Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 2. (a) Johanne o bona pontšo efe e khōlō? (b) Se boleloang ke pontšo e khōlō se ile sa senoloa neng?

      2 Joale Johanne o bona pontšo e khōlō—eo batho ba Molimo ba amehileng ka eona haholo. E hlahisa pono e hlollang ea boprofeta, e ileng ea hlalosoa ka lekhetlo la pele ha ho hatisoa makasine ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1925, sehloohong se reng “Tsoalo ea Sechaba” ’me ea boela ea hatisoa ka 1926 bukeng ea Deliverance. Lehlaseli lena le khanyang la kutloisiso ea Bibele e bile le ikhethang historing mabapi le ho ntšetsa mosebetsi oa Jehova pele. Kahoo, e-re Johanne a re hlalosetse tšoantšiso ena ha e qala ho senoleha: “Ha bonoa pontšo e khōlō leholimong, mosali ea apereng letsatsi, ’me khoeli e ne e le ka tlas’a maoto a hae, ’me a roetse moqhaka oa linaleli tse leshome le metso e ’meli hloohong, ’me e ne e le moimana. O hoeletsa a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha.”—Tšenolo 12:1, 2.

  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 6. (a) Taba ea hore mosali ea bonoeng ke Johanne o apere letsatsi, khoeli e tlas’a maoto a hae, ’me o roetse moqhaka oa linaleli, e bontša’ng? (b) Bohloko ba pelehi ba mosali oa moimana bo tšoantšetsa’ng?

      6 Johanne o bona mosali enoa a apere letsatsi ’me khoeli e le tlas’a maoto a hae. Kaha o boetse o roetse moqhaka oa linaleli, o pota-potiloe ka ho feletseng ke khanya ea leholimo. Mohau oa Molimo o mo khanyetsa bosiu le motšehare. O tšoantšetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o babatsehang oa Jehova hantle hakaakang! Hape ke moimana, o mameletse bohloko ba ho beleha. Sello sa hae ha a kōpa thuso ho Molimo se bontša hore o makhatheng a ho beleha. Ka Bibeleng, bohloko ba pelehi hangata bo tšoantšetsa mosebetsi o boima o hlokahalang bakeng sa ho hlahisa litholoana tsa bohlokoa. (Bapisa le Pesaleme ea 90:2; Liproverbia 25:23; Esaia 66:7, 8.) Ha ho pelaelo hore ho ile ha utloahala bohloko ba pelehi ba mofuta ona ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o itokisetsa tsoalo ena e tummeng historing.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela