Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 leq. 30
  • ‘Mosali eo, Jezebele’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mosali eo, Jezebele’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 leq. 30

‘Mosali eo, Jezebele’

“KE NA le litaba tse seng kae tsee ke li nyatsang ho uena; ke hobane u lumella Jesebele, mosali eo ea ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho khelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, ’me ba je linama tse hlabetsoeng melimo ea bohata.” (Tšenolo 2:20) Ea boletseng joalo ke Jesu ho baholo ba Bakreste Thyatire. Phutheho e ne e le mafolo-folo ’me e ne e bonahalitse lerato, tumelo, le mamello. Empa e ne e lumelletse tšusumetso e senyang ea Jezebele. Hobane’ng? Hona na ntho e joalo e ka etsahala kajeno?—Tšenolo 2:19.

Mohlomong, ha ho na motho ea neng a hlile a bitsoa Jezebele Thyatire. Jesu o ile a sebelisa lebitso leo ho re hopotsa Mofumahali Jezebele oa historing, mosali oa Morena Akabe. Mosali eo ea tletseng boitaolo o ile a silafatsa batho ba Molimo ka ho felletseng ha a ne a kenya borapeli ba Baale ba boitšoaro bo bobe Iseraeleng, a ikemiselitse ho tsoela pele ka phutuho ea ho felisa borapeli bo hloekileng.—1 Marena 16:31-33; 21:1-7.

Jezebele oa Thyatire—e-bang ke mosali a le mong kapa sehlopha sa basali—ka ho tšoanang o ne a khothalletsa boitšoaro bo bobe le borapeli ba litšoantšo har’a batho ba Molimo. Ba bang ka phuthehong ba ile ba mo mamela, kaha Jesu o bua ka “bana ba hae,” bao mohlomong e leng balateli ba hae. (Tšenolo 2:22, 23) Tšusumetso ea hae e ne e sokela ho etsa hore phutheho ea Thyatire e senyehe joaloka Iseraele mehleng ea Akabe.

Ke hobane’ng ha Jezebele oa Thyatire a ne a e-na le tšusumetso e kaalo? Ha ba talima lintho tse tšoanang le tsa Jezebele oa boholo-holo, ba bang ba nahanne hore e ne e le mosali oa moholo e mong ea etelletseng pele Thyatire. Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele joalo. Mohlomong, botho ba hae bo matla le ’nete ea hore o ne a ipolela e le moprofeta li ile tsa mo fa boemo boo ka phuthehong.

Ho ’nile ha hlahisoa hore mekhoa e mebe eo a neng a e phahamisa e ne e amana le mekhatlo ea khoebo. Ho latela Dr. W. M. Ramsay, “mekhatlo e mengata ea khoebo e tsejoa haholo Thyatire ho feta motseng leha e le ofe o mong oa Asia.” Ha e bua ka eona, The Interpreter’s Dictionary of the Bible e re: “Mokhatlo o mong le o mong o joalo o ne o e-na le molimo oa oona o o tšehetsang, mekete ea oona, liboka tsa oona tsa sechaba tseo ka linako tse ling li fetohang mekete ea boitšoaro bo bobe. E ka ’na eaba ‘Jezebele’ o ile a phea khang ka hore . . . ha ho hlokahale hore mekete ena e nyatsuoe kaha motho e mong le e mong ea sebetsang, e le hore a ka iphelisa, o ne a lokela ho kena mokhatlong.” The Expositor’s Greek Testament e lumellana le hona, e hlahisa hore ba latelang Jezebele “ba ne ba ikhohomosa ka mokhoa oa bona o tsoetseng pele oa ho ba le bolokolohi bo fetelletseng.”

Ha e le hantle, thuto ea Jezebele Thyatire e ne e tšoana le “thuto ea Balaame” Pergame. (Tšenolo 2:14) Phutheho ea Pergame e ne e mamelletse mahloriso a maholo, empa ba bang moo ba ne ba etsisa Balaame oa boholo-holo ka ho phahamisa bohlola le borapeli ba litšoantšo. Ho ’nile ha hlahisoa hore Pergame, tšusumetso ea Balaame e ne e khothalletsa ho sekisetsa e le hore ho ka qojoa mahloriso a mabifi, athe Thyatire Jezebele o ne a khothalletsa ho sekisetsa ka mabaka a moruo. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, lithuto tseo ka bobeli e ne e le bokoenehi bo bolaeang.

Na tšusumetso ea Jezebele—kapa ea Balaame—e ka ba teng le kajeno? E, ka sebele. Baeta-pele ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba etsisa Jezebele ka ho lumella bosodoma bo matla, bohlola, bofebe, le ho ntšoa ha limpa ka liphuthehong tsa bona, le lintho tse ling tse tšoanang tse nyatsuoang ke Molimo. Esita le ka har’a phutheho ea Bokreste, batho ba seng bakae ba phahamisitse “ho fana ka bolokolohi bo fetelletseng” borapeling ba ’nete, ba khothalletsa Bakreste hore ba se khomarele ka thata-thata litekanyetso tsa Bibele ba bile ba khothalletsa boitšoaro bo bobe.

Bohle ba lakatsang ho khahlisa Jehova ba lokela ho qoba likhopolo tse joalo, esita le haeba li hlahisoa ke batho ka bomong—banna kapa basali—ba nang le botho bo thahasellisang kapa bo matla. Monahano ona ke o bolaeang kajeno joaloka lekholong la pele la lilemo.—Tšenolo 2:22, 23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela