-
Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng OonaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Na Bibele e ngoletsoe batho bohle?
Molaetsa o ka Bibeleng o ngoletsoe “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Bala Tšenolo 14:6.) Molimo o ile a etsa bonnete ba hore Bibele e fumaneha ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe lefatšeng. Hoo e ka bang motho e mong le e mong a ka fumana molaetsa ona oa Molimo. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na motho o phela kae kapa o bua puo efe.
-
-
Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Mangeloi a thusa batho ho ithuta ka Jehova
Mangeloi a Molimo ha a rute batho Bibele ka ho toba. Empa a ka tataisetsa bahlanka ba Jehova ho batho ba batlang ho ithuta ka eena. Bala Tšenolo 14:6, 7 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
Ke hobane’ng ha re hloka thuso ea mangeloi ha re ruta batho Bibele?
Na ho tseba hore mangeloi a khona ho u tataisetsa ho batho ba batlang ho ithuta Bibele hoa u khothatsa? Hobane’ng ha u cho joalo?
-