Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 11. Johanne o hlalosa ho tsoaloa ha ngoana oa mosali joang, hona ke hobane’ng ha ngoana eo a bitsoa “mora, e motona”?

      11 Nako e khethiloeng ea hore lichaba li buse ntle ho tšitiso ea Molimo e ile ea fela ka 1914. (Luka 21:24) Joale, ka nako e loketseng, mosali o beleha ngoana oa hae: “A tsoala mora, e motona, ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe. Ngoana oa hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae. Mosali a balehela lefeelleng, moo a nang le sebaka se lokisitsoeng ke Molimo, e le hore ba ka mo fepa moo ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.” (Tšenolo 12:5, 6) Ngoana eo ke “mora, e motona.” Ke hobane’ng ha Johanne a pheta taba ee habeli? O etsa seo ho bontša ho tšoaneleha ha ngoana eo, ho khona ha hae ho busa lichaba ka matla a lekaneng. E boetse e hatisa kamoo ketsahalo ena ea ho belehoa e leng ea bohlokoa kateng, le kamoo e thabisang kateng! E phetha karolo e khōlō ntlheng ea ho fihlisa sephiri se halalelang sa Molimo qetellong. Hape ngoana enoa e motona o tla “lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe”!

  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 13. Taba ea hore ebe ngoana e motona o “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae” e bontša eng?

      13 Le ka mohla Jehova o ne a ke ke a lumella Satane ho harola mosali oa Hae kapa mora oa Hae ea sa tsoa belehoa! Ha a tsoaloa, ngoana eo e motona o “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.” Kahoo o ba tlas’a tšireletso ea Jehova ka ho feletseng, ea tla hlokomela ka hohle-hohle ’Muso ona o sa tsoa tsoaloa, e leng kofuto ea Hae eo a tla e sebelisa ho halaletsa lebitso la Hae le halalelang. Ka nako e tšoanang, mosali enoa o balehela sebakeng seo Molimo a mo lokiselitseng sona lefeelleng. Ho tla boleloa lintlha tse qaqileng haholoanyane ka taba eo hamorao! Ha e le Satane eena, joale ho se ho hlekiloe sebaee ho lokisetsa ketsahalo ea bohlokoa e tla etsa hore ho hang a se hlole a khona ho sokela ’Muso leholimong. Ke efe ketsahalo eo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela