-
Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?Molula-Qhooa—2014 | September 1
-
-
Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
“Moloko oa ea, ’me moloko oa tla; empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—MORENA SOLOMONE, LILEMONG TSA BO-1100a
Mongoli enoa oa mehleng ea boholo-holo o ne a sa utloisise hore na ha lefatše le le teng ka ho sa feleng, ke hobane’ng ha batho ba phela nako e khutšoanyane. Leha ho le joalo, ka lilemo tse likete, ho ’nile ha phela meloko e mengata ea batho lefatšeng empa le tsitsitse ebile le sa ntse le e-na le bokhoni ba ho jara lintho tse phelang.
Ho bile le liphetoho tse ngata lefatšeng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ka lilemo tse ka bang 70 feela, ho bile le liphetoho tse ikhethang litabeng tsa lipalangoang, tsa puisano le tsa theknoloji ’me li tlisitse liphetoho tse khōlō moruong. Hona joale batho ba bangata ba phela bophelo boo pele e neng e le toro feela. Ho sa le joalo, palo ea baahi ba lefatše e batla e imenne ka makhetlo a mararo.
Leha ho le joalo, liphetoho tsena li bile le liphello tse bosula. Li sentse tsela ea tlhaho eo lefatše le sebetsang ka eona. Ha e le hantle, borasaense ba bang ba re batho ba sentse lefatše hoo re seng re fihlile boemong bo bitsoang Anthropocene.
Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba tla ‘senya lefatše.’ (Tšenolo 11:18) Batho ba bang ba ipotsa hore na ebe re phela nakong eo. Na batho ba tla ’ne ba tsoele pele ho senya lefatše? Kapa na ba sa tla ke ba emise? Ha e le hantle, na batho ba tla senya lefatše ka ho feletseng?
NA LE TLA SENNGOA HO EA HO ILE?
Na lefatše le lebile boemong boo le ke keng la lokisoa? Bo-rasaense ba bang ba nahana hore ho ka ba thata ho tseba liphello tsa liphetoho tseo. Kahoo, ba tšoenyehile ka hore boemo ba leholimo bo ka fetoha ka tšohanyetso ’me ba baka tšenyo e khōlō.
Ka mohlala, nahana ka sebaka se leqhoa sa Antarctic Bophirimela. Batho ba bang ba lumela hore haeba ho futhumala ha lefatše ho tsoela pele, ho ka etsahala hore leqhoa lena le qhibilihe ka ho feletseng. Lebaka ke hore ka tlhaho, leqhoa ha le monye mahlaseli a letsatsi. Empa ha leqhoa le ntse le qhibiliha, metsi a ka tlas’a lona a qetella a hlaheletse. Kaha leoatle le lefifi, le monya mocheso o mongata ’me le qhibilihisa leqhoa. Ho ka ’na ha e-ba thata ho thibela tšenyo ena. Ha metsi ana a leoatle a qhibilihileng a ntse a eketseha, sena se ka bakela batho ba limilione tse makholo koluoa.
-