Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 12/15 leq. 32
  • “Moriana o Tlolang Mahlo Hore U o Pikitle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Moriana o Tlolang Mahlo Hore U o Pikitle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 12/15 leq. 32

“Moriana o Tlolang Mahlo Hore U o Pikitle

Mahlong”

TAELO ena ea ho sebelisa moriana ke eo Jesu Kreste a ileng a e fa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e neng e le Laodisia, Asia Minor.

Jesu o ile a re: “U reke . . . moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong e le hore u ka bona.” E ne e se boloetse ba mahlo ba sebele bo neng bo hloka ho phekoloa, empa e ne e le bofofu ba moea. Bakreste ba Laodisia ba ne ba tšoaelitsoe ke moea oa motse o atlehileng linthong tse bonahalang oo ba neng ba lula ho oona ’me ba ne ba se ba sa tsotelle litlhoko tsa bona tsa sebele tsa moea.

Ha a hlalosa sena e le sesosa sa bofofu ba bona, Jesu o ile a re: “Hobane u re: ‘Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.” Le hoja li ne li sa hlokomele, litho tsa phutheho li ne li hloka “moriana o tlolang mahlo” o phekolang o neng o ka fumanoa feela ka ho ikokobelletsa thuto le taeo ea Jesu Kreste. Jesu o ile a re: “U reke ho ’na.”—Tšenolo 3:17, 18.

Joalokaha ho ile ha etsahala Laodisia, Bakreste ba ’nete kajeno ba lokela ho itebela khahlanong le ho susumetsoa ka tsela e sa lokelang, mohlomong ba sa hlokomele, ke tikoloho eo ba phelang ho eona e ratang lintho tse bonahalang le e sekametseng monyakeng. Taelo e mabapi le ho boloka boikutlo bo nepahetseng moeeng e bontšoa keletsong ena e reng: “U reke . . . moriana o tlolang mahlo [ho Jesu] hore u o pikitle mahlong e le hore u ka bona.”

Ntho ea bohlokoa ke hore “moriana o tlolang mahlo” o lokela ho rekoa. Ho ameha litšenyehelo tse itseng. Ho lokela ho ba le nako e sebelisetsoang ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. Mopesaleme o re tiisetsa hore Lentsoe lena le ‘hloekile, le etsa hore mahlo [a moea] a khanye.’—Pesaleme ea 19:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela