Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho oa ha Sona
“O oele, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.”—TŠENOLO 14:8.
Sehlooho sena le se se latelang e ne e le puo ea ho qetela ea neheletsano eo sehlooho sa eona se neng se re “Nako e Khethiloeng e Haufi,” e ileng ea fanoa Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa Toka ea Molimo ka 1988
1. “Seotsoa” se tummeng hampe ke mang, ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tsebe ka sona?
“SEOTSOA” se tummeng hampe—ke mang? Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re bue ka sona? Na libuka tsa lipale tse hapang maikutlo, libaesekopo, thelevishene, le li-video ha li hlahise boitšoaro bo bobe bo bongata ka ho tepeletsang? Ke ’nete! Empa enoa hase mosali feela ea ithekisang. Ha e le hantle, ke letekatse le nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa, le tummeng hampe ka ho fetisisa, le bolaeang ka ho fetisisa historing eohle. ’Me le ’nile la ithekisa ka lilemo tse fetang 4 000! Ho hlokahala hore re tsebe ka lona hore re itšireletse. Ho Tšenolo 14:8, lengeloi la leholimo le bitsa mosali enoa ea nang le botumo bo bobe ‘Babylona e Moholo’ ’me le mo hlalosa e le ea ekang lichaba. Kaha o kotsi hakaalo, re lokela ho thabela ho tseba hore “nakoe khethiloeng e haufi” ea hore Jehova a lihe kahlolo holim’a hae.—Tšenolo 1:3, NW.
2. Seotsoa sena se fumane lebitso la sona hokae, ’me ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o qalehile joang?
2 Seotsoa sena se fumane lebitso la sona ho Babylona ea boholo-holo, motse o ikhohomosang o ileng oa theoa Mesopotamia lilemong tse ka holimo ho 4 000 tse fetileng ke Nimrode, “setsomi sa senatla pel’a Jehova.” Ha Bababylona ba qala ho haha tora ea bolumeli ba bohedene, Jehova o ile a ferekanya puo ea bona ’me a ba qhalanyetsa lipheletsong tsa lefatše. Ba ile ba tsamaea le bolumeli ba bona, ’me ke tsela eo ’muso oa lefatše oa bolumeli ba Babylona o qalehileng ka eona. Kannete, ke Babylona E MOHOLO. (Genese 10:8-10; 11:1-9) Ho fihlela mehleng ea rōna, liphiri tsa Babylona ea boholo-holo li bonahala litumelong le mekhoeng ea malumeli a lefatše. (Tšenolo 17:7) Lebitso la Seheberu bakeng sa motse oo, Babele, le bolela “Pherekano,” lebitso le loketseng bakeng sa motsoebere oa kajeno oa bolumeli ba bohata!
3. (a) Babylona e ile ea boloka batho ba Molimo kholehong ka nako e kae, ’me e ne e ba atamelitse haufi le eng? (b) Babylona e ile ea oeloa ke tlokotsi neng, hona ke hobane’ng ha bofelo ba eona bo sa ka ba tla ka nako eo?
3 Babylona ea boholo-holo e ile ea hlaphoheloa tlhaselong eo ea pele ’me, ka ho phetholoa ha ’muso oa Assyria ka 632 B.C. E., ea fetoha ’muso oa lefatše oa boraro historing ea Bibele. Khanya ea eona e le boemong boo e ile ea e-ba ea nakoana—nako e ka tlaase ho lilemo tse lekholo—empa ka hoo e ka bang lilemo tse 70 har’a tseo, e ile ea boloka sechaba sa Molimo sa Iseraele kholehong. Sena se ile sa se atametsa haufi haholo le litempele le matlo a thapelo a sekete a Babylona, melimo ea eona e tsamaeang ka lihlopha tsa melimo e meraro le bo-diabolose ba tsamaeang ka lihlopha tsa ba bararo, borapeli ba eona ba ’mè-le-mora, le bolepi ba linaleli bo neng bo tlotlisa ho neng ho nkoa e le melimo e sa shoeng. Ka hona, Baiseraele ba holehiloeng ba ne ba le teng setsing sa lefatše sa bolumeli ba bohata ha, ka 539 B.C.E., motse oa Babylona o oeloa ke tlokotsi. Empa qetello ea oona e ne e e-s’o fihle! Bahapi ba oona ba ile ba tsoela pele ho o sebelisa e le setsi se tummeng sa bolumeli.
’Muso oa Bolumeli oa Lefatše Lohle
4. (a) Baprofeta ba Jehova ba ile ba phatlalatsa eng mabapi le Babylona, ’me ho ile ha etsahala joang ka Babylona? (b) Ke Babylona efe e ’ngoe e ntseng e phela, e hlahisang batho ba lefatše kotsi?
4 Baprofeta ba Jehova ba ne ba phatlalalitse kahlolo ea hae ea hore Babylona e tlameha ho fieloa ka “lefielo la tšenyo”—“joale ka ha ho kile ha e-ba mohla Molimo o ripitlang Sodoma, le Gomorrha.” Na boprofeta boo bo ile ba phethahatsoa hamorao? E, ka ho felletseng! Ka mor’a nako, Babylona ea boholo-holo e ile ea fetoha qubu ea majoe—e se nang baahi haese linoha le libatana—hantle feela joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele! (Esaia 13:9, 19-22; 14:23; Jeremia 50:35, 38-40) Leha ho le joalo, Babylona ena e ’ngoe, Babylona e Moholo oa kajeno, e sa ntsane e phela. E le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e ntšetsa pele lithuto tsa Babylona ea pele le moea oa eona oa boikakaso. Ke kofuto ea sehlooho ea Satane bakeng sa ho foufaletsa batho merero ea ’Muso oa Jehova.—2 Ba-Korinthe 4:3, 4.
5. (a) Ho ile ha hlaha malumeli afe ha Babylona e le sehlohlolong sa khanya ea eona, empa ke hobane’ng ha Satane a sa ka a atleha ho tlatsa lefatše lohle ka bolumeli ba bohata? (b) Satane o ile a sebelisa bolumeli ba bohata joang ka mor’a ho hlaha ha Bokreste?
5 Hoo e ka bang lekholong la botšelela la lilemo pele ho Kreste, ha ’muso oa lefatše oa Babylona o ne o le sehlohlolong sa khanya ea oona, malumeli a Bohindu, Bobuddha, bolumeli ba Confucius, le Boshinto le ’ona a ile a hlahella. Empa na Satane o ile a atleha ho tlatsa lefatše lohle ka bolumeli ba bohata? Che, hobane masala a lipaki tsa boholo-holo tsa Jehova a ile a khutlela Jerusalema a e-tsoa Babylona ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova. Ka hona, makholo a tšeletseng a lilemo hamorao, Bajode ba tšepahalang ba ne ba le teng moo, ho amohela Messia le ho fetoha litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste. Bolumeli ba bohata bo ile ba bolaea Mora oa Molimo ka lefu la boshoela-tumelo ’me ba fetoha kofuto ea Satane ea ho hanyetsa Bokreste ba ’nete, feela joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba lemositse.—Mattheu 7:15; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1.
6. (a) Satane o ile a silafatsa lithuto tsa Bokreste joang, ’me ke lithuto life tse hlomphollang Molimo tse ileng tsa hlaha? (b) Ho ile ha etsahala joang ka ba likete ba neng ba khetha ’nete ea Bibele ho e-na le thuto ea Babylona?
6 Haholo-holo ka mor’a timetso ea bobeli ea Jerusalema ka 70 C.E., Satane o ile a sebelisa baapostola ba bohata ho silafatsa lithuto tsa Bokreste, ba kopanya lithuto tsena le likhopolo-taba tsa Babylona le filosofi ea Bagerike ea lefatše. Ka hona, ‘melimo e meraro ho o le mong,’ Boraro-bo-bong, e ile ea nka sebaka sa “Jehova a ’notši” oa Bibele. (Deuteronoma 6:4; Mareka 12:29; 1 Ba-Korinthe 8:5, 6) Hape thuto ea hore moea oa motho ha o shoe, joalokaha e ne e rutoa ke rafilosofi Plato oa mohedene, e ile ea hlahisoa ho hanyetsa lithuto tsa Bibele tsa bohlokoa tsa topollo ea Kreste le tsoho. Sena se ile sa bula tsela bakeng sa tumelo mollong oa lihele le pelekatori e nang le mollo o fokolang. (Pesaleme ea 89:48; Ezekiele 18:4, 20) Lithuto tse joalo tse hlomphollang Molimo tse tšosang batho li thusitse ho tlatsa mabokose a koleke a likereke. Ho feta moo, mehleng ea Lekhotla la K’hatholike le otlang bakhelohi le mehleng ea Phetoho e khōlō ea bolumeli, baruti ba ile ba sitoa ho emela malakabe a mollo oa lihele hore e be ’ona a hlokofatsang. Ba likete ba neng ba khetha ’nete ea Bibele ho e-na le thuto ea Babylona ba ile ba chesoa ba ntse ba phela thupeng ke Mak’hatholike le Maprostanta. Empa joalokaha re tla bona, bootsoa ba Babylona e Moholo ha boa fella feela ka ho phahamisa leshano.
Letsatsi la Jehova la Kahlolo
7. (a) Ke neng hona ke joang Jehova a ileng a qala ho tsosolosa lithuto tsa motheo tsa Bibele le ho pepesa lithuto tsa bohata, tsa Babylona? (b) Ke linnete life tsa motheo tsa Bibele tseo Liithuti tsa Bibele li ileng tsa li tsosolosa?
7 Letsatsi la Jehova la kahlolo ea seotsoa sena le ne le lokela ho tla! (Ba-Heberu 10:30) Ho bile le nako ea tokisetso, e qalileng ka bo-1870, ha Jehova a romela “lenģosa” la hae—sehlopha se tšepahalang sa liithuti tsa Bibele—ho tsosolosa linnete tsa motheo tsa Bibele le ho pepesa lithuto tsa bohata tsa Babylona. (Malakia 3:1a) Sehlopha sena sa “lenģosa” se ne se tšehetsa mantsoe a boprofeta a ho Tšenolo 4:11: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” Hape “lenģosa” e ile ea e-ba ’muelli oa phatlalatsa oa sehlabelo sa topollo sa Jesu, tokisetso ea Molimo ea ho lopolla batho. Batho ba lopollotsoeng ba ne ba tla akarelletsa, pele, “mohlatsoana” o tla busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo ’me, hamorao, ba makholo a limillione ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise—bao boholo ba bona ba tla beng ba tsositsoe bafung. (Luka 12:32; 1 Johanne 2:2; Liketso 24:15) E, Liithuti tseo tsa Bibele li ile tsa tsosolosa linnete tsena tsa mantlha, ’me ka tsela ea tšoantšetso, li bile tsa ‘shebisa lethopo liheleng ’me tsa tima mollo’ oa thuto ea Babylona ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng!a
8. (a) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba sebelisa Ntoa ea I ea Lefatše joang ho leka ho timetsa Liithuti tsa Bibele? (b) Ho ile ha etsahala joang ka moahloli ea ileng a boloka basebeletsi ba robeli ba Mokhatlo oa Watch Tower chankaneng ka ho hana ha ba itefella?
8 Ka lilemo tse ka bang 40 ka sebete Liithuti tsa Bibele li ile tsa phatlalatsa hore selemo sa 1914 se ne se tla tšoaea qetello ea Mehla ea Balichaba. Joalokaha ho ne ho lebelletsoe, selemo seo se ile sa tlisa liketsahalo tse ileng tsa sisinya lefatše, tseo e khōlō ho tsona e bileng ntoa ea pele ea lefatše. Oho, baruti ba Bokreste-’mōtoana—karolo e hlahelletseng ka ho fetisisa ea Babylona e Moholo—ba ile ba leka hakaakang ho sebelisa tlokotsi eo ea lefatše ho timetsa Liithuti tseo tsa Bibele tse neng li toba taba! Qetellong, ka 1918, ba ile ba qosa ka bohata basebeletsi ba robeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ho fihlela ba kenngoa chankaneng ka liqoso tsa bohata tsa hore li khahlanong le ’muso. Empa basebeletsi bana ba ile ba lokolloa ka mor’a likhoeli tse robong ’me hamorao ba lokolloa liqosong. Moahloli oa linaha tse kopaneng tsa U.S. Martin T. Manton, ea ileng a boloka Liithuti tsena tsa Bibele chankaneng ka ho hana ha li itefella, hamorao o ile a tlotlisoa ke Mopapa Pius XI, ka ho etsoa “mohlomphehi oa sehlopha sa St. Gregory e Moholo.” Leha ho le joalo, khanya ea hae e ile ea e-ba ea nakoana, hobane ka 1939 o ile a ahloleloa lilemo tse peli chankaneng ’me a lefisoa haholo. Hobane’ng? Hobane o ile a fumanoa a le molato oa ho rekisa liqeto tse tšeletseng tsa lekhotla bakeng sa kakaretso ea R446 400 e le tjotjo!
9. Boprofeta ba Malakia bo ile ba hlalosa se neng se etsahala ho batho ba Jehova joang, ’me ka hona kahlolo e qalile ka bo-mang?
9 Joalokaha re sa tsoa hlokomela, ka 1918 batho ba Jehova ba ile ba kena nakong ea teko e matla. Mantsoe a moprofeta a tsoelang pele ho Malakia 3:1-3 (NW) a hlalosa se neng se etsahala: “’Me hang Morena [Jehova] oa ’nete o tla tla tempeleng ea Hae, eo lōna batho le ’matlang, le lenģosa la selekane [sa Abrahama]“—Jesu. E, Jehova o ile a tla le Kreste oa hae bakeng sa kahlolo. Joale Jehova oa botsa: “Ke mang ea tla mamella letsatsi la ho tla ha hae, ’me ke mang ea tla be a eme ha a hlaha? Hobane o tla ba joaloka mollo oa mohloekisi le joaloka lae ea banna ba hlatsoang.” Ho latela 1 Petrose 4:17, kahlolo e ne e tla qala ka ba ipolelang e le ba “ntlo ea Molimo.” Ka hona, Bakreste ba ’nete ba ile ba hlokoloa ’me ba hloekisoa bakeng sa tšebeletso ea Jehova.
“TSOANG . . . HO EENA, LŌNA SECHABA SA KA”!
10. Ke kahlolo efe ea Molimo e ileng ea tlela Bokreste-’mōtoana le bolumeli bohle ba bohata ka 1919, ’me e ile ea fella ka eng bakeng sa Babylona e Moholo?
10 E le karolo e sa bakeng ea Babylona e Moholo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba ke ke ba mamella kahlolo ea Jehova. Ba ne ba silafalitse liaparo tsa bona ka ho tšabehang kaha ba ile ba kenella tšollong e khōlō ea mali ntoeng ea lefatše ’me e bile e le bahlorisi ba Bakreste ba ’nete. (Jeremia 2:34) Ho e-na le ho buella ’Muso oa leholimo o tlang oa Kreste, ba ile ba phahamisa Selekane sa Lichaba se entsoeng ke batho, seo ba ileng ba se hlalosa e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Ka 1919 ho ile ha hlaka hore Jehova o ahlotse Bokreste-’mōtoana—’me ka sebele o ahlotse le bolumeli bohle ba bohata. Babylona e Moholo o ne a oele, a ahloletsoe lefu! E ne e le nako ea hore barati bohle ba ’nete le ho loka ba nke khato ka taelo ea boprofeta e ho Jeremia 51:45 (NW): “Tsoang ka hare ho eena, Lōna sechaba sa ka, ’me e mong le e mong a pholose moea oa hae khalefong e tukang ea Jehova.”
11, 12. (a) Lengeloi le re’ng ho Tšenolo 17:1, 2 mabapi le kahlolo ea Babylona e Moholo? (b) “Metsi a mangata” ao seotsoa se lutseng holim’a ’ona ke eng, ’me ke joang se entseng hore ba ahileng lefatšeng ‘ba tahoe ke veine ea bootsoa ba sona’?
11 Babylona e Moholo o oele! Empa ha a e-s’o timetsoe. Joaloka ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o sa ntsane a tla ba teng ka nakoana e le kofuto e ka sehloohong ea Satane ea thetso. Kahlolo ea ho qetela ea Molimo holim’a hae ke efe? Ha rea siuoa re e-na le khoao! A re phetleng Libibele tsa rōna ho Tšenolo 17:1, 2. Mona lengeloi le bua le moapostola Johanne ’me, ka eena, le bua le liithuti tsa boprofeta kajeno, le re: “Tlo, ke u bontše kahlolo ea seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata; seo marena a lefatše a febileng le sona, le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba sona.” Polelo “metsi a mangata” e bolela matšoele a ferekaneng a batho, ao e leng khale a hatelletsoe ke seotsoa se seholo. Hape boprofeta bo bolela hore “ba ahileng lefatšeng” ba tahiloe ke veine ea sona. Ba amohela lithuto tsa bohata le litsela tsa lefatše, tsa boitšoaro bo bobe tsa Babylona e Moholo ’me ba tsamaea ba thekesela, joalokaha eka ba tahiloe ke veine e theko e tlaase, e sa lumelloang ke molao.
12 Ho Jakobo 4:4 rea bala: “Basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na?” Bolumeli ba lekholong la mashome a mabeli a lilemo bo lutse bo itokiselitse ka hohle-hohle ho ratana le lefatše, ’me ho joalo haholo-holo ka Bokreste-’mōtoana. Hase feela hore baruti ba bona ba hlōleha ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Jehova o tlang empa ba tšela lithuto tsa Bibele tsa boitšoaro ka metsi, ba lumella ho hloka lithibelo ha lefatše har’a litho tsa likereke tsa bona. Esita le baruti ba molato mabapi le bohlola ba nama, boo moapostola Pauluse a ileng a bo nyatsa ka ho toba ha a re: “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
‘Ho Ipitika Seretseng’
13, 14. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore baruti ba mehleng ea kajeno hase ba “hlatsoitsoeng”? (b) Seboka sa Kereke ea Chache se ne se e-na le boikutlo bofe mabapi le liketso tsa bosodoma tse etsoang ka litho tsa botona le botšehali, ’me sengoli se seng sa litaba se ile sa hlahisa hore kereke e rehoe lebitso lefe? (c) Baruti ba koenehileng ba tšoaneloa hantle ke mantsoe afe a moapostola Petrose?
13 Na baruti ba mehleng ea kajeno ‘ba hlatsoitsoe’? Ka mohlala, hlokomela boemo Brithani, eo e kileng ea e-ba qhobosheane ea Boprostanta. Ka Pulungoana 1987, ha tona-khōlō ea Brithani e ne e ipiletsa ho baruti hore ba fane ka ketello-pele boitšoarong, moruti oa kereke ea Chache o ile a re: “Basodoma ba na le tokelo e lekanang le ea motho e mong le e mong ea ponahatso ea botona le botšehali; re lokela ho talima botle ho eona le ho khothalletsa botšepehi [har’a basodoma].” Koranta e ’ngoe ea London e tlalehile: “Mekhoa ea bosodoma e ne e atile haholo kolecheng e ’ngoe ea thuto ea bolumeli ea Chache hoo liithuti tse tsoang kolecheng e ’ngoe li ileng tsa lokela ho thibeloa ke basebetsi ho etela ho eona.” Phuputso e ’ngoe e ile ea lekanya hore “seterekeng se seng sa London, e ka ’na eaba lenane la baruti ba nang le litšekamelo tsa bosodoma le ka holimo ho halofo ea bona kaofela.” Hape sebokeng se seng sa kereke, karolo ea 95 lekholong ea baruti ba Kereke ea Chache e ne e tšehetsa tlhahiso ea hore bohlola le bofebe li bitsoe libe, empa eseng liketso tsa bosodoma tse etsoang ka litho tsa botona le botšehali; liketso tse joalo tsa bosodoma li ne li mpa li boleloa e le tse haelloang ke phetheho. Ha se bua ka sena sohle, sengoli se seng sa litaba se ile sa etsa tlhahiso ea hore Kereke ea Chache e ka ’na ea rehoa Sodoma le Gomorrha. Koranta e ’ngoe ea London e ile ea phatlalatsa: “Batho ba Brithani ba eme lihlooho ha ba nahana ka liphello tsa moloko o se nang lithibelo.”
14 Baruti ba koenehileng ho theosa le lilemo ba tšoaneloa hantle hakaakang ke mantsoe a moapostola Petrose: “Ba hlahetsoe ke taba ea setšoantšo sa ’nete se reng: Ntja e khutletse mahlatseng a eona, ’me kolobe, hobane e hlatsuoe, e boetse e ipitikile seretseng”!—2 Petrose 2:22.
15. (a) Ho bile le ho hlepha hofe ha litekanyetso tsa boitšoaro ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana? (b) Ke bo-mang ba tlamehang ho jara molato oa litholoana tsee tse bohloko?
15 Ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana, ’me ka sebele lefatšeng lohle, ho na le ho hlepha ho nyarosang ha litekanyetso tsa boitšoaro. Lichabeng tse ling, lenyalo le se le talingoa le sa hlokahale, ’me ba leng lenyalong ba nahana hore ho tšepahala lenyalong ho siiloe ke nako. Ke ba seng bakae ba ngolisang manyalo a bona ka molao, ’me lenane la litlhalano lea phahama har’a ba etsang joalo. United States, litlhalano li imenne ka makhetlo a fetang boraro ho theosa le lilemo tse 25 tse fetileng ho fihla ho tse ka holimo ho millione ka selemo. Nakong ea lilemo tse 20 ho tloha ka 1965, litlhalano Brithani li imenne ka makhetlo a fetang bone, ho tloha ho tse 41 000 ho ea ho tse 175 000. Masooa a ikhethela ho lula le masooa a ba batšehali kapa a ba batona, ’me a mangata a tloha ho molekane e mong ho ea ho e mong. Ba tletleba ka mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ka ho khetheha AIDS, e ntseng a ata ka baka la mekhoa ea bona ea bophelo ba boitšoaro bo bobe empa ba tsoela pele ho tsitlallela mekhoeng ea bona e nyelisehang ea botona le botšehali. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ha baa ka ba khalemela litho tse fosang tsa likereke tsa bona. Ho isa tekanyong eo ba lumelletseng boitšoaro bo bobe, ba tlameha ho jara molato oa litholoana tsena tse tšabehang.—Jeremia 5:29-31.
16. (a) Ke eng e hatisang ’nete ea hore Babylona e Moholo o oele, ’me ke mohoo ofe oa lengeloi o ho Tšenolo 18:2 o loketseng? (b) Bohle ba batlang ho pholoha bofelo ba lefatše ba tlameha ho etsa joang?
16 Boemo bo soabisang ba boitšoaro ’musong oa lefatše oa bolumeli ba bohata le bona bo hatisa ’nete ea hore Babylona e Moholo o oele. Molimo o mo ahlotse ’me o mo tšoaetse timetso. Ka hona, mohoo o etsoang ka lentsoe le matla ke lengeloi ho Tšenolo 18:2 ke o loketseng hakaakang: “O oele, o oele, Babylona e Moholo! o fetohile moaho oa bademona, letsaba la meea eohle e litšila, le letsaba la linonyana tsohle tse sa hloekang, tse iloang!” ’Me ke habohlokoa hakaakang hore bohle ba batlang ho pholoha bofelo ba lefatše ba nke khato hona joale ea ho arabela mohoo o temaneng ea 4: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae”! Ho tloha bolumeling ba bohata ke bohato ba bohlokoa mabapi le ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a larileng ka pele. (Tšenolo 7:14) Empa ho hlokahala ho eketsehileng, joalokaha re tla bona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka la 1 Pulungoana, 1903, ka mor’a phehisano ea ho qetela letotong la liphehisano tse neng li tšoareloa Carnegie Hall, Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., pakeng tsa Charles T. Russell le Dr. E. L. Eaton, e mong oa baruti ba neng ba le teng o ile a lumela hore Moena Russell o hlōtse, ’me a re: “Ke thabela ho bona u shebisa lethopo liheleng ’me u tima mollo.”
[Lebokose le leqepheng la 8]
BOITŠOARO BA BARUTI
“Bana ba makholo-kholo ba hleka-hlekiloeng ka likamano tsa botona le botšehali ke baprista ba K’hatholike United States lilemong tse hlano tse fetileng ba hlokofalitsoe ke masisa-pelo a tšabehang a maikutlo, ho bolela batsoali, litsebi tsa kelello, liofisiri tsa mapolesa le babuelli ba molao ba amehang linyeoeng tseo.”—Akron Beacon Journal, January 3, 1988.
“Kereke ea Roma e K’hatholike United States e ile ea qobelloa ho lefa limillione tsa lidolara e le matšeliso ho malapa a bolelang hore bana ba ’ona ba hleka-hlekiloe ka likamano tsa botona le botšehali ke baprista. Ho sa tsotellehe hoo, bothata bo fetohile bo tebileng haholo hoo bo-ramolao ba bangata le batho ba entsoeng hampe ba bolelang hore kereke e iphapanyetsa linyeoe tse joalo e bile ea li pata.”—The Miami Herald, January 3, 1988.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Litsǒantšo tsa melimo e meraro ho o le mong—ho tsoa Egepeta ea hoholo-holo le ho Bokreste-’mōtoana
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Pokello ea Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Saint-Remi, Reims, foto e nkiloe ke J. Terrisse
Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale e Louvre, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bibele e tšoantša baeta-pele ba bolumeli ba itšoereng hampe le kolobe e hlatsoitsoeng e khutlelang ho ea ipitika seretseng