Khaolo 3
Lintho Tse Tla Etsahala Haufinyane
1. U ka pholoha ha Molimo a phethahatsa kahlolo ea hae lefatšeng lee joang?
U LOKELA ho ameha ka botebo ka liketsahalo tsa lefatše kajeno. Hobane’ng? Hobane joang kapa joang lefatše lena le tla ahloloa ke Molimo. Empa u ka pholoha. U ka etsa hona ka hore u se be “karolo ea lefatše” le ahloletsoeng timetso. Hona ha ho bolele hore u lokela ho phela ka thata joalokaha eka u moitlami. Ho bolela hore ha u ntse u thabela bophelo bo molemo le bo nang le morero, u ikarole bobolung ba lipolotiki, khoebong e meharo, le bolumeling bo hlomphollang Molimo, hammoho le boitšoarong bo mabifi le bo bobe. Ka nako e tšoanang, u tlameha ho latela melao ea Molimo e phahameng ea boitšoaro ’me u batle ho etsa thato ea hae. (Johanne 17:14-16; Sofonia 2:2, 3; Tšenolo 21:8) Buka ea Bibele ea Tšenolo e bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng hore u ikitlaetse lintlheng tsena, u etse liphetoho ha ho hlokahala tseleng eo u phelang ka eona.
2. Moapostola Johanne o kenyelletsa boprofeta bo hlollang ba Tšenolo joang, hona ke mang eo Molimo a ileng a mo fa molaetsa oo oa bohlokoa?
2 Moapostola Johanne o kenyelletsa boprofeta bona bo hlollang ka mantsoe ana: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšenolo 1:1a) Kahoo ke Jesu Kreste ea tsositsoeng ea ileng a amohela molaetsa ona oa bohlokoa o tsoang ho Molimo. Ho fapana le ho ba karolo ea Boraro-bo-bong boo e leng sephiri, mona Jesu o bontšoa a le ka tlaase ho Ntate oa hae. Ka tsela e tšoanang, “makhoba” a etsang phutheho ea Bokreste a ka tlas’a Jesu Kreste, ’me a ‘mo latela ho sa tsotellehe hore na o ea hokae.’ (Tšenolo 14:4; Baefese 5:24) Empa kajeno ke bo-mang bao kannete e leng “makhoba” a Molimo, hona Tšenolo e ba ruisa molemo joang?
3. (a) “Makhoba” a ka tlas’a Jesu Kreste ke bo-mang? (b) “Makhoba” a tšepahalang a etsa mosebetsi ofe tlas’a tataiso ea mangeloi?
3 Moapostola Johanne, ea ngotseng Tšenolo, o itlhalosa e le le leng la makhoba ana. E ne e le eena moapostola oa ho qetela ea phelang e bile e le e mong oa sehlopha sa ba khethiloeng ba tlotsitsoeng ka moea bao e leng “makhoba” a ruang bophelo ba ho se shoe maholimong. Kajeno, ho setse ba likete tse seng kae feela ba bona lefatšeng. Molimo o boetse o na le bahlanka ba bang, bongata bo boholo, e leng banna, basali le bana, bao hona joale ba baloang ka limilione. Tlas’a tataiso ea mangeloi, bana ba kopanela le “makhoba” a tlotsitsoeng mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tse sa feleng ho batho bohle. “Makhoba” ao ’ohle a ikitlaetsa hakaakang e le hore a ka thusa ba bonolo ba lefatše lee hore ba bolokehe! (Matheu 24:14; Tšenolo 7:9, 14; 14:6) Tšenolo e bontša hore na u tlameha ho etsa joang e le hore u ka rua molemo litabeng tse molemo tse thabisang.
4. (a) Kaha ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 1 900 Johanne a ngotse Tšenolo, ke joang a neng a ka bua ka “lintho tse tla etsahala haufinyane”? (b) Hona joale bopaki bo bontša eng ka lintho tse profetiloeng?
4 Leha ho le joalo, ke joang Johanne a neng a ka re “makhoba” aa a ne a tla bontšoa “lintho tse tla etsahala haufinyane”? Na mantsoe ao ha aa buuoa lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng? Ponong ea Jehova, eo mahlong a hae lilemo tse sekete li leng feela “joaloka letsatsi la maobane,” lilemo tse 1 900 ke nako e khutšoanyane ha li bapisoa le lilemo tse libilione tseo a li qetileng a bōpa lefatše a bile a lokisetsa hore le ahuoe ke batho. (Pesaleme ea 90:4) Moapostola Pauluse o ile a ngola ka “tabatabelo le tšepo” ea hae, hobane ntle ho pelaelo moputso oa hae o ne o bonahala o le haufi. (Bafilipi 1:20) Leha ho le joalo, kajeno ho na le bopaki bo bongata ba hore lintho tsohle tse profetiloeng li tla etsahala ho ea ka kemiso. Historing ha ho mohla ho pholoha ha batho ho kileng ha e-ba kotsing joaloka nakong ena. Ke Molimo feela ea nang le tharollo.—Esaia 45:21.
Mocha oa Puisano
5. Tšenolo e ile ea fetisetsoa ho moapostola Johanne joang, ea ntan’o fetisetsoa liphuthehong joang?
5 Tšenolo 1:1b, 2 e tsoela pele ho re: “[Jesu] o ile a roma lengeloi la hae ’me a e [Tšenolo] hlahisa ka lipontšo ka lona ho lekhoba la hae Johanne, ea ileng a paka lentsoe leo Molimo a faneng ka lona le bopaki boo Jesu Kreste a faneng ka bona, esita le lintho tsohle tseo a ileng a li bona.” Kahoo, Johanne o amohetse tlaleho e bululetsoeng e rometsoeng ka lengeloi la lenģosa. O ile a e ngola moqolong, a e fetisetsa liphuthehong tsa mehleng ea hae. Rea thaba hore ebe Molimo o e bolokile e le hore e khothatse liphutheho tse ka bang 100 000 tsa bahlanka ba hae ba kopaneng lefatšeng kajeno.
6. Jesu o ile a tsebahatsa mocha oo a neng a tla o sebelisa ho fa ‘makhoba’ a hae lijo tsa moea joang kajeno?
6 Molimo o ne a e-na le mocha oa ho fetisa Tšenolo mehleng ea Johanne, ’me Johanne e ne e le karolo ea lefatšeng ea mocha oo. Ka ho tšoanang, Molimo o na le mocha oa ho fetisetsa lijo tsa moea ho ‘makhoba’ a hae kajeno. Boprofeteng ba hae bo boholo bo mabapi le ho fela ha tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a tsebahatsa karolo ea lefatšeng ea mocha ona e le “lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:3, 45-47) O sebelisa sehlopha sena sa Johanne ho koaholla se boleloang ke boprofeta bona.
7. (a) Lipontšo tse fumanoang ho Tšenolo li lokela ho re ama joang? (b) Ba bang ba sehlopha sa Johanne ba kopanetse phethahatsong ea lipono tsa Tšenolo ka nako e telele hakae?
7 Ha moapostola Johanne a ngola o boletse hore Jesu o fane ka Tšenolo ka “lipontšo,” kapa litšoantšo. Tsena ke lintho tse bonahalang ka ho hlaka kelellong le tse hlollang ha li hlahlojoa. Li bontša mosebetsi o matla ’me li lokela ho re susumelletsa hore ka cheseho re etse boiteko ba ho tsebisa ba bang boprofeta bona le seo bo se bolelang. Tšenolo e re fa lipono tse ngata tse susumetsang, tseo Johanne a bileng le seabo ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ebang o ne a keneletse ka mafolofolo kapa a shebeletse. Ba sehlopha sa Johanne, bao ba bang ba bona ba kopanetseng phethahatsong ea lipono tsena ka lilemo tse mashome-shome, ba thabile hore ebe moea oa Molimo o ba koaholletse seo li se bolelang e le hore ba ka li hlalosetsa ba bang.
8. (a) Ke eng e ikhethang mabapi le e ’ngoe le e ’ngoe ea lipono tsee tsa Tšenolo? (b) Boprofeta ba Daniele bo re thusa joang ho utloisisa hore na libata tsa Tšenolo ke eng?
8 Lipono tsena tse ho Tšenolo ha lia behoa ka tatellano ho ea ka nako ea tsona. E ’ngoe le e ’ngoe e na le nako eo e phethahalang ka eona. Lipono tse ngata li pheta mantsoe a boprofeta ba pejana bo fanang ka leseli mabapi le tlhaloso ea tsona. Ka mohlala, boprofeta ba Daniele bo hlalosa libata tse ’nè tse tšabehang, bo hlalosa hore li ne li tšoantšetsa mebuso e busang holim’a lefatše. Ka lebaka leo, re thusoa ho utloisisa hore libata tsa Tšenolo li emela mekhatlo ea lipolotiki, e akarelletsang e teng hona joale.—Daniele 7:1-8, 17; Tšenolo 13:2, 11-13; 17:3.
9. (a) Joaloka Johanne, sehlopha sa Johanne se bontšitse boikutlo bofe? (b) Johanne o re bontša tsela ea ho thaba joang?
9 Johanne o ne a tšepahala ha a paka ka molaetsa oo Molimo a mo fileng oona ka Jesu Kreste. O ile a hlalosa ka ho qaqileng “tsohle tseo a ileng a li bona.” Ka tieo sehlopha sa Johanne ka matla se ile sa kōpa tataiso ho Molimo le Jesu Kreste e le hore se ka utloisisa boprofeta ka botlalo ’me sa tsebisa batho ba Molimo lintlha tsa bona tse qaqileng. Molemong oa phutheho e tlotsitsoeng (le molemong oa bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle boo Molimo a tla bo boloka bo phela matšoenyehong a maholo), Johanne oa ngola: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi.”—Tšenolo 1:3.
10. Re tlameha ho etsa eng mabapi le Tšenolo e le hore re fumane thabo?
10 U tla rua molemo haholo ka ho bala Tšenolo ’me u tla rua molemo le ho feta ka ho boloka lintho tse ngotsoeng ho eona. Johanne o ile a hlalosa tjena ho le leng la mangolo a hae: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima, hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoetsoeng ke Molimo e hlōla lefatše. Ena ke tlhōlo e hlōtseng lefatše, tumelo ea rōna.” (1 Johanne 5:3, 4) U ka thaba ka ho fetisisa ka hore u hahe tumelo e joalo!
11. (a) Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re boloke mantsoe a boprofeta? (b) Ke nako efe eo e tlamehang ebe e haufi ka tsela e tšosang?
11 Ho potlakile hore re boloke mantsoe a boprofeta bona, “etsoe nako e behiloeng e haufi.” Nako e behiloeng bakeng sa eng? Bakeng sa ho phethahala ha boprofeta ba Tšenolo, bo akarelletsang likahlolo tsa Molimo. Nako e haufi ea hore Molimo le Jesu Kreste ba phethahatse kahlolo ea ho qetela holim’a tsamaiso ea lefatše ea Satane. Ha Jesu a ne a le mona lefatšeng, o ile a bolela hore ke Ntate oa hae feela ea neng a tseba “letsatsi leo kapa hora eo.” Ha a talima pele likhathatsong tse neng li tla ata lefatšeng mehleng ea rōna, Jesu o ile a boela a re: “Moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.” Kahoo e tlameha ebe nako e behiloeng bakeng sa ho phethahatsa qeto ea Molimo e haufi ka tsela e tšosang. (Mareka 13:8, 30-32) Joalokaha Habakuke 2:3 e bolela: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” Ho pholoha ha rōna matšoenyeho a maholo ho itšetlehile ka hore re boloke Lentsoe la Molimo la boprofeta.—Matheu 24:20-22.
[Lebokose le leqepheng la 15]
Hore re utloisise buka ea Tšenolo ho hlokahala hore
● Re amohele thuso ea moea oa Jehova
● Re lemohe hore na letsatsi la Morena le qalile neng
● Re hlokomele hore na lekhoba le tšepahalang le le masene ke mang kajeno