Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 6 maq. 27-32
  • Ho Koaholla Sephiri se Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koaholla Sephiri se Halalelang
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Oa Pele le oa ho Qetela”
  • Linaleli le Liluloana Tsa Mabone
  • Bokoenehi bo Boholo
  • Peō ea Mamella
  • Utloang Seo Moea o se Bolellang Liphutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Johanne o Bona Jesu ea Tlotlisitsoeng
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Kreste o Bua le Liphutheho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Kreste o Etella Pele ka Mafolo-folo Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 6 maq. 27-32

Khaolo 6

Ho Koaholla Sephiri se Halalelang

1. Re lokela ho ikutloa joang ka lebaka la setšoantšo se khanyang se tlalehiloeng ho Tšenolo 1:10-17?

KA SEBELE pono ea Jesu ea phahamisitsoeng ea hlolla! Ha ho pelaelo hore haeba re ne re le bashebelli moo le moapostola Johanne, le rōna re ne re tla hlōloa ke khanya eo e fahlang, ebe re oa ka lifahleho joaloka eena. (Tšenolo 1:10-17) Pono ena e bululetsoeng e phahameng e bolokiloe ka morero oa ho re susumelletsa hore re nke bohato kajeno. Joaloka Johanne, re lokela ho bontša kananelo e tsamaeang le boikokobetso bakeng sa sohle seo pono eo e se bolelang. E se eka kamehla re ka bontša tlhompho e tebileng mabapi le boemo ba Jesu e le Morena ea behiloeng teroneng, Moprista ea Phahameng le Moahloli.—Bafilipi 2:5-11.

“Oa Pele le oa ho Qetela”

2. (a) Jesu o itlhahisa ka tlotla efe? (b) Mantsoe a Jehova a bolela’ng ha a re: “Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela”? (c) Tlotla ea Jesu e reng “oa Pele le oa ho Qetela” e hlokomelisa ka eng?

2 Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re tlale tšabo e tepeletsang. Jesu o ile a khothatsa Johanne, joalokaha moapostola enoa a tsoela pele ho re. “A beha letsoho la hae le letona holim’a ka ’me a re: ‘U se ke ua tšoha. Ke ’na oa Pele le oa ho Qetela, le ea phelang.’” (Tšenolo 1:17b, 18a) Ho Esaia 44:6, ka nepo Jehova o hlalosa boemo ba hae e le eena ea ’notši e bile e le eena feela Molimo ea matla ’ohle, o re: “Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela, ’me ha ho na Molimo ntle ho ’na.”a Ha Jesu a itlhahisa ka tlotla e reng ke “Oa Pele le oa ho Qetela,” ha a bolele hore o lekana le Jehova, ’Mōpi e Moholo. O sebelisa tlotla eo ka nepo a e filoeng ke Molimo. Ho Esaia, Jehova o ne a bua ka boemo ba Hae bo ikhethang joalokaha e le Molimo oa ’nete. Ke Molimo oa ka ho sa feleng, ’me ka sebele ha ho na Molimo e mong kantle ho eena. (1 Timothea 1:17) Ho Tšenolo, Jesu o bua ka tlotla eo a e filoeng, o hlokomelisa ka tsoho ea hae e ikhethang.

3. (a) Ke ka tsela efe Jesu e neng e le “oa Pele le oa ho Qetela”? (b) Ho boleloa eng ha ho thoe Jesu o na le “linotlolo tsa lefu le tsa Hadese”?

3 Ka sebele Jesu e ne e le eena motho “oa Pele” oa ho tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe. (Bakolose 1:18) Ho feta moo, ke “oa ho Qetela” oa ho tsosoa ke Jehova ka seqo. Kahoo, ke ‘ea phelang . . . o phela ka ho sa feleng le kamehla.’ A ke ke a shoa. Ntlheng ena, o tšoana le Ntate oa hae ea sa shoeng, ea bitsoang “Molimo ea phelang.” (Tšenolo 7:2; Pesaleme ea 42:2) Bakeng sa batho ba bang bohle, Jesu ka boeena ke “tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Tumellanong le sena, o re ho Johanne: “Ke ile ka shoa, empa, bona! ke phela ka ho sa feleng le kamehla, ’me ke na le linotlolo tsa lefu le tsa Hadese.” (Tšenolo 1:18b) Jehova o mo file matla a ho tsosa bafu. Ke ka lebaka leo Jesu a ka bolelang hore o na le linotlolo tsa ho bulela ba tlanngoeng ke lefu le Hadese (sebaka sa mabitla).—Bapisa le Matheu 16:18.

4. Jesu o pheta taelo efe, hona o e pheta molemong oa bo-mang?

4 Mona Jesu o pheta taelo ea hae ea hore ho tlalehoe pono eo, o re ho Johanne: “Ngola fatše lintho tseo u li boneng, le lintho tse teng le lintho tse tla etsahala ka mor’a tsena.” (Tšenolo 1:19) Ke litaba life tse thahasellisang tseo Johanne a sa ntsaneng a tla li tsebahatsa ho re ruta?

Linaleli le Liluloana Tsa Mabone

5. Jesu o hlalosa “linaleli tse supileng” le “liluloana tsa mabone tse supileng” joang?

5 Johanne o bone Jesu bohareng ba liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng a e-na le linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona. (Tšenolo 1:12, 13, 16) Joale Jesu o hlalosa sena: “Ha e le sephiri se halalelang sa linaleli tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le sa liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng: Linaleli tse supileng li bolela mangeloi a liphutheho tse supileng, ’me liluloana tsa mabone tse supileng li bolela liphutheho tse supileng.”—Tšenolo 1:20.

6. Linaleli tse supileng li emela eng, ’me ke hobane’ng ha melaetsa e ne e rometsoe ho tsona ka ho khetheha?

6 “Linaleli” ke “mangeloi a liphutheho tse supileng.” Ho Tšenolo, ka linako tse ling linaleli li tšoantšetsa mangeloi a sebele, empa Jesu o ne a ke ke a sebelisa motho oa nama ho ngolla libōpuoa tsa moea tse sa bonahaleng. Kahoo e tlameha ebe “linaleli” ke balebeli ba batho, kapa baholo, liphuthehong, ba talingoang e le manģosa a Jesu.b Melaetsa e lebisitsoe ho linaleli, hobane ke tsona tse ikarabellang tabeng ea ho lebela mohlape oa Jehova.—Liketso 20:28.

7. (a) Ke eng se bontšang hore ha Jesu a ne a bua le lengeloi le le leng feela la phutheho ka ’ngoe hoo ha ho bolele hore phutheho ka ’ngoe e na le moholo a le mong feela? (b) Ha e le hantle, ke bo-mang ba emeloang ke linaleli tse supileng tse letsohong le letona la Jesu?

7 Kaha Jesu o bua le “lengeloi” le le leng feela phuthehong ka ’ngoe, na hoo ho bolela hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le moholo a le mong feela? Che. Pejana mehleng ea Pauluse, phutheho ea Efese e ne e e-na le baholo ba ’maloa, eseng a le mong feela. (Tšenolo 2:1; Liketso 20:17) Kahoo mehleng ea Johanne, ha melaetsa eo e ne e romeloa ho linaleli tse supileng hore e balloe liphutheho (ho akarelletsa e neng e le Efese), e tlameha ebe linaleli li ne li emela bohle ba neng ba sebeletsa lihlopheng tsa baholo ka har’a phutheho e tlotsitsoeng ea Jehova. Ka tsela e tšoanang, kajeno balebeli ba balla liphutheho tsa habo bona mangolo a tsoang ho Sehlopha se Busang, se entsoeng ka balebeli ba tlotsitsoeng ba sebeletsang tlas’a bohlooho ba Jesu. Lihlopha tsa baholo tsa sebaka ka seng li tlameha ho tiisa hore liphutheho tsa habo tsona li latela keletso ea Jesu. Ha e le hantle, keletso eo e molemong oa bohle ba kopanelang le liphutheho, eseng baholo feela.—Bona le Tšenolo 2:11a.

8. Taba ea hore baholo ba ka letsohong le letona la Jesu e bontša eng?

8 Kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho, ke ka nepo ho thoeng baholo ba ka letsohong la hae le letona, ke hore, ba tlas’a taolo ea hae le tataiso ea hae. (Bakolose 1:18) Ke Molisa e Moholo, ’me bona ke balisa ba tlaasana.—1 Petrose 5:2-4.

9. (a) Liluloana tsa mabone tse supileng li emela eng, hona ke hobane’ng ha liluloana tsa mabone e le tšoantšetso e loketseng? (b) Pono eo e ne e ka ’na ea hopotsa moapostola Johanne eng?

9 Liluloana tsa mabone tse supileng ke liphutheho tse supileng tseo Johanne a tobisang buka ea Tšenolo ho tsona: Efese, Smyrna, Pergame, Thyatire, Sarda, Filadelfia le Laodisia. Ke hobane’ng ha liphutheho li tšoantšetsoa ka liluloana tsa mabone? Ke hobane Bakreste, ebang ke ka bomong kapa ha ba le hammoho e le liphutheho, ba lokela ho etsa hore ‘leseli la bona le ke le khanye ka pel’a batho’ lefatšeng lena le lefifing. (Matheu 5:14-16) Ho phaella moo, liluloana tsa mabone li ne li le har’a thepa ea ka tlung ea tempele ea Solomone. Ho bitsa liphutheho liluloana tsa mabone ho ne ho ka ’na ha hopotsa Johanne hore, ka kutloisiso ea tšoantšetso, phutheho ka ’ngoe ea batlotsuoa ke “tempele ea Molimo,” ke moo ho lulang moea oa Molimo. (1 Bakorinthe 3:16) Ho feta moo, ho se neng se tšoantšetsoa ke tokisetso ea tempele ea Bajuda, litho tsa phutheho ea batlotsuoa li sebeletsa e le “baprista ba marena” tokisetsong ea tempele e khōlō ea Jehova ea moea, eo ho eona Jesu e leng Moprista ea Phahameng le moo Jehova a lulang teng ka boeena Sehalalelisisong sa leholimo.—1 Petrose 2:4, 5, 9; Baheberu 3:1; 6:20; 9:9-14, 24.

Bokoenehi bo Boholo

10. Ho ile ha etsahala eng ka tsamaiso ea Sejuda le batšehetsi ba eona ba sa bakeng ka 70 C.E.?

10 Ha Johanne a ngola Tšenolo, Bokreste bo ne bo se bo qetile lilemo tse fetang 60 bo le teng. Qalong, bo ne bo pholohile lilemo tse 40 tsa khanyetso e sa khaotseng e tsoang Bolumeling ba Sejuda. Joale tsamaiso ea Sejuda e ile ea shoela ruri ka 70 C.E. ha Bajuda ba sa bakeng ba ne ba lahleheloa ke ho tsebahala ha bona e le sechaba ba bile ba lahleheloa ke seo ho neng ho bonahala e se e le sona seo ba se rapelang—e leng tempele e Jerusalema.

11. Ke hobane’ng ha e ne e le nako e loketseng ea hore Molisa e Moholo a lemose liphutheho ka mekhoa e ntseng e hōla?

11 Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ne a ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le bokoenehi har’a Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me melaetsa ea Jesu e bontša hore botsofaling ba Johanne bokoenehi bona bo ne bo se bo ntse bo qaleha. Johanne e ne e le eena oa ho qetela ho ba ileng ba thibela boiteko bona bohle bo etsoang ke Satane ba ho senya peō ea mosali. (2 Bathesalonika 2:3-12; 2 Petrose 2:1-3; 2 Johanne 7-11) Kahoo e ne e le nako e loketseng ea hore Molisa e Moholo oa Jehova a ngolle baholo ba liphuthehong, a ba lemose ka mekhoa e ntseng e hōla le ho khothatsa ba lipelo li lokileng hore ba emele ho loka ka tieo.

12. (a) Bokoenehi bo ile ba hōla joang makholong a lilemo a ka mor’a mehla ea Johanne? (b) Bokreste-’mōtoana bo bile teng joang?

12 Hore na ka 96 C.E. liphutheho li ile tsa etsa’ng ha li utloa melaetsa ea Jesu, ha re tsebe. Empa rea tseba hore bokoenehi bo ile ba hōla ka potlako hoba Johanne a shoe. “Bakreste” ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Jehova ’me ba le nkela sebaka ka “Morena” kapa “Molimo” libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele. Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo, thuto ea bohata ea Boraro-bo-bong e ne e se e keneletse liphuthehong. Nakong eona ena, ho ne ho ntse ho amoheloa khopolo ea hore moea ha o shoe. Qetellong, ’Musisi oa Moroma Constantine o ile a lumella naha hore e be le bolumeli ba “Bokreste,” ’me hona ho ile ha hlahisa Bokreste-’mōtoana, moo Kereke le Naha li ileng tsa kopanya matsoho bakeng sa ho busa ka lilemo tse sekete. Ho ne ho le bonolo ho fetoha “Mokreste” oa mofuta ona o mocha. Merabe eohle e ile ea fetola lintho tsa bohetene tseo e neng e li lumela pejana hore li tsamaisane le tsa bolumeli bona. Baeta-pele ba bangata ba Bokreste-’mōtoana e ile ea e-ba bo-’mampoli ba hatellang ba lipolotiki, ba qobella batho ka sabole hore ba amohele maikutlo a bona a bokoenehi.

