-
Ho Tiisa Iseraele ea MolimoTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
Meea e Mene
3. (a) Ke tšebeletso efe e khethehileng e etsoang ke mangeloi eo Johanne a e bonang? (b) “Meea e mene” e tšoantšetsa eng?
3 Pele Jehova a ntša khalefo ena, mangeloi a leholimo a etsa tšebeletso e khethehileng. Joale Johanne o bona sena ponong: “Ka mor’a sena ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng kapa leoatleng kapa sefateng leha e le sefe.” (Tšenolo 7:1) See se bolela eng ho rōna kajeno? ‘Meea ena e mene’ ke tšoantšetso e hlakileng ea kahlolo e senyang e tla tloha e lokolleloa holim’a mokhatlo o khopo oa lefatše, holim’a ‘leoatle’ le bilohang la batho ba tlōlang molao, le holim’a babusi ba phahameng joaloka lifate ba tšehetsoang ke batho ba lefatše lena le ba phelisoang ke bona.—Esaia 57:20; Pesaleme ea 37:35, 36.
4. (a) Mangeloi a mane a emela eng? (b) Ho tla etsahala’ng ka mokhatlo oa Satane oa lefatšeng ha meea e mene e lokolloa?
4 Ha ho pelaelo hore mangeloi ana a mane a emela lihlopha tse ’nè tsa mangeloi, ao Jehova a a sebelisang ho thibela ho phethahatsoa ha kahlolo ho fihlela nakong e behiloeng. Ha mangeloi a lokolla meea eo ea khalefo ea Molimo hore e foke joaloka setsokotsane ka nako e le ’ngoe ho tloha leboea, boroa, bochabela le bophirimela, thipitlo e tla ba e khōlō ka mokhoa o tšabehang. E tla tšoana le ha Jehova a ne a sebelisa meea e mene ho qhalakanya Baelame ba boholo-holo, a ba pshatlakanya le ho ba felisa, empa eona e tla etsahala ka tekanyo e khōlō haholo. (Jeremia 49:36-38) E tla ba sefefo se seholohali ho feta “sefefo se matla” seo Jehova a ileng a felisa sechaba sa Baammone ka sona. (Amose 1:13-15) Ha ho karolo ea mokhatlo oa Satane lefatšeng e tla khona ho ema ka letsatsi la khalefo ea Jehova, ha a tlosa qoso eohle bobusing ba hae ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 83:15, 18; Esaia 29:5, 6.
5. Boprofeta ba Jeremia bo re thusa joang ho utloisisa hore likahlolo tsa Molimo li tla akarelletsa lefatše lohle?
5 Na re ka kholiseha hore likahlolo tsa Molimo li tla senya lefatše lohle? Mamela hape ha moprofeta oa hae Jeremia a re: “Bonang! Tlokotsi e tloha sechabeng se seng e ea ho se seng, ’me ho tla tsosoa sefefo se matla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše. Ka sebele letsatsing leo ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” (Jeremia 25:32, 33) Ke nakong ea sefefo sena se matla ka ho fetisisa moo lefifi le tla aparela lefatše lena. Babusi ba lona ba tla sisinngoa ho fihlela ba lebaloa ka ho feletseng. (Tšenolo 6:12-14) Empa bokamoso bo ke ke ba e-ba lefifi ho motho e mong le e mong. Joale, ke bo-mang bao meea e mene e ntseng e tšoeroe molemong oa bona?
Ho Tiisoa ha Makhoba a Molimo
6. Ke mang ea bolellang mangeloi hore a tšoare meea e mene, ’me hoo ho fana ka nako ea ho etsa eng?
6 Johanne o tsoela pele ho hlalosa kamoo ba bang ba tla tšoaeloa pholoho kateng, ha a re: “Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochaba-tsatsi, le e-na le tiiso ea Molimo ea phelang; la hoeletsa ka lentsoe le phahameng mangeloi a mane a neng a nehiloe hore a senye lefatše le leoatle, la re: ‘Le se ke la senya lefatše kapa leoatle kapa lifate, ho fihlela ka mor’a hore re tiise makhoba a Molimo oa rōna liphatleng tsa ’ona.’”—Tšenolo 7:2, 3.
7. Hantle-ntle lengeloi la bohlano ke mang, ’me ke bopaki bofe bo re thusang hore re tsebe hantle hore na ke mang?
7 Le hoja lengeloi lena la bohlano le sa boleloa ka lebitso, bopaki bohle bo bontša hore e tlameha ebe ke Morena Jesu ea tlotlisitsoeng. Tumellanong le hore ebe Jesu ke Lengeloi le ka Sehloohong, mona o bontšoa a e-na le matla a ho laola mangeloi a mang. (1 Bathesalonika 4:16; Juda 9) O nyoloha bochabela, joaloka “marena a tsoang bochaba-tsatsi”—e leng Jehova le Kreste oa hae—a tlang ho tla phethahatsa kahlolo, joalokaha morena Dariuse le morena Cyruse ba ile ba etsa joalo ha ba kokobetsa Babylona ea boholo-holo. (Tšenolo 16:12; Esaia 45:1; Jeremia 51:11; Daniele 5:31) Lengeloi lena le boetse le tšoana le Jesu ka hore le nehiloe boikarabelo ba ho tiisa Bakreste ba tlotsitsoeng. (Baefese 1:13, 14) Ho feta moo, ha meea eo e lokolloa, ke Jesu ea etellang mabotho a leholimo pele ho phethahatsa kahlolo ho lichaba. (Tšenolo 19:11-16) Joale, ka ho utloahalang, ke Jesu ea neng a tla laela hore ho ripitloa ha mokhatlo oa Satane lefatšeng ho tšoaroe ho fihlela makhoba a Molimo a tiisitsoe.
-
-
Ho Tiisa Iseraele ea MolimoTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 114]
-