Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Molimo ke Mang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Bibele e re ruta’ng ka Jehova?

      Ke hobane’ng ha Bibele e ruta hore har’a melimo eohle eo batho ba e rapelang, Jehova ke eena Molimo oa ’nete? Ho na le mabaka a ’maloa a seo. Jehova ke eena ea Matla ’Ohle, kahoo ke eena feela “ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Bala Pesaleme ea 83:​18.) Bibele e re ke “ea Matla ’Ohle” hobane o na le matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. O “bopile lintho tsohle” tse leholimong le tse mona lefatšeng. (Tšenolo 4:​8, 11) Hape, Jehova ke eena feela eo esale a le teng ’me ha ho mohla a tla shoa.​—Pesaleme ea 90:2.

  • Ke Joang Borapeli ba Rona bo ka Khahlisang Molimo?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Re lokela ho rapela Jehova feela, hobane ke ’Mopi oa rona. (Tšenolo 4:​11) Sena se bolela hore re lokela ho mo rata le ho rapela eena a le mong, re sa sebelise litšoantšo leha e le life.​—Bala Esaia 42:8.

      Borapeli ba rona bo lokela ho ‘halalela le ho amoheleha’ ho Jehova. (Baroma 12:1) Sena se bolela hore re lokela ho mamela melao ea hae. Mohlala, batho ba ratang Jehova, ba rata le melao ea hae e mabapi le lenyalo ebile baa e mamela. Hape ba qoba mekhoa e kotsi e kang ho tsuba koae le ho sebelisa lithethefatsi le joala hampe.a

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela