Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu o Tla ka Khothatso
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 1. Joale Johanne o ngolla bo-mang, hona ke bo-mang kajeno ba lokelang ho fumana molaetsa oa hae e le o hapang maikutlo?

      SE LATELANG mona se lokela ho hapa maikutlo a e mong le e mong ea kopanelang le liphutheho tsa batho ba Molimo kajeno. Mona ho latela lethathamo la melaetsa. E sebetsa ka ho khethehileng ha “nako e behiloeng” e atamela. (Tšenolo 1:3) Ho molemong oa rōna oa ka ho sa feleng hore re ele hloko liphatlalatso tseo. Tlaleho eo e baleha tjena: “Johanne ho liphutheho tse supileng tse seterekeng sa Asia: E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho ‘Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,’ le e tsoang ho meea e supileng e ka pel’a terone ea hae, le e tsoang ho Jesu Kreste.”—Tšenolo 1:4, 5a.

  • Jesu o Tla ka Khothatso
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3. (a) Tumelisong ea Johanne, “mosa o sa tšoanelang le khotso” li hlaha hokae? (b) Ke polelo efe ea moapostola Pauluse e tšoanang le tumeliso ea Johanne?

      3 “Mosa o sa tšoanelang le khotso”—tsee ke lintho tse lakatsehang hakaakang, haholo-holo ha re ananela mohloli oa tsona! ‘Eo’ li hlahang ho eena ke ’Musi Morena Jehova ka boeena, “Morena oa bosafeleng,” ea phelang “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (1 Timothea 1:17; Pesaleme ea 90:2) Mona ho boetse ho ameha “meea e supileng,” e leng poleloana e bolelang tšebetso e tletseng ea matla a sebetsang a Molimo kapa moea o halalelang, ha o fana ka kutloisiso le tlhohonolofatso ho bohle ba elang hloko boprofeta bona. E mong ea phethang karolo e khōlō ke “Jesu Kreste,” eo hamorao Johanne a ileng a ngola tjena ka eena: “O ne a tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete.” (Johanne 1:14) Kahoo, tumeliso ea Johanne e na le lintlha tse tšoanang le tseo moapostola Pauluse a li boletseng ha a phetha lengolo la hae la bobeli le eang phuthehong ea Korinthe: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste le lerato la Molimo le ho ba le karolo moeeng o halalelang li be le lōna bohle.” (2 Bakorinthe 13:14) E se eka mantsoe ao a ka boela a sebetsa ho e mong le e mong oa rōna ea ratang ’nete kajeno!—Pesaleme ea 119:97.

      “Paki e Tšepahalang”

      4. Johanne o tsoela pele ho hlalosa Jesu Kreste joang, hona ke hobane’ng ha mantsoe aa a mo hlalosang a nepahetse hakaale?

      4 Ka mor’a Jehova, Jesu ke eena motho ea khanyang haholo bokahohleng, joalokaha Johanne a hlokomela seo, ha a mo hlalosa e le “‘Paki e Tšepahalang,’ ‘Letsibolo ho tsoa bafung,’ le ‘’Musi oa marena a lefatše.’” (Tšenolo 1:5b) Joaloka khoeli maholimong, o behiloe ka tieo e le Paki e khōlōhali ea Bomolimo ba Jehova. (Pesaleme ea 89:37) Hoba a boloke botšepehi ho fihlela a e-shoa lefu la sehlabelo, e ile ea e-ba eena oa pele molokong oa batho ea ileng a tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe. (Bakolose 1:18) Kaha hona joale o moo Jehova a leng teng, o phahamiselitsoe ka holim’a marena ’ohle a lefatše, ’me o nehiloe “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18; Pesaleme ea 89:27; 1 Timothea 6:15) Ka 1914 o ile a hlomamisoa e le Morena hore a buse har’a lichaba tsa lefatše.—Pesaleme ea 2:6-9.

      5. (a) Johanne o tsoela pele ho bontša kamoo a ananelang Morena Jesu Kreste kateng joang? (b) Ke bo-mang ba fumanang molemo mphong ea Jesu ea bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba kopanetse tlhohonolofatsong e khethehileng joang?

      5 Johanne o tsoela pele ho bontša kamoo a ananelang Morena Jesu Kreste kateng ka mantsoe ana a monate: “Ho ea re ratang le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae—’me a etsa hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng. Amen.” (Tšenolo 1:5c, 6) Jesu o ile a tela bophelo ba hae e le motho ea phethahetseng e le hore lefatše la batho ba bontšang tumelo ho eena le ka tsosolosetsoa bophelong bo phethahetseng. Le uena ’mali ea ratehang, u ka kopanyelletsoa ho sena! (Johanne 3:16) Empa lefu la Jesu la sehlabelo le butse tsela ea hore ba fetohang Bakreste ba tlotsitsoeng joaloka Johanne ba fumane tlhohonolofatso e khethehileng. Bana ba boletsoe ba lokile motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Ka ho tela tebello eohle ea ho thabela bophelo lefatšeng, joalokaha Jesu a entse, ba mohlatsoana ba tsoetsoe ka moea oa Molimo, ba e-na le tebello ea ho tsosetsoa ho ea sebeletsa e le marena le baprista hammoho le Jesu Kreste ’Musong oa hae. (Luka 12:32; Baroma 8:18; 1 Petrose 2:5; Tšenolo 20:6) Ke tlotla e khōlō hakaakang! Hase feela Johanne a ileng a bolela ka tieo hakaalo hore khanya le bonatla ke tsa Jesu!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela