Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 leq. 29
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 leq. 29

Na u sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Joale, bona hore na u ka arabela lipotso tse latelang:

◻ Motheo oa lenyalo le atlehileng ke ofe?

Banyalani ba tlameha ho bontšana lerato, tlhompho, le botšepehi, ba ananele melemo ea e mong ho e mong le ho ithuta ho hlokomoloha le ho tšoarela mefokolo ea e mong ho e mong.—5/15, leqephe 15.

◻ Ke lintlheng life moo melao ea Molimo e filoeng Iseraele e ileng ea ba thusa ho lula ba halalela? (Levitike 19:2)

Melao ea Jehova e ile ea thusa Baiseraele hore ba lule ba hloekile moeeng, boitšoarong, kelellong, ’meleng, le litšebeletsong, ea ho qetela e le mabapi le borapeli ba bona.—6/1, leqephe 11.

◻ Ho boleloa’ng ka polelo “ho hloeka kelellong”?

“Ho hloeka kelellong” ho bolela boiteko ba ho ba seli ha rōna, ho hloeka kelellong ka ho lula linthong tseo e leng tsa ‘’nete, tse lokileng, le tse hloekileng’ le ka ho ‘hopola tsona.’ (Ba-Filippi 4:8)—6/1, leqephe 16.

◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re boteng ba hae bo ne bo tla ba “joalo ka lehalima”? (Luka 17:24)

Mona Jesu o ne a bontša hore bopaki ba ho ba teng ha hae matleng a ’Muso bo ne bo tla bonoa sebakeng se pharalletseng, bo nolofaletsa bohle ba lakatsang ho bo bona hore ba ele hloko ’nete eo.—6/15, leqephe 8.

◻ Ke hobane’ng ha mekhoa ea Bokreste e amana ka ho tobileng le lerato la Bokreste?

Mekhoa ea Bokreste—tsela eo re sebelisanang le ba bang ka eona, sebōpeho sa rōna, boitšoaro ba rōna, le tsela eo re tloaetseng ho itšoara ka eona—ke pontšo ea hore na re tsotella batho ba bang hakae. E bontša botebo ba lerato la rōna ho bona. (Johanne 13:35; 1 Ba-Korinthe 10:24; 13:4-7)—6/15, leqephe 14.

◻ Lenyalo la Jesu Kreste le ‘mosali oa hae’ oa balateli ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba 144 000 le etsahala neng? (Tšenolo 19:7, 8)

Lenyalo lena le tla etsahala ka mor’a ntoa ea Harmagedone le ho koalloa ha Satane sekoting. Ka hona Jehova o tla be a tlotlisitse bobusi ba hae ka ho tlosa ba phephetsang bobusi ba hae lefatšeng le ka ho felisa tšusumetso e khopo ea Satane le bademona ba hae.—7/1, leqephe 24.

◻ Ke joang joko ea ho ba morutuoa e tlisang khatholoho, joalokaha ho bontšitsoe ke mantsoe a Jesu ho Mattheu 11:29, 30?

Kaha Jesu ha a hloke boikarabelo, hoa khatholla ho sebetsa ’moho le eena tlas’a joko e le ’ngoe. O nahanela meeli ea rōna le mefokolo ea rōna. ’Me ke ho khathollang hakaakang ho bolella ba bang hore ba ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng!—7/15, leqephe 20.

◻ ‘Nchafalo’ eo Jesu a buang ka eona ho Mattheu 19:28 ke eng?

Mona Jesu o bontšitse hore ho tla ba le ‘nchafalo’ ea maemo lefatšeng e le hore lintho li ka ba joalokaha li ne li le tšimong ea Edene.—8/1, leqephe 9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela