Babylona—Setsi sa Borapeli ba Bohata
“O OELE, Babylona o oele; litsǒantšo tsohle tsa melimo ea hae li bolaetsoe fatše.” Babylona eo Esaia a neng a profeta ka eona e ne e le motse oa mofuta ofe? Eo ke ntlha ea bohlokoa e tla re thusa ho utloisisa se boleloang ke Babylona e Moholo oa kajeno.—Esaia 21:9.
Babylona ea boholo-holo e ne e tsebisahala ka borapeli ba eona ba melimo le melimotsana ea bohetene. Bukeng ea hae Babylonian and Assyrian Religion, Moprofesa S. H. Hooke oa bolela: “Babylona e ne e le motse oo ho oona Marduk e neng e le molimo o phahameng har’a melimo e meng e neng e rapeloa moo. . . . Nakong ea Nebukadnezare II Babylona ho ne ho e-na le litempele tse fetang mashome a mahlano a metso a robeli tse etselitsoeng melimo e khethehileng, ho sa thoe letho ka litempele tse ling tse ngata tse neng li sa abjoa ka ho khetheha. Kahoo ho ka bonoa hore na boemo bo phahameng ba boprista bo tlameha bo ne bo nkile karolo e khōlō hakaakang bophelong ba [batho ba] motse oo o moholo.” Ho boleloa hore tempele ea Marduk e Babylona e ne e e-na le likamore tse ka thōko tse 55 tsa lithapelo. Litempele tse ngata, likereke, le likereke tsa babishopo ba baholo kajeno tse nang le likamore tse ka thōko tsa lithapelo tse etsetsoang melimo e tlaasana, bahalaleli, le liemahale tsa Moroetsana Maria li re hopotsa see hakaakang!
Babylona e ne e le setsi sa borapeli ba litsǒantšo bo tlotlisang melimo. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore baprista le ba tšepahalang “ba ne ba tloaetse ho fa litsǒantšo tsa bona tse halalelang tlhokomelo e fetelletseng, ba nka liemahale e le tse ba kopanyang le melimo. Liemahale li ne li apesoa lipurapera, li khabisoa ka lifaha, lipetja, le lireng; li ne li behoa libetheng tse mabotho-botho ’me li ne li ntšoa ka mokoloko o tsamaeang fatše kapa metsing, li kenngoa ka likariking le liketsoaneng tse khethehileng.”a Hoo ho tšoana hakaakang le borapeli bo nehoang melimo, bahalaleli, le liemahale tsa Moroetsana Maria ke Bohindu ba kajeno, Bobuddha, le Bok’hatholike, tseo ka ho tšoanang li tsamaisang litšoantšo tsa tsona ka mokoloko literateng le linōkeng le maoatleng!
E le mohlala o mong oa ho tšoana ha Babylona ea boholo-holo le bolumeli ba kajeno, nahana ka tlhaloso e latelang e nkiloeng bukeng e tšoanang ea boitsebiso: “Balumeli ba hae ba tšepahalang ba ’mitsa ka mabitso a monate ka ho fetisisa: Hase feela molimotsana le mofumahali empa hape ke ’mè ea mohau, eena ea mamelang lithapelo, le ’muelli . . . eena ea faneng ka bophelo bokahohleng le ho batho bohle.” Bapisa seo le thapelo e latelang e tsoang ho El Santo Rosario (Rosari e Halalelang): “Rea u leboha, Khosatsana e Phahameng, ka baka la melemo eo re e amohelang letsatsi le letsatsi letsohong la hao le molemo; e-ba mohau joalo, Mofumahali, hore re be ba hao hona joale le ka ho sa feleng tlas’a tšireletso le paballo ea hao.”
Ke mang eo tlhaloso ee le thapelo ee li lebisoang ho eena? Ba bangata ba ka ’na ba etsa qeto hang-hang, “Moroetsana Maria.” Karabelo eo ha e-ea nepahala ka ho felletseng. Thapelo e lebisoa ho Maria. Leha ho le joalo, joalokaha Las Grandes Religiones Illustradas e re bolella, mantsoe a qotsitsoeng pele a hlalosa Ishtar, “Mofumahali oa Lerato,” molimotsana oa Babylona oa kemolo, lerato, le ntoa. Ka linako tse ling o hlahisoa litšoantšong “e le ’mè ea anyesang ngoana oa hae oa moshemane.”b Ke mohlala o mong hape o bontšang kamoo bolumeli ba kajeno bo sa fapanang hakaalo le Babylona ea boholo-holo!
Re ka boetse ra bapisa lithuto tsa Babylona ea boholo-holo tsa moea oa motho le boraro-bo-bong ba melimo ea bona le lithuto tsa kajeno tse tšoanang tsa ho se shoe ha moea le boraro-bo-bong ba bolumeli ba kajeno. Bopaki bo tiisa kutloisiso ea rōna hore “Babylona e moholo” ke setšoantšo se nepahetseng sa ’muso oa lefatše oa Satane oa bolumeli ba bohata.
Babylona—Sera se Ikhohomosang sa Borapeli ba ’Nete
Babylona e ne e boetse e le sera se ikhohomosang sa batho ba boholo-holo ba Jehova, Iseraele, le mosomi oa bolumeli ba bona ba ’nete. Babylona e ile ea ripitla tempele ea Jerusalema ka 607 B.C.E., ea nka le lijana tsohle tsa bohlokoa tsa borapeli ba Jehova, ’me ea silafatsa lijana tsena moketeng oa Belshatsare.—Daniele 5:3, 4.
Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno Babylona e Moholo e ’nile ea e-ba mohanyetsi ea sa khathaleng oa borapeli ba ’nete. Liketsahalo tse ngata ka ho fetisisa tseo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa hlorisoa ho tsona, li ne li tšehelitsoe ke baruti, hangata ka lilekane tsa bona le babusi ba lipolotiki.
Mohlala o mong o hlakileng oa bohanyetsi bo hlohlellelitsoeng ke baruti ke oa morao koana ka 1917, ’me se tšoanang se ’nile sa phetoa ka makhetlo a mangata. Ka selemo seo Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, joalokaha Lipaki li ne li tsejoa joalo ka nako eo, li ile tsa hatisa buka The Finished Mystery. Baruti ba Canada le U.S. ba ile ba hlalosa maqephe a ’maloa a buka ena a le a reretsoeng ho khukhunela ’muso, e leng bao linaha tsa habo bona li neng li kenelletse Ntoeng ea I ea Lefatše. Ba ile ba potlakela ho bolella linyatsi tsa bona tsa bopolotiki ka khatiso ena. Phello? Ho latela Moprofesa Martin Marty, bukeng ea hae Modern American Religion—The Irony of It All: “Baruti ba ile ba hlanamela ma-Russell [Lipaki] ’me ba thabisoa ke ho utloa hore baeta-pele ba Lipaki tsa Jehova ba fumanoe ba le molato ’me ba ne ba tla ahloleloa lilemo tse mashome a mabeli [bakeng sa ho neng ho bitsoa borabele khahlanong le ’muso].”
Empa baruti ba ile ba itšoara joang likhoeling tse ’maloa hamorao ha baeta-pele bao ba lokolloa liqosong tseo? “Litho tsa likereke tsa molao ha lia ka tsa thabisoa ke hoo.” Ke Lipaki feela tse ileng tsa emela melao-motheo ea Bibele “ho isa ntlheng eo li ileng tsa e-ba khahlanong le ’muso o kopaneng ka baka la bolumeli ba tsona.” Le ka mohla Lipaki li ne li sa ikemisetsa ebile li ntse li sa ikemisetsa ho ba metsoalle e tšehetsang ka ho felletseng babusi ba bopolotiki, esita leha li ne li le tlas’a puso ea Bonazi Jeremane kapa tlas’a puso ea Bofasista Italy, Spain, le Portugal.
Babylona E-ea Nyatsoa ’me e Hlabisoa Lihlong
Ke ho loketseng hakaakang, ha Tšenolo e bolela hore Babylona e Moholo o “tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu” le hore ke ho eena “ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Ho ba molato oa mali ha bolumeli ba lefatše ka hore ka mafolo-folo bo kopanele kapa bo tšehetse ka mokhoa o sa tobang lintoa le ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete ho ka saloa morao ho theosa le makholo a lilemo.—Tšenolo 17:6; 18:24.
Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o ’nile a thabela menono le puso ho theosa le histori. Empa lengeloi le ile la lemosa Johanne hore letsatsi le leholo la seotsoa le ne le tla tla. Tlaleho e-ea re bolella: “La hoa ka lentsoe le phahameng, le phepa, la re: O oele, o oele, Babylona e moholo! o fetohile moaho oa bademona, letsaba la meea eohle a litšila, le letsaba la linonyana tsohle tse sa hloekang, tse iloang!”—Tšenolo 18:2.
Babylona o tla oa neng? Kapa o se a ntse a oele? O oa joang? ’Me seo se u ama joang? Lipotso tsena le tse ling tse amanang le tsona li tla arabeloa tokollong ea rōna e hlahlamang ea Molula-Qhooa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Las Grandes Religiones Ilustradas (Malumeli a Maholo aa Tšoantšetsoa): Asirio-Babilónica, Moqolo 20, Mateu-Rizzoli, Barcelona, Spain, 1963, leqephe 53.
b Moqolo 19, maqephe 19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Babylona e Moholo o simolohile bolumeling ba Babylona ea boholo-holo