla phethola a be a phethole ho fihlela A behile Khosana ea Khotso.”

      Mabapi le polao e sehlōhō ea batho ba Chaena, moromuoa J. Lewis Shuck o ile a ngola tjena: “Ke nka lipono tse joalo . . . e le likofuto tse tobileng tsa Morena ho hleka matlakala a thibelang tsoelo-pele ea ’Nete ea Molimo.”

      Moromuoa oa Congregational Elijah C. Bridgman o ile a eketsa ka ho re: “Hangata Molimo o ’nile a sebelisa letsoho le matla la puso ea sechaba ho betlela ’muso oa Hae tsela . . . Mocha o sebelisoang linakong tsena tse boima ke batho; matla a tsamaisang ke a Molimo. ’Musisi ea phahameng oa lichaba tsohle o sebelisitse Engelane ho shapa Chaena le ho e kokobetsa.”—Mantsoe a qotsitsoeng ho “Ends and Means,” ea 1974, e leng moqoqo o ngotsoeng ke Stuart Creighton Miller o phatlalalitsoeng ho The Missionary Enterprise in China and America (Phuputso ea Harvard e hlophisitsoeng ke John K. Fairbank).

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela