-
Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho Nohle!Molula-Qhooa—1990 | January 1
-
-
“KA BONA lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” (Tšenolo 14:6) Ka mantsoe ao, moapostola Johanne ea hōlileng o ne a hlalosa pono ea hae ea boprofeta e bululetsoeng, e leng pono e phethahalang mehleng ea rōna. Ke ho khathollang hakaakang ho tseba hore ho na le litaba tse molemo mehleng ee eo tlōlo ea molao, tšilafalo, bokhukhuni, ntoa, le ho se tsitse ha moruo ho pharalletseng li hōlang! Empa ke litaba life tse neng li ka ba molemo hoo li hlokang hore lengeloi le li phatlalatse? Ke litaba life tseo e neng e ka ba tse thabisang ka ho lekaneng hoo li tšoanelang ho phatlalletsoa lichaba tsohle le mefuta eohle le lipuo tsohle le ho batho bohle?
-
-
Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho Nohle!Molula-Qhooa—1990 | January 1
-
-
Morao koana lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a phethahatsa merero ea Molimo e mengata e mo amang, empa e ne e se Morena oa ’Muso oa Molimo ka nako eo. Joalokaha makasine ena e bontšitse hangata, hoo ha hoa ka ha etsahala ho fihlela ka 1914. Joalokaha ho phethahala ha boprofeta ho bontša ka ho hlaka, selemong seo ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa maholimong. (Tšenolo 12:10, 12) Le hoja ho bile le litaba tse mpe ka ho fetisisa ka 1914—ho qhoma ha Ntoa ea Pele ea Lefatše—ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo e ne e le litaba tse molemohali. Ke ka baka leo Jesu a ileng a profeta tjena ka mehla ea rōna: “Molaetsa ona o molemo oa ’Muso o tla phatlalatsoa lefatšeng lohle, e le bopaki ho lichaba tsohle.”—Mattheu 24:14, TLP.
Na boprofeta boo ba Jesu bo phethahalitsoe? Karabelo ke e! ’Me pono ea boprofeta ea Johanne le eona e phethahalitsoe. Ke ’nete, re ke ke ra bona lengeloi le sa bonahaleng leo Johanne a le boneng. Empa Lipaki tsa Jehova li bonahetse ka ho fetisisa kaha li hasitse litaba tsa lengeloi tse molemo ho “lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” Mantsoe a tsona a utloahetse, linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse 212. ’Me Matšoele aa arabela. Liphihlelo tsa ba bang ba ’ona li tla bontša hantle feela hore na litaba tsa ’Muso oa Molimo li hlile li molemo hakae.
-