Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Litaba Tse Nyakallisang” Tsa Apocalypse
    Molula-Qhooa—1999 | December 1
    • 3. Tšebeletso ea phatlalatsa ea Lipaki tsa Jehova e lumellana le mosebetsi ofe?

      3 E le ba phatlalatsang litaba tsena tse nyakallisang, Lipaki tsa Jehova ka sebele ke babuelli ba lenģosa la leholimong leo le lona thōmo ea lona e hlalositsoeng ho Tšenolo. “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng ho li bolela e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le sehlopha se seng le se seng sa batho.” (Tšenolo 14:6) “Litaba tse molemo tse sa feleng” li akarelletsa phatlalatso e reng “’muso [kapa puso] oa lefatše” o ‘fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae’ le e reng “nako e behiloeng” ea Jehova e tlile ea “ho senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:15, 17, 18) Na ka sebele tseo hase litaba tse molemo?

  • “Litaba Tse Nyakallisang” Tsa Apocalypse
    Molula-Qhooa—1999 | December 1
    • 6. Pono e tlalehiloeng khaolong ea 4 e thusa batho hore ba utloisise eng?

      6 Khaolo ea 4 e fana ka pono e tšosang ea terone ea leholimo ea Jehova Molimo. E fana ka tlhase ea khanya ea sebaka seo Jehova a lulang ho sona le ea sebōpeho sa puso ea leholimo seo a tla se sebelisa. Babusi ba behiloeng boreneng, bao literone tsa bona li pota-potileng terone e bohareng ea bokahohleng, ba inamela Jehova ’me baa phatlalatsa: “Ua tšoaneleha, Jehova, uena Molimo oa rōna, ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tšenolo 4:11.

      7. (a) Lengeloi le laela baahi ba lefatše ho etsa’ng? (b) Karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa rōna oa ho ruta ke efe?

      7 Na see se bolela ho hong ho batho kajeno? Ka sebele ho joalo. Haeba ba batla bophelo tlas’a ’Muso oa Kreste oa Lilemo tse Sekete, ba tlameha ho ela hloko seo ‘lengeloi le fofang sebakeng’ le se phatlalatsang: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.” (Tšenolo 14:6, 7) O mong oa merero e ka sehloohong ea mosebetsi oa thuto ea Bibele oa Lipaki tsa Jehova ke ho thusa “ba lulang lefatšeng” hore ba tsebe Jehova le ho mo rapela, ba hlokomele hore ke ’Mōpi, ’me ba ikemisetse ho ikokobelletsa bobusi ba hae bo lokileng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela