Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 8/1 maq. 4-7
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo oa Letsatsi la Kahlolo
  • Letsatsi la Kahlolo
  • Le Tla Tla Neng?
  • Ho Tla Ahloloa Bo-mang?
  • Kahlolo
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 8/1 maq. 4-7

Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!

HAEBA u tšosoa ke khopolo ea letsatsi la kahlolo, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo Bibele e se bolelang ka lona? Ka mohlala, na ke ’nete hore ha Molimo o ahlola baetsalibe, ba lahleloa mollong oa lihele?

Koana, ketsahalo ea pele e tlalehiloeng ea kahlolo ea Molimo e ile ea etsahala hantle qalong ea histori ea motho. Adama le Eva ba ne ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Genese 1:26-28; 2:7-9, 15-25) Leha ho le joalo, ba ile ba etsa sebe, ’me ba ba tlas’a kahlolo e bohloko ea Molimo. Phello e bile efe? Molimo o ile oa ba amoha mpho ea bophelo. Ka mantsoe a mang, ba ile ba shoa. Molimo o ile oa ba bolella: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:16-19.

Ena e ne e le kahlolo e matla, empa e ne e lokile. ’Me ka sebele e ne e sa akarelletse mollo oa lihele. Ha Adama le Eva ba e-shoa, ba ile ba khutlela lerōleng. Ba ile ba khaotsa ho ba teng. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e fanang ka khopolo ea hore karolo ea Adama kapa ea motho leha e le ofe e kile ea tsoela pele ho phela ka mor’a lefu hore e e’o hlokofatsoa kae-kae ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, rea bala: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5.

Na u ne u tseba hore Bibele e bolela sena? Hape, na u ne u tseba hore ha ho mohla Bibele e sebelisang polelo “sephefumolohi se sa shoeng”? Ho e-na le hoo, e re: “Sephefumolohi se etsang sebe, se tla shoa.” (Ezekiele 18:4, King James Version) Sena se lumellana ka ho felletseng le molao-motheo oa Bibele: “Moputso oa sebe ke lefu.” (Ba-Roma 6:23) Molao-motheo ona oa re ama kaofela. Kaofela re litloholo tsa Adama oa moetsalibe, kahoo kaofela re etsa sebe ’me re amohela moputso oa sebe, e leng lefu. Joalokaha Bibele e bolela: “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Letsatsi la Kahlolo ke karolo ea sehlooho ea tokisetso ea Molimo ea ho re pholosa boemong bona.

Motheo oa Letsatsi la Kahlolo

Ho latela Bibele, ke hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000 ha Molimo o rala motheo oa se tla etsahala Letsatsing la Kahlolo. Hona ho etsahetse ha Jesu a e-tla lefatšeng ’me a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho molemong oa rōna. Jesu ka boeena o ile a hlalosa: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Haeba re bontša tumelo ho Jesu, re rua molemo sehlabelong sa hae esita le hona joale ka tsela ea moea. Molimo o re tšoarela libe ’me o re lumella ho o atamela. (Johanne 14:6; 1 Johanne 2:1, 2) Empa re ntse re sa phethahala, re baetsalibe, ’me ka hona, re ntse re kula nameng ’me qetellong rea shoa. Ha re e-s’o be le bophelo bo sa feleng boo Jesu a bo tšepisitseng. Bophelo bona bo tla tla e le se finyelletsoeng ke Letsatsi la Kahlolo.

Letsatsi la Kahlolo

Moapostola Johanne o ile a bona pono ea Letsatsi la Kahlolo, ’me o ile a le hlalosa ka mantsoe ana: “Eaba ke bona terone e tšoeu e kholo le e mong ea lutseng holim’a eona; eaba lefatše le leholimo li baleha pel’a sefahleho sa hae, ’me ha lia ka tsa hlola li fumaneloa sebaka. Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka; ha phetloa le buka e ’ngoe, e leng buka ea bophelo; ’me bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona.”—Tšenolo 20:11, 12.

E, ho latela pono ea Johanne, Letsatsi la Kahlolo le tla laoloa ke Molimo ka booona. Empa e mong hape oa ameha. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “[Molimo] o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlōla lefatše ka tōka, ka monna eo a mo khethileng.” (Liketso 17:31, BPN) Monna eo e ne e le mang? Ke Jesu, eo ka boeena a ileng a re: “Ntate ha a ahlōle motho, empa o neile Mora tokelo eohle ea ho ahlōla.” (Johanne 5:22, BPN) Kahoo Jesu e tla ba Moahloli ea khethiloeng oa Molimo Letsatsing la Kahlolo.

Tsena ke litaba tse molemo ho batho. Likosepele li senola Jesu e le motho ea nang le kutloelo-bohloko haholo. Ha a ikhohomose kapa hona ho se khotsofale empa o ‘mosa, o na le pelo e ikokobelitseng.’ (Mattheu 11:29, BPN; 14:14; 20:34) Re thabela ho ba tlhokomelong ea moahloli ea joalo.

Le Tla Tla Neng?

Leha ho le joalo, Letsatsi la Kahlolo le tla tla neng? Tšenolo e bolela hore le tla tla ha ‘lefatše le leholimo li balehile.’ Sena se re hopotsa mantsoe a moapostola Petrose: “Maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” (2 Petrose 3:7) Na ke lefatše la sebele le tla chesoa? Che, Bibele e hlakile tabeng ena. Le ka mohla lefatše la sebele le ke ke la felisoa. “Lefatše . . . [le ke ke] la tlosoa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5, KJ) Taba e potolohileng mantsoe a Petrose e bontša hore ke tsamaiso ea joale ea lintho ea lefatše le sa tšabeng Molimo e tla felisoa. Batho ba sa tšabeng Molimo, eseng polanete Lefatše, ke bona ba tla felisoa.—Johanne 12:31; 14:30; 1 Johanne 5:19.

Batho bana ba sa tšabeng Molimo ba tla felisoa ka hoo Bibele e ho bitsang ntoa ea Harmagedone—eo, joalokaha makasine ona o ’nile oa bontša hangata, e tla loanoa haufinyane. (Tšenolo 16:14, 16) Ka mor’a moo, Satane ka boeena o tla koalloa sekoting ’me a thibeloe ho tšoenya batho ka lilemo tse sekete, ’me lilemo tsena tse sekete ke nako ea sebele ea Letsatsi la Kahlolo. (Tšenolo 19:17–20:3) Ho tla etsahala joang ka ba tšepahalang ha batho ba sa tšabeng Molimo ba felisoa ka Harmagedone? Ba tla pholohela Letsatsing la Kahlolo. Rea bala: “Ba hlokang koli ba ahe ho lona [lefatše]. Ba khopo ba tla felisoa lefatšeng.”—Liproverbia 2:21, 22, BPN.

Ha e tšehetsa sena, Bibele e bolela ka “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” bo neng bo tla bonahala lefatšeng pele ho Harmagedone. Bongata bona bo ‘tsoa mahlomoleng a maholo’; ka mantsoe a mang, bo pholoha bofelo ba lefatše lena la batho ba sa tšabeng Molimo joalokaha Noe a ile a pholoha bofelo ba lefatše la mehleng ea hae. (Tšenolo 7:9-17; 2 Petrose 2:5) Na u ne u tseba hore bongata bona bo boholo ba machaba ba Bakreste ba mafolo-folo bo teng esita le hona joale? Bo na le tšepo ea ho pholoha mahlomola a maholo le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Boteng ba bona ke bopaki bo tiileng ba ho atamela ha Letsatsi la Kahlolo.

Ho Tla Ahloloa Bo-mang?

Bongata bona bo boholo bo tla ahloloa Letsatsing la Kahlolo. Empa e tla be e se bona feela. Tlaleho ea Johanne e tsoela pele: “Leoatle la hlatsa bafu ba neng ba le ho lona; ’me lefu le lihele tsa ntša bafu ba neng ba le ho tsona: ’me ba ahloloa motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae.” (Tšenolo 20:13, KJ) Bona ke bopaki bo eketsehileng ba hore batho ha ba utloe bohloko ka ho sa feleng liheleng. Haeba lihele li ntša bafu ba ho tsona, ke joang motho leha e le ofe a ka bang ho tsona ka ho sa feleng? Ha e le hantle, lihele tsa Bibele ke lebitla le tloaelehileng la moloko oa motho, moo bafu ba lulang ba sa tsebe letho ba emetse tsoho. Letsatsing la Kahlolo, lihele li tla horuloa bafu ba ho tsona ka ho felletseng.—Moeklesia 9:10.

Ho tla tsosoa bo-mang bafung ka Letsatsi la Kahlolo? Moapostola Pauluse o itse: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ka hona, bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, “ba lokileng,” ba tla tsosoa. Ho tla ba joalo le ka ba bang ba se nang palo, “ba sa lokang.” Ka ho hlakileng, tsoho e tla akarelletsa bohle ba shoeleng ba ntseng ba le mabitleng—ntle le bao libe tsa bona e neng e le tse tebileng hoo Molimo o seng o ntse o ba ahloletse hore ho hang ha ba tšoanelehe hore ba ka phela.—Mattheu 12:31.

Kahlolo

Leha ho le joalo, ho tla etsahala joang ka bongata bo boholo ba baphonyohi le ba tsositsoeng Letsatsing la Kahlolo? Bibele e re: “Bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona.” Ena ke nako ea ho itlhahlobisisa. Bohle ba ikemiselitseng ho sebetsa tumellanong le ‘lintho tse ngoliloeng libukeng’—tseo ka ho hlakileng e tla be e le litlhokahalo tsa Molimo ho moloko oa batho ka nako eo—ba tla ngoloa “bukeng ea bophelo.” (Tšenolo 20:12) Ba tla be ba le tseleng ea ho fumana bophelo bo sa feleng!

Joale qetellong, lefu la sehlabelo la Kreste le tla tlisa melemo ea nama! ’Mele ea ba ngotsoeng bukeng ea bophelo ka nako eo e ke ke ea hlola e senngoa ke ho kula le lefu. Ho e-na le hoo, butle-butle ba tla khutlisetsoa phethehong ea botho, ba be le bophelo bo sa feleng bo tšepisitsoeng ba bontšang tumelo ho Jesu. Ke tebello e hlollang hakaakang! Leha ho le joalo, ka ho hlakileng ba bang ba tla hana ho utloa ‘lintho tse ngotsoeng libukeng.’ Ho tla etsahala joang ka bona? Ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hoo, lengolo le re: “Ea sa kang a fumanoa a ngoliloe bukeng ea bophelo, a akheloa letšeng la mollo.”—Tšenolo 20:15.

Na letša lee ke ’ona mollo oa lihele oo Bokreste-’mōtoana bo buang ka ’ona? Che, hobane temaneng e fetileng, re ile ra bala: “Lefu le lihele li ile tsa akheloa letšeng la mollo. Hona ke lefu la bobeli.” (Tšenolo 20:14, KJ) Haeba lihele li akheloa letšeng la mollo, letša leo ka bolona e ke ke ea e-ba mollo oa lihele. Ho feta moo, lefu hase ntho e tšoarehang e ka nkoang ’me ea akheloa sebakeng se seng. Kahoo letša la mollo e lokela ho ba la tšoantšetso. Le tšoantšetsa eng? Bibele e re: “Hona ke lefu la bobeli.” Ha lefu le Hades li akheloa letšeng la mollo, lia “shoa,” li khaotsa ho ba teng. Ka ho tšoanang, batho ba bafetoheli bao qetellong ba fihlang moo baa shoa, kapa ba khaotsa ho ba teng. Leha ho le joalo, lena ke lefu la bobeli, leo ho lona ho seng tšepo ea tsoho.

Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo

Kahoo ha re nahana ka Letsatsi la Kahlolo, ha rea lokela ho tšoha kapa ho teneha. Letsatsi la Kahlolo ke nako ea tšepo, nako ea ho khutlisetsa moloko oa batho bophelong bo sa feleng boo Adama a bo lahlileng. Utloa hore na bao kahlolong ba fumanoeng ba tšepahala ba tla fumana mahlohonolo afe: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete, batho ba tšepahalang ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše ba tla be ba phethahetse. Ba tla “khutlisetsoa bophelong” ka kutloisiso e felletseng, ’me Letsatsi la Kahlolo le tla be le finyelletse morero oa lona. (Tšenolo 20:5, NW) Joale, Bibele e re Satane o tla lumelloa ho leka moloko oa batho ka lekhetlo la ho qetela. (Tšenolo 20:3, 7-10) Ba mo hanelang ka lekhetlo lena la ho qetela ba tla thabela phethahatso e felletseng ea tšepiso ea Bibele. “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Letsatsi la Kahlolo ke tokisetso e babatsehang hakaakang! ’Me ke ho tsotehang hakaakang hore re ka itokisetsa lona esita le hona joale, ka ho ithuta Bibele, ho ithuta thato ea Molimo, le ho sebelisa thato ena ea Molimo bophelong ba rōna! Ha ho makatse hore ebe mopesaleme o ile a bontša thabo ha a nahana ka kahlolo ea Molimo ha a ne a ngola: “Maholimo a ke a thabe, ’me lefatše le hlasimolohe; leoatle a le ke le lume le tsohle tse ho lona; lithota li ke li nyakalle le tse ho tsona kaofela; lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo pel’a Jehova! Hobane o ea tla ho ahlola lefatše.”—Pesaleme ea 96:11-13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela