Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
    Molula-Qhooa—2006 | July 15
    • Jesu le babusi-’moho le eena ba busa ba le boemong bo phahameng. Ponong ea hae eo e neng e bile e le toro, Daniele o ile a boela a bona ‘’muso le bobusi . . . li fuoa batho bao e leng bahalaleli.’ (Daniele 7:27) Jesu ha a buse a le mong. O na le ba bang ba tla busa e le marena ebile e le baprista. (Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Ha a bua ka bona moapostola Johanne o ngotse tjena: “Ka talima, ’me, bonang! Konyana e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene . . . ba rekiloeng lefatšeng.”—Tšenolo 14:1-3.

      Konyana ke Jesu Kreste boemong ba hae ha e se e le Morena. (Johanne 1:29; Tšenolo 22:3) Thaba ena ea Sione ke leholimo.a (Baheberu 12:22) Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba busa ba le leholimong. Ba busa ba le boemong bo phahameng hakaakang! Kaha ba leholimong ba bona lintho ka tsela e pharaletseng. Ka lebaka la hore o busa o le leholimong, “’muso oa Molimo” o boetse o bitsoa “’muso oa maholimo.” (Luka 8:10; Matheu 13:11) Ha ho na libetsa tse ka fihlelang ’Muso oa leholimo eaba lia o ketola esita le eona tlhaselo ea libetsa tsa nyutlelie, e ke ke ea o fihlela. Ke ’Muso o ke keng oa hlōloa, ka lebaka leo o tla phethahatsa seo Jehova a o reretseng sona.—Baheberu 12:28.

  • ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
    Molula-Qhooa—2006 | July 15
    • a Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a hapa qhobosheane ea Thaba ea Sione e lefatšeng ho Bajebuse ’me a e etsa motse-moholo oa hae. (2 Samuele 5:6, 7, 9) O ile a boela a fallisetsa Areka e halalelang sebakeng seo. (2 Samuele 6:17) Kaha Areka e ne e amahanngoa le boteng ba Jehova, Sione e ne e bitsoa sebaka sa Molimo sa bolulo, kahoo, ka nepo e ne e tšoantšetsa leholimo.—Exoda 25:22; Levitike 16:2; Pesaleme ea 9:11; Tšenolo 11:19.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela