Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 26 maq. 171-176
  • Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Nka Matla a Puso
  • Bomalimabe ho ba Senyang!
  • Bonang Areka ea Selekane sa Hae!
  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Nako ea Kahlolo ea Molimo e Fihlile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Melaetsa ea Mangeloi Bakeng sa Mehla ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ea Bibele ea 66—Tšenolo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 26 maq. 171-176

Khaolo 26

Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!

1. (a) Johanne o re tsebisa joang hore sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong? (b) Ke hobane’ng ha mabotho a mangeloi a bua ka mantsoe a phahameng?

NA U hopola phatlalatso e hlapanyelitsoeng e entsoeng ke lengeloi le matla e tlalehiloeng ho Tšenolo 10:1, 6, 7? Le itse: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho; empa matsatsing a ha ho utloahala molumo oa lengeloi la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta ea lona, sephiri se halalelang sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo tseo a ileng a li bolella makhoba a hae baprofeta ka sebele se fihlisoa qetellong.” Nako e loketseng ea Jehova e fihlile ea hore ho letsoe terompeta eo ea ho qetela! Joale, ebe sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong joang? Ruri Johanne o nyakaletse hore ebe oa re tsebisa! O ngola tjena: “Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: ‘’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.’” (Tšenolo 11:15) Mabotho ao a mangeloi a na le lebaka la ho bua ka lentsoe le phahameng, esita le ka mantsoe a kang lialuma! Phatlalatso ena e ikhethang historing ke ea bohlokoa bokahohleng bohle. Ke ea bohlokoa bo boholo ho libōpuoa tsohle tse phelang.

2. Sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong ka tlhōlo neng hona e le ka ketsahalo efe?

2 Sephiri se halalelang se fihla tlhōrōng ea sona e thabisang! Ka ho khanyang, ka mokhoa o babatsehang, se fihla qetellong ka tlhōlo ka 1914 ha Morena Jehova a beha Kreste oa hae teroneng e le Morena ea busang hammoho le eena. A busa lebitsong la Ntate oa hae, Jesu Kreste o qala ho busa ka mafolofolo har’a lefatše la batho la sera. E le Peō e tšepisitsoeng, o amohela matla a ’Muso e le hore a felise Noha le malinyane a eona le ho tsosolosa khotso ea paradeise lefatšeng lena. (Genese 3:15; Pesaleme ea 72:1, 7) E le Morena oa Bomesia, Jesu o tla phethahatsa Lentsoe la Jehova ka tsela eo ’me a tlose qoso ho Ntate oa hae, “Morena oa bosafeleng,” ea tlamehang ho busa e le ’Musi Morena “ka ho sa feleng le kamehla.”—1 Timothea 1:17.

3. Le hoja Jehova Molimo esale e le Morena, ke hobane’ng ha a lumeletse marena a mang hore a be teng lefatšeng?

3 Empa “’muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna” Jehova joang? Na kamehla Jehova Molimo e ne e ntse e se Morena? Hoo ke ’nete, hobane Asafe oa Molevi o ile a re ha a bina: “Molimo ke Morena oa ka ho tloha khale.” ’Me mopesaleme e mong o ile a re: “Jehova ke morena! . . . Terone ea hao e tiile ka thata ho tloha khale; u teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 74:12; 93:1, 2) Leha ho le joalo, ka bohlale ba hae Jehova o lumeletse marena a mang hore a be teng lefatšeng. Kahoo tseko e ileng ea phahamisoa Edene ea hore na motho a ka ipusa ntle ho Molimo e lekiloe ka botlalo. Puso ea motho e hlōlehile ka ho hlabisang lihlong. Ka sebele mantsoe a moprofeta oa Molimo ke ’nete ha a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ho tloha ha batsoali ba rōna ba pele ba kheloha, lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ’nile la e-ba tlas’a puso ea “noha ea pele,” e leng Satane. (Tšenolo 12:9; Luka 4:6) Hona joale ke nako ea phetoho e khōlō! Ho phahamisa boemo ba hae e le ea nang le tokelo, Jehova o qala ho sebelisa bobusi ba hae holim’a lefatše ka tsela e ncha, ka ’Muso oa hae oa Bomesia oo a o khethileng.

4. Ha ho qala ho letsoa literompeta ka 1922, ke eng e ileng ea etelletsoa pele? Hlalosa.

4 Ha ho qala ho letsoa literompeta tse supileng ka 1922, kopanong ea Liithuti Tsa Bibele e neng e le Cedar Point, Ohio, ho ile ha e-ba le puo e ileng ea behoa ke J. F. Rutherford, e thehiloeng lengolong le reng, “’Muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:17) O ile a qetella ka mantsoe a reng: “Joale khutlelang tšimong, lōna bahlanka ba Molimo ea holimo-limo! Nkang lihlomo tsa lōna! Hlaphoheloang, le falimehe, le be mafolofolo, le be sebete. E-bang lipaki tsa Morena tse tšepahalang le tsa ’nete. Tsoelang pele ho loana ho fihlela ha moneketsela oa ho qetela oa Babylona o felisitsoe. Phatlalatsang molaetsa hōle le haufi. Lefatše le tlameha ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi. Lena ke letsatsi har’a matsatsi ’ohle. Bonang, Morena oa busa! Ke lōna baemeli ba hae ba phatlalatsa. Ka lebaka leo phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu o ile oa etelletsoa pele, ’me hoo ha qalisa phutuho e khōlō ea ho bolela ka ’Muso e akarelletsang likahlolo tse neng li phatlalatsoa ka ho letsoa ha literompeta tsohle tse supileng tsa mangeloi.

5. Ka 1928, ho ile ha etsahala eng kopanong ea Liithuti Tsa Bibele e ileng ea totobatsa molumo oa terompeta ea bosupa?

5 Molumo oa terompeta ea lengeloi la bosupa o ile oa totobatsoa lintlheng tse khōlō tsa kopano ea Liithuti Tsa Bibele e neng e le Detroit, Michigan, ka la 30 July ho ea ho la 6 August, 1928. Ka nako eo litsi tsa seea-le-moea tse 107 li ne li hokahantsoe ka seo The New York Times e ileng ea se hlalosa e le ‘ho hokahanya libaka tse ngata ka ho fetisisa ka seea-le-moea le ka mokhoa o bitsang chelete e ngata ka ho fetisisa historing.’ Ka cheseho kopano e ile ea amohela ‘Qeto e Matla Khahlanong le Satane le ea ho Emela Jehova,’ e neng e bontša ho ketoloa ha Satane le mokhatlo oa hae o khopo ka Armagedone, le ho lokolloa ha bohle ba ratang ho loka. Bafo ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo ba ile ba thabela ho amohela buka e maqephe a 368 e nang le sehlooho se reng Government, e ileng ea lokolloa kopanong eo. Buka ena e ile ea fana ka bopaki bo hlakileng ba “hore Molimo o behile Morena oa hae Ea Tlotsitsoeng teroneng ka 1914.”

Jehova o Nka Matla a Puso

6. Johanne o tlaleha phatlalatso ea hore Kreste o behiloe teroneng ’Musong oa Molimo joang?

6 Kreste o behiloe teroneng ’Musong oa Molimo—phatlalatso ee ke e thabisang hakaakang! Johanne o tlaleha tjena: “Baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba neng ba lutse ka pel’a Molimo literoneng tsa bona ba itihela fatše ka lifahleho ’me ba rapela Molimo, ba re: ‘Rea u leboha, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, Ea teng le ea neng a le teng, hobane u nkile matla a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.’”—Tšenolo 11:16, 17.

7. Jehova Molimo o ile a lebohuoa joang (a) ke masala a baholo ba 24 ba tšoantšetso lefatšeng? (b) ke baholo ba 24 ba tšoantšetso ba tsoselitsoeng libakeng tsa bona leholimong?

7 Bana ba lebohang Jehova Molimo ke baholo ba 24, ba tšoantšetsang barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ha ba se ba le libakeng tsa bona leholimong. Ho tloha ka 1922 ho ea pele masala a lefatšeng a batlotsuoa bana ba 144 000 a ’nile a tšoareha ka mosebetsi o qaliloeng ke melumo ea terompeta. A ile a hlokomela ka botlalo se boleloang ke pontšo e ho Matheu 24:3–25:46. Leha ho le joalo, esita le mathoasong a letsatsi la Morena, lipaki tsa habo ’ona tse neng li se li ‘tšepahetse esita le ho isa lefung’ li ne li tsoselitsoe hore li e’o lula libakeng tsa tsona leholimong, e leng hore joale li ne li ka emela sehlopha sohle sa ba 144 000 ha li itihela fatše ka lifahleho li isa tlhompho ho Jehova. (Tšenolo 1:10; 2:10) Baa bohle ba leboha hakaakang hore ebe ’Musi Morena oa bona ha aa lieha ho fihlisa sephiri sa hae se halalelang qetellong ka tlhōrō!

8. (a) Ho letsoa ha terompeta ea bosupa ho ama lichaba joang? (b) Lichaba li halefetse bo-mang?

8 Ka lehlakoreng le leng, ho letsoa ha terompeta ea bosupa ha ho thabise lichaba. Nako e fihlile ea hore li utloe khalefo ea Jehova. Joalokaha Johanne a pheta: “Empa lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea hao ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa hore bafu ba ahloloe, le ho fa makhoba a hao baprofeta moputso oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ho felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho tloha ka 1914 ho ea pele lichaba tsa lefatše li ’nile tsa halefelana ka mabifi, tsa bontša khalefo khahlanong le ’Muso oa Molimo, haholo-holo khahlanong le lipaki tse peli tsa Jehova.—Tšenolo 11:3.

9. Lichaba li ’nile tsa senya lefatše joang, ’me Molimo o ikemiselitse ho etsa joang ka hona?

9 Ho theosa le histori lichaba li ’nile tsa senya lefatše ka lintoa tsa tsona tse sa khaotseng le ka tsamaiso ea tsona e mpe. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1914, tšenyo ena e phahametse tekanyong e tšosang. Meharo le tšilafalo li bakile mahoatata a ntseng a eketseha le ho lahleheloa ke masimo a mangata. Pula e nang le acid le maru a nang le moea o chefo o siiloeng ke metsoako ea libomo tsa athomo li sentse libaka tse khōlō. Mehloli ea lijo e silafalitsoe. Moea oo re o phefumolohang le metsi ao re a noang li silafetse. Litšila tsa indasteri li sokela bophelo lefatšeng le maoatleng. Ka nako e ’ngoe, mebuso e meholo e ne e sokela ho felisa batho bohle ka ho feletseng ka thipitlo ea nyutlelie. Hoa thabisa hore ebe Jehova o tla “felisa ba senyang lefatše”; o tla phethahatsa kahlolo ho batho bao ba ikhohomosang, ba sa tšabeng Molimo ba ikarabellang ka boemo bo soabisang ba lefatše. (Deuteronoma 32:5, 6; Pesaleme ea 14:1-3) Ka hona, Jehova o lokisetsa bomalimabe ba boraro, ho tla ahlola bafosi bana.—Tšenolo 11:14.

Bomalimabe ho ba Senyang!

10. (a) Bomalimabe ba boraro ke eng? (b) Ke ka tsela efe bomalimabe ba boraro bo sa tliseng tlhokofatso feela?

10 Joale, bomalimabe ba boraro ke bona. Bo tla ka potlako! Ke tsela eo ka eona Jehova a tla felisa ba silafatsang ‘setuloana sa hae sa maoto,’ e leng lefatše lena le ratehang leo re phelang ho lona. (Esaia 66:1) Bo qalisoa ke ’Muso oa Bomesia—sephiri se halalelang sa Molimo. Lira tsa Molimo, haholo-holo baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, li ’nile tsa hlokofatsoa ke bomalimabe ba pele le ba bobeli—bo bakiloeng haholo-holo ke kotlo ea litsie le mabotho a bapalami ba lipere; empa bomalimabe ba boraro, bo tsamaisoang ke ’Muso oa Jehova ka booona, ha bo tlise tlhokofatso feela. (Tšenolo 9:3-19) Bo baka leqeba le bolaeang ha bo tlosa batho ba senyang kaofela le babusi ba bona. Hona ho tla tla e le tlhōrō ea kahlolo ea Jehova ka Armagedone. Ho joalokaha Daniele a profetile: “Matsatsing a marena ao [babusi ba senyang lefatše] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Joaloka thaba e khōlō, ’Muso oa Molimo o tla busa holim’a lefatše le entsoeng le khanyang, o tlose qoso bobusing ba Jehova le ho tlisa thabo e sa feleng ho batho.—Daniele 2:35, 44; Esaia 11:9; 60:13.

11. (a) Ke letoto lefe la liketsahalo tse thabisang leo boprofeta bo le hlalosang? (b) Ke mosa ofe o sa tšoanelang o fumanehang, o fumanoa joang, hona ke bo-mang?

11 Bomalimabe ba boraro bo tsamaea le letoto la liketsahalo tse thabisang tse tla tsoela pele ho theosa le letsatsi la Morena. Ke nako ea hore ‘bafu ba ahloloe, le hore Molimo a fe makhoba a hae baprofeta moputso oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hae.’ Hoo ho bolela tsoho ea bafu! Ho bahalaleli ba tlotsitsoeng ba neng ba se ba ntse ba robetse lefung, hona ho etsahala mathoasong a letsatsi la Morena. (1 Bathesalonika 4:15-17) Ka nako ea teng bahalaleli ba setseng ba kopana le bana ka ho tsoha bafung hang-hang. Ba bang le bona ba lokela ho putsoa, ba akarelletsang makhoba a Molimo, e leng baprofeta ba mehleng ea boholo-holo, le batho ba bang bohle ba tšabang lebitso la Jehova, ebang ke ba bongata bo boholo bo pholohang matšoenyeho a maholo kapa “bafu, ba baholo le ba banyenyane,” ba tsosoang nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Kaha Morena oa Bomesia oa Molimo o na le linotlolo tsa lefu le tsa Hadese, puso ea ’Muso oa hae e bula tsela ea hore a fane ka bophelo bo sa feleng ho bohle ba hahamallang tokisetso eo ea bohlokoa. (Tšenolo 1:18; 7:9, 14; 20:12, 13; Baroma 6:22; Johanne 5:28, 29) Ebang ke bophelo ba ho se shoe maholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng, mpho ena ea bophelo ke mosa o sa tšoanelang o tsoang ho Jehova, oo e mong le e mong ea o amohelang a lokelang ho o ananela ka ho sa feleng!—Baheberu 2:9.

Bonang Areka ea Selekane sa Hae!

12. (a) Ho ea ka Tšenolo 11:19, Johanne o bona eng leholimong? (b) Areka ea selekane e ne e tšoantšetsa eng, ’me ho ile ha etsahala’ng ka eona ka mor’a hore Iseraele e ee botlamuoeng Babylona?

12 Jehova oa busa! Ka ’Muso oa hae oa Bomesia, o busa batho ka tsela e babatsehang. Sena se tiisoa ke se latelang seo Johanne a se bonang: “Sehalalelo sa tempele sa Molimo se leholimong sa buloa, ’me areka ea selekane sa hae ea bonoa ka sehalalelong sa hae sa tempele. Ha e-ba le mahalima le mantsoe le lialuma le tšisinyeho ea lefatše le sefako se seholo.” (Tšenolo 11:19) Ke hona mona feela moo Tšenolo e buang ka areka ea selekane sa Molimo. Areka e ne e le setšoantšo se bonahalang sa boteng ba Jehova ho batho ba hae Iseraele. E ne e bolokoa ka Sehalalelisisong ka tabernakeleng, eaba hamorao e bolokoa ka tempeleng e hahiloeng ke Solomone. Empa ha Iseraele e ea botlamuoeng Babylona ka 607 B.C.E., Jerusalema e ile ea ripitloa ’me areka ea selekane ea nyamela. Ke nakong eo moo baemeli ba ntlo ea Davida ba ileng ba khaotsa ho ‘lula teroneng ea Jehova e le morena.’—1 Likronike 29:23.a

13. Ho boleloa’ng ha ho thoe areka ea selekane sa Molimo e bonoa sehalalelong sa Molimo se leholimong?

13 Hona joale, ka mor’a lilemo tse fetang 2 600, Areka e boetse e bonoa hape. Empa ponong ea Johanne Areka ena ha e tempeleng e lefatšeng. E bonahala sehalalelong sa Molimo se leholimong. Jehova o boetse o busa ka morena e mong oa leloko la borena la Davida. Leha ho le joalo, lekhetlong lena Morena, Kreste Jesu, o behoa teroneng Jerusalema ea leholimo—sebakeng se phahameng seo a phethahatsang likahlolo tsa Jehova a le ho sona. (Baheberu 12:22) Likhaolo tse latelang tsa Tšenolo li tla re senolela tsona.

14, 15. (a) Jerusalema ea boholo-holo, areka ea selekane e ne e bonoa ke mang feela, hona hobane’ng? (b) Sehalalelong sa tempele ea Molimo e leholimong, ke bo-mang ba bonang areka ea selekane sa hae?

14 Jerusalema ea lefatšeng ea boholo-holo, Areka e ne e sa bonoe ke Baiseraele kaofela kapa esita le bona baprista ba sebeletsang tempeleng, kaha e ne e le ka Sehalalelisisong se neng se arotsoe ho Sehalalelo ka lesira. (Numere 4:20; Baheberu 9:2, 3) E ne e bonoa ke moprista ea phahameng feela ha a ne a kena ka Sehalalelisisong ka Letsatsi la ho Koahela Libe le neng le e-ba teng selemo le selemo. Leha ho le joalo, ha sehalalelo sa tempele se buloa maholimong, hase Moprista ea Phahameng oa Jehova feela, e leng Jesu Kreste, ea bonang areka ea tšoantšetso, empa baprista ba hae ba tlaasana, ba 144 000, ba akarelletsang Johanne, le bona baa e bona.

15 Ba pele ba tsoselitsoeng leholimong ba bonela areka ena ea tšoantšetso haufi, kaha ba se ba le libakeng tsa bona e le karolo ea baholo ba 24 ba pota-potileng terone ea Jehova. ’Me sehlopha sa Johanne se lefatšeng se chabiselitsoe leseli ka moea oa Jehova hore se lemohe boteng ba Hae tempeleng ea Hae ea moea. Hape ho bile le lipontšo tse lemosang batho ka kakaretso ka phetoho ena e babatsehang. Pono ea Johanne e bua ka mahalima, mantsoe, lialuma, le tšisinyeho ea lefatše, le sefako. (Bapisa le Tšenolo 8:5.) Lintho tsee li tšoantšetsa eng?

16. Ho bile le mahalima, mantsoe, lialuma, tšisinyeho ea lefatše, le sefako se seholo ka tsela efe?

16 Ho tloha ka 1914 ho ’nile ha e-ba le meferefere e tšabehang bolumeling. Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe ‘tšisinyeho ena ea lefatše’ e ’nile ea tsamaea le mantsoe a inehetseng a fanang ka molaetsa o hlakileng o buang ka ’Muso o hlomiloeng oa Molimo. Ho ’nile ha phatlalatsoa ‘litemoso tsa sefefo’ tse kang sealuma tse tsoang Bibeleng. Joaloka lehalima, mahlaseli a leseli mabapi le Lentsoe la Molimo la boprofeta a ’nile a bonahala a ba a phatlalatsoa. Ho ’nile ha nesoa “sefako” se otlang ka thata sa likahlolo tsa Molimo khahlanong le Bokreste-’mōtoana le bolumeli ba bohata ka kakaretso. E ne e tlameha ebe batho ba ile ba lemoha tsena tsohle. Ka masoabi, ba bangata—joaloka batho ba Jerusalema mehleng ea Jesu—ba hlōlehile ho lemoha ho phethahala ha lipontšo tsena tsa Tšenolo.—Luka 19:41-44.

17, 18. (a) Ho letsoa ha literompeta tsa mangeloi a supileng ho tlisitse boikarabelo bofe ho Bakreste ba inehetseng? (b) Bakreste ba phethahatsa thōmo ea bona joang?

17 Mangeloi a supileng a tsoela pele ho letsa literompeta tsa ’ona, a tšoaea liketsahalo tsa histori mona lefatšeng. Bakreste ba inehetseng ba na le boikarabelo bo boholo ba hore ba tsoele pele ho tsebisa lefatše liphatlalatso tsena. Ba phethahatsa thōmo ee ba thabile hakaakang! Hona ho bontšoa ke hore lilemong tse 20 ho tloha ka 1986 ho fihlela ka 2005, lenane la lihora tseo ba li qetileng tšebeletsong ea tšimo le ile la batla le imena habeli—ho tloha ho 680 837 042 ho ea ho 1 278 235 504. Ka sebele, “sephiri se halalelang sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo” se tsebahatsoa “ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Tšenolo 10:7; Baroma 10:18.

18 Joale re letetsoe ke lipono tse ling ha merero ea ’Muso oa Molimo e tsoela pele ho senoloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Rahistori oa Moroma Tacitus o tlaleha hore ha Jerusalema e ne e haptjoa ka 63 B.C.E. ’me Cneius Pompeius a kena sehalalelong sa tempele, o ile a fumana se se na letho. Ho ne ho se na areka ea selekane ka har’a sona.—History ea Tacitus, 5,9.

[Lebokose le leqepheng la 173]

Lintlha Tsa Sehlooho Tsa ho Phatlalatsoa ha Likahlolo Tsa Jehova Tse Kang Literompeta

1. Ka 1922 Cedar Point, Ohio: Ho phephetsoa baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana bolumeling, lipolotiking, le khoebong e khōlō hore ba fane ka mabaka a ho hlōleha ha bona ho tlisa khotso, nala, le thabo. ’Muso oa Mesia ke oona feela pheko.

2. Ka 1923 Los Angeles, California: Puo ea phatlalatsa e reng, “Joale Lichaba Tsohle li Lebile Armagedone, Empa ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba Shoa,” e ile ea ipiletsa ho “linku” tse ratang khotso hore li furalle leoatle le bolaeang la moloko oa batho.

3. Ka 1924 Columbus, Ohio: Baruti ba ile ba qosoa ka ho iphahamisa le ho hana ho bolela ka ’Muso oa Mesia. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho bolela phetetso ea Molimo le ho tšelisa batho ba llang.

4. Ka 1925 Indianapolis, Indiana: Molaetsa oa tšepo o bontša phapang pakeng tsa lefifi la moea le teng Bokreste-’mōtoaneng le tšepiso e khanyang ea ’Muso ea khotso, nala, ho phela hantle ’meleng, bophelo, bolokolohi, le thabo e sa feleng.

5. Ka 1926 London, Engelane: Ho otloa ha Bokreste-’mōtoana le baruti ba bona ka kotlo e kang ea litsie, e pepesang ho hana ha bona ’Muso oa Molimo, e bileng e phahamisang ho tsoaloa ha ’muso oo oa leholimo.

6. Ka 1927 Toronto, Canada: Memo, e phethahatsoang ke ba kang mabotho a bapalami ba lipere, e ipiletsang ho batho hore ba lahle ‘Bokreste bo hlophisitsoeng’ ’me ba tšehetse Jehova Molimo le Morena oa hae le ’Muso ka pelo eohle.

7. Ka 1928 Detroit, Michigan: Phatlalatso e khahlanong le Satane e emelang Jehova, e hlakisang hore Morena ea tlotsitsoeng ke Molimo, ea behiloeng teroneng ka 1914, o tla felisa mokhatlo o khopo oa Satane ’me a lokolle moloko oa batho.

[Lebokose le leqepheng la 175]

Ho Senya Lefatše

“Metsotsoana e meng le e meng e meraro karolo e lekanang le lebala la bolo ea maoto ea meru e lulang e le metala ea nyamela. . . . Ho lahleheloa ke meru e meholo ho senya limela tse likete le mefuta ea liphoofolo.”—Illustrated Atlas of the World (Rand McNally).

“Ka lilemo tse makholo a mabeli batho ba ahile sebakeng seo, [Matša a Maholo] le ’ona a fetohile sebaka se seholohali seo ho qhalloang litšila ho sona lefatšeng.”—The Globe and Mail (Canada).

Ka April 1986 ho phatloha le mollo setsing sa nyutlelie se Chernobyl, U.S.S.R., “e bile ketsahalo e hlaheletseng ka ho fetisisa ea nyutlelie . . . ho tloha ha ho qhomisoa libomo Hiroshima le Nagasaki,” e hlahisitseng “moea o chefo o tla lula o le teng ka nako e telele moeeng oa lefatše, mobung o ka holimo le metsing ho feta liteko tsohle tsa nyutlelie le libomo tsohle tse kileng tsa phatloha.”—JAMA; The New York Times.

Minamata, Japane, setsi sa metsoako ea lik’hemik’hale se ile sa ntšetsa k’hemik’hale ea methylmercury koung. Ho ja tlhapi le liphoofotsoana tsa leoatle tse nang le likhetla tse silafalitsoeng ke k’hemik’hale eo ho bakile lefu la Minamata (Minamata disease [MD]) “lefu la methapo ea kelello le sa foleng. . . . Ho tla fihlela kajeno [ka 1985], tlaleho ea molao e bontšitse hore batho ba 2578 Japane eohle ba na le MD.”—International Journal of Epidemiology.

[Lebokose le leqepheng la 176]

Liphatlalatso tse matla tse hlahang ho Tšenolo 11:15-19 ke selelekela sa lipono tse latelang. Tšenolo khaolo ea 12 e re khutlisetsa morao hanyenyane ha e hlalosa ka ho qaqileng liphatlalatso tse khōlō tse hlahang ho Tšenolo 11:15, 17. Khaolo ea 13 e fana ka lintlha tse potolohileng temana ea 11:18, kaha e hlalosa ho qaleha ha mokhatlo oa Satane oa lipolotiki o tlisitseng tšenyo lefatšeng le ho tsoela pele ha oona. Khaolo ea 14 le ea 15 li qaqisa haholoanyane likahlolo tsa ’Muso tse amanang le ho letsoa ha terompeta ea bosupa le bomalimabe ba boraro.

[Litšoantšo tse leqepheng la 174]

Jehova o tla “felisa ba senyang lefatše”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela