Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Molato o Tšabehang oa Mali

      14. Lengeloi le matla le re Jehova o fana ka kahlolo e boima ka lebaka lefe, ka ho tšoanang Jesu o ile a re’ng ha a ne a le lefatšeng?

      14 Ha lengeloi le matla le qetella, le bolela lebaka leo ka lona Jehova a ahlolang Babylona e Moholo ka mokhoa o boima hakana. Lengeloi le re: “E, ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli Jerusalema hore e ne e le bona ba ikarabellang bakeng sa “mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng . . . , ho tloha maling a Abele ea lokileng” ho ea pele. Ka lebaka leo, moloko oo o khopo o ile oa timetsoa ka 70 C.E. (Matheu 23:35-38) Kajeno, moloko o mong oa balumeli o jere molato oa mali ka lebaka la hore ebe o hlorisitse bahlanka ba Molimo.

      15. Kereke e K’hatholike Jeremane ea Bonazi e ne e le molato oa mali joang ka litsela tse peli?

      15 Bukeng ea hae e reng The Catholic Church and Nazi Germany, Guenter Lewy o ngola tjena: “Ha Lipaki Tsa Jehova li ne li hateletsoe Bavaria ka la 13 April [1933] Kereke e ile ea amohela kabelo eo e e fuoang ke Lefapha la Thuto le Bolumeli ea hore e tlalehe setho leha e le sefe sa sehlotšoana sa bokhelohi se ntseng se sebelisa bolumeli bo hanetsoeng.” Kahoo Kereke e K’hatholike le eona e jara boikarabelo tabeng ea ho kenya Lipaki tse likete likampong tsa mahloriso; matsoho a eona a khenathetse mali a bophelo ba Lipaki tse makholo tse ileng tsa bolaoa. Ha Lipaki tse nyenyane, tse kang Wilhelm Kusserow, li ne li bontša hore li ka shoa ka sebete ha li thunngoa ke masole, Hitler o ile a etsa qeto ea hore masole ao a thunyang a ne a le bonolo haholo ho ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la matsoalo a bona; kahoo ngoan’abo Wilhelm, e leng Wolfgang, ea neng a le lilemo li 20, o ile a bolaoa ka ho khaoloa molala. Ka eona nako eo, Kereke e K’hatholike e ne e khothalletsa Mak’hatholike a manyenyane a Jeremane hore a shoele sesoleng naheng ea bo-ntat’a ’ona. Ho totobetse hore kereke e molato oa mali!

      16, 17. (a) Babylona e Moholo e tlameha ho qosoa ka molato ofe oa mali, ’me Vatican e ile ea e-ba molato oa mali joang mabapi le Bajuda ba shoeleng lipolaong tse sehlōhō tsa Bonazi? (b) Tsela e ’ngoe ke efe eo ka eona bolumeli ba bohata bo ka behoang molato ka ho bolaoa ha batho ba limilione lintoeng tse makholo mehleng ea kajeno?

      16 Leha ho le joalo, boprofeta bo bolela hore mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng” a tlameha ho batloa ho Babylona e Moholo. Ka sebele hoo e bile ’nete mehleng ea kajeno. Ka mohlala, kaha maqiti a K’hatholike a thusitse ho hloesetsa Hitler pusong Jeremane, Vatican e ile ea kopanela tšollong ea mali e tšabehang mabapi le Bajuda ba limilione tse tšeletseng ba shoetseng lipolaong tse sehlōhō tsa Manazi. Ho feta moo, mehleng ea rōna batho ba fetang limilione tse lekholo ba se ba bolailoe lintoeng tse makholo. Na bolumeli ba bohata bo lokela ho behoa molato mabapi le see? E, ka litsela tse peli.

      17 Tsela e ’ngoe ke hore lintoa tse ngata li amana le ho se utloane ha bolumeli. Ka mohlala, pefo e ileng ea e-ba teng India pakeng tsa Mamosleme le Mahindu ka 1946-48 e ne e hlohlelelitsoe ke bolumeli. Ba makholo a likete ba ile ba lahleheloa ke bophelo. Khohlano e neng e le teng pakeng tsa Iraq le Iran ka bo-1980 e ne e amana le ho se utloane ha lihlotšoana tsa bokhelohi, ’me ba makholo a likete ba ile ba bolaoa. Pefo e pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland Leboea e se e bolaile ba likete. Ha a hlahloba taba ena, mongoli oa likoranta C. L. Sulzberger o ile a bua mantsoe ana ka 1976: “’Nete e bohloko ke hore mohlomong halofo kapa ho feta ea lintoa tse loanoang lefatšeng hona joale ke lintoa tseo ho leng pepenene hore ke tsa bolumeli kapa li amana le likhohlano tsa bolumeli.” Ka sebele, ho bile joalo ho theosa le histori e mabifi ea Babylona e Moholo.

      18. Tsela ea bobeli eo ka eona malumeli a lefatše a leng molato oa mali ke efe?

      18 Tsela ea bobeli ke efe? Ho ea ka pono ea Jehova, malumeli a lefatše a molato oa mali hobane ha aa ka a ruta balateli ba ’ona ’nete ka mokhoa o kholisang mabapi le seo Jehova a se hlokang ho bahlanka ba hae. Ha aa ka a ruta batho ka mokhoa o kholisang hore barapeli ba ’nete ba Molimo ba tlameha ho etsisa Jesu Kreste le ho bontša ba bang lerato ho sa tsotellehe sechaba seo ba tsoang ho sona. (Mikea 4:3, 5; Johanne 13:34, 35; Liketso 10:34, 35; 1 Johanne 3:10-12) Kaha malumeli a etsang Babylona e Moholo ha aa ruta lintho tsena, batšehetsi ba ’ona ba ’nile ba tšoaseha hore ba kene khabong lintoeng tsa machaba. Hoo ho ile ha totobala hakaakang lintoeng tse peli tsa lefatše tse bileng teng halofong ea pele ea lekholo la bo20 la lilemo, tseo ka bobeli li qalileng linaheng tsa Bokreste-’mōtoana ’me tsa fella ka hore balumeli ba bolaeane! Haeba bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba phela ka melao-motheo ea Bibele, lintoa tseo li ka be li sa ka tsa e-ba teng.

      19. Ke molato ofe o tšabehang oa mali oo Babylona e Moholo e o jereng?

      19 Jehova o beha molato oa tšollo ena eohle ea mali maotong a Babylona e Moholo. Haeba baeta-pele ba bolumeli, ’me haholo-holo ba Bokreste-’mōtoana, ba ne ba rutile batho ba bona ’nete ea Bibele, ho ka be ho sa ba le tšollo ea mali e khōlō hakaalo. Joale, ebang ke ka ho toba kapa ke ka mokhoa o sa tobang, ka sebele Babylona e Moholo—e leng seotsoa se seholo seo e bileng e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—e tlameha ho ikarabella ho Jehova, eseng feela bakeng sa “mali a baprofeta le a bahalaleli” bao e ba hlorisitseng le ho ba bolaea empa le bakeng sa mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Ka sebele Babylona e Moholo e na le molato o tšabehang oa mali. E tla ba ntho e thabisang hakaakang ha e timetsoa qetellong!

  • Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • [Lebokose le leqepheng la 270]

      Moputso oa ho Sekisetsa

      Guenter Lewy o ngola tjena bukeng ea hae e reng The Catholic Church and Nazi Germany: “Hoja ho tloha qalong feela Bok’hatholike ba Jeremane bo ile ba khomarela leano la ho hanyetsa ’muso oa Bonazi ka hohle, mohlomong histori ea lefatše e ka be e sa ba tjena. Esita le haeba qetellong khanyetso ena e ne e ke ke ea hlōla Hitler le ho thibela litlōlo tsohle tsa hae tse ngata tsa molao, ntlheng ena e ka be e ile ea phahamisa botumo ba boitšoaro ba Kereke haholo. Ke ’nete hore khanyetso e joalo e ka be e ile ea etsa hore ho shoe batho ba bangata haholo, empa boitelo bona bo ka be bo entsoe ka sepheo se seholo ka ho fetisisa. Haeba Hitler a ne a ke ke a itšetleha ka lebotho la habo, mohlomong a ka be a sa ka a ba le sebete sa ho ea loana ’me ha e le hantle ho ka be ho ile ha pholosoa bophelo ba batho ba limilione. . . . Ha Majeremane a likete a neng a le khahlanong le Bonazi a ne a hlokofatsoa ho isa lefung likampong tsa mahloriso tsa Hitler, ha ba ka sehloohong pusong ea Poland ba ne ba bolaoa, ha Marussia a makholo a likete a e-shoa ka lebaka la ho tšoaroa joaloka Untermenschen [batho ba tlaasana] ea Maslavo le ha batho ba 6 000 000 ba bolaoa ka sehlōhō ka hore ‘hase Maaryan,’ ba boholong Kerekeng e K’hatholike Jeremane ba ile ba tšehetsa ’muso o neng o etsa litlōlo tsena tsa molao. Mopapa oa Roma, eo e leng eena hlooho ea moea le mosuoe e moholo litabeng tsa boitšoaro Kerekeng ea Roma e K’hatholike, o ile a khutsa tu!”—Leqephe la 320 le la 341.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela