-
Kreste o Etella Pele Phutheho ea haeMolula-Qhooa—2002 | March 15
-
-
5, 6. (a) Ponong eo moapostola Johanne a ileng a e bona, “liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng” le “linaleli tse supileng” li tšoantšetsa’ng? (b) Hore ebe “linaleli tse supileng” li ka letsohong le letona la Jesu ho bontša’ng?
5 Buka ea Bibele ea Tšenolo e bontša hore lekhoba le tšepahalang le le masene le laoloa ka ho toba ke Jesu Kreste. Ponong eo moapostola Johanne a ileng a e bona ea ‘letsatsi la Morena,’ o ile a bona “liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng, ’me har’a liluloana tsa mabone [a] bona e mong ea joaloka mor’a motho” ’me “ka letsohong la hae le letona o ne a e-na le linaleli tse supileng.” Ha Jesu a hlalosetsa Johanne pono ena o ile a re: “Ha e le sephiri se halalelang sa linaleli tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le sa liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng: Linaleli tse supileng li bolela mangeloi a liphutheho tse supileng, ’me liluloana tsa mabone tse supileng li bolela liphutheho tse supileng.”—Tšenolo 1:1, 10-20.
6 “Liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng” li tšoantšetsa liphutheho tsohle tsa ’nete tsa Bokreste tse leng teng “letsatsing la Morena,” le qalileng ka 1914. “Linaleli tse supileng” tsona li tšoantšetsa’ng? Qalong, li ne li tšoantšetsa balebeli bohle ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea ba neng ba hlokomela liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo.a Balebeli ba ne ba le ka letsohong le letona la Jesu—tlas’a taolo le tataiso ea hae. E, Kreste Jesu o ne a etella pele lekhoba lena le entsoeng ka litho tse ngata. Leha ho le joalo, hona joale, balebeli ba tlotsitsoeng baa fokola ka palo. Boeta-pele ba Kreste bo fihla joang liphuthehong tse fetang 93 000 tsa Lipaki tsa Jehova tse lefatšeng lohle?
7. (a) Jesu o sebelisa Sehlopha se Busang joang ho etella liphutheho pele lefatšeng lohle? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe balebeli ba Bakreste ba khethoa ke moea o halalelang?
7 Joaloka lekholong la pele la lilemo, hona joale palo e nyenyane ea sehlopha sa banna ba tšoanelehang e tsoang har’a balebeli ba tlotsitsoeng e sebeletsa e le Sehlopha se Busang, se emelang lekhoba le tšepahalang le le masene le entsoeng ka litho tse ngata. Moeta-pele oa rōna o sebelisa Sehlopha sena se Busang ho khetha banna ba tšoanelehang—ebang ba tlotsitsoe ka moea kapa che—hore e be baholo liphuthehong. Ntlheng ena, moea o halalelang, oo Jehova a fileng Jesu matla a hore a o sebelise, o phetha karolo ea bohlokoa haholo. (Liketso 2:32, 33) Ntho ea pele, balebeli bana ba lokela ho finyella litlhokahalo tse boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo, le ileng la bululeloa ka moea o halalelang. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9; 2 Petrose 1:20, 21) Banna bana ba buelloa le ho khethoa ka mor’a hore ho etsoe thapelo le ka tataiso ea moea o halalelang. Ho phaella moo, batho ba khethoang ba bontša hore ba beha litholoana tsa moea oo. (Bagalata 5:22, 23) Joale, keletso ea Pauluse e sebetsa ka ho tšoana ho baholo bohle, ebang ke ba batlotsuoa kapa che: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona.” (Liketso 20:28) Banna bana ba khethiloeng ba fumana tataiso e tsoang ho Sehlopha se Busang ’me ba lisa liphutheho ka boithaopo. Ka tsela ena, hona joale Kreste o na le rōna ’me ka matla o etella phutheho pele.
-
-
Kreste o Etella Pele Phutheho ea haeMolula-Qhooa—2002 | March 15
-
-
a “Linaleli” tsena ha li tšoantšetse mangeloi a sebele. Ho hang Jesu o ne a ke ke a sebelisa motho hore a tlalehe litaba molemong oa libōpuoa tsa moea tse sa bonahaleng. Kahoo, “linaleli” li lokela ho emela balebeli, kapa baholo, ba batho, ba ka liphuthehong, bao ho nkoang hore ke manģosa a Jesu. Kaha li supile, palo ea tsona e bontša phetheho ho ea ka litekanyetso tsa Molimo.
-