Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 25. (a) Se tšetsoeng ka har’a ‘senoelo sa khauta se tletseng lintho tse nyonyehang’ se tšoantšetsa’ng? (b) Seotsoa sa tšoantšetso se tahiloe ka kutloisiso efe?

      25 Joale sheba hore na seotsoa se tšoere’ng letsohong. E tlameha ebe Johanne o ile a tšoha ha a se bona—senoelo sa khauta “se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae”! Senoelo sena se tšetse “veine ea bohale ba bohlola ba hae” eo se entseng hore lichaba tsohle li tahoe ke eona. (Tšenolo 14:8; 17:4) Se shebahala se le setle haholo ka ntle, empa se tšetsoeng ka har’a sona sea nyonyeha, ha sea hloeka. (Bapisa le Matheu 23:25, 26.) Se tšetse mekhoa eohle e litšila le mashano tseo seotsoa se seholo se li sebelisitseng ho eka lichaba le ho etsa hore li be tlas’a tšusumetso ea sona. Ho nyonyehang le ho feta ke hore Johanne oa bona hore seotsoa seo ka bosona se tahiloe, se tahiloe ke mali a bahlanka ba Molimo! Ha e le hantle, hamorao re bala hore “ho [sona] ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ke molato o moholo hakaakang oa mali!

      26. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Babylona e Moholo e molato oa mali?

      26 Ka makholo a lilemo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tšolotse mali a mangata hoo a ke keng a lekanngoa. Ka mohlala, Japane, mehleng e bohareng, litempele tse Kyoto li ile tsa fetoloa liqhobosheane, ’me bahlabani bao e neng e le baitlami ba banna, ba ile ba ipiletsa ho “lebitso le halalelang la Buddha,” eaba ba loantšana ho fihlela literata li le khubelu ke mali. Lekholong la bo20 la lilemo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsamaea ba macha le mabotho a linaha tsa habo bona ’me mabotho ana a ile a bolaeana, eaba bonyane ba limilione tse lekholo ba lahleheloa ke bophelo ba bona. Ka October 1987 Nixon, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, o ile a re: “Lekholo la bo20 la lilemo e bile le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa historing. Ho bolailoe batho ba bangata lintoeng tsa lekholo lena la lilemo ho feta lintoeng tsohle tse loannoeng pele lekholo lena la lilemo le qala.” Molimo o ahlola malumeli a lefatše haboima ka lebaka la ho kopanela ha ’ona ho sena sohle; Jehova o nyonya “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liproverbia 6:16, 17) Pejana, Johanne o ile a utloa mohoo o tsoang aletareng o reng: “’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?” (Tšenolo 6:10) Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše, e tla be e kene tloara! ha ho fihla nako ea ho arabela potso eo.

  • Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 1. (a) Johanne o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang, hona hobane’ng? (b) Sehlopha sa Johanne kajeno se etsa joang ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta?

      JOHANNE o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang? Eena ka boeena o arabela ka hore: “Joale, ha ke re heli! ’me ke mo bona ka makala ka makalo e khōlō.” (Tšenolo 17:6b) Monahano oa motho feela o ne o ke ke oa nahana pono e joalo. Empa, ke moo—hōle koana lefeelleng—letekatse le hlephileng boitšoarong le tsetsebane holim’a sebata se tšabehang se ’mala o sekareleta! (Tšenolo 17:3) Kajeno sehlopha sa Johanne le sona se makala ka makalo e khōlō ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta. Haeba batho ba lefatše ba ne ba ka se bona, ba ne ba ka re, ‘Mohlolo!’ ’me babusi ba lefatše ba ne ba tla re, ‘Ha re kholoe!’ Empa pono ena e phethahala ka tsela ea sebele e makatsang mehleng ea rōna. Batho ba Molimo ba se ba kopanetse ka mokhoa o hlokomelehang phethahatsong ea pono ena, ’me hona ho ba kholisa hore boprofeta bo tla tsoela pele ho fihlela tlhōrōng ea bona e hlollang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela