Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Loanela ho ba Bahlōli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3. (a) Jesu o ile a khothatsa Bakreste ba Smyrna joang? (b) Le hoja Bakreste ba Smyrna ba ne ba futsanehile, ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ba ‘ruile’?

      3 “Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile—le nyefolo ea ba reng ke Bajuda, leha ho le joalo e se bona empa e le synagoge ea Satane.” (Tšenolo 2:9) Jesu ha a nyatse barab’abo ba Smyrna, o mpa a ba babatsa ka mofuthu feela. Ba sotliloe haholo ke ho tšoenngoa ka lebaka la tumelo ea bona. Nameng ba futsanehile, mohlomong ka lebaka la ho tšepahala ha bona. (Baheberu 10:34) Leha ho le joalo, ba amehile haholo ka lintho tsa moea, ’me ba bokeletse matlotlo leholimong, joalokaha Jesu a elelitse. (Matheu 6:19, 20) Kahoo, Molisa ea ka Sehloohong o nka hore ba ‘ruile.’—Bapisa le Jakobo 2:5.

      4. Bakreste ba Smyrna ba ile ba hanyetsoa haholo ke bo-mang, ’me Jesu o ile a talima bahanyetsi bao joang?

      4 Ka ho khetheha Jesu o hlokomela hore Bakreste ba Smyrna ba mameletse ha ba hanyetsoa haholo ke Bajuda ba tlhaho. Matsatsing a pejana, ba bangata bolumeling bona ba ile ba hanyetsa ho ata ha Bokreste ka matla. (Liketso 13:44, 45; 14:19) Joale, lilemo tse mashome a seng makae feela ka mor’a hore Jerusalema e oe, Bajuda bao ba Smyrna ba bontša moea o tšoanang oa bosatane. Hase feela Jesu a ba talimang e le “synagoge ea Satane”!a

  • Ho Loanela ho ba Bahlōli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • a Lilemo tse ka bang 60 hoba Johanne a shoe, Polycarp ea lilemo li 86 o ile a chesoa ho fihlela a e-shoa Smyrna hobane a ne a ke ke a latola hore o lumela ho Jesu. The Martyrdom of Polycarp, e leng buka eo ho lumeloang hore ke ea mehleng ea ketsahalo ena, e bolela hore ha ho ne ho roalloa patsi a tl’o chesoa, “Bajuda ba ne ba cheseha ka ho feteletseng, joalokaha e le tloaelo ea bona, ho thusa ho sena”—le hoja a ne a bolaoa ka “letsatsi le leholo la Sabatha.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela