-
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
1. Joale ho etsahala eng ponong ea Johanne?
E PHAHAME! EA HLOLLA! Ena ke pono e susumetsang ea terone ea Jehova har’a mabone a mollo, likerubime, baholo ba 24 le leoatle le kang khalase. Empa Johanne, u boetse u bona eng? Johanne o tsepamisa mahlo bohareng ba pono ena ea leholimo, ’me o re bolella sena: “Ka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng ka bona moqolo o ngotsoeng ka hare le ka ntle, o tiisitsoeng ka thata ka litiiso tse supileng. Ka bona lengeloi le matla le phatlalatsa ka lentsoe le phahameng: ‘Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho lokolla litiiso tsa oona?’ Empa leha e le leholimong kapa lefatšeng kapa ka tlaase ho lefatše ho ne ho se le ea mong ea khonang ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona. Ka lla haholo ka lebaka la hore ho ne ho se ea fumanoeng a tšoaneleha ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona.”—Tšenolo 5:1-4.
-
-
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
3 Na lengeloi le matla le tla fumana ea tšoanelehang ho bula moqolo oo? Ho latela Kingdom Interlinear, moqolo oo o “holim’a letsoho le letona” la Jehova. Hona ho fana ka maikutlo a hore o seatleng sa hae se bulehileng. Empa ho bonahala ho se ea tšoanelehang leholimong kapa lefatšeng ho amohela le ho bula moqolo oo. Le ka tlaase ho lefatše, har’a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba shoeleng, ha ho ea tšoaneloang ke tlotla ena e phahameng. Hase feela Johanne a bonahalang a hloname! Mohlomong joale a ke ke a tseba “lintho tse tla etsahala.” Le mehleng ea rōna, batho ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ’nile ba leta ka tabatabelo e khōlō ba emetse hore Jehova a romele leseli la hae le ’nete ea hae mabapi le Tšenolo. Hona o ne a tla ho etsa butle-butle ka nako e behiloeng ea hore boprofeta bo phethahale, e le hore a ka lebisa batho ba hae tseleng ea ‘poloko e khōlō.’—Pesaleme ea 43:3, 5.
-