13. Ho sa tsotellehe temoso ea Jesu khahlanong le lihlopha tsa bokhelohi, Bakreste ba koenehang ba ile ba nka tsela efe?

13 Bakreste ba koenehang ba ile ba hlokomoloha ka ho feletseng mantsoe a Jesu a eang liphuthehong tse supileng. Jesu o ne a ile a lemosa Baefese hore ba tsosolose lerato leo ba neng ba e-na le lona pele. (Tšenolo 2:4) Leha ho le joalo, kaha litho tsa Bokreste-’mōtoana li ne li se li sa kopanngoa ke ho rata Jehova, li ile tsa loana lintoa tse mabifi ’me tsa hlorisana ka mokhoa o tšabehang. (1 Johanne 4:20) Jesu o ne a ile a lemosa phutheho e Pergame ka lihlopha tsa bokhelohi. Empa, lihlopha tsa bokhelohi li ile tsa hlaha esita le lekholong la bobeli la lilemo, ’me kajeno Bokreste-’mōtoana bo na le lihlopha tsa bokhelohi tse likete tse qhoebeshanang le malumeli a likete a qhoebeshanang.—Tšenolo 2:15.

14. (a) Le hoja Jesu a ile a lemosa ka ho shoa moeeng, ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba nka tsela efe? (b) Ba ipolelang hore ke Bakreste ha baa ka ba mamela temoso ea Jesu e khahlanong le borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo bobe ka litsela life?

14 Jesu o ne a ile a lemosa phutheho ea Sarda ka ho shoa moeeng. (Tšenolo 3:1) Joaloka ba neng ba le Sarda, ka potlako ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba lebala mesebetsi ea Bokreste ’me kapele ba fetisetsa mosebetsi oa bohlokoahali oa ho bolela ho sehlopha se senyenyane, sa baruti ba lefuoang. Jesu o ne a ile a lemosa phutheho ea Thyatire ka borapeli ba litšoantšo le bohlola. (Tšenolo 2:20) Empa, Bokreste-’mōtoana bo ile ba lumella hore ho sebelisoe litšoantšo phatlalatsa, esita le ho buella borapeli ba litšoantšo bo poteletseng ba bochaba le ba ho rata lintho tse bonahalang. Le hoja ka linako tse ling ho ne ho nyatsoa boitšoaro bo bobe ha ho rutoa, kamehla bo ’nile ba lumelloa ka ho pharaletseng.

15. Mantsoe a Jesu a eang ho liphutheho tse supileng a pepesa eng ka malumeli a Bokreste-’mōtoana, hona baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ipakile hore ke eng?

15 Kahoo, mantsoe a Jesu a eang ho liphutheho tse supileng a pepesa hore malumeli ’ohle a Bokreste-’mōtoana a hlōlehile ka ho feletseng hore e ka ba batho ba Jehova ba khethehileng. Ka sebele, baruti ba Bokreste-’mōtoana e ’nile ea e-ba litho tse ka sehloohong tsa peō ea Satane. Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka bona a re ke “ea sa eeng ka molao,” o ile a profeta hore ba “teng ho ea ka tšebetso ea Satane ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano.”—2 Bathesalonika 2:9, 10.

16. (a) Ke bo-mang bao baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ileng ba ba hloea ka ho khetheha? (b) Ho ile ha etsahala’ng Bokreste-’mōtoaneng nakong ea Mehla e Bohareng? (c) Na bofetoheli ba Boprostanta, kapa Phetohelo, bo ile ba fetola litsela tsa bokoenehi tsa Bokreste-’mōtoana?

16 Le hoja ba ipolela hore ke balisa ba mohlape oa Molimo, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba nkileng likano tsa bolumeli le ba sa li nkang, ba bontšitse lehloeo le khethehileng ho mang le mang ea lekang ho khothalletsa ho bala Bibele kapa mang kapa mang ea pepesang mekhoa ea bona e sa lumellaneng le Mangolo. John Hus le mofetoleli oa Bibele William Tyndale, ba ile ba hlorisoa ba ba ba bolaoa. Nakong e lefifi ea Mehla e Bohareng, puso ea bokoenehi e ile ea fihla tlhōrōng Lekhotleng le Otlang Bakhelohi la K’hatholike la bodiabolose. Mang le mang ea neng a hanyetsa lithuto kapa matla a kereke o ne a hatelloa ntle ho mohau, ’me ba likete-kete ba neng ba bitsoa bakhelohi ba ne ba hlokofatsoa ho isa lefung kapa ba chesetsoa thupeng. Kahoo Satane o ne a ikemiselitse ho tiisa hore peō efe kapa efe ea ’nete ea mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng o kang mosali e ne e tla silakanngoa ka potlako. Ha bofetoheli ba Boprostanta, kapa Phetohelo, bo hlaha (ho tloha ka 1517 ho ea pele), likereke tse ngata tsa Prostanta li ile tsa bontša moea o tšoanang oa ho se mamelle likereke tse ling. Le tsona li ile tsa e-ba le molato oa mali ka ho bolaea ba ikemiselitseng ho tšepahala ho Molimo le ho Kreste. Ruri, “ba ile ba tšolla mali a bahalaleli” ka bolokolohi!—Tšenolo 16:6; bapisa le Matheu 23:33-36.

Peō ea Mamella

17. (a) Papiso ea Jesu ea koro le mofoka e ile ea profeta eng? (b) Ho ile ha etsahala eng ka 1918, ’me ha fella ka ho qheloa ha eng le ho behoa ha eng?

17 Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a profeta ka nako ea lefifi e neng e tla ba teng ha Bokreste-’mōtoana e le bona bo busang. Leha ho le joalo, ho theosa le makholo ’ohle a lilemo a bokoenehi, ho ne ho tla ba le Bakreste ka bomong ba kang koro, batlotsuoa ba ’nete. (Matheu 13:24-29, 36-43) Kahoo, ha letsatsi la Morena le qala ka October 1914, ho ne ho ntse ho e-na le Bakreste ba ’nete lefatšeng. (Tšenolo 1:10) Ho bonahala Jehova a ile a tla tempeleng ea hae ea moea ho tla ahlola lilemo tse ka bang tharo le halofo hamorao, ka 1918, a e-na le Jesu e le ‘lenģosa la hae la selekane.’ (Malakia 3:1; Matheu 13:47-50) E ne e le nako ea hore Morena a qhele Bakreste ba bohata la ho qetela le hore a behe ‘lekhoba le tšepahalang le le masene hore le okamele lintho tsohle tsa hae.’—Matheu 7:22, 23; 24:45-47.

18. Ke ‘hora’ efe e fihlileng ka 1914, ’me e ne e le nako ea hore lekhoba le etse eng?

18 Hape e ne e le nako ea hore lekhoba lena le ele hloko ka ho khethehileng lintho tse ngotsoeng melaetseng ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng, joalokaha re bona ho se ngotsoeng ho eona. Ka mohlala, Jesu o bua ka ho tla ha hae ho tla ahlola liphutheho, e leng kahlolo e qalileng ka 1918. (Tšenolo 2:5, 16, 22, 23; 3:3) O bua ka ho sireletsa phutheho ea Filadelfia nakong ea “hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 3:10, 11) ‘Hora ena ea teko’ e fihla feela ha letsatsi la Morena le qala ka 1914, ’me ka mor’a moo Bakreste ba ile ba lekoa mabapi le botšepehi ba bona ’Musong oa Molimo o hlomiloeng.—Bapisa le Matheu 24:3, 9-13.

19. (a) Liphutheho tse supileng li tšoantšetsa eng kajeno? (b) Ke bo-mang ba ikopantseng ka bongata le Bakreste ba tlotsitsoeng, hona ke hobane’ng ha keletso ea Jesu le maemo ao a a hlalosang li boetse li sebetsa ho bona? (c) Re lokela ho talima melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng tsa lekholong la pele la lilemo joang?

19 Ka lebaka lena, mantsoe a Jesu a eang liphuthehong a sebelitse haholo-holo ho tloha ka 1914. Ntlheng ena, liphutheho tse supileng li tšoantšetsa liphutheho tsohle tsa Bakreste ba tlotsitsoeng letsatsing la Morena. Ho feta moo, lilemong tse 70 le ho feta tse fetileng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba tšoantšetsoa ke Johanne ba ile ba kopana le palo e khōlō ea balumeli bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. Keletso ea Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng le maemo ao a a fumaneng ha a hlahloba liphutheho tse supileng li sebetsa ka matla a tšoanang ho bana, kaha ho na le molao o le mong feela oa ho loka le ho tšepahala ho bahlanka bohle ba Jehova. (Exoda 12:49; Bakolose 3:11) Kahoo, melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng tsa lekholong la pele la lilemo Asia Minor hase histori feela e thahasellisang. E bolela bophelo kapa lefu ho e mong le e mong oa rōna. Joale, a re mameleng ka hloko mantsoe a Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Seheberung sa pele, ho Esaia 44:6 ha ho na lebōpi-khetho le tsamaeang le lentsoe “pele” le “morao,” empa ha Jesu a itlhalosa Segerikeng sa pele ho Tšenolo 1:17, ho fumanoa lebōpi-khetho. Kahoo, ho latela sebōpeho sa puo, Tšenolo 1:17 e bontša tlotla, ha Esaia 44:6 e hlalosa Bomolimo ba Jehova.

b Lentsoe la Segerike agʹge·los (le bitsoang ka hore ke “anʹge·los”) le bolela “lenģosa” hape le bolela “lengeloi.” Ho Malakia 2:7, moprista oa Molevi o bitsoa “lenģosa” (ka Seheberu, mal·’akhʹ).—Bona NW, botlaaseng ba leqephe.

[Lebokose le leqepheng la 32]

Nako ea ho Lekoa le ho Ahloloa

Jesu o ile a kolobetsoa le ho tlotsoa e le Morena ea Khethiloeng Nōkeng ea Jordane hoo e ka bang ka October 29 C.E. Lilemo tse tharo le halofo hamorao, ka 33 C.E., o ile a kena tempeleng ea Jerusalema ’me a ntša ba neng ba e etsa lehaha la masholu. Ho bonahala ho ile ha etsahala se tšoanang le sena nakong ea lilemo tse tharo le halofo ho tloha ha Jesu a behoa teroneng maholimong ka October 1914 ho fihlela a e-tla ho tla hlahloba ba ipolelang hore ke Bakreste ha kahlolo e qala ka ntlo ea Molimo. (Matheu 21:12, 13; 1 Petrose 4:17) Mathoasong a 1918 mosebetsi oa ’Muso oa batho ba Jehova o ile oa thulana le khanyetso e khōlō. E ne e le nako ea ho lekoa lefatšeng ka bophara, ’me ba tšabang ba ile ba hlokoleloa ntle. Ka May 1918 baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hlohlelletsa hore ba ikarabellang ba Mokhatlo oa Watch Tower ba kenngoe chankaneng, empa likhoeli tse robong hamorao ba ile ba lokolloa. Hamorao, liqoso tsa bohata tseo ba neng ba qositsoe ka tsona li ile tsa nyahlatsoa. Ho tloha ka 1919 mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba Molimo, o neng o se o lekiloe ebile o hloekisitsoe, o ile oa tsoela pele ka cheseho ho bolela ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu e le tšepo bakeng sa batho.—Malakia 3:1-3.

Ha Jesu a qala ho hlahloba ka 1918, ha ho pelaelo hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba fumana kahlolo e boima. Ha baa ka ba bakela batho ba Molimo mahloriso feela empa ba bile ba itjarisa molato oa mali o boima ka ho tšehetsa lichaba tse loanang nakong ea ntoa ea pele ea lefatše. (Tšenolo 18:21, 24) Joale baruti bao ba ile ba beha tšepo ea bona Selekaneng sa Lichaba se entsoeng ke motho. Ka 1919 Molimo o ne a se a sa amohele Bokreste-’mōtoana ka ho feletseng hammoho le ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata.

[’Mapa o leqepheng la 28, 29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

EFESE

SMYRNA

PERGAME

THYATIRE

SARDA

FILADELFIA

LAODISIA

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo itjarisitse molato o boima oa mali ka ho hlorisa le ho bolaea ba ileng ba fetolela Bibele, ba e bala, kapa ba neng ba e-na le eona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela