Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 37 maq. 267-271
  • Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahoebi Baa Lla Ebile Baa Siama
  • Ho Thabela ho Felisoa ha Eona
  • Ho Lihela Leloala le Leholo
  • Molato o Tšabehang oa Mali
  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Bolumeli ba Bohata—Timetso ea Bona e Tšosang e Bonoa Esale Pele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 37 maq. 267-271

Khaolo 37

Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela

1. “Marena a lefatše” a tla etsa joang ha Babylona e Moholo e ripitloa ka tšohanyetso?

HO FELA ha Babylona ke litaba tse molemo ho batho ba Jehova, empa lichaba li ho talima joang? Johanne o re: “Marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le eena le ho phela ka menono ea ho se hlajoe ke lihlong a tla lla le ho ikotla ka lebaka la ho mo sarelloa, ha a talima mosi oa ho cha ha hae, ha a ntse a eme hōjana ka lebaka la ho tšaba ho hlokofatsoa ha hae ’me a re, ‘Ho malimabe, ho malimabe, uena motse o moholo, Babylona uena motse o matla, hobane kahlolo ea hao e fihlile ka hora e le ’ngoe!’”—Tšenolo 18:9, 10.

2. (a) Kaha linaka tse leshome tsa tšoantšetso tsa sebata se ’mala o sekareleta ke tsona tse timetsang Babylona e Moholo, ke hobane’ng ha “marena a lefatše” a sareloa ha e fela? (b) Ke hobane’ng ha marena a saretsoeng a emella hōle le motse o timelitsoeng?

2 Seo lichaba li tla se etsa se ka ’na sa bonahala se makatsa ha ho talingoa taba ea hore Babylona e timelitsoe ke linaka tse leshome tsa tšoantšetso tsa sebata se ’mala o sekareleta. (Tšenolo 17:16) Empa ha Babylona e se e tlositsoe tseleng, ka ho totobetseng “marena a lefatše” a tla hlokomela kamoo e neng e le molemo kateng ho ’ona ntlheng ea ho boloka batho ba khutsitse ba bile ba ikokobelitse. Baruti ba boletse hore lintoa lia halalela, ba sebelitse e le baemeli ba ngolisetsang batho sesole, ba bile ba khothalelitse bacha ho ea ntoeng. Bolumeli bo fane ka lekoko la bohalaleli leo babusi ba bolileng ba keneng tlas’a lona ha ba hatella batho ba tlaase. (Bapisa le Jeremia 5:30, 31; Matheu 23:27, 28.) Leha ho le joalo, hlokomela hore marena ana a saretsoeng joale a eme hōle le motse o timelitsoeng. Ha a atamele haufi le oona ho tla o thusa. A utloile bohloko ha a bona o fela empa hase hoo a ka behang bophelo ba ’ona kotsing ka lebaka la motse ona.

Bahoebi Baa Lla Ebile Baa Siama

3. Ke bo-mang hape ba hlomohang ha Babylona e Moholo e fela, hona Johanne o re ba hlomoha ka mabaka afe?

3 Marena a lefatše hase ’ona feela a tla hlomoha ha Babylona e Moholo e fela. “Hape, bahoebi ba tsamaeang ba lefatše baa lla le ho siama ka lebaka la hae, hobane ha ho ea tla hlola a reka thepa ea bona e feletseng, thepa e feletseng ea khauta le silevera le lejoe la bohlokoa le liperela le line ea boleng bo botle le bopherese le silika le sekareleta; le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea lehong le monko o monate le ntho ea lenaka la tlou la mofuta o mong le o mong le ntho ea mofuta o mong le o mong oa lehong la bohlokoa ka ho fetisisa le ea koporo le ea tšepe le ea ’mabole; le sinamone le senōko sa India le libano le oli e nkhang hamonate le libano tse tšoeu le veine le oli ea mohloaare le phofo e thumisehileng le koro le likhomo le linku, le lipere le likoloi le makhoba le meea ea batho. E, litholoana tse ntle tseo moea oa hao o ileng oa li lakatsa li tlohile ho uena [Babylona e Moholo], ’me lintho kaofela tse khahlisang le lintho tse ntlehali li timetse ho uena, ’me ha ho mohla batho ba tla li fumana hape.”—Tšenolo 18:11-14.

4. Ke hobane’ng ha “bahoebi ba tsamaeang” ba lla ba bile ba siama ha Babylona e Moholo e fela?

4 E, Babylona e Moholo e ne e le motsoalle ea haufi-ufi le moreki ea molemo ea rekang thepa ea bahoebi ba ruileng. Ka mohlala, ka makholo a lilemo matlo a baitlami ba banna le ba basali le likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa bokella khauta e ngata, silevera, majoe a bohlokoa, mapolanka a bohlokoa le mefuta e meng ea maruo a lintho tse bonahalang. Ho feta moo, bolumeli bo ’nile ba hlohonolofatsa matšolo a sa laoleheng a ho reka lintho tse majabajaba le liphathi tse tletseng botahoa le boitšoaro bo bobe tse tsamaeang le mokete oa Keresemese o hlomphollang Kreste le mekete e meng eo ho thoeng ke ea matsatsi a halalelang. Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba phunyelelitse ho ea fihla libakeng tse hōle, ba bulela “bahoebi ba tsamaeang” ba lefatše lena limmaraka tse ncha. Lekholong la bo17 la lilemo Japane, Bok’hatholike bo neng bo tlile ka bo-rakhoebo, bo bile ba kenella lintoeng tsa ho tseka naha. Ha e tlaleha ka ntoa ea makhaola-khang e ileng ea loanoa tlas’a marako a qhobosheane ea Osaka, The Encyclopædia Britannica e re: “Mabotho a Tokugawa a ile a iphumana a loana le sera seo lifolakha tsa sona li neng li khabisitsoe ka sefapano le litšoantšo tsa Mopholosi le Mohalaleli Jakobo, eo e leng mohalaleli le mosireletsi oa Spain.” Mokha o hlōtseng o ile oa hlorisa Bok’hatholike hoo bo ileng ba batla bo fela naheng eo. Ka ho tšoanang, ho itšunya ha kereke litabeng tsa lefatše kajeno ho ke ke ha e tlisetsa tlhohonolofatso.

5. (a) Lentsoe le tsoang leholimong le tsoela pele ho hlalosa ho siama ha “bahoebi ba tsamaeang” joang? (b) Ke hobane’ng ha bahoebi le bona ‘ba ema hōjana’?

5 Lentsoe le tsoang leholimong le tsoela pele ho re: “Bahoebi ba tsamaeang ba lintho tsena, ba ileng ba rua ka eena, ba tla ema hōjana ka lebaka la ho tšaba ho hlokofatsoa ha hae ’me ba tla lla le ho siama, ba re, ‘Ho malimabe, ho malimabe—motse o moholo, o apereng line ea boleng bo botle le bopherese le sekareleta, le o khabileng haholo ka mokhabiso oa khauta le lejoe la bohlokoa le perela, hobane maruo a maholo hakaalo a ripitliloe ka hora e le ’ngoe!’” (Tšenolo 18:15-17a) Ha Babylona e Moholo e timetsoa, “bahoebi” ba tla siama ka lebaka la ho lahleheloa ke mphato eo oa bona oa khoebo. Ka sebele, “ho malimabe, ho malimabe” bona. Leha ho le joalo, hlokomela hore mabaka a bona a ho siama kaofela ke a boithati le hore—joaloka marena—‘ba ema hōjana.’ Ha ba atamele haufi ka ho lekaneng hore ba thuse Babylona e Moholo ka tsela leha e le efe.

6. Lentsoe le tsoang leholimong le hlalosa ho siama ha batsamaisi ba likepe le basesisi ba tsona joang, hona ba llela’ng?

6 Tlaleho eo e tsoela pele ho re: “Motsamaisi e mong le e mong oa sekepe le motho e mong le e mong ea etelang kae kapa kae ka sekepe, le basesisi ba likepe le bohle ba phelang ka leoatle, ba ema hōjana ba hoeletsa ha ba ntse ba shebile mosi oa ho cha ha hae ’me ba re, ‘Ke motse ofe o joaloka motse oo o moholo?’ Ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong ’me ba hoeletsa, ba lla ’me ba siama, ba re, ‘Ho malimabe, ho malimabe—motse o moholo, oo ho oona bohle ba nang le likepe leoatleng e ileng ea e-ba ba ruileng ka lebaka la moeno oa hae, hobane o ripitliloe ka hora e le ’ngoe!’” (Tšenolo 18:17b-19) Babylona ea boholo-holo e ne e le motse oa khoebo ’me e ne e e-na le likepe tse ngata haholo. Ka ho tšoanang, Babylona e Moholo e hoeba haholo ka “metsi a mangata” a batho ba eona. Hona ho fana ka mosebetsi ho bafo ba eona ba bangata ba bolumeli. Ba tla thefuleha hakaakang moruong ha Babylona e Moholo e timetsoa! Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mohloli o mong oa lintho tseo ba iphelisang ka tsona o tšoanang le eona.

Ho Thabela ho Felisoa ha Eona

7, 8. Lentsoe le tsoang leholimong le fihla tlhōrōng ea molaetsa oa lona o mabapi le Babylona e Moholo joang, ’me ke bo-mang ba tla arabela mantsoe ao?

7 Ha Babylona ea boholo-holo e ne e ketoloa ke Bamede le Bapersia, Jeremia o ile a bua ka tsela ea boprofeta a re: “Maholimo le lefatše le tsohle tse ho tsona li tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la Babylona.” (Jeremia 51:48) Ha Babylona e Moholo e timetsoa, lentsoe le tsoang leholimong le fihla tlhōrōng ea molaetsa oa lona, le re ka Babylona e Moholo: “Thabang ka lebaka la hae, Uena leholimo, le lōna bahalaleli le lōna baapostola le lōna baprofeta, hobane Molimo ka boahloli o batlile hore a fuoe kotlo bakeng sa lōna!” (Tšenolo 18:20) Jehova le mangeloi ba tla thabela ho bona sera sa Molimo sa boholo-holo se felisoa, joalokaha le baapostola le baprofeta ba pele ba Bakreste ba tla thaba, bao joale ba seng ba tsositsoe ba bile ba le boemong ba bona tokisetsong ea baholo ba 24.—Bapisa le Pesaleme ea 97:8-12.

8 Ka sebele, “bahalaleli” bohle—ebang ke ba tsoselitsoeng leholimong kapa ba ntseng ba phela lefatšeng—ba tla hooa ka thabo, joalokaha le metsoalle ea bona ea bongata bo boholo ba linku tse ling e tla thaba. Ka nako e loketseng, batho bohle ba tšepahalang ba khale ba tla tsosetsoa tsamaisong e ncha ea lintho, ’me le bona ba tla kopanela thabong eo. Batho ba Molimo ha baa leka ho iphetetsa ho bahlorisi ba bona ba bolumeli ba bohata. Ba ile ba hopola mantsoe a Jehova a reng: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.” (Baroma 12:19; Deuteronoma 32:35, 41-43) Hona joale Jehova o se a iphetelitse. Mali ’ohle a tšolotsoeng ke Babylona e Moholo a tla be a phetelitsoe.

Ho Lihela Leloala le Leholo

9, 10. (a) Joale lengeloi le matla le etsa’ng ebile le re’ng? (b) Ke ketsahalo efe e tšoanang le ee e entsoeng ke lengeloi le matla le boleloang ho Tšenolo 18:21 e etsahetseng mehleng ea Jeremia, ’me e ne e tiisa eng? (c) Bohato bo nkiloeng ke lengeloi le matla le bonoeng ke Johanne bo tiisa eng?

9 Seo Johanne a se bonang ka mor’a moo se tiisa hore kahlolo ea Jehova ho Babylona e Moholo ke ea ho qetela: “Lengeloi le matla la phahamisa lejoe le joaloka leloala le leholo ’me la le lihela ka leoatleng, la re: ‘Ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase ka tsela eo, ’me le ka mohla a ke ke a fumanoa hape.’” (Tšenolo 18:21) Mehleng ea Jeremia, ho ile ha etsoa ketso e tšoanang e nang le moelelo o matla oa boprofeta. Jeremia o ile a bululeloa hore a ngole “tlokotsi eohle e neng e tla tla ho Babylona” bukeng. O ile a neha Seraia buka eo eaba o re a ee Babylona. Ho latela litaelo tsa Jeremia, ha Seraia a fihla moo o ile a bala phatlalatso e khahlanong le motse oo e reng: “Jehova, u buile khahlanong le sebaka sena, e le hore ho se ke ha e-ba le moahi ho sona, motho kapa phoofolo e ruuoang, empa hore e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Joale Seraia a tlamella lejoe bukeng eo ’me a e akhela ka nōkeng ea Eufrate, a re: “Ke kamoo Babylona e tla teba kateng ’me le ka mohla e se ke ea phahama ka lebaka la tlokotsi eo ke e tlisang ho eona.”—Jeremia 51:59-64.

10 Ha ho akheloa buka eo ho tlameletsoeng lejoe ho eona ka nōkeng hoo e ne e le tiiso ea hore Babylona e ne e ke ke ea hlola e hopoloa, ho ne ho se mohla e tla tsosoa. Ha moapostola Johanne a bona lengeloi le matla le etsa ketso e tšoanang hoo ke tiiso e matla ea hore morero oa Jehova mabapi le Babylona e Moholo o tla phethahala. Boemo boo Babylona ea boholo-holo e leng ho bona kajeno ba ho ba lithako tse senyehileng ka ho feletseng bo paka ka matla se tlang ho oela bolumeli ba bohata haufinyane nakong e tlang.

11, 12. (a) Joale lengeloi le matla le re’ng ha le bua le Babylona e Moholo? (b) Jeremia o ile a profeta joang mabapi le Jerusalema ea bokoenehi, ’me hoo ho ne ho bontša’ng mabapi le mehla ea rōna?

11 Joale lengeloi le matla le bua le Babylona e Moholo, le re: “Molumo oa libini tse binang ka liharepa le oa libini tsa liletsa le oa liletsi tsa makolilo le oa liletsi tsa literompeta le ka mohla o ke ke oa utloahala hape ho uena, ’me ha ho setsebi sa mosebetsi leha e le ofe oa matsoho seo le ka mohla se tla fumanoa ho uena hape, ’me ha ho molumo oa leloala oo le ka mohla o tla utloahala ho uena hape, ’me ha ho leseli la lebone leo le ka mohla le tla boela le khanye ho uena, ’me ha ho lentsoe la monyali le la monyaluoa leo le ka mohla le tla boela le utloahale ho uena; hobane bahoebi ba hao ba tsamaeang e ne e le banna ba boemong bo ka sehloohong ba lefatše, kaha ka ho tloaela ha hao ho sebelisana le meea lichaba kaofela li ile tsa khelosoa.”—Tšenolo 18:22, 23.

12 Ka mantsoe a tšoanang, Jeremia o ile a profeta tjena mabapi le Jerusalema ea bokoenehi: “Ke tla felisa har’a bona molumo oa thabo e khaphatsehang le molumo oa nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, molumo oa leloala la letsoho le khanya ea lebone. Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng, ntho e makalloang.” (Jeremia 25:10, 11) Bokreste-’mōtoana e le karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo, bo tla fetoha lithako tseo ho seng letho le phelang ho tsona, joalokaha boemo ba Jerusalema ha e ne e setse e le lesupi ka morao ho 607 B.C.E. bo tšoantšetsa seo ka ho hlaka. Bokreste-’mōtoana bo kileng ba tlala thabo le nyakallo boo hape bo neng bo tletse lerata le ho phethesela letsatsi le leng le le leng bo tla iphumana bo hlōtsoe bo bile bo lahliloe kherehloa.

13. Babylona e Moholo e hlaheloa ke phetoho efe ea tšohanyetso, ’me e ama ‘bahoebi ba eona ba tsamaeang’ joang?

13 Ka sebele, joalokaha lengeloi le bolella Johanne mona, Babylona e Moholo kaofela ha eona e ke ke ea hlola e e-ba ’muso o matla, oa machaba, empa e tla ba nahathothe, e kang lehoatata. ‘Bahoebi ba eona ba tsamaeang,’ ba akarelletsang bo-ralimilione ba ka sehloohong, ba sebelisitse bolumeli ba eona molemong oa botho kapa e le lekoko leo ba ipatang ka lona, ’me baruti ba fumane ho le molemo ho imatahanya le bona maemong a hlaheletseng. Empa Babylona e Moholo e ke ke ea hlola e khema le bahoebi bao liketsong tsa bona tse fosahetseng. Ha e sa tla thetsa lichaba tsa lefatše ka mekhoa ea eona ea bolumeli e tletseng liphiri.

Molato o Tšabehang oa Mali

14. Lengeloi le matla le re Jehova o fana ka kahlolo e boima ka lebaka lefe, ka ho tšoanang Jesu o ile a re’ng ha a ne a le lefatšeng?

14 Ha lengeloi le matla le qetella, le bolela lebaka leo ka lona Jehova a ahlolang Babylona e Moholo ka mokhoa o boima hakana. Lengeloi le re: “E, ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli Jerusalema hore e ne e le bona ba ikarabellang bakeng sa “mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng . . . , ho tloha maling a Abele ea lokileng” ho ea pele. Ka lebaka leo, moloko oo o khopo o ile oa timetsoa ka 70 C.E. (Matheu 23:35-38) Kajeno, moloko o mong oa balumeli o jere molato oa mali ka lebaka la hore ebe o hlorisitse bahlanka ba Molimo.

15. Kereke e K’hatholike Jeremane ea Bonazi e ne e le molato oa mali joang ka litsela tse peli?

15 Bukeng ea hae e reng The Catholic Church and Nazi Germany, Guenter Lewy o ngola tjena: “Ha Lipaki Tsa Jehova li ne li hateletsoe Bavaria ka la 13 April [1933] Kereke e ile ea amohela kabelo eo e e fuoang ke Lefapha la Thuto le Bolumeli ea hore e tlalehe setho leha e le sefe sa sehlotšoana sa bokhelohi se ntseng se sebelisa bolumeli bo hanetsoeng.” Kahoo Kereke e K’hatholike le eona e jara boikarabelo tabeng ea ho kenya Lipaki tse likete likampong tsa mahloriso; matsoho a eona a khenathetse mali a bophelo ba Lipaki tse makholo tse ileng tsa bolaoa. Ha Lipaki tse nyenyane, tse kang Wilhelm Kusserow, li ne li bontša hore li ka shoa ka sebete ha li thunngoa ke masole, Hitler o ile a etsa qeto ea hore masole ao a thunyang a ne a le bonolo haholo ho ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la matsoalo a bona; kahoo ngoan’abo Wilhelm, e leng Wolfgang, ea neng a le lilemo li 20, o ile a bolaoa ka ho khaoloa molala. Ka eona nako eo, Kereke e K’hatholike e ne e khothalletsa Mak’hatholike a manyenyane a Jeremane hore a shoele sesoleng naheng ea bo-ntat’a ’ona. Ho totobetse hore kereke e molato oa mali!

16, 17. (a) Babylona e Moholo e tlameha ho qosoa ka molato ofe oa mali, ’me Vatican e ile ea e-ba molato oa mali joang mabapi le Bajuda ba shoeleng lipolaong tse sehlōhō tsa Bonazi? (b) Tsela e ’ngoe ke efe eo ka eona bolumeli ba bohata bo ka behoang molato ka ho bolaoa ha batho ba limilione lintoeng tse makholo mehleng ea kajeno?

16 Leha ho le joalo, boprofeta bo bolela hore mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng” a tlameha ho batloa ho Babylona e Moholo. Ka sebele hoo e bile ’nete mehleng ea kajeno. Ka mohlala, kaha maqiti a K’hatholike a thusitse ho hloesetsa Hitler pusong Jeremane, Vatican e ile ea kopanela tšollong ea mali e tšabehang mabapi le Bajuda ba limilione tse tšeletseng ba shoetseng lipolaong tse sehlōhō tsa Manazi. Ho feta moo, mehleng ea rōna batho ba fetang limilione tse lekholo ba se ba bolailoe lintoeng tse makholo. Na bolumeli ba bohata bo lokela ho behoa molato mabapi le see? E, ka litsela tse peli.

17 Tsela e ’ngoe ke hore lintoa tse ngata li amana le ho se utloane ha bolumeli. Ka mohlala, pefo e ileng ea e-ba teng India pakeng tsa Mamosleme le Mahindu ka 1946-48 e ne e hlohlelelitsoe ke bolumeli. Ba makholo a likete ba ile ba lahleheloa ke bophelo. Khohlano e neng e le teng pakeng tsa Iraq le Iran ka bo-1980 e ne e amana le ho se utloane ha lihlotšoana tsa bokhelohi, ’me ba makholo a likete ba ile ba bolaoa. Pefo e pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland Leboea e se e bolaile ba likete. Ha a hlahloba taba ena, mongoli oa likoranta C. L. Sulzberger o ile a bua mantsoe ana ka 1976: “’Nete e bohloko ke hore mohlomong halofo kapa ho feta ea lintoa tse loanoang lefatšeng hona joale ke lintoa tseo ho leng pepenene hore ke tsa bolumeli kapa li amana le likhohlano tsa bolumeli.” Ka sebele, ho bile joalo ho theosa le histori e mabifi ea Babylona e Moholo.

18. Tsela ea bobeli eo ka eona malumeli a lefatše a leng molato oa mali ke efe?

18 Tsela ea bobeli ke efe? Ho ea ka pono ea Jehova, malumeli a lefatše a molato oa mali hobane ha aa ka a ruta balateli ba ’ona ’nete ka mokhoa o kholisang mabapi le seo Jehova a se hlokang ho bahlanka ba hae. Ha aa ka a ruta batho ka mokhoa o kholisang hore barapeli ba ’nete ba Molimo ba tlameha ho etsisa Jesu Kreste le ho bontša ba bang lerato ho sa tsotellehe sechaba seo ba tsoang ho sona. (Mikea 4:3, 5; Johanne 13:34, 35; Liketso 10:34, 35; 1 Johanne 3:10-12) Kaha malumeli a etsang Babylona e Moholo ha aa ruta lintho tsena, batšehetsi ba ’ona ba ’nile ba tšoaseha hore ba kene khabong lintoeng tsa machaba. Hoo ho ile ha totobala hakaakang lintoeng tse peli tsa lefatše tse bileng teng halofong ea pele ea lekholo la bo20 la lilemo, tseo ka bobeli li qalileng linaheng tsa Bokreste-’mōtoana ’me tsa fella ka hore balumeli ba bolaeane! Haeba bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba phela ka melao-motheo ea Bibele, lintoa tseo li ka be li sa ka tsa e-ba teng.

19. Ke molato ofe o tšabehang oa mali oo Babylona e Moholo e o jereng?

19 Jehova o beha molato oa tšollo ena eohle ea mali maotong a Babylona e Moholo. Haeba baeta-pele ba bolumeli, ’me haholo-holo ba Bokreste-’mōtoana, ba ne ba rutile batho ba bona ’nete ea Bibele, ho ka be ho sa ba le tšollo ea mali e khōlō hakaalo. Joale, ebang ke ka ho toba kapa ke ka mokhoa o sa tobang, ka sebele Babylona e Moholo—e leng seotsoa se seholo seo e bileng e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—e tlameha ho ikarabella ho Jehova, eseng feela bakeng sa “mali a baprofeta le a bahalaleli” bao e ba hlorisitseng le ho ba bolaea empa le bakeng sa mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Ka sebele Babylona e Moholo e na le molato o tšabehang oa mali. E tla ba ntho e thabisang hakaakang ha e timetsoa qetellong!

[Lebokose le leqepheng la 270]

Moputso oa ho Sekisetsa

Guenter Lewy o ngola tjena bukeng ea hae e reng The Catholic Church and Nazi Germany: “Hoja ho tloha qalong feela Bok’hatholike ba Jeremane bo ile ba khomarela leano la ho hanyetsa ’muso oa Bonazi ka hohle, mohlomong histori ea lefatše e ka be e sa ba tjena. Esita le haeba qetellong khanyetso ena e ne e ke ke ea hlōla Hitler le ho thibela litlōlo tsohle tsa hae tse ngata tsa molao, ntlheng ena e ka be e ile ea phahamisa botumo ba boitšoaro ba Kereke haholo. Ke ’nete hore khanyetso e joalo e ka be e ile ea etsa hore ho shoe batho ba bangata haholo, empa boitelo bona bo ka be bo entsoe ka sepheo se seholo ka ho fetisisa. Haeba Hitler a ne a ke ke a itšetleha ka lebotho la habo, mohlomong a ka be a sa ka a ba le sebete sa ho ea loana ’me ha e le hantle ho ka be ho ile ha pholosoa bophelo ba batho ba limilione. . . . Ha Majeremane a likete a neng a le khahlanong le Bonazi a ne a hlokofatsoa ho isa lefung likampong tsa mahloriso tsa Hitler, ha ba ka sehloohong pusong ea Poland ba ne ba bolaoa, ha Marussia a makholo a likete a e-shoa ka lebaka la ho tšoaroa joaloka Untermenschen [batho ba tlaasana] ea Maslavo le ha batho ba 6 000 000 ba bolaoa ka sehlōhō ka hore ‘hase Maaryan,’ ba boholong Kerekeng e K’hatholike Jeremane ba ile ba tšehetsa ’muso o neng o etsa litlōlo tsena tsa molao. Mopapa oa Roma, eo e leng eena hlooho ea moea le mosuoe e moholo litabeng tsa boitšoaro Kerekeng ea Roma e K’hatholike, o ile a khutsa tu!”—Leqephe la 320 le la 341.

[Litšoantšo tse leqepheng la 268]

Babusi ba re, “Ho malimabe, ho malimabe”

Bahoebi ba re, “Ho malimabe, ho malimabe”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela