-
Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 3
-
-
MOPALAMI OA PERE E KHUNONG
“E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ea e palameng a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; ’me a fuoa sabole e khōlō.”—Tšenolo 6:4.
Mopalami enoa o tšoantšetsa ntoa. Hlokomela hore o tlosa khotso, e seng fela ho batho ba itseng empa lefatšeng lohle. Ka 1914, ho ile ha qhoma ntoa ea pele ea lefatše. Hamorao ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše, e ileng ea baka tšenyo le ho feta. Ho hakanngoa hore ho hlokahetse batho ba ka fetang limilione tse lekholo ka lebaka la lintoa ho tloha ka 1914, ha ba bangata ba bona ba ile ba tsoa likotsi tse tšabehang.
Lintoa li bontša joang hore re fela re phela matsatsing a ho qetela? Hona joale batho ba se ba e-na le libetsa tse ka bolaeang batho bohle lefatšeng. Ho sa tsotellehe boiteko ba ho bopa khotso ba mekhatlo ekang Machaba a Kopaneng, lintoa li ntse li e-hloa mekoalaba.
-