Khaolo 31
Mesebetsi ea Jehova—E Meholo ’me ea Hlolla
Pono 10—Tšenolo 15:1–16:21
Moko-taba: Jehova o sehalalelong sa hae; likotlolo tse supileng tsa khalefo ea hae li tšolleloa lefatšeng
Nako ea phethahatso: 1919 ho fihlela ka Armagedone
1, 2. (a) Pontšo ea boraro eo Johanne a e tlalehang ke efe? (b) Ke mosebetsi ofe oa mangeloi oo e leng khale o tsejoa ke bahlanka ba Jehova?
MOSALI ea belehang ngoana e motona! Drakone e khōlō e batla ho harola ngoana eo! Lipontšo tseo tse peli tse leholimong, tse ileng tsa bontšoa ka ho hlaka ho Tšenolo khaolo ea 12, li ile tsa re hlokomelisa hore tseko ea khale e amang Peō ea mosali oa Molimo le Satane le peō ea hae ea bademona e fihla tlhōrōng. Ha a totobatsa litšoantšetso tsena, Johanne o re: “Ha bonoa pontšo e khōlō leholimong . . . Ha bonoa pontšo e ’ngoe leholimong.” (Tšenolo 12:1, 3, 7-12) Joale Johanne o tlaleha pontšo ea boraro: “Ka bona leholimong pontšo e ’ngoe, e khōlō le e hlollang, mangeloi a supileng a nang le likotlo tse supileng. Tsena ke tsa ho qetela, hobane bohale ba Molimo bo fihlisoa qetellong ka tsona.” (Tšenolo 15:1) Pontšo ena ea boraro le eona e bolela ho hongata ho bahlanka ba Jehova.
2 Hlokomela mesebetsi ea bohlokoa eo hape mangeloi a e etsang ha a phetha thato ea Molimo. Ena ke taba eo e leng khale e tsejoa ke bahlanka ba Jehova. A le tlas’a pululelo mopesaleme oa boholo-holo o bile a bua ka mangeloi a joalo, a a phehella ka hore: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae, ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae”! (Pesaleme ea 103:20) Joale, ponong ena e ncha, mangeloi a abetsoe ho tšolla likotlo tse supileng tsa ho qetela.
3. Likotlo tse supileng ke eng, ’me ho tšolloa ha tsona ho bontša’ng?
3 Likotlo tsee ke eng? Joaloka melumo e supileng ea literompeta, ke liphatlalatso tsa kahlolo tse bohale tse tsebahatsang tsela eo ka eona Jehova a talimang litšobotsi tse sa tšoaneng tsa lefatše lena le temoso ea phello ea ho qetela ea liqeto tsa hae tsa boahloli. (Tšenolo 8:1–9:21) Ho tšolloa ha tsona ho bolela ho phethahatsoa ha likahlolo tseo, ha batho ba tleloang ke khalefo ea Jehova ba timetsoa letsatsing la bohale ba hae bo tukang. (Esaia 13:9-13; Tšenolo 6:16, 17) Kahoo, “bohale ba Molimo bo fihlisoa qetellong ka tsona.” Empa pele a hlalosa ho tšolloa ha likotlo tsena, Johanne o re phetela ka batho ba bang bao li ke keng tsa ba ntša kotsi. Ka lebaka la hore ba hanne letšoao la sebata, bana ba tšepahalang ba binela Jehova lithoriso ha ba phatlalatsa letsatsi la hae la phetetso.—Tšenolo 13:15-17.
Pina ea Moshe le ea Konyana
4. Joale Johanne o bona eng?
4 Joale Johanne o bona letoto la liketsahalo tse tsotehang, o re: “Ka bona se neng se bonahala e le leoatle le kang khalase le tsoakane le mollo, le ba hlahang ba hlōtse sebata le setšoantšo sa sona le palo ea lebitso la sona ba eme haufi le leoatle le kang khalase, ba e-na le liharepa tsa Molimo.”—Tšenolo 15:2.
5. ‘Leoatle le kang khalase le tsoakaneng le mollo’ le tšoantšetsa eng?
5 “Leoatle le kang khalase” ke lona lane leo Johanne a le boneng pejana, le neng le le ka pel’a terone ea Molimo. (Tšenolo 4:6) Le tšoana le “leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa” (ntho e tšelang metsi) le neng le le tempeleng ea Solomone, moo baprista ba neng ba kha metsi ao ba itlhatsoang ka ’ona teng. (1 Marena 7:23) Kahoo le emela ‘ho hlatsoa ka metsi,’ ke hore, Lentsoe la Molimo, leo ka lona Jesu a hloekisang phutheho ea boprista ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Baefese 5:25, 26; Baheberu 10:22) Leoatle lena le kang khalase le “tsoakane le mollo,” e leng ho bontšang hore batlotsuoa bana ba lekiloe le hore ba tlositsoe molato ha ba mamela molao-motheo o phahameng oo ba o behetsoeng. Ho feta moo, ho re hopotsa hore Lentsoe la Molimo le boetse le tšoere lipolelo tsa likahlolo tse bohale bo kang ba mollo khahlanong le lira tsa hae. (Deuteronoma 9:3; Sofonia 3:8) Tse ling tsa likahlolo tsena tse bohale bo kang ba mollo li bonahatsoa ka likotlo tse supileng tsa ho qetela tse haufi le ho tšolloa.
6. (a) Libini tse emeng ka pel’a leoatle le kang khalase le leholimong ke bo-mang, hona re tseba joang? (b) Ba ‘hlaha ba hlōtse’ ka tsela efe?
6 Taba ea hore leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa le neng le le tempeleng ea Solomone le ne le sebelisoa ke baprista e bontša hore libini tse emeng ka pel’a leoatle le kang khalase le leholimong ke sehlopha sa baprista. Li tšoere “liharepa tsa Molimo,” kahoo re li amahanya le baholo ba 24 hammoho le ba 144 000, kaha lihlopha tsena le tsona li bina ka liharepa. (Tšenolo 5:8; 14:2) Libini tseo Johanne a li bonang li ‘hlaha li hlōtse sebata le setšoantšo sa sona le palo ea lebitso la sona.’ Kahoo e tlameha ebe ke ba bang ba ba 144 000 ba phelang lefatšeng matsatsing a ho qetela. E le sehlopha, ka sebele ba hlaha ba hlōtse. Ka lilemo tse ka bang 90 ho tloha ka 1919, ba hanne ho amohela letšoao la sebata kapa ho talima setšoantšo sa sona e le eona tšepo feela ea batho ea ho fumana khotso. Ba bangata ba bona ba se ba mameletse ka botšepehi ho isa lefung, ’me ha ho pelaelo hore bana, bao joale ba seng ba le leholimong, ka thabo e khethehileng ba tsamaisana le barab’abo bona ba ntseng ba le lefatšeng ha ba bina.—Tšenolo 14:11-13.
7. Harepa e ne e sebelisoa joang Iseraeleng ea boholo-holo, ’me ho ba teng ha liharepa tsa Molimo ponong ea Johanne ho lokela ho re ama joang?
7 Bahlōli bana ba tšepahalang ba na le liharepa tsa Molimo. Ntlheng ena, ba tšoana le Balevi ba khale ba neng ba le tempeleng, ba neng ba rapela Jehova ka pina e binoang ka liharepa. Ba bang ba ne ba bile ba profeta ka harepa. (1 Likronike 15:16; 25:1-3) Melumo e monate ea harepa e ne e natefisa lipina tsa Iseraele tsa thabo le lithapelo tsa thoriso le teboho tse eang ho Jehova. (1 Likronike 13:8; Pesaleme ea 33:2; 43:4; 57:7, 8) Linakong tsa ha ba hateletsoe kapa ba le botlamuoeng, harepa e ne e sa utloahale. (Pesaleme ea 137:2) Ho ba teng ha liharepa tsa Molimo ponong ena ho lokela ho etsa hore re lebelle ka thahasello pina ea nyakallo, ea tlhōlo e rorisang Molimo oa rōna le e mo lebohang.a
8. Ho binoa pina efe, ’me mantsoe a eona a re’ng?
8 Sena ke sona seo Johanne a se tlalehang: “Ba bina pina ea Moshe lekhoba la Molimo le pina ea Konyana, ba re: ‘Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete. Jehova, ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang? Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao, hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.’”—Tšenolo 15:3, 4.
9. Ke hobane’ng ha, ka lehlakoreng le leng, pina ee e bitsoa “pina ea Moshe”?
9 Bahlōli bana ba bina “pina ea Moshe,” ke hore, pina e tšoanang le eo Moshe a ileng a e bina maemong a tšoanang. Ka mor’a hore Baiseraele ba bone likotlo tse leshome Egepeta le ho timetsoa ha mabotho a Baegepeta Leoatleng le Lefubelu, Moshe o ile a ba etella pele ka pina e joalo ea tlhōlo e rorisang Jehova, e reng: “Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Exoda 15:1-19) Ke ho loketseng hakaakang hore ebe libini tse bonoang ponong ea Johanne, tse hlahang li hlōtse sebata tse bileng li keneletseng mosebetsing oa ho bolela likotlo tse supileng tsa ho qetela, le tsona li binela “Morena oa bosafeleng”!—1 Timothea 1:17.
10. Pina e ’ngoe eo Moshe a ileng a e qapa ke efe, ’me temana ea eona ea ho qetela e amana joang le bongata bo boholo kajeno?
10 Pineng e ’ngoe, e qapiloeng ha Iseraele e itokisetsa ho hapa Kanana, Moshe ea hōlileng o ile a bolella sechaba seo mantsoe a reng: “Ke tla bolela lebitso la Jehova. Isang boholo ho Molimo oa rōna!” Temana ea ho qetela ea pina ena e ne e boetse e khothatsa bao e seng Baiseraele, ’me mantsoe a bululetsoeng a Moshe a fihla le ho bongata bo boholo kajeno, a re: “Thabang, lōna lichaba, hammoho le batho ba hae.” Ke hobane’ng ha ba lokela ho thaba? Hobane joale Jehova “o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae, ’me o tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae.” Ho phethahatsoa hona ha kahlolo e lokileng ho tla nyakallisa bohle ba tšepang Jehova.—Deuteronoma 32:3, 43; Baroma 15:10-13; Tšenolo 7:9.
11. Pina eo Johanne a e utloileng e tsoela pele ho phethahala joang?
11 Moshe o ne a tla thaba hakaakang ha a ne a ka ba letsatsing la Morena hona joale, a bina hammoho le sehlopha sa leholimo ka mantsoe a reng: “Lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao”! Pina eo e hlollang e tsoela pele ho phethahala ka mokhoa o babatsehang kajeno kaha ha re bone pono feela empa re bona bopaki ba sebele bo phelang, e leng batho ba limilione ba tsoang ‘lichabeng’ bao hona joale ka thabo ba phallelang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o lefatšeng.
12. Ke hobane’ng ha pina ea bahlōli e boetse e bitsoa “pina ea Konyana”?
12 Leha ho le joalo, pina ena hase ea Moshe feela empa hape ke ea “Konyana.” Joang? Moshe e ne e le moprofeta oa Jehova ho Iseraele, empa Moshe ka boeena o ile a profeta hore Jehova o ne a tla hlahisa moprofeta ea joaloka eena. Enoa o ipakile e le Konyana, Jesu Kreste. Ha Moshe eena e ne e le “lekhoba la Molimo,” Jesu eena e ne e le Mora oa Molimo, ha e le hantle, e ne e le Moshe e Moholoanyane. (Deuteronoma 18:15-19; Liketso 3:22, 23; Baheberu 3:5, 6) Kahoo, libini li boetse li bina “pina ea Konyana.”
13. (a) Jesu o tšoana le Moshe joang, le hoja a le moholo ho eena? (b) Re ka ikopanya le libini tsee joang?
13 Joaloka Moshe, Jesu o ile a bina lithoriso tsa Molimo phatlalatsa a ba a profeta ka ho hlōla ha Hae lira tsohle. (Matheu 24:21, 22; 26:30; Luka 19:41-44) Jesu le eena o ne a lebeletse nako eo ka eona lichaba li neng li tla tla rorisa Jehova, ’me e le “Konyana ea Molimo” e ikentseng sehlabelo, o ile a nehelana ka bophelo ba hae e le motho e le hore hoo ho etsahale. (Johanne 1:29; Tšenolo 7:9; bapisa le Esaia 2:2-4; Zakaria 8:23.) ’Me feela joalokaha Moshe a ile a ananela lebitso la Molimo, Jehova, a ba a rorisa lebitso leo, le Jesu o ile a senola lebitso la Molimo. (Exoda 6:2, 3; Pesaleme ea 90:1, 17; Johanne 17:6) Kaha Jehova oa tšepahala, ruri litšepiso tsa hae tse khanyang li tla phethahala. Ka sebele re ntsoe-leng le libini tsena tse tšepahalang, le Konyana, hammoho le Moshe, ha re tšehetsa mantsoe a pina ena a reng: “Ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao?”
Mangeloi a Nkileng Likotlolo
14. Ke bo-mang bao Johanne a ba bonang ba tsoa sehalalelong, ’me ba fuoa eng?
14 Ke ho loketseng hore re utloe pina ea bahlōli bana ba tlotsitsoeng. Hobane’ng? Hobane ba phatlalalitse likahlolo tse ka likotlolong tse neng li tletse bohale ba Molimo lefatšeng. Empa ho tšolloa ha likotlolo tsena ha ho ame batho feela, joalokaha Johanne a tsoela pele ho bontša: “Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me sehalalelo sa tente ea bopaki sa buloa leholimong, mangeloi a supileng a nang le likotlo tse supileng a hlaha sehalalelong, a apere line e hloekileng, e khanyang ’me a tlamile lifuba ka linyepa tsa khauta. Se seng sa libōpuoa tse phelang tse ’nè sa fa mangeloi a supileng likotlolo tse supileng tsa khauta tse neng li tletse bohale ba Molimo, ea phelang ka ho sa feleng le kamehla.”—Tšenolo 15:5-7.
15. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe mangeloi a supileng a tsoa sehalalelong?
15 Tempeleng ea Iseraele, e neng e e-na le litšoantšo tsa lintho tse leholimong, e ne e le moprista ea phahameng feela ea neng a ka kena ka Sehalalelisisong, seo mona se bitsoang “sehalalelo.” (Baheberu 9:3, 7) Se emela sebaka sa boteng ba Jehova leholimong. Leha ho le joalo, leholimong ka bolona, hase Moprista ea Phahameng Jesu Kreste feela ea nang le tlotla ea ho kena ka pel’a Jehova empa le mangeloi a na le eona. (Matheu 18:10; Baheberu 9:24-26) Joale, ha ho makatse hore ebe mangeloi a supileng a bonoa a tsoa sehalalelong leholimong. Jehova Molimo ka boeena o a romile a re: Le tšolle likotlolo tse tletseng bohale ba Molimo.—Tšenolo 16:1.
16. (a) Ke eng e bontšang hore mangeloi a supileng a tšoanelehela mosebetsi oa ’ona hantle? (b) Ke eng e bontšang hore ba bang baa ameha mosebetsing o moholo oa ho tšolla likotlolo tsa tšoantšetso?
16 Mangeloi ana a tšoanelehela mosebetsi ona hantle. A apere line e hloekileng, e khanyang, ho bontšang hore a hloekile moeeng ebile aa halalela, a lokile mahlong a Jehova. Hape, a itlamme ka linyepa tsa khauta. Hangata linyepa li sebelisoa ha motho a itlama a itokisetsa mosebetsi o lokelang ho phethoa. (Levitike 8:7, 13; 1 Samuele 2:18; Luka 12:37; Johanne 13:4, 5) Kahoo mangeloi a itlamme ka tsona a itokiselitse ho phetha kabelo. Ho feta moo, linyepa tsa ’ona ke tsa khauta. Tabernakeleng ea boholo-holo, khauta e ne e sebelisetsoa ho emela lintho tse halalelang, tsa leholimo. (Baheberu 9:4, 11, 12) Hoo ho bolela hore mangeloi ana a lokela ho phetha thōmo ea bohlokoa, e halalelang ea tšebeletso. Ba bang le bona baa ameha mosebetsing ona o moholo. Se seng sa libōpuoa tse phelang tse ’nè se a neha likotlolo tsa sebele. Ha ho pelaelo hore sena e ne e le sebōpuoa sa pele se phelang, se neng se tšoana le tau, se tšoantšetsa ho hloka tšabo le sebete se sa hlōloeng se hlokahalang ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova.—Tšenolo 4:7.
Jehova Sehalalelong sa Hae
17. Johanne o re bolella eng ka sehalalelo, ’me hoo ho re hopotsa eng ka sehalalelo sa Iseraele ea boholo-holo?
17 Qetellong, ha a phetha karolo ena ea pono, Johanne o re bolella sena: “Sehalalelo sa tlala mosi ka lebaka la khanya ea Molimo le ka lebaka la matla a hae, ’me ha ho ea ileng a khona ho kena ka sehalalelong ho fihlela likotlo tse supileng tsa mangeloi a supileng li fela.” (Tšenolo 15:8) Ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona leru le neng le koahela sehalalelo sa sebele historing ea Iseraele, ’me ponahalo ena ea khanya ea Jehova e ne e thibela baprista hore ba se ke ba kena ho sona. (1 Marena 8:10, 11; 2 Likronike 5:13, 14; bapisa le Esaia 6:4, 5.) Tsena e ne e le linako tseo ka tsona Jehova a neng a kenella ka mafolofolo linthong tse etsahalang lefatšeng.
18. Mangeloi a supileng a tla khutlisetsa tlaleho ho Jehova neng?
18 Jehova o boetse o amehile ka ho teba ka lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale. O batla hore mangeloi a supileng a phethe kabelo ea ’ona. Ke nako ea tlhōrō ea kahlolo, joalokaha e hlalositsoe ho Pesaleme ea 11:4-6: “Jehova o tempeleng ea hae e halalelang. Jehova—terone ea hae e maholimong. Mahlo a hae aa bona, mahlo a hae a khanyang a hlahloba bara ba batho. Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo. O tla nesetsa ba khopo lifi, mollo le sebabole le moea o chesang, e le karolo ea senoelo sa bona.” Mangeloi a supileng a ke ke a khutlela sebakeng se phahameng seo Jehova a leng ho sona ho fihlela likotlo tsena tse supileng li tšolleloa holim’a ba khopo.
19. (a) Ho ntšoa taelo efe, hona e ntšoa ke mang? (b) E tlameha ebe ho tšolloa ha likotlolo tsa tšoantšetso ho qalile neng?
19 Ho utloahala taelo e tšabehang e kang sealuma: “Ka utloa lentsoe le phahameng le tsoang sehalalelong le re ho mangeloi a supileng: ‘E-eang ’me le tšollele likotlolo tse supileng tsa bohale ba Molimo lefatšeng.’” (Tšenolo 16:1) Ke mang ea ntšang taelo ee? E tlameha ebe ke Jehova ka boeena, kaha mahlaseli a khanya ea hae le matla li thibela mang kapa mang hore a kene sehalalelong. Jehova o ile a tla tempeleng ea hae ea moea ho tla ahlola ka 1918. (Malakia 3:1-5) Joale, e tlameha ebe o ile a fana ka taelo ea hore ho tšolloe likotlolo tsa bohale ba Molimo kapele ka mor’a moo. Ha e le hantle, likahlolo tse ka likotlolong tsa tšoantšetso li qalile ho phatlalatsoa ka matla ka 1922. ’Me ho phatlalatsoa ha tsona ho eketseha ho ea tlhōrōng kajeno.
Likotlolo le Melumo e Tlerolang ea Literompeta
20. Likotlolo tsa bohale ba Jehova li senola eng ’me li lemosa ka eng, hona li tšolloa joang?
20 Likotlolo tsa bohale ba Jehova li senola litšobotsi tsa boemo ba lefatše kamoo Jehova a li talimang kateng li bile li lemosa ka likahlolo tseo Jehova a tla li phethahatsa. Mangeloi a sebelisa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ho tšolla likotlolo, ba binang pina ea Moshe le pina ea Konyana. Ha se bolela ’Muso e le litaba tse molemo, ka sebete sehlopha sa Johanne se ile sa senola se tšetsoeng ka likotlolong tsena tsa bohale. (Matheu 24:14; Tšenolo 14:6, 7) Kahoo, molaetsa oa sona o habeli e bile oa khotso ha o phatlalatsa tokoloho ho batho empa e ne eka ke oa ntoa ha o lemosa ka “letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna.”—Esaia 61:1, 2.
21. Lintho tseo likotlolo tsa pele tse ’nè tsa bohale ba Molimo li tšolleloang ho tsona li tšoana joang le tseo melumo ea pele e mene ea literompeta e lebisitsoeng ho tsona, ’me li fapana hokae?
21 Likotlolo tsa pele tse ’nè tsa bohale ba Molimo li tšolleloa linthong tse tšoanang le tseo melumo ea pele e mene e tlerolang ea literompeta e lebisitsoeng ho tsona, e leng lefatše, leoatle, linōka le liliba tsa metsi, le mehloli ea leholimo ea leseli. (Tšenolo 8:1-12) Empa melumo e tlerolang ea literompeta e ile ea phatlalatsa likotlo ‘karolong ea boraro,’ athe ho tšolloa ha likotlolo tsa bohale ba Molimo ho hlokofatsa lefatše kaofela. Kahoo, le hoja Bokreste-’mōtoana bo ile ba otloa pele nakong ea letsatsi la Morena, joalokaha e le “karolo ea boraro,” ha ho karolo le e ’ngoe ea tsamaiso ea Satane e qheletsoeng ka thōko hore e se ke ea otloa ke melaetsa ea kahlolo e tepeletsang ea Jehova le masoabi ao e a tlisang.
22. Melumo e meraro ea ho qetela e tlerolang ea literompeta e ne e fapane joang, hona e amana joang le likotlolo tse tharo tsa ho qetela tsa bohale ba Jehova?
22 Melumo e meraro ea ho qetela ea literompeta e ne e fapane, hobane e ne e bitsoa bomalimabe. (Tšenolo 8:13; 9:12) Melumo e ’meli ea pele melumong ena e ne e kopanyelletsa haholo-holo litsie le mabotho a bapalami, ha oa boraro o ne o tsebahatsa ho tsoaloa ha ’Muso oa Jehova. (Tšenolo 9:1-21; 11:15-19) Joalokaha re tla bona, likotlolo tsa ho qetela tse tharo tsa khalefo ea hae le tsona li akarelletsa tse ling tsa lintlha tsena, empa li batla li fapane le bomalimabe boo bo hararo. Joale a re eleng hloko haufi-ufi lintho tse tšosang tse senoloang ha ho tšolloa likotlolo tsa bohale ba Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoa thahasellisa hore ka 1921 sehlopha sa Johanne se ile sa lokolla buka e thusang batho ho ithuta Bibele e bitsoang The Harp of God, eo ho ileng ha ajoa likopi tsa eona tse fetang limilione tse hlano ka lipuo tse ka holimo ho 20. E ile ea thusa ho bokella libini tse eketsehileng tse tlotsitsoeng.