Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšenolo le Uena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 6. Jehova o re’ng ha a bua le babali ba Tšenolo lekhetlo la ho qetela boprofeteng boo?

      6 Joale Jehova, Morena oa bosafeleng, o bua le babali ba Tšenolo lekhetlo la ho qetela boprofeteng bona, o re: “Bona! Ke tla kapele, ’me moputso oo ke nehelanang ka oona o ho ’na, ho fa e mong le e mong kamoo mosebetsi oa hae o leng kateng. Ke ’na Alfa le Omega, oa pele le oa ho qetela, qalo le qetello. Ho thaba ba hlatsoang liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo, e le hore ba ka ba le matla a ho ea lifateng tsa bophelo e le hore ba ka kena motseng ka liheke tsa oona. Ka ntle ke lintja le ba sebelisanang le meea le lihlola le babolai le barapeli ba litšoantšo le e mong le e mong ea ratang leshano le ea tsoelang pele ka lona.”—Tšenolo 22:12-15.

  • Tšenolo le Uena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 8. (a) Ke bo-mang feela ‘ba eang lifateng tsa bophelo,’ ’me seo se bolela’ng? (b) Bongata bo boholo bo “hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo” joang, ’me bo boloka boemo ba bona bo hloekileng joang?

      8 Ke feela Bakreste bao ba tlotsitsoeng bao kannete ba “hlatsoang liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo” e le hore e ka ba ba hloekileng mahlong a Jehova, ba filoeng tlotla ea ho ea “lifateng tsa bophelo.” Ka mantsoe a mang, ba amohela tokelo le tlotla ea bophelo ba ho se shoe boemong ba bona leholimong. (Bapisa le Genese 3:22-24; Tšenolo 2:7; 3:4, 5.) Ka mor’a hore ba shoe e le batho, ba kena Jerusalema e Mocha ka tsoho. Mangeloi a 12 a ba lumella ho kena, ha a ntse a thibela mang le mang ea itloaelitseng leshano kapa litšila le hoja a ipolela hore o na le tšepo ea ho phela leholimong. Bongata bo boholo bo lefatšeng le bona bo “hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me [bo] li soeufalitse maling a Konyana” ’me ho hlokahala hore bo boloke boemo ba bona bo hloekileng. Bo ka etsa sena ka ho qoba bokhopo boo Jehova a lemosang ka bona mona, hammoho le ho tebisetsa pelong keletso ea Jesu e melaetseng ea hae e supileng e eang ho liphutheho.—Tšenolo 7:14; khaolo ea 2 le ea 3.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela