Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Boprofeta ba Eona Boa Phethahala
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • Boprofeta ba Eona Boa Phethahala

      “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—JOSHUA 23:14.

      BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Linohe tsa boholo-holo li ne li tumme ka ho noha lintho ka tsela e sa hlakang le e ke keng ea tšeptjoa ’me ho joalo le ka linohe tsa mehleng ena. Batho ba bang ba bolela lintho pele li etsahala ba itšetlehile ka se etsahalang hona joale ’me ha ho mohla ba lekang ho bolela ka ho toba se tla etsahala lilemo tse makholo tse tlang. Empa boprofeta ba Bibele bona bo bolela lintho ka ho hlaka ’me kamehla lia phethahala, le haeba bo bolela lintho ‘ho tloha khale li e-s’o etsoe.’—Esaia 46:10.

      MOHLALA: Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Daniele o ile a bona pono e ileng ea profeta ka ho hlōloa ha Medo-Persia ke Greece ka ho panya ha leihlo. Pono eo e ile ea boela ea bontša hore ka mor’a hore morena ea hlōlang oa Greece ‘a be matla,’ borena ba hae bo tla “robeha.” Ke mang ea neng a tla mo nkela sebaka? Daniele o ile a ngola a re: “Ho na le mebuso e mene e tla ema sechabeng sa habo, empa eseng ka matla a hae.”—Daniele 8:5-8, 20-22.

      SEO HISTORI E SE BUANG: Lilemo tse fetang 200 ka mor’a mehla ea Daniele, Alexandere e Moholo e ile ea e-ba morena oa Greece. Le pele lilemo tse leshome li fela, Alexandere o ne a se a hlōtse ’Muso oa Medo-Persia a bile a atolositse puso ea Greece ho ea fihla Nōkeng ea Indus (e Pakistan mehleng ena). Empa o ile a shoa ka tšohanyetso ha a le lilemo li 32. Qetellong, ntoa e neng e loaneloa pel’a motse oa Ipsus, o Asia Minor, e ile ea etsa hore ’muso oa hae o fele. Bahlōli ba ntoa eo ba bane ba ile ba arolelana ’Muso oa Greece. Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ho bona ea ileng a ba matla joaloka Alexandere.

      U NAHANA JOANG? Na ho na le buka e ’ngoe e ka bolelang hore kamehla boprofeta ba eona boa phethahala? Kapa Bibele ea ikhetha?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

      “Boprofