Lekhotla le Phahameng la Europe le Tšehetsa Tokelo ea ho Bolela Greece
KE HOBANE’NG ha monna ea neng a rorisoa ke baahelani ba hae a ile a tšoaroa ka makhetlo a fetang 60 ho tloha ka 1938? Ke hobane’ng ha ralebenkele enoa ea tšepahalang oa sehleke-hlekeng sa Greece se bitsoang Crete a ile a tlisoa ka pel’a makhotla a Greece ka makhetlo a 18 le ho sebeletsa teronkong ka lilemo tse ka holimo ho tse tšeletseng? E, ke hobane’ng ha monna enoa oa lelapa ea mahlaha-hlaha, Minos Kokkinakis a ile a tlosoa ho mosali oa hae le bana ba bahlano ’me a isoa kholehong lihleke-hlekeng tse fapa-fapaneng tsa kahlolo?
Se ikarabellang haholo-holo ke melao e ’nileng ea fetisoa ka 1938 le 1939 e thibelang hore batho ba sokolloe. Melao ena e ile ea hlongoa ke ’musi oa mohatelli oa Legerike Ioannis Metaxas, ea neng a susumetsoa ke Kereke ea Greece ea Orthodox hore a etse sena.
Ka lebaka la melao ena, ho tloha ka 1938 ho ea ho 1992, Lipaki tsa Jehova tse 19 147 li ile tsa tšoaroa, ’me makhotla a ile a liha likahlolo tse etsang kakaretso ea lilemo tse 753, tseo tse 593 tsa tsona li hlileng tsa sebeletsoa. Sena sohle se ile sa etsoa hobane Lipaki tsa Greece, joaloka libakeng tse ling, li latela litaelo tsa Jesu Kreste tsa hore li ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . li ba rute ho boloka lintho tsohle’ tseo li li laetsoeng.—Mattheu 28:19, 20, NW.
Empa ka May 25, 1993, tlhōlo e khōlō e ileng ea tlisa tokoloho ea borapeli e ile ea fumanoa! Ka letsatsi leo Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho la Strasbourg, Fora, le ile la tšehetsa tokelo ea moahi oa Greece ea ho ruta ba bang seo a se lumelang. Ka ho etsa qeto eo, lekhotla lena la Europe le phahameng, ka ho pharaletseng le ile la sireletsa tokoloho ea bolumeli e neng e ka ’na ea e-ba le phello e tebileng bophelong ba batho bohle.
A re ke re shebeleng liketsahalo tsena haufi, ho akareletsa ho hobosoa hoo moahi a le mong oa Greece a ileng a feta ho hona, ho ileng ha lebisa qetong ena ea bohlokoahali ea lekhotla.
Semelo sa Qalong
Ka 1938 moahi enoa, Minos Kokkinakis, e bile Paki ea Jehova ea pele e ileng ea fumanoa e le molato molaong oa Greece o etsang hore ho sokolla batho e be tlōlo ea molao. Ka ntle le nyeoe, o ile a romeloa kholehong ka likhoeli tse 13 sehleke-hlekeng sa Aegean sa Amorgos. Ka 1939 o ile a ahloloa habeli ’me a kena teronkong ka likhoeli tse peli le halofo lekhetlong ka leng.
Ka 1940, Kokkinakis o ile a isoa kholehong sehleke-hlekeng sa Melos ka likhoeli tse tšeletseng. Selemong se latelang, nakong ea ntoa ea II ea Lefatše, o ile a kenngoa teronkong ea sesole Athens ka likhoeli tse fetang 18. Ha a hopola nako eo o re:
“Khaello ea lijo teronkong e ile ea mpefala ho ea pele. Re ile ra fokola haholo hoo re neng re sitoa le ho tsamaea. Haeba e ne e se ka Lipaki tsa motseng oa Athens le oa Piraeus tse ileng tsa re fa lijo tseo li neng li li fumanetse thateng, re ka be re ile ra shoa.” Hamorao, ka 1947, o ile a boela a ahloloa ’me a qeta likhoeli tse ling tse ’nè le halofo teronkong.
Ka 1949, Minos Kokkinakis o ile a isoa kholehong sehleke-hlekeng sa Makrónisos, lebitso le tlisang litšoantšo tse tšosang likelellong tsa Magerike ka lebaka la seo teronko eo e neng e le sona. Har’a batšoaruoa ba 14 000 ba neng ba hlahletsoe teronkong ea Makrónisos, ba ka bang 40 e ne e le Lipaki. Buka ea boitsebiso ea Segerike, Papyros Larousse Britannica ea hlokomela: “Mekhoa ea ho hlokofatsoa ka sehlōhō, . . . maemo a bophelo a sa amoheleheng bakeng sa sechaba se tsoetseng pele, le boitšoaro ba balebeli ba ho nyenyefatsa batšoaruoa . . . ke nyeliso historing ea Greece.”
Kokkinakis, ea ileng a qeta selemo a le teronkong ea Makrónisos, o hlalosa maemo: “Masole, joaloka litho tsa Lekhotla la Roma e K’hatholike le Otlang Bakhelohi, a ne a phenya-phenya motšoaruoa ka mong ka lipotso ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane. Ba ile ba hlokofatsoa ka tsela e ke keng ea hlalosoa. Batšoaruoa ba bangata ba ile ba kula kelellong; ba bang ba ile ba bolaoa; boholo bo ile ba sala bo holofetse ’meleng. Ha re ne re utloa liboko le poboli ea ba neng ba hlokofatsoa masiung ao a mahlonoko re ne re ee re rapele re le sehlopha.”
Ka mor’a ho phonyoha maqakabetsing Makrónisos, Kokkinakis o ile a tšoaroa ka makhetlo a mang a tšeletseng lilemong tsa bo-1950 ’me a qeta likhoeli tse leshome teronkong. Ka bo-1960 o ile a tšoaroa ka makhetlo a eketsehileng a mane ’me o ile a ahloleloa likhoeli tse robeli teronkong. Empa hopola, Minos Kokkinakis ke a le mong feela har’a Lipaki tsa Jehova tse makholo tseo ka lilemo li ileng tsa tšoaroa le ho kenngoa teronkong ka lebaka la ho bua le ba bang ka tumelo ea bona!
Ho ile ha tla joang hore ho hloka toka ho tšabehang ho neng ho etsoa khahlanong le Lipaki tsa Jehova tsa Greece ho qetelle ho tlile ka pel’a Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho?
Nyeoe ea Teko
Nyeoe e ile ea qala ka March 2, 1986. Ka letsatsi leo Minos Kokkinakis, eo ka nako eo e neng e le mohoebi ea lilemo li 77 ’me a se a phomolitsoe mosebetsing, le mosali oa hae ba ile ba etela lelapeng la Mofumahali Georgia Kyriakaki, Sitia, Crete. Monna oa Mofumahali Kyriakaki, eo e neng e le motsamaisi oa sehlopha sa libini tsa kereke ea Orthodox ea sebaka seo, o ile a tsebisa mapolesa. Mapolesa a ile a tla ’me a tšoara Monghali le Mofumahali Kokkinakis, bao joale ba ileng ba isoa setsing sa sepolesa sa sebaka seo. Ba ile ba lokela ho qeta bosiu ba le moo.
Ba ne ba qosoa ka’ng? Ka qoso e tšoanang le e ’nileng ea etsoa khahlanong le Lipaki tsa Jehova ka makhetlo a likete-kete nakong ea lilemo tse 50 pele ho moo, e leng, hore ba ne ba sokolla batho. Molao oa Motheo oa Greece (1975), Molao oa nomoro 13, o re: “Ho sokolla batho ho thibetsoe.” Hlokomela hape le molao oa Greece, karolo ea 4, linomorong 1363/1938 le 1672/1939, e leng o etsang hore ho sokolla batho e be tlōlo ea molao. O re:
“Ka ‘ho sokolla batho’ ka ho khetheha ho boleloa boiteko leha e le bofe bo tobileng kapa bo sa tobang ba ho itšunya-tšunya ho seo motho eo eseng setho sa bolumeli ba hao a se lumelang bolumeling ba hae . . . , ka sepheo sa ho fokolisa seo a se lumelang, ebang ke ka tsela ea ho qekisa kapa tšepiso ea ho qekisa kapa ho ba mosa kapa ka thuso ea lintho tse bonahalang, kapa ka tsela ea bomene-mene kapa ho nka monyetla ka ho hloka phihlelo, tšepo, le ho ba le tlhoko e itseng ha hae, ho ba le bohlale bo fokolang kapa ho haelloa ke tsebo.”
Lekhotla la Tlōlo ea Molao la Lasithi, Crete, le ile la mamela nyeoe eo ka March 20, 1986, ’me la fumana Monghali le Mofumahali Kokkinakis ba le molato oa ho sokolla batho. Ka bobeli ba ile ba ahloleloa ho kena teronkong ka likhoeli tse ’nè. Ha le fumana banyalani bao ba le molato, lekhotla le ile la bolela hore baqosuoa ba ile ba itšunya-tšunya “ho seo Bakreste ba Orthodox ba se lumelang bolumeling ba bona . . . ka ho nka monyetla ka ho hloka phihlelo ha bona, bohlale bo fokolang le ho haelloa ke tsebo ha bona.” Baqosuoa ba ile ba qosoa hape ka ho “khothaletsa [Mofumahali Kyriakaki] ka litlhaloso tse bohlale le tse bontšang tsebo . . . e le ho mo fetola ho seo a se lumelang joaloka Mokreste oa Orthodox.”
Ho ile ha etsoa boipiletso Lekhotleng la Crete la Boipiletso mabapi le qeto eo. Ka March 17, 1987, lekhotla lena la Crete le ile la lokolla Mofumahali Kokkinakis e le ea se nang molato empa la tiisa hore monna oa hae o molato, le hoja le ile la fokotsa nako ea ho ba teronkong ha hae hore e be likhoeli tse tharo. Qeto ea lekhotla e ile ea e-ba hore Monghali Kokkinakis o ile a nka “monyetla ka ho hloka phihlelo ha [Mofumahali Kyriakaki] bohlale ba hae bo fokolang le ho haelloa ke tsebo ha hae.” E ile ea bontša hore o ile a “qala ho bala likaroloana tse itseng ka Mangolong a Halalelang, tseo a ileng a li hlalosa ka mokhoa o bohlale hoo mosali oa Mokreste, ea haelloang ke thuto ea motheo ea bolumeli a neng a ke ke a mo hanyetsa.”
Ka khopolo e sa lumellaneng le eo, e mong oa baahloli ba boipiletso o ile a ngola hore Monghali Kokkinakis “le eena o ne a lokela ho lokolloa molatong, kaha ho se bopaki bo bontšang hore Georgia Kyriakaki . . . o ne a se na phihlelo haholo-holo thutong ea Bokreste ea Orthodox, hobane ka ho khethehileng o ne a nyetsoe ke motsamaisi oa sehlopha sa libini tsa kereke, ka ho khethehileng o ne a na le bohlale bo fololang kapa o ne a hloka tsebo, hoo moqosuoa a neng a ka khona ho nka monyetla ka hona ’me . . . [kahoo] a mo susumeletsa ho ba setho sa sehlopha sa bokhelohi sa Lipaki tsa Jehova.”
Monghali Kokkinakis o ile a ipiletsa Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa la Boipiletso la Greece, e leng Lekhotla le ka Holimo-limo la Greece. Empa lekhotla leo le ile la qhala boipiletso boo ka April 22, 1988. Kahoo ka August 22, 1988, Monghali Kokkinakis a etsa kōpo Komising ea Europe ea Litokelo tsa Botho. Kōpo ea hae e ile ea qetella e amohetsoe ka February 21, 1992, ’me ea lumeloa Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho.
Lintlha tsa Nyeoe
Kaha Greece ke naha eo e leng setho sa Lekhotla la Europe, e tlameha ho sebetsa litaba tumellanong le Melao ea Seboka sa Europe sa Litokelo tsa Botho. Molao oa nomoro 9 oa Mokhatlo ona o baleha tjena: “Motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le tokoloho ea monahano, letsoalo le bolumeli; tokelo ena e akareletsa tokoloho ea ho fetola bolumeli ba hae kapa seo a se lumelang le bolokolohi, ebang o mong kapa o kopane le ba bang phatlalatsa kapa sephiring, ba ho bonahatsa bolumeli ba hae kapa seo a se lumelang, borapeling le thutong, ka ho se sebelisa le ka ho se boloka.”
Kahoo ’muso oa Greece e ile ea e-ba moqosuoa ka lekhotleng la Europe. O ne o qosoa ka ho kena-kenana phatlalatsa le litokelo tsa motheo tsa botho tsa moahi oa Greece tsa ho sebelisa bolumeli tumellanong le taelo ea Jesu Kreste, e leng, ‘ho ruta le ho etsa barutuoa.’ (Mattheu 28:19, 20) Ho feta moo, moapostola Petrose o itse: “[Jesu] o re laetse ho bolella batho le ho fana ka bopaki bo feletseng.”—Liketso 10:42, NW.
Tokollo e khethehileng ea 1992 ea makasine Human Rights Without Frontiers e ne e e-na le sehlooho sena sekoahelong sa eona: “Greece—Ho Kena-kenana ha Eona le Litokelo tsa Botho ha ka Boomo.” Makasine oo o ile oa hlalosa leqepheng la 2: “Greece ke eona feela linaheng tsa EC [European Community] le Europe e entseng melao e fanang ka likahlolo tsa litefiso le tsa ho kena teronkong ho mang kapa mang ea ka susumeletsang motho e mong hore a fetole bolumeli ba hae.”
Kahoo nakong ena ho ile ha e-ba le thabo e khōlō le tebello. Ho ne ho tla etsoa qeto efe mabapi le molao oa Greece o thibelang hore motho a ka ruta ba bang seo a se lumelang?
Ho Mamela Nyeoe Strasbourg
Qetellong letsatsi la ho mamela nyeoe le ile la fihla—November 25, 1992. Maru a ne a thibile Strasbourg, ’me mohatsela e ne e le o fetisisang, empa ka hare ho Lekhotla babuelli ba molao ba ne ba nehelana litseko tsa bona ka cheseho e khōlō. Ho ile ha fanoa ka bopaki ka lihora tse peli. ’Muelli oa molao oa Kokkinakis, Moprofesa Phedon Vegleris, o ile a fihla khubung ea tseko ka ho botsa: ‘Na molao ona oa thibelo o etselitsoeng ho sireletsa litho tsa Kereke ea Greece ea Orthodox hore li se sokolleloe litumelong tse ling tsa bolumeli o lokela ho tsoela pele o le teng le ho sebelisoa?’
A hlile a bontša hore ka sebele taba ena ea mo tsielehisa, Moprofesa Vegleris o ile a botsa: “Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha molao ona o [thibelang ho sokolla batho] o beha boorthodox sehlopheng se tšoanang le lithoto le ba se nang tsebo. Ka mehla ke ’nile ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha boorthodox bo ne bo tla hloka hore bo sireletsoe bothotong, ho se tšoanelehe moeeng . . . Ena ke ntho e mpherekanyang le e ’nyarosang.” Ho totobetse hore moemeli oa ’muso o ile a sitoa ho fana ka mohlala oa boemo le bo bong boo ho bona molao ona o kileng oa sebelisoa ho motho e mong ka ntle ho Lipaki tsa Jehova.
’Muelli oa bobeli oa Kokkinakis, Monghali Panagiotis Bitsaxis, o ile a bontša kamoo molao o thibelang ho sokolla batho e leng o hlokang kelello. O ile a re: “Ho amohela ho susumetsana ke ho lokisetsa boemo bo lakatsehang bakeng sa ho fapanyetsana maikutlo lipakeng tsa batho ba baholo. Ho seng joalo, re ne re tla ba karolo ea mokhatlo oa batho ba makatsang ba tšoanang le liphooofolo tse sa bueng, ba neng ba tla nahana empa ba sa itlhalose, ba neng ba tla bua empa ba se ke ba buisana, ba neng ba tla ba teng empa ba sitoe ho phela ka khotso le ba bang.”
Hape Monghali Bitsaxis o ile a bontša hore “Monghali Kokkinakis haa ka a ahloleloa ‘seo a se entseng’ empa e bile [bakeng] sa ‘seo a leng sona.’” Ka hona, Monghali Bitsaxis o ile a bontša hore hase feela hore melao-motheo ea tokoloho ea bolumeli e tlōtsoe empa e tsoiloe tlaase ka ho feletseng.
Baemeli ba ’muso oa Greece ba ile ba leka ho hlahisa taba ka sebōpeho se fapaneng le sa sebele, ha ba bolela hore Greece ke “paradeise ea litokelo tsa botho.”
Qeto
Letsatsi leo esale le lebeletsoe ka nako e telele bakeng sa ho etsoa ha qeto la fihla—May 25, 1993. Ka baahloli ba tšeletseng ba lumellanang le qeto khahlanong le ba bararo ba hananang le eona, Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore ’muso oa Greece o kena-kenane le tokoloho ea bolumeli ea Minos Kokkinakis ea lilemo li 84. Ho phaella ho tloseng qoso tseleng ea hae ea bophelo tšebeletsong ea phatlalatsa, le ile la mo putsa ka R42 500 bakeng sa litšenyehelo. Ka tsela eo Lekhotla le ile la hana polelo ea ’muso oa Greece ea hore Kokkinakis le Lipaki tsa Jehova ba sebelisa maqheka a hatellang ha ba bua le ba bang ka seo ba se lumelang.
Le hoja Molao oa motheo oa Greece le molao oa boholo-holo oa Greece o ka ’na oa thibela ho sokolla batho, lekhotla le phahameng la Europe le entse qeto ea hore ho sebelisa molao ona ka morero oa ho hlorisa Lipaki tsa Jehova ho fosahetse. Ha ho tumellanong le Molao oa nomoro 9 oa Seboka sa Europe sa Litokelo tsa Botho.
Qeto ea lekhotla e hlalositse: “Bolumeli e bile karolo ea ‘tsamaiso ea monahano oa motho o ka nchafatsoang’ ’me ho ne ho ke ke ha etsahala hore ho nahanoe hore bo ne bo ke ke ba kenyeletsoa liphehisanong tsa sechaba.”
Maikutlo a e mong oa baahloli ba robong ao ho ileng ha lumellanoa le ’ona a ne a re: “Ho sokolla batho, ho hlalositsoe e le ‘cheseho ea ho hasa tumelo,’ kamoo ho leng ka teng ha ho kamoo motho a ka ho ahloleloang; ke tsela—e lokileng ka ho phethahetseng ka boeona—ea ‘ho bonahatsa bolumeli ba motho.’
“Nyeoeng ena ea hona joale, moqosi [Monghali Kokkinakis] o ile a fumanoa a le molato hobane feela a ne a bontša cheseho e joalo, ’me ho se phoso ea letho ho eena.”
Liphello tsa Qeto Ena
Taelo e hlakileng ea Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho ke hore baeta-pele ’musong oa Greece ba khaotse ho sebelisa molao o thibelang hore batho ba sokolloe. Re tšepa hore Greece e tla amohela ntle ho khanyetso tataiso ea lekhotla ’me e khaotse ho hlorisa Lipaki tsa Jehova.
Sepheo sa Lipaki tsa Jehova hase ho hlahisa liphetoho mokhatlong oa batho kapa ho tlisa phetoho tsamaisong ea molao. Kameho ea tsona e ka sehloohong ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka baka la ho utloa taelo ea Jesu Kreste. Leha ho le joalo, e le hore li ka etsa sena, li thabela ho ‘emela le ho theha ka molao litaba tse molemo,’ joalokaha moapostola Pauluse a ile a etsa lekholong la pele la lilemo.—Ba-Filippi 1:7, NW.
Lipaki tsa Jehova ke baahi ba utloang molao linaheng tsohle tseo ba lulang ho tsona. Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle li qobelleha ho utloa molao oa Molimo joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng e Halalelang. Ka hona, haeba molao oa naha leha e le efe o ba thibela ho bua le ba bang ka seo ba se lumelang se leng ka Bibeleng, ba qobelleha ho nka boemo bo tšoanang le ba baapostola: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
[Lebokose le leqepheng la 28, 29]
MAHLORISO A EKETSEHILENG A HLOHLELELITSOENG KE BARUTI
Boiteko ba baruti Greece ba ‘ho baka khathatso ba kene lekokong la molao’ bo ’nile ba tsoela pele ka mashome a lilemo. (Pesaleme ea 94:20) Ketsahalo e ’ngoe sehleke-hlekeng sa Crete e sa tsoa rarolloa haufinyane tjena. Morao koana ka 1987 mobishopo oa sebakeng seo le baprista ba 13 ba ile ba qosa Lipaki tse robong ka ho sokolla batho. Qetellong, ka January 24, 1992, nyeoe eo e ile ea buuoa.
Lekhotla le ne le tletse. Baprista ba ka bang 35 ba ne ba tlile bakeng sa ho tla tšehetsa liqoso. Leha ho le joalo, litulong tse ngata ho ne ho se ho ntse ho lutse Lipaki tse tlileng ho tla khothatsa baena ba tsona ba Bakreste. Esita le pele mokhoa oa ka mehla oa ho tsamaisa litaba o qaleha, ’muelli oa molao oa baqosuoa o ile a supa liphoso tse tebileng khahlanong le molao tse entsoeng ke mochochosi.
Phello e bile hore ba amehang tsamaisong ea litaba ba khefutse e le hore ba ka tšoara seboka e le bona feela. Ka mor’a ho buisana ka lihora tse peli le halofo, Mopresidente oa Lekhotla o ile a phatlalatsa hore ’muelli oa molao oa baqosuoa o ne a nepile. Ka hona liqoso khahlanong le Lipaki tse robong li ile tsa hlakoloa! O ile a laela hore ho ne ho tla hlokahala hore ba qalelle ho etsa lipatlisiso hape e le hore ho ka tiisoa hore na baqosuoa ba molato oa ho sokolla batho.
Hang ka mor’a hoba phatlalatso e etsoe, ho ile ha qhoma mofere-fere ka lekhotleng. Baprista ba ile ba qala ho hooa litšokelo le mahlapa. Moprista e mong o ile a hlasela ’muelli oa molao oa Lipaki tsa Jehova ka sefapano ’me a leka ho mo qobella hore a se rapele. Mapolesa a ile a tlameha ho namola, ’me qetellong Lipaki li ile tsa khona ho tloha ka mokhoa o khutsitseng.
Ka mor’a hore qoso e hlakoloe, mochochisi oa sechaba o ile a lokisetsa qoso e ncha khahlanong le Lipaki tse robong. Ho ile ha lokisetsoa hore nyeoe e be ka April 30, 1993, libeke tse tharo feela pele Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho le liha kahlolo nyeoeng ea Kokkinakis. Baprista ba bangata ba ne ba boetse ba le teng.
Babuelli ba molao ba baqosuoa ba robong ka tsela e hlomphehang ba ile ba hlahisa khanyetso ea hore baqosi ba Lipaki ha ba eo ka khotla. Ka lebaka la ho potlakela ho lokisetsa qoso e ncha, mochochisi oa sechaba o ile a etsa phoso e tebileng ea ho se romele lisamane ho baqosi. Kahoo babuelli ba molao ba Lipaki ba ile ba kōpa hore lekhotla le hlakole nyeoe motheong oa phoso ena e tebileng.
Ka lebaka la kōpo eo, baahloli ba ile ba tsoa ka lekhotleng ’me ba buisana ka nako e ka etsang hora. Ho khutleng ha bona, Mopresidente oa Lekhotla, a iname, o ile a bolela hore Lipaki tsohle tse robong ha li na molato liqosong tseo.
Lipaki Greece li leboha sephetho sa nyeoe ena, hammoho le qeto e entsoeng ke Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho nyeoeng ea Kokkinakis ka May 25 selemong sena. Lithapelo tsa tsona ke hore e se eka ka lebaka la litlhōlo tsena tsa molao, ba ka khona ho tsoela pele ka bophelo ba bona ba Bokreste ‘ka khutso, boiketlo, le boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ka ho nka lintho ka ho teba.’—1 Timothea 2:1, 2.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Minos Kokkinakis le mosali oa hae