Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 10 maq. 47-54
  • Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mosali Eane Jezebele”
  • “Le Tšoare ka Tieo Seo le Nang le Sona”
  • Lula U Tšepahala
  • Mamela Seo Moea o se Buang!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jezebele—Mofumahali ea Khopo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Utloang Seo Moea o se Bolellang Liphutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 10 maq. 47-54

Khaolo 10

Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”

THYATIRE

1. Thyatire e ne e le hokae ha e bapisoa le liphutheho tse ling, ’me e ne e le ka har’a tikoloho ea mofuta ofe ea bolumeli?

MOTSE oa Turkey oa Akhisar o atlehileng moruong o lik’hilomithara tse ka bang 64 ka boroa-bochabela ho Bergama (Pergame). Lilemong tse ka bang 1 900 tse fetileng, motse ona e ne e le Thyatire. Molebeli ea tsamaeang o ne a ka fihla Thyatire habonolo ka tsela e kenang ka har’a naha ha a tloha Pergame ebe o potoloha le liphutheho tse setseng tse boletsoeng ho Tšenolo khaolo ea 3—e leng Sarda, Filadelfia le Laodisia. Ho fapana le Pergame, ha ho bonahale eka Thyatire e ne e le setsi sa bohlokoa sa ho rapela baemphera, empa e ne e e-na le litempelana le litempele tse nehetsoeng ho melimo ea bohetene. Thyatire e ne e tsebahala ka ho ba setsi sa khoebo.

2, 3. (a) Ke eng se ileng sa tlalehoa pejana ka Mothyatire ea ileng a fetoha Mokreste? (b) Hore ebe Jesu ke “Mora oa Molimo” le hore o na le ‘mahlo a joaloka lelakabe la mollo’ ho bolela’ng ho Bakreste ba Thyatire?

2 Ha Pauluse a ne a bolela Macedonia, o ile a kopana le mosali e mong oa Thyatire ea bitsoang Lydia, ea rekisang lintho tse pherese. Ka thabo Lydia le bohle ba ntlo ea hae ba ile ba amohela molaetsa oo Pauluse a neng a o bolela ’me ba amohela baeti ka mokhoa o babatsehang. (Liketso 16:14, 15) Lydia e bile eena Mothyatire oa pele ea tlalehiloeng ea ileng a amohela Bokreste. Khabareng, motse oo ka booona o ile oa e-ba le phutheho ea Bakreste. Jesu o tobisa molaetsa oa hae o molelele ka ho fetisisa moo: “Ngolla lengeloi la phutheho e Thyatire u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Mora oa Molimo, eo mahlo a hae a leng joaloka lelakabe la mollo, le eo maoto a hae a leng joaloka koporo e hloekileng.”—Tšenolo 2:18.

3 Lena ke lona feela lekhetlo leo poleloana “Mora oa Molimo” e hlahang ka lona ho Tšenolo, le hoja libakeng tse ling Jesu a bua ka Jehova e le “Ntate.” (Tšenolo 2:27; 3:5, 21) Mohlomong ho sebelisoa ha tlotla ena mona ho hopotsa Bakreste ba Thyatire ka kamano e haufi-ufi ea Jesu le Jehova. Mora enoa o na le ‘mahlo a joaloka lelakabe la mollo’—’me seo ke temoso ho Bakreste ba Thyatire hore kahlolo ea hae e tla tukela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e bonang e silafatsa phutheho eo. Ha a bua ka lekhetlo la bobeli ka maoto a hae a benyang a joaloka koporo, o totobatsa mohlala oa hae o khanyang oa botšepehi boo a ileng a bo bontša ha a ntse a le lefatšeng lena. Ha ho pelaelo hore Bakreste ba Thyatire ba ile ba ela keletso ea hae hloko, kahoo, le rōna re tlameha ho etsa joalo kajeno!—1 Petrose 2:21.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka babatsa Bakreste ba Thyatire? (b) Phutheho e Thyatire e tšoana le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova joang kajeno?

4 Hoa thabisa hore ebe Jesu o babatsa ba leng Thyatire. O re: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” (Tšenolo 2:19) Ho fapana le Baefese, moo Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa lahleheloa ke lerato leo ba neng ba e-na le lona ho Jehova pele. Tumelo ea bona e matla. Ho feta moo, liketso tsa bona li feta tsa pele, ’me joaloka liphutheho tse tharo tse tlang pele, Bakreste ba Thyatire baa mamella. Phutheho ee e tšoana hantle hakaakang le liphutheho tse ka bang 100 000 le ho feta tsa Lipaki Tsa Jehova tse teng lefatšeng lohle kajeno! Lerato la tsona ho Jehova lea khanya, ha moea oa cheseho tšebeletsong o phunyeletsa likarolong tsohle tsa mokhatlo o hlophisitsoeng, o susumetsa ba banyenyane le ba baholo. Palo e hōlang e ikitlaetsa haholo e le bo-pula-maliboho, kahoo ba sebelisa ka bohlale nako e sa ntsaneng e setse ho phatlalatsa tšepo e khanyang ea ’Muso oa Molimo o tlang!—Matheu 24:14; Mareka 13:10.

5 Ka mashome a lilemo, ba bangata ba tšepahalang, masala a tlotsitsoeng le ba bongata bo boholo, ba ’nile ba bontša mohlala oa ho mamella tšebeletsong ea Molimo, ha lefatše le ba pota-potileng le ’nile la tebela tlaase-tlaase lefifing la ho hloka tšepo. Empa a re beng sebete! Tšenolo e tiisa bopaki ba baprofeta ba pele ba Molimo. “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.”—Sofonia 1:14; Joele 2:1; Habakuke 2:3; Tšenolo 7:9; 22:12, 13.

“Mosali Eane Jezebele”

6. (a) Ho sa tsotellehe makhabane a eona, ke bothata bofe boo Jesu a bo hlokomelang phuthehong ea Thyatire bo lokelang ho lokisoa kapele-pele? (b) Jezebele e ne e le mang, hona na o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho ipolela hore ke moprofeta?

6 Mahlo a Jesu a joaloka lelakabe la mollo a phunyellelitse ho ea pele. O hlokomela ntho e ’ngoe e lokelang ho lokisoa kapele-pele. O re ho Bakreste Thyatire: “Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u mamella mosali eane Jezebele, ea ipitsang moprofeta oa mosali, ’me o ruta le ho khelosa makhoba a ka hore a etse bohlola le hore a je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang.” (Tšenolo 2:20) Lilemong tsa bo-900 B.C.E., Mofumahali Jezebele, eo e neng e le mosali oa Morena Akabe oa Iseraele ea neng a rapela Baale, o ne a tumme hampe ka mekhoa ea hae ea ho bolaea, ho feba le ho hatella. Jehu, e le motlotsuoa oa Jehova, o ile a re a bolaoe. (1 Marena 16:31; 18:4; 21:1-16; 2 Marena 9:1-7, 22, 30, 33) Jezebele ea rapelang melimo ea litšoantšo o ne a se na lebaka la ho ipolela hore ke moprofeta. O ne a sa tšoane le Miriame le Debora, e leng basali ba ileng ba profeta ka botšepehi Iseraele. (Exoda 15:20, 21; Baahloli 4:4; 5:1-31) Ebile moea oa Jehova ha oa ka oa mo susumelletsa hore a profete joalokaha o ile oa susumetsa Anna ea tsofetseng le barali ba bane ba moevangeli Filipi.—Luka 2:36-38; Liketso 21:9.

7. (a) Ha Jesu a bua ka “mosali eane Jezebele,” ho bonahala eka o ne a bua ka tšusumetso efe? (b) E ka ’na eaba basali ba bang ba neng ba ikopantse ba ne ba lokafatsa tsela ea bona ea boithati joang?

7 Joale, ka ho hlakileng “mosali eane Jezebele,” ea ipolelang hore ke moprofeta oa Thyatire ke moprofeta oa bohata. Ha a tšehetsoe ke moea oa Molimo. Ebe ke mang? Mohlomong ke mosali e mong kapa sehlopha sa basali ba neng ba susumetsa phutheho ka tsela e hlokang lihlong, ba e silafatsa. E ka ’na eaba basali ba bang ba neng ba ikopantse ba ne ba kenya litho tsa phutheho boitšoarong bo bobe, ha ka boikakaso ba lokafatsa tsela ea bona ea boithati ka ho sebelisa mangolo hampe. Ka sebele bona e ne e le boprofeta ba bohata! Ba ne ba tla susumelletsa ba bang ho kena litseleng tsa bona tsa “bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) Ba ne ba batla ho etsa hore ba ka phuthehong ba inehelle bophelo ba boitšoaro bo bobe le ba ho ipatla, e leng bophelo boo hona joale bo lumelloang le boo ho iphapanyetsoang bona malumeling a mangata a Bokreste-’mōtoana.

8. (a) Jesu o nyatsa “Jezebele” phatlalatsa ka eng Thyatire? (b) Mehleng ea rōna tšusumetso e fosahetseng ea bosali e bonahetse joang?

8 Jesu o tsoela pele ho re ho baholo ba Thyatire: “Ke ile ka mo fa nako ea ho baka, empa ha a rate ho baka bohloleng ba hae. Bona! Ke tla tloha ke mo lahlela betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena ke ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae.” (Tšenolo 2:21, 22) Feela joalokaha ka ho totobetseng Jezebele oa pele a ne a laola Akabe a ba a hanyetsa Jehu eo Molimo a neng a mo khethile hore a phethahatse kahlolo ea hae, ka ho tšoanang e ka ’na eaba basali bana ba nang le tšusumetso ba leka ho laola banna le baholo. Ho bonahala eka baholo ba Thyatire ba lumella tšusumetso ena e ikhohomosang ea Jezebele. Mona Jesu o ba fa temoso e matla, hammoho le phutheho ea lefatše lohle ea batho ba Jehova kajeno. Mehleng ea kajeno, basali ba bang ba joalo ba tsitlellang maikutlo a bona ba susumelelitse banna ba bona hore e be bakoenehi ebile ba hlohlelelitse makhotla hore a nke khato khahlanong le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.—Bapisa le Juda 5-8.

9. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe ao Jesu a a buang ka Jezebele a sa behe basali bohle ka phuthehong ka mosing? (b) Tšusumetso ea Jezebele e hlaha neng feela?

9 Ho hang sena ha se behe basali ba tšepahalang ka phuthehong ea Bokreste ka mosing. Matsatsing ana, karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho paka e phethoa ke baralib’abo rōna ba tšepahalang; ka lithuto tsa lehae tsa Bibele tseo ba li khannang, ba tlisa matšoele a ba bacha ka phuthehong. Molimo ka boeena o hlohonolofatsa tokisetso ena, joalokaha ho bontšoa ke Pesaleme ea 68:11: “Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” Banna ba ka ’na ba susumelletsoa ho etsa se setle ke bonolo le boitšoaro bo hlomphehang ba basali ba bona, boo e leng ntho ea “bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” (1 Petrose 3:1-4) Morena Lemuele o rorisa mosali ea nang le bokhoni, ea mahlahahlaha. (Liproverbia 31:10-31) Ke feela ha basali ba tsoa tseleng ka ho eka banna kapa ka ho ba phephetsa kapa ho hlokomoloha bohlooho moo tšusumetso ea Jezebele e hlahang.—Baefese 5:22, 23; 1 Bakorinthe 11:3.

10. (a) Ke hobane’ng ha Jezebele le bana ba hae ba ahloloa? (b) Ba fetohang bana ba Jezebele ba boemong bofe bo kotsi, ’me ba lokela ho etsa joang?

10 Ha Jesu a bua ka “mosali eane Jezebele,” o tsoela pele ho re: “Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.” (Tšenolo 2:23) Jesu o ile a fa Jezebele le bana ba hae monyetla oa hore ba bake, empa ba phehella litsela tsa bona tsa boitšoaro bo bobe kahoo ba tlameha ho fumana kahlolo. Ho na le molaetsa o matla mona bakeng sa Bakreste kajeno. Ba etsisang Jezebele, ebang ke banna kapa basali, ’me ka tsela eo ba fetoha bana ba hae ka ho tlōla melao-motheo ea Bibele mabapi le bohlooho le litaba tsa boitšoaro, kapa ka ho ba ba lihlooho li thata hoo ba hlokomolohang taolo ea puso ea Molimo, ba boemong bo kotsi ba ho kula moeeng. Ke ’nete hore haeba ea joalo a bitsa baholo ka phuthehong hore ba mo rapelle, “thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa”—hafeela ka boikokobetso a etsa se lumellanang le lithapelo tseo. Empa ho se ke ha e-ba le ea nahanang hore a ka thetsa Molimo kapa Kreste ka ho leka ho pata boitšoaro bo bobe kapa ka ho etsa eka oa cheseha tšebeletsong.—Jakobo 5:14, 15.

11. Kajeno liphutheho li thusoa joang hore li falimehele ho itšunya-tšunya ha tšusumetso ea basali e sa lokang?

11 Hoa thabisa hore ebe boholo ba liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova kajeno bo falimehetse kotsi ena. Baholo ba seli ho bona maikutlo a khahlanong le puso ea Molimo hammoho le lintho tse fosahetseng. Ba leka ho thusa banna le basali ba tseleng e kotsi e le hore ba ka matlafala moeeng le hore ba khutlisetsoe tseleng pele e e-ba morao haholo. (Bagalata 5:16; 6:1) Ka lerato le ka tieo, balebeli bana ba Bakreste ba thibela boiteko bofe kapa bofe ba basali ba ho theha lihlotšoana tse buellang mekhatlo e tšoanang le ea tokoloho ea basali. Ho feta moo, nako le nako ho fanoa ka keletso e tlang ka nako e loketseng likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova.a

12. Kajeno sehlopha sa Johanne se bontša cheseho e kang ea Jehu ka tsela efe?

12 Leha ho le joalo, moo ho entsoeng boitšoaro bo bobe bo tebileng, haholo-holo moo mokhoa ona o fetohang tloaelo, baetsalibe ba sa bakeng ba tlameha ho khaoloa. Re hopola kamoo Jehu a neng a cheseha kateng ha a tlosa lintho tsohle tse amanang le tšusumetso ea Jezebele Iseraele. Ka ho tšoanang, sehlopha sa Johanne kajeno se nka bohato bo tiileng, se behela metsoalle ea sona ea “Bajonadabe” mohlala ’me se bontša hore se fapane hōle le baruti ba Bokreste-’mōtoana ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—2 Marena 9:22, 30-37; 10:12-17.

13. Ho tla etsahala’ng ka ba inehellang tšusumetso e fosahetseng ea bosali?

13 E le Lenģosa la Jehova le Moahloli ea behiloeng ke eena, Mora oa Molimo o nka bohato ka nepo ka ho tsebahatsa Jezebele oa kajeno le ho mo lahlela betheng ea bokuli, hobane ka sebele ho kula ha hae ha moea ha ho fole. (Malakia 3:1, 5) Ba ineheletseng tšusumetso ena e fosahetseng ea bosali le bona ba tla ba le matšoenyeho a maholo—e leng masoabi a ho khaoloa, ba tlosoe phuthehong ea Bokreste joalokaha eka ba shoele. Ntle leha ba ka baka, ba fetoha, ’me ba boela ba amoheloa ka phuthehong, ba boetse ba tobane le ho bolaoa ke “lefu la seoa le bolaeang”—qetellong, matšoenyehong a maholo. Empa ba ka tsosolosoa haeba ba baka ka ho feletseng liketsong tsa bona tse fosahetseng.—Matheu 24:21, 22; 2 Bakorinthe 7:10.

14. (a) Jesu o sebelisa baholo joang ho sebetsana le mathata a itseng, a kang tšusumetso leha e le efe ea Jezebele? (b) Phutheho e lokela ho tšehetsa baholo ba sebetsanang le mathata a joalo joang?

14 “Liphutheho tsohle” li tlameha ho tseba hore Jesu o phenya “liphio,” e leng maikutlo a tebileng, le ‘pelo,’ e leng motho ea ka hare, ho akarelletsa le sepheo se patehileng. Ho finyella sena, o sebelisa linaleli tse tšepahalang, kapa baholo, bakeng sa ho sebetsana le mathata a itseng, a kang tšusumetso leha e le efe ea Jezebele e hlahang. (Tšenolo 1:20) Ka mor’a hore baholo bana ba hlahlobe taba ea mofuta ona ka botlalo ’me ba fane ka kahlolo, batho ka bomong ha baa lokela ho phenya-phenya hore na ho tlile joang hore ho nkoe bohato bo joalo le hore na ke hobane’ng ha bo nkiloe. Bohle ba lokela ho amohela qeto ea baholo ka boikokobetso ’me ba tsoele pele ho tšehetsa linaleli tsena tsa phutheho. Ho tšepahala ho Jehova le litokisetsong tsa hae tsa mokhatlo o hlophisitsoeng ho tla putsoa. (Pesaleme ea 37:27-29; Baheberu 13:7, 17) Ha e le uena, e se eka kabelo ea hao e ka ba tlhohonolofatso ha Jesu a fa e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.—Bagalata 5:19-24; 6:7-9.

“Le Tšoare ka Tieo Seo le Nang le Sona”

15. (a) Jesu o ile a re’ng ho ba neng ba e-s’o senngoe ke Jezebele? (b) Ke eng se bontšang hore morao koana ka 1918 hase bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba neng ba silafalitsoe ke Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi?

15 Mantsoe a hlahlamang a Jesu aa tšelisa: “Leha ho le joalo, ke re ho ba bang kaofela ba lōna ba leng Thyatire, bohle ba se nang thuto ena, ba sa kang ba tseba ‘lintho tse tebileng tsa Satane,’ kamoo ba bolelang kateng: Ha ke behe holim’a lōna moroalo leha e le ofe o mong. Leha ho le joalo, le tšoare ka tieo seo le nang le sona ho fihlela ke tla.” (Tšenolo 2:24, 25) Ho na le meea e tšepahalang Thyatire e sa kang ea susumetsoa ke Jezebele. Ka ho tšoanang, nakong ea lilemo tse 40 pele ho 1918 le ho tloha nakong eo, hase bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba ileng ba lumella litsela tsa boitšoaro bo bobe, tse silafetseng tse atileng haholo Bokreste-’mōtoaneng. Sehlotšoana sa Liithuti Tsa Bibele, seo hona joale se tsebahalang e le Lipaki Tsa Jehova, se lekileng ho thusa litho tsa likereke hore li bone hore na lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana tseo e seng tsa Bokreste li qalile hokae, se nkile bohato ba ho lahla litumelo tsohle tsa Babylona le mekhoa ea eona e keneng ka Bokreste-’mōtoana bo koenehileng. Sena se akarelletsa thuto e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea “mosali eane Jezebele.”

16. Le hoja Jesu le sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo ba sa ka ba ba ekeletsa moroalo o mong, ke lintho life tse tlamehang ho qojoa?

16 Sehlopha sa Johanne kajeno le sona se khothalelitse metsoalle ea sona, e leng bongata bo boholo, hore e hlokomele litšusumetso tsa boitšoaro bo bobe, tse kang tse fumanehang boithabisong ba lefatše bo litšila. Ha ho hlokahale hore u bone ntho e mpe kapa u e etse ka lebaka la bohelehele kapa e le hore u tle u tsebe seo u lokelang ho se qoba. Ke bohlale hore u lulelle hōle le “lintho tse tebileng tsa Satane.” Joalokaha Jesu a bolela: “Ha ke behe holim’a lōna moroalo leha e le ofe o mong.” Sena se re hopotsa molao-taelo oa sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo o reng: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha.” (Liketso 15:28, 29) Hore u atlehe moeeng, qoba bolumeli ba bohata, ho sebelisa mali hampe (joaloka tšelong ea mali) le boitšoaro bo bobe! Mohlomong bophelo ba hao ba ’mele le bona bo tla sireletseha.

17. (a) Satane o lekile batho joang ka “lintho tse tebileng” kajeno? (b) Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka “lintho tse tebileng” tsa lefatše la Satane le tsoetseng pele?

17 Satane o na le ‘lintho tse ling tse tebileng’ kajeno, tse kang likhopolo-taba le lifilosofi tse rarahaneng tse khahlang batho ba bohlale. Ho phaella mehopolong e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ea boitšoaro bo bobe, li akarelletsa ho sebelisana le meea le khopolo ea ho iphetola ha lintho. ’Mōpi ea nang le bohlale bohle o nka ‘lintho tsee tse tebileng’ joang? Moapostola Pauluse o qotsa mantsoe a hae ha a re: “Ke tla timetsa bohlale ba banna ba bohlale.” Ho fapana le moo, “lintho tse tebileng tsa Molimo” li bonolo, li hlakile ebile lia khothatsa. Bakreste ba bohlale ba qoba “lintho tse tebileng” tsa lefatše la Satane le tsoetseng pele. Hopola, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Bakorinthe 1:19; 2:10; 1 Johanne 2:17.

18. Ke mahlohonolo afe ao Jesu a ileng a a tšepisa Bakreste ba tlotsitsoeng ba lulang ba tšepahala ho fihlela bofelong, ’me baa ba tsositsoeng ba tla ba le tlotla efe ka Armagedone?

18 Joale Jesu o bua mantsoe a khothatsang Bakreste ba Thyatire. Mantsoe ao a boetse a khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšenolo 2:26, 27) Ka sebele ke tlotla e babatsehang hakaakang! Matla ana ao bahlōli ba tlotsitsoeng ba a fumanang ha ba tsoha bafung ke a ho kopanela le Jesu ha a tsoka “molamu oa tšepe” o tla timetsa lichaba tsa marabele ka Armagedone. Sohle seo libetsa tsa nyutlelie tsa lichaba tseo li tla khona ho se etsa ha li qhoma e tla ba molumo o kang oa lithutsoana tsa mollo tse metsi ha Kreste a thumakanya lira tsa hae likoto joalokaha eka o thumakanya lipitsa tsa letsopa.—Pesaleme ea 2:8, 9; Tšenolo 16:14, 16; 19:11-13, 15.

19. (a) “Naleli ea hoseng” ke mang, ’me o tla fuoa ba hlōlang joang? (b) Ke khothatso efe e fuoang bongata bo boholo?

19 Jesu o phaella ka ho re: “’Me ke tla mo fa naleli ea hoseng.” (Tšenolo 2:28) Hamorao Jesu ka boeena oa hlalosa hore na “naleli” ena ke eng, ha a re: “Ke ’na motso le ngoana oa Davida, le naleli e khanyang ea hoseng.” (Tšenolo 22:16) E, ke Jesu ea phethahatsang boprofeta boo Jehova a ileng a qobella Balame hore a bo bue le hoja a ne a sa rate: “Ka sebele naleli e tla tsoa ho Jakobo, ’me ruri lere la borena le tla hlaha ho Iseraele.” (Numere 24:17) Jesu o tla fa ba hlōlang “naleli ea hoseng” joang? Ka ho totobetseng, ka ho itella bona, ka ho ba nkela kamanong e haufi-ufi haholo le eena. (Johanne 14:2, 3) Ka sebele lena ke lebaka le matla le ba susumelletsang ho mamella! Hape ke ho susumetsang ho bongata bo boholo ho tseba hore “naleli e khanyang ea hoseng” e tla tloha e sebelisa matla a eona a ’Muso ho tsosolosa Paradeise mona lefatšeng!

Lula U Tšepahala

20. Ke lintho life tse etsahetseng Bokreste-’mōtoaneng tse re hopotsang mefokolo e meng ea phutheho ea Thyatire?

20 E tlameha ebe molaetsa ona o ile oa khothatsa Bakreste ba Thyatire haholo. Nahana feela—Mora oa Molimo ea tlotlisitsoeng leholimong o ne a buile ka seqo le Bakreste ba Thyatire ka a mang a mathata a bona! Ha ho pelaelo hore bonyane ba bang ka phuthehong eo ba ile ba ananela bolisa bo joalo bo lerato. Molaetsa ona o molelele ho feta e meng kaofela ho e supileng o boetse o re thusa ho khetholla phutheho ea ’nete ea Bokreste kajeno. Ka 1918 ha Jesu a tla tempeleng ea Jehova a tl’o ahlola, karolo e khōlō ea mekhatlo e ipolelang hore ke ea Bokreste e ne e silafalitsoe ke borapeli ba litšoantšo le bofebe ba moea. (Jakobo 4:4) E meng e ne e thehile litumelo tsa eona lithutong tsa basali ba nang le tšusumetso e matla ba lilemong tsa bo-1800, ba kang Ellen White oa Kereke ea Sabatha le Mary Baker Eddy oa Christian Scientists, ’me morao tjena basali ba bangata ba ’nile ba ruta ba le sefalaneng. (Bapisa le 1 Timothea 2:11, 12.) Har’a mefuta e sa tšoaneng ea Bok’hatholike, hangata Maria o hlomphuoa ho feta Molimo le Kreste. Jesu ha aa ka a mo hlompha joalo. (Johanne 2:4; 19:26) Na ka sebele mekhatlo e lumellang tšusumetso e joalo ea bosali eo e seng ea molao e ka amoheloa e le ea Bokreste?

21. Ke lithuto life tseo batho ka bomong ba ka li fumanang molaetseng oa Jesu o eang Thyatire?

21 Bakreste ka bomong, ebang ke ba sehlopha sa Johanne kapa ba linku tse ling, ba lokela ho nahana ka molaetsa ona. (Johanne 10:16) Ba bang ba ka ’na ba iphumana ba le tekong ea hore ba latele tsela e bonolo, joalokaha barutuoa ba Jezebele ba Thyatire ba ile ba etsa joalo. Ho boetse ho na le teko ea ho sekisetsa. Kajeno, ho lokela ho tobanoe le litaba tse kang tsa ho ja lijo tse nang le mali kapa ho amohela tšelo ea mali. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho cheseha tšebeletsong ea tšimo kapa ho fana ka lipuo ho ba lumella hore ba se ke ba tiisa libakeng tse ling, tse kang ho shebella libaesekopo le livideo tse bontšang pefo le tse bontšang boitšoaro bo bobe, kapa ho noa joala ho tlōla. Temoso ea Jesu ho Bakreste ba Thyatire e re bolella hore ha rea lokela ho nka monyetla. Jehova o batla hore re hloeke, re mo sebeletse ka moea oohle, re se ke ra arohana, joalokaha Bakreste ba bangata ba Thyatire ba ne ba arohane.

22. Jesu o hatisa bohlokoa ba ho ba le tsebe e utloang joang?

22 Ha Jesu a qetella, o re: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšenolo 2:29) Mona Jesu o pheta polelo ena e susumetsang ka lekhetlo la bone, ’me e tla phetoa qetellong ea melaetsa eohle e meraro e tla latela. Na u na le tsebe eo e mamelang? Joale u ’ne u mamele ka hloko ha Molimo, ka moea oa hae, a tsoela pele ho fana ka keletso ka mocha oa hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, bona sehlooho se reng “Basali ba Tšepahalang ba Bakreste—Ke Barapeli ba Bohlokoa ba Molimo” Molula-Qhooeng oa November 1, 2003.

[Litšoantšo tse leqepheng la 51]

Kajeno, karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho paka e phethoa ke baralib’abo rōna ba tšepahalang ha ka tlhompho ba tšehetsa taolo ea puso ea Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela