-
Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha SonaMolula-Qhooa—1989 | April 15
-
-
1. Seotsoa se seholo se entse bohlola le “marena a lefatše” joang, ’me see se felletse ka eng?
SOHLE seo re buisaneng ka sona se tebile ka ho lekaneng. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore Tšenolo 17:2 e boetse e bua ka bohlola ba seotsoa se seholo le “marena a lefatše.” Le hoja se qalile ho oa, e sa ntsane e le motsoalle e moholo oa lefatše, ’me se leka ho tsamaisa babusi ba lefatše hore se finyelle lipheo tsa sona. (Jakobo 4:4) Bootsoa bona ba moea, bo etsoang ka likamano tse litšila pakeng tsa Babylona e Moholo le babusi ba lipolotiki, bo felletse ka ho shoa pele ho nako ha batho ba mashome a limillione ba se nang molato! Ho bile hobe ho lekana hore e be seotsoa se seholo se ne se kenelletse mahlakoreng ka bobeli a loantšanang Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa ruri libe tsa sona mabapi le Ntoa ea II ea Lefatše “li se li kolohane ho ea fihla leholimong”! (Tšenolo 18:5) Ke hobane’ng ha re bolela joalo?
2. (a) Franz von Papen o ile a thusa Adolf Hitler ho ba ’musi oa Jeremane joang, ’me moeta-pele oa pele oa Jeremane o ile a hlalosa motho eo ea hlomphiloeng ke mopapa joang? (b) Selekaneng se neng se le pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican, ke lipoleloana life tse peli tse ileng tsa bolokoa e le lekunutu? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
2 Ho etsa mohlala o le mong, ke joang ’mampoli Adolf Hitler a ileng a fetoha moeta-pele—le mohatelli—oa Jeremane? E bile ka bolotsana ba lipolotiki ba motho ea hlomphiloeng ke mopapa eo moeta-pele oa pele oa Jeremane, Kurt von Schleicher, a mo hlalositseng e le “lehlaba-phio leo Judase Iskariota e leng mohalaleli ha a bapisoa le lona.” Enoa ke Franz von Papen, ea ileng a thaothela Mokha oa Lipolotiki oa K’hatholike le baeta-pele ba mesebetsi e meholo hore ba hanyetse bokomonisi ’me ba kopanye Jeremane tlas’a Hitler. E le karolo ea menyetla eo a e fumaneng ka bohlaba-phio, von Papen o ile a etsoa motlatsi oa moeta-pele oa naha. Hitler o ile a romela moifo o neng o etelletsoe pele ke von Papen Roma ho ea buella selekane se pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican. Mopapa Pius XI o ile a bolella baemeli ba Jeremane kamoo a thabileng kateng ke hore e be “joale ’Muso oa Jeremane o etelletsoe pele ke monna ea hanyetsang bokomonisi a sa sekisetse,” ’me ka la 20 Phupu, 1933, moketeng o moholo o neng o le Vatican, Mok’hadinale Pacelli (eo haufi-nyane a neng a tla fetoha Mopapa Pius XII) o ile a tekenela selekane seo.a
3. (a) Rahistori e mong o ile a ngola eng ka Selekane se neng se le pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican? (b) Nakong ea mekete e neng e le Vatican, Franz von Papen o ile a fuoa tlotla efe? (c) Franz von Papen o ile a phetha karolo efe ho haptjoeng ha Austria ke Manazi?
3 Rahistori e mong oa ngola: “Selekane [se entsoeng le Vatican] e ile ea e-ba tlhōlo e khōlō ho Hitler. Se ile sa mo fa tšehetso ea ho qala e bontšang kananelo eo a kileng a e fumana lefatšeng le ka thōko, ’me ena e ne e le e tsoang mohloling o phahameng ka ho fetisisa.” Nakong ea mekete e neng e tšoaretsoe Vatican, Pacelli o ile a fa von Papen khau e phahameng ea bopapa ea Sefapano se Seholo sa Lebotho la Pius.b Winston Churchill, bukeng ea hae The Gathering Storm, e hatisitsoeng ka 1948, o bolela kamoo von Papen a ileng a tsoela pele ho sebelisa “botumo ba hae e le Mok’hatholike e motle” ho fumana tšehetso ea kereke bakeng sa ho haptjoa ha Austria ke Manazi. Ka 1938, ho tlotlisa letsatsi la tsoalo ea Hitler, Mok’hadinale Innitzer o ile a laela hore likerekeng tsohle tsa Austria ho fokaele folaga ea Manazi, ho letsoe litšepe tsa ’ona, ’me ho rapelloe mohatelli oa Nazi.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Vatican e e-na le molato o tšabehang oa mali? (b) Babishopo ba K’hatholike ba Majeremane ba ile ba fa Hitler tšehetso e pepenene joang?
4 Ka hona Vatican e na le molato oa mali o tšabehang! E le karolo e etelletseng pele ea Babylona e Moholo, e ile ea thusa haholo ho hloesetsa Hitler litulong le ho mo fa tšehetso “ea kananelo.” Vatican e ile ea tsoela pele ho lumellana le lihlōhō tsa Hitler ka ho khutsa. Nakong ea lilemo tse telele tse leshome tsa tšoso ea Manazi, mopapa oa Roma o ile a khutsa ha masole a K’hatholike a makholo a likete a ntse a loana ’me a shoela khanya ea ’muso oa Manazi le ha ba bang ba limillione ba malimabe ba ntse ba bolaoa likamoreng tsa mesi a chefu tsa Hitler.
5 Babishopo ba K’hatholike ba Majeremane ba ne ba bile ba tšehetsa Hitler pepenene. Letsatsing leo ka lona Japane, eo e neng e le ’mate oa Jeremane nakong ea ntoa ka nako eo, e ileng ea hlasela ka sekhukhu Pearl Harbor, The New York Times e ne e e-na le tlaleho ena: “Seboka sa Babishopo ba K’hatholike ba Jeremane ba neng ba kopane Fulda se ile sa buella hore ho qaloe ‘thapelo ea ntoa’ e khethehileng e lokelang ho baloa qalong le qetellong ea litšebeletso tsohle tse halalelang. Thapelo eo e kōpa Tataiso ea Molimo ho hlohonolofatsa lihlomo tsa Jeremane ka tlhōlo ’me e sireletse bophelo ba masole ’ohle le hore a lule a phela hantle ’meleng. Babishopo ba ile ba boela ba laela baruti ba K’hatholike hore bonyane hang ka khoeli ba boloke le ho hopola ka tšebeletso e khethehileng ea Sontaha masole a Jeremane ‘a fatše, a leoatleng le a moeeng.’”
6. Lefatše le ka be le pholositsoe mahlomoleng afe a maholo le lihlōhōng life hoja ha hoa ka ha e-ba le bohlola ba moea pakeng tsa Vatican le Manazi?
6 Hoja ha hoa ka ha e-ba le ho ratana pakeng tsa Vatican le Manazi, lefatše le ne le ka ’na la bolokoa mahlomoleng a ho bolaoa ha masole le batho ba sa loaneng ba limillione tse mashome-shome ntoeng, le Bajode ba limillione tse tšeletseng ba bolailoeng ka baka la hore e ne e se Majeremane, le—habohlokoa ka ho fetisisa mahlong a Jehova—Lipaki tsa hae tse likete, batlotsuoa hammoho le “linku tse ling,” ba ileng ba feta har’a lihlōhō tse khōlō, le Lipaki tse ngata tse shoetseng likampong tsa mahloriso tsa Manazi.—Johanne 10:10, 16.
-
-
Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha SonaMolula-Qhooa—1989 | April 15
-
-
[Lebokose le leqepheng la 11]
HO KHUTSA HA MOPAPA
Bukeng ea hae Franz von Papen—His Life and Times, e hatisitsoeng ka 1939, H. W. Blood-Ryan o hlalosa ka ho qaqileng bolotsana boo ka bona motho eo ea hlomphiloeng ke mopapa a ileng a hloesetsa Hitler litulong ’me a buella selekane pakeng tsa Vatican le Manazi. Mabapi le lipolao tse tšabehang tsa batho ba sitoang ho itšireletsa, ba neng ba akarelletsa Bajode, Lipaki tsa Jehova, le ba bang, mongoli o re: “Ke hobane’ng ha Pacelli [Mopapa Pius XII] a ile a khutsa? Hobane morerong oa von Papen oa hore ho be le ’Muso o Halalelang oa Roma oa Majeremane a Bophirimela o ile a bona Kereke ea K’hatholike e matla ea ka moso, le Vatican a boetse tulong ea matla a nakoana . . . Pacelli eena eo joale o busa ka matla a bohatelli ba moea holim’a meea e limillione, empa ho ile ha tholoa nyele! ka likhoka le mahloriso a Hitler. . . . Ha ke ntse ke ngola mela ena, matsatsi a mararo a polao a se a fetile ’me ha ho thapelo e ileng ea hlaha Vatican bakeng sa meea ea bahlabani, bao ba ka holimo ho halofo ba bona e leng Mak’hatholike. Boikarabello e tla ba bo tšabehang ha banna bana, ba se ba amohiloe litšusumetso tsohle tsa bona tsa lefatšeng, ba ema ka pel’a Molimo oa bona, O tla batla hore ba ikarabelle. Boikemelo ba bona e ka ba bofe? Letho!”
-