Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 1/1 maq. 29-30
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšabo ea Jesu ho Molimo
  • Tšabo ea Molimo le Tšabo ea Motho
  • Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo, Eseng Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 1/1 maq. 29-30

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?

“TŠABANG Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.” (Tšenolo 14:7) Mantsoe ana a susumetsang a ile a utluoa ka lekhetlo la pele ke moapostola Johanne ea hōlileng ponong. A buuoa ke lengeloi le fofang holimo sebakeng, a ne a tobisitsoe ka ho khetheha ho batho ba phelang nakong ena ea bofelo, nako ea qaleho ea “letsatsi la Morena.”—Tšenolo 1:10.

Empa mantsoe ana a ka bonahala e le a sa lokelang hakaakang ho ba bang! Ba bangata ba bile ba belaella boteng ba Molimo, re se re sa re letho ka ho o taba. Ho ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste, khopolo ea ho tšaba Molimo e bonahala e siuoe ke nako. Lerato la Molimo ba ka le amohela. Empa ho o tšaba ho bonahala e le taba ea Mehleng e Bohareng. Na ke kamoo u talimang taba kateng?

Tšabo ea Jesu ho Molimo

Haeba ho joalo, nahana hore na ho ba Mokreste ho bolela eng. Ho latela Bibele, ho ba Mokreste ho akarelletsa ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu Kreste. (1 Petrose 2:21) Hona joale, le hoja ho se pelaelo hore Jesu o ne a rata Molimo, Bibele e totobatsa haholo hore o ne a boetse a o tšaba. Esaia, ha a bua ka mokhoa oa boprofeta ka Jesu, o itse o ne a tla ba le “moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2) Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang tšabo ena e ne e se moroalo ho Jesu. Ha rea lokela ho nahana ka eona e le, tsela e kang eo ngoana a tšabang ntat’ae ea khopo ka eona kapa sechaba se tšosoang ke ’musi ea hatellang ka eona. Ha e le hantle, Esaia o ile a boela a profeta ka Jesu: “O tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:3) U ka thabisoa joang ke ho tšaba motho e mong?

’Nete ke hore, ka Bibeleng lentsoe “tšabo” le na le meelelo e mengata e fapaneng hanyenyane. Ho na le tšabo ea sebele kapa ho tlakasela hoo re ho utloang haeba e mong a batla ho re ntša kotsi. Ka hona, makhotla a Baiseraele a ne a ‘tšaba Goliathe haholo.’ (1 Samuele 17:23, 24) Ho boetse ho na le tšabo e bang teng ha ho hlaha ntho e sa lebelloang kapa e sa tsebjoeng, e kang eo Zakaria a ileng a e utloa ha a ne a khahlana ka tšohanyetso le lengeloi la Jehova ka tempeleng. (Luka 1:11, 12) Leha ho le joalo, tšabo eo Jesu a neng a e utloa ho Ntate oa hae e ne e sa tšoane le e ’ngoe ho tsena.

Ho e-na le hoo, mantsoe a pele-pele a Seheberu le Segerike a sebelisitsoeng ka Bibeleng bakeng sa “tšabo” hangata a bolela tlhompho e tebileng le boikokobetso ho Molimo. Eo ke eona tšabo ea bomolimo eo Jesu a neng a e-na le eona le eo lengeloi le neng le khothaletsa e mong le e mong kajeno ho e hlaolela. Boikokobetso bona ba ho hlompha, kapa tšabo, bo mela ka lipelong tsa rōna ha re thuisa ka boholo le matla tsa Jehova ’me re li bapisa le kamoo re leng lefeela kateng. Boa hōla ha re nahana ka mesebetsi ea hae e matla, ’me bo boetse bo hōlisoa ke ha re nahanisisa ka thapelo ka ’nete ea hore ke Moahloli ea Phahameng, ea nang le matla a ho fana ka bophelo haesita le ho fana ka kotlo ea lefu la ka ho sa feleng.

Tšabo e joalo ke ea bohlokoa hobane e re thibela ho etsa se fosahetseng le ho nka Molimo habobebe, joalokaha ho ne ho ka etsahala. E re thusa ho qoba boikutlo ba hore: ‘Molimo o tla ntšoarela. Oa tseba hore kea fokola,’ haeba re talimane le teko ’me re ka ’na ra inehela ho e-na le ho loana. Ho joalokaha Liproverbia 8:13 e re bolella: “Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe.” ’Me Liproverbia 16:6 ea phaella: “Ke ka ho tšaba Jehova batho ba phemang bobe.” Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho bontša tšabo ena e loketseng, le e molemo ho Jehova ha ba sa mo mamele. Ka phello efe? Ba ile ba utloa mofuta o mong oa t’sabo e fosahetseng, ’me ba ipatela eena. Adama o itse: “Ke utloile lentsoe la hao tšimong, ’me ke tšabile.”—Genese 3:10.

Ho fapana le Adama le Eva, Jobo ke motho ea ileng a lula a tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe ho lekoa ho matla ka ho fetisisa. Lebaka? Jehova ka boeena o itse Jobo ke ‘motho ea mo tšabang ea sesefang bobe.’ (Jobo 1:8; 2:3) Re tlameha ho kholiseha le kajeno hore Jehova a ka bolela se tšoanang ka rōna! Tšabo ea Molimo e loketse, ’me e tlameha ho ba karolo ea monahano oa rōna.

Tšabo ea Molimo le Tšabo ea Motho

Tšabo ea Molimo ke boikutlo ba tlhaho bo re fang mofuta o tšoanang oa tšireletseho eo ntate ea fanang ka tšusumetso ea hlompho e tebileng a e fang bana ba hae. Tšabo e joalo e boetse e thusa ho tlosa tšabo ea motho e mpe, le e fosahetseng, eo e leng leraba. (Liproverbia 29:25) E mong ea sa kang a tseba thuto ena ke Uria, mor’a Shemaia, ea neng a bolela Jerusalema hammoho le Jeremia pele ho 607 B.C.E. Ho fapana le Jeremia, Uria o ile a lumella tšabo ea morena hore e be leraba ho eena. O ile a khaotsa ho bolela ’me a baleha mosebetsi oa hae. Qetellong, morena e mo tšoara ’me a ’molaea. (Jeremia 26:20-23) Uria a ka be a ile a qoba joang lefu le bohloko joalo? Ka ho haha tšabo ea Jehova e neng e le matla ho feta tšabo ea hae ea motho.

Jesu, ka mor’a hore a tsohe le ho nyolohela leholimong, o ile a eletsa balateli ba hae: ‘Le se ke la tšaba letho la tseo le tlang ho tšoenngoa ka tsona.’ (Tšenolo 2:10) Histori e bontša hore keletso ena ea hlokahala, kaha Bakreste—ho tloha mabaleng a lipapali a Roma ho ea likampong tsa mahloriso tsa Nazi—ba ’nile ba tobana le maemo a tšosang. Ba ’nile ba khona joang ho hlōla tšabo eo lira tsa bona li neng li leka ho e kenya ka ho bona? Ka ho sebelisa mantsoe a Jesu: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ’me kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang. Empa ke tla le lekanyetsa eo le tšoanetseng ho mo tšaba; tšabang eo, ereng hobane a bolaee ’mele, a nang le matla a ho lihela motho liheleng.”—Luka 12:4, 5.

Ho Pesaleme ea 19:10 (TLP) rea rutoa: “Ho tšaba Morena ke ntho e hloekileng, e ke keng ea fetoha ho isa khale; likahlolo tsa Morena ke tsa ‘nete, li lōkile tsohle.” Ka hona ha ho letho le fosahetseng ka tšabo ea Molimo. E hloekile ea sireletsa, ’me e etsa hore mohlanka oa Molimo a be matla ho feta lira tsa hae. Joaloka Jesu, Mokreste o fumana khotsofalo tšabong ena ka tsela a tšoanang feela leha a thabela mahlohonolo a mang kaofela a tsoang ho Jehova.—Esaia 11:3.

Kahoo ke ho loketseng ka ho fetisisa bakeng sa lengeloi ho phehella batho bohle kajeno ho tšaba Molimo. Ka ntle ho tšabo e loketseng ea Molimo, re ka ’na ra inehela habonolo litšusumetsong tse fosahetseng kapa ra inehela tšabong ea batho. Haeba re hlaolela mofuta o loketseng oa tšabo, re tla thusoa ho itšoara ka bohlale. “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” (Liproverbia 9:10; Pesaleme ea 111:10) Ka sebele, re lokela ho rata Molimo ka pelo eohle, moea oohle, khopolo eohle, le ka matla ’ohle. (Mareka 12:30) Hape re boetse re lokela ho ikokobeletsa oona, re o hlomphe, kapa, ka mantsoe a lengeloi, ‘re tšabe Molimo, re ise khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.’—Tšenolo 14:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Hoja Uria o ile a ba le tšabo e tebileng ea Jehova, tšabo ea motho e ka be e sa ka ea fetoha leraba ho eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela