Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bohale ba Molimo bo Fihlisoa Qetellong
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 17. (a) Ho tšolloa ha sekotlolo sa bohlano ho amana joang le lefifi la moea leo kamehla le ’nileng la aparela ’muso oa sebata? (b) Batho ba etsa’ng ha ho tšolloa sekotlolo sa bohlano sa bohale ba Molimo?

      17 ’Muso oa sebata sena esale o le lefifing la moea ho tloha ha o qala. (Bapisa le Matheu 8:12; Baefese 6:11, 12.) Sekotlolo sa bohlano se tlisa phatlalatso e matla haholo ea lefifi lena. Se bile se le tšoantšisa ka ho hlaka kaha sekotlolo sena sa bohale ba Molimo se tšolleloa hona holim’a terone ea sebata sa tšoantšetso. “’Muso oa sona oa fifala, eaba ba qala ho itōma maleme ka lebaka la bohloko ba bona, empa ba nyefola Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko ba bona le ka lebaka la liso tsa bona, ’me ha baa ka ba baka mesebetsing ea bona.”—Tšenolo 16:10b, 11.

  • Bohale ba Molimo bo Fihlisoa Qetellong
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 19. Tumellanong le Tšenolo 16:10, 11, ho pepesoa ha Satane phatlalatsa e le molimo oa tsamaiso ee ea lintho ho baka eng?

      19 E le ’musi oa lefatše, Satane o bakile ho se thabe ho hoholo le mahlomola a mangata. Tlala ea boja-likata, lintoa, pefo, tlōlo ea molao, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho hloka botšepehi, boikaketsi ba bolumeli—tsena le tse ling ke matšoao a khethollang tsamaiso ea lintho ea Satane. (Bapisa le Bagalata 5:19-21.) Leha ho le joalo, ho pepesoa ha Satane e le molimo oa tsamaiso ena ea lintho ho baketse ba phelang ka ho latela litsela tsa hae bohloko le ho hlajoa ke lihlong. “Ba qala ho itōma maleme ka lebaka la bohloko ba bona,” haholo-holo Bokreste-’mōtoaneng. Ba bangata ba nyatsa hore ’nete e pepesa tsela eo ba phelang ka eona. Ba bang ba e fumana e tšosa, ’me ba hlorisa ba e phatlalatsang. Ba hana ’Muso oa Molimo ’me ba nyefola lebitso le halalelang la Jehova. Boemo ba bona ba bolumeli ba ho kula, ba ho bereha liso, bo pepesitsoe hoo ba nyefolang Molimo oa leholimo. Che, ha ba ‘bake mesebetsing ea bona.’ Kahoo re ke ke ra lebella hore matšoele a sokolohe pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Esaia 32:6.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela