Tokoloho ea Bolumeli e Tšehelitsoe Japane
KA LILEMO tse ngata Japane, liithuti tse nyenyane tseo e leng Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tobana le pharela: Hore na li lokela ho latela matsoalo a tsona a koetlisitsoeng ka Bibele, kapa li lokela ho latela lenaneo la thuto la sekolo le kena-kenanang le matsoalo a tsona. Ke hobane’ng ha e ne e le pharela? Hobane koetliso ea ho itšireletsa ntle ho libetsa ke karolo ea thupelo ea thuto ea boikoetliso ba ’mele likolong tsa tsona. Lipaki tse nyenyane li ’nile tsa ikutloa hore likoetliso tse joalo ha li lumellane le melao-motheo ea Bibele, joaloka o fumanehang ho Esaia khaolo ea 2, temana ea 4. Eona e baleha tjena: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”
Li sa batle ho ithuta tsebo e hlomellang ntoa, e akarelletsang ho ntša motho e mong kotsi, Lipaki tse nyenyane tsa Bakreste li ile tsa hlalosetsa matichere a tsona hore ho latela matsoalo a tsona, li ke ke tsa kopanela mekhoeng ea ho itšireletsa ntle ho libetsa. Ka mor’a hore a susumelletse liithuti tsena hore li amohele lenaneo leo la thuto la sekolo, qetellong matichere a mangata a utloisisang a ile a lumela ho hlompha matsoalo a liithuti ’me a fana ka mesebetsi e meng e fapaneng.
Leha ho le joalo, matichere a mang e bile a nkoang ke pelo, ’me likolo tse ling li hanne ho neha Lipaki tse nyenyane mangolo a thuto ea boikoetliso ba ’mele. Ka 1993, bonyane Lipaki tse robong li ile tsa haneloa ho fetela pele sekolong ’me li ile tsa qobelloa ho tlohela sekolo kapa tsa lelekoa ka lebaka la ho se kopanele ha tsona mokhoeng oa ho itšireletsa ntle ho libetsa.
Ka ho hlakileng, e ne e le nako ea hore ho emeloe tokelo ea Bakreste ba banyenyane ea hore ba fumane thuto ntle le ho sekisetsa matsoalo a bona. Liithuti tse hlano tse ileng tsa haneloa ho fetela sehlopheng sa bobeli Kobe Municipal Industrial Technical College (ka bokhutšoanyane e bitsoa Kobe Tech), li ile tsa etsa qeto ea ho nka khato ea molao.
Ho ne ho Tsekoa Eng?
Selemo, ka 1990, ha liithuti tseo tse hlano li ngolisa Kobe Tech, li ile tsa hlalosetsa matichere hore li ke ke tsa kopanela koetlisong ea kendo (papali ea sabole ea Majapane), ka lebaka la pono eo li nang le eona e thehiloeng Bibeleng. Lefapha la thuto ea boikoetliso ba ’mele le ile la hanyetsa ka matla ’me la hana ho li lokisetsa mekhoa e meng e fapaneng e le hore li ka fumana lengolo la thuto ea boikoetliso ba ’mele. Qetellong, liithuti tseo li ile tsa hlōleha ho pasa tlelaseng ea thuto ea boikoetliso ba ’mele ’me ka lebaka leo, tsa lokela ho pheta sehlopha sa pele (selemo sa pele sa thupelo kolecheng). Ka April 1991, li ile tsa hlahlela nyeoe Lekhotleng la Sebaka la Kobe, li bolela hore bohato bo nkiloeng ke sekolo bo bile khahlanong le tiiso ea molao-motheo ea tokoloho ea bolumeli.a
Sekolo se ile sa bolela hore ho lokisetsa mesebetsi e fapaneng ho ne ho tla lekana le ho bontša ho rata bolumeli bo itseng haholoanyane ’me ka hona, ho ne ho tla tlōla meeli ea ho se nke lehlakore ha thuto ea sechaba. Ntle le moo, ba ile ba bolela hore ha ba na lisebelisoa kapa bona bakoetlisi bakeng sa ho lokisetsa lenaneo le fapaneng la thuto ea boikoetliso ba ’mele.
Qeto ea Lekhotla la Sebaka e Susumetsa ba Tsebang Taba
Nakong eo nyeoe e sa ntsaneng e mametsoe ke lekhotla, liithuti tse peli ho tse hlano li ile tsa boela tsa hlōleha ho finyella limaraka tse hlokoang bakeng sa thuto ea boikoetliso ba ’mele, ha tse ling tse tharo li ile tsa atleha ka thata ’me tsa khona ho fetela sehlopheng se hlahlamang. Melao ea sekolo e ne e bolela hore liithuti tseo mosebetsi oa tsona oa sekolo o leng tlaase ’me li pheta sehlopha se le seng ka lilemo tse peli tse latellanang li ka lelekoa. Ka lebaka leo, se seng ho liithuti tsena tse peli se ile sa etsa qeto ea ho tlohela sekolo pele se lelekoa, empa se seng, Kunihito Kobayashi, se ile sa hana ho tlohela. Ka hona, se ile sa lelekoa. Ka ho thahasellisang, karolelano ea limaraka tsa Kunihito lithutong tsohle, ho akarelletsa le thuto ea boikoetliso ba ’mele e neng e mo hlōtse ka ho fumana lintlha tse 48 ho eona, e ne e le lintlha tse 90,2 ho tse 100. E ne e le eena ea ka holimo-limo sehlopheng sa hae sa liithuti tse 42.
Ka la 22 February, 1993, Lekhotla la Sebaka la Kobe le ile la ahlola ka ho emela Kobe Tech ’me la re: “Khato e nkiloeng ke sekolo ha ea tlōla molao-motheo,” le hoja le ile la hlokomela hore “hase ho ka latoloang hore ka tsela e itseng, tokoloho ea bolumeli ea baqosi e batla e thibetsoe ke tlhokahalo ea sekolo ea hore ba kopanele koetlisong ea kendo.”
Joaloka moapostola Pauluse lekholong la pele la lilemo, baqosi ba ile ba etsa qeto ea ho ipiletsa ho balaoli ba phahameng ba molao. (Liketso 25:11, 12) Taba e ile ea ea Lekhotleng le Phahameng la Osaka.
Boikemisetso bo se Nang Boithati ba Baqosi
Setsebi se tsebahalang, Moprofesa Tetsuo Shimomura oa Univesithi ea Tsukuba, o ile a lumela ho fana ka bopaki joaloka paki ea setsebi Lekhotleng le Phahameng la Osaka. E le setsebi sa thuto le sa molao, o ile a hatella kamoo khato ea sekolo e bileng e sa nahaneleng kateng tšebelisanong le liithuti. Kunihito Kobayashi o ile a hlahisa maikutlo a hae ka lekhotleng, ’me boikemisetso ba hae bo hlokang boikaketsi bo ile ba ama lipelo tsa ba neng ba le ka lekhotleng. Ho feta moo, ka la 22 February, 1994, ha e ne e phatlalatsa hore khato ea sekolo e kena-kenane le tokoloho ea borapeli ea Kunihito le tokelo ea hae ea ho fumana thuto, Kobe Bar Association e ile ea eletsa hore sekolo se mo khutlisetse.
Ha nako ea hore ho fanoe ka qeto Lekhotleng le Phahameng la Osaka e atamela, Bakreste bohle ba banyenyane ba neng ba ameha ba ne ba laba-labela ho ba karolo ea ntoa eo ho fihlela qetellong. Ba ne ba ikutloa hore ba loana ntoa ea molao molemong oa Lipaki tse nyenyane tse likete tse tobaneng le bothata bo tšoanang likolong ho pholletsa le Japane. Empa kaha ba ne ba sa lelekoa sekolong, ho ne ho ka etsahala hore lekhotla le qhelele qoso ea bona ka thōko. Hape ba ile ba bona hore haeba ba ne ba hula boipiletso ba bona, ho se be le kahlolo e molemo ha sekolo seo ka ho leleka Kunihito ho ne ho tla ba pooaneng. Kahoo, liithuti tsohle ntle le Kunihito li ile tsa etsa qeto ea ho tlohela qoso eo.
Ka la 22 December, 1994, Moahloli e Moholo Reisuke Shimada oa Lekhotla le Phahameng la Osaka o ile a bolela qeto e neng e fapane le qeto ea Lekhotla la Sebaka la Kobe. Lekhotla le ile la fumana hore lebaka la Kunihito la ho hana koetliso ea kendo e ne e le le tšepahalang le hore tšitiso e ile ea e-ba khōlō ho eena ka lebaka la khato ea hae e thehiloeng tumelong ea hae ea bolumeli. Moahloli e Moholo, Shimada, o ile a re sekolo se ne se tšoanetse hore ebe se ile sa lokisetsa mesebetsi e fapaneng. Qeto ena e molemo e ile ea ama lipelo tsa ba neng ba amehile ka litokelo tsa botho. Leha ho le joalo, sekolo se ile sa etsa boipiletso Lekhotleng le ka Holimo-limo la Japane, sa thibela Kunihito thuto ka nako e fetang selemo hape.
Lekhotleng le ka Holimo-limo
Hamorao, sehlooho sa bahlophisi koranteng ea Kobe Shimbun se ile sa bolela: “Lekhotla la Sekolo la Motse oa Kobe hammoho le sekolo li ka be li ile tsa hla tsa amohela Monghali Kobayashi sekolong hape ka nako eo [ka mor’a qeto ea Lekhotla le Phahameng la Osaka]. . . . Boikutlo ba tsona bo memang likhathatso tse sa hlokahaleng bo amohile seithuti nako ea sona ea bohlokoa bocheng ba sona.” Ho ntse ho le joalo, Kobe Tech e ile ea ema e tiile tabeng ena. Ka lebaka leo, e ile ea fetoha sehlooho se hlahang hohle litlalehong tsa litaba. Matichere le balaoli ba likolo ho pholletsa le naha ba ne ba talimile ka hloko se tla etsahala, ’me qeto e tsoang lekhotleng le phahameng ka ho fetisisa naheng eo e ne e tla ema joaloka mohlala o matla oa molao bakeng sa linyeoe tse tšoanang le tseo nakong e tlang.
Ka la 17 January, 1995, hoo e ka bang beke ka mor’a hore sekolo se etse boipiletso Lekhotleng le ka Holimo-limo, tšisinyeho ea lefatše Kobe e ile ea hlasela Motse oa Ashiya, moo Kunihito le lelapa labo ba neng ba lula teng. Ha hora ea bohlano e batla e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng ha letsatsi leo, metsotsoana pele tšisinyeho e hlasela sebaka seo, Kunihito o ile a tloha lapeng ho ea mosebetsing oa hae oa nakoana. O ne a soaela baesekele ’mileng o fetang ka tlaase ho tsela e bitsoang Hanshin Expressway, ’me ha tšisinyeho e hlasela, e ne e le nakong eo a atamelang karolo e ileng ea burama. Ka potlako o ile a khutlela hae ’me a fumana hore mokato o ka tlaase oa ntlo eabo o soahlamane ka ho feletseng. Kunihito o ile a bona hore o batlile a lahleheloa habonolo ke bophelo ba hae tšisinyehong eo ’me o ile a leboha Jehova ka ho mo pholosa. Haeba a ne a ile a shoa, ho ne ho ka etsahala hore nyeoe eo ea kendo e felle ntle le qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo.
Lekhotla le ka Holimo-limo la Japane hangata le hlahloba boipiletso bo ngotsoeng feela, ’me le ahlole hore na liqeto tsa lekhotla le tlaasana li ne li nepahetse kapa che. Ntle le haeba ho e-na le lebaka la bohlokoa la hore le fetole qeto ea lekhotla le tlaasana, nyeoe ha e lule. Lekhotla ha le tsebise lihlopha tse amehang hore na qeto e tla boleloa neng. Kahoo, Kunihito o ile a makala ha hoseng ha la 8 March, 1996, a bolelloa hore qeto e tla fanoa hoseng hona hoo. Ho thabeng le ho khotsofaleng ha hae, o ile a tseba hore Lekhotla le ka Holimo-limo le khomaretse qeto e neng e entsoe ke Lekhotla le Phahameng la Osaka.
Baahloli ba bane, bao ho bona Moahloli Shinichi Kawai a neng a okamela, ba ile ba etsa qeto e lumellanang ea hore “mehato e nkiloeng ke sekolo e lokela ho talingoa e le e fosahetseng ka tsela e feteletseng ponong ea melao-motheo e amohelehang ka tloaelo sechabeng, e khelohile karolong e mabapi le tokelo ea ho ikhethela, ’me ka hona, ha e lumelloe ke molao.” Lekhotla le ile la hlokomela botšepehi ba Kunihito ba ho hana ho ikoetlisetsa kendo ’me la re: “Lebaka la eo boipiletso bo entsoeng ka lebaka la hae la ho hana ho kopanela koetlisong ea kendo e ne e le le tiileng ’me le amana haufi-ufi le motheo oa tumelo ea hae.” Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la liha kahlolo e reng sekolo se ne se tšoanetse ’me se tšoanela ho lokisetsa mekhoa e fapaneng e le hore tumelo ea bolumeli ba eo boipiletso bo entsoeng ka lebaka la hae e ka hlomphuoa.
Phello e Pharaletseng
Ntle ho pelaelo, qeto ena e tla fana ka mohlala o motle o emelang tokoloho ea bolumeli likolong. The Japan Times e itse: “Kahlolo ena ke ea pele e entsoeng ke Lekhotla le ka Holimo-limo mabapi le thuto le tokoloho ea bolumeli.” Leha ho le joalo, qeto ena ha e tlose boikarabelo ba seithuti ka seng se senyenyane ba ho ikemela ho latela letsoalo la sona ha se tobane le liteko tsa tumelo.
Moprofesa Masayuki Uchino oa Univesithi ea Tsukuba o ile a hlalosa hore le leng la mabaka a ileng a susumelletsa baahloli ho neha Kunihito tlhōlo e bile hore e ne e le “seithuti se tšepahalang seo mosebetsi oa sona oa sekolo o neng o ikhetha.” Bibele e fana ka keletso ena ho Bakreste ba talimaneng le teko ea tumelo ea bona: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li buang khahlanong le lōna joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” (1 Petrose 2:12) Bakreste ba tšepahalang ba banyenyane ba ka bontša hore boemo ba bona ba Bibele bo tšoaneloa ke tlhompho ea batho ba bang ka ho phela bophelo bohle ba bona ho ea ka litekanyetso tsa Bibele.
Ka mor’a qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo, Kunihito Kobayashi o ile a amoheloa hape Kobe Tech. Boholo ba liithuti tse ileng tsa kena sekolo le Kunihito li ne li qetile. Hona joale Kunihito o ithuta le liithuti tse nyenyane ho eena ka lilemo tse hlano. Mahlong a batho ba bangata ba lefatše, lilemo tsa bohlokoa tse hlano tsa bocha ba hae ho bonahala li senyehile feela. Leha ho le joalo, botšepehi ba Kunihito ke ba bohlokoa mahlong a Jehova Molimo, ’me ka sebele boitelo ba hae hase ba lefeela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso, ka kōpo bona leqephe la 10 ho ea ho la 14 tokollong ea Awake! ea October 8, 1995, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Ho le letšehali: Ntlo eabo Kunihito ka mor’a tšisinyeho ea lefatše
Tlaase: Kunihito kajeno