-
Ho Hlophisa Hona Joale Bakeng sa Lilemo Tse Sekete Tse TlangMolula-Qhooa—1989 | September 1
-
-
3, 4. (a) Hantle-ntle e tla hle e be ka nako e kae Jehova a tlang ho busa ka Jesu Kreste le 144 000? (b) Ke lentsoe lefe le sebelisetsoang nako eo, ’me see se ile sa bontšoa joang lihloohong tse itseng tsa libuka tsa Watch Tower?
3 Nako eo puso ea ’Muso oa Jehova ka Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba tlotlisitsoeng ba 144 000 o tlang ho e nka e ile ea profetoa hore e tla ba lilemo tse sekete. Mabapi le Puso eo ea Lilemo tse Sekete, moapostola Johanne ea seng a hōlile o ile a ngola: “Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, ba filoe matla a ho ahlola; ka bona le meea ea ba khaotsoeng lihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentsoe la Molimo, le ba sa kang ba khumamela sebata, leha e le setšoantšo sa sona, ba sa kang ba amohela letšoao la sona liphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, ’me ba busa le Kreste lilemo tse sekete. Ha e le bafu ba bang, ha ba ka ba tsoha, lilemo tse sekete tseo li e-so ho phethehe. Eo ke tsoho ea pele. Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšenolo 20:4-6.
-
-
Ho Hlophisa Hona Joale Bakeng sa Lilemo Tse Sekete Tse TlangMolula-Qhooa—1989 | September 1
-
-
5. Satane le bademona ba tla ba boemong bofe nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste?
5 Mantsoe “lilemo tse sekete” a ho Tšenolo 20:4 hase tšoantšetso empa a bolela lilemo tse sekete tsa leeto la lefatše ha le pota letsatsi. Nakong eo ea Lilemo tse Sekete, Satane Diabolose le makhotla a hae a bademona o tla be a le ka sekoting, hobane pelenyana feela a bolela ka Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste, moapostola Johanne o itse: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe, ka mora’ tseo, e ka khona e lokolleloe motsotso o se mokae.”—Tšenolo 20:1-3.
-
-
Ho Hlophisa Hona Joale Bakeng sa Lilemo Tse Sekete Tse TlangMolula-Qhooa—1989 | September 1
-
-
7. Bibele e bontša eng ka nako le sebopeho tsa Puso ea Millennium ea Jesu Kreste?
7 Leha ho le joalo, ho latela Mangolo, Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste ea sebele ke hona e tla tla. Phethahatso ea hona joale ea boprofeta ba Bibele e bontša hore e haufi haholo. Nakong ea Lilemo tse Sekete tsa sebele, Satane le bademona ba hae ba tla hle ba koalloe ka sekoting, ’me Jesu Kreste le majalefa hammoho le eena a 144 000 ba tla busa holim’a batho bohle ba sa khathatsoe ke letho le tsoang mokhatlong oa Diabolose. Ho phethahatsa selekane sa Jehova le “motsoalle” oa hae Abrahama, tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea batho bohle ba lopolotsoeng e tla qala ka “bongata bo boholo ba batho,” ba tla pholoha “mahlomola” ao ho seng a tla ke a tšoane le oona ao tsamaiso ena e khopo e tla fela ka ’ona. E tla fetela ho batho ba shoeleng ba libillione ba lopolotsoeng ka “mali a Konyana,” Jesu Kreste. (Jakobo 2:21-23; Tšenolo 7:1-17; Genese 12:3; 22:15-18; Mattheu 24:21, 22) Ntlheng ena, bana ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu mabitleng a khopotso hore ba tle bophelong lefatšeng.—Johanne 5:28, 29.
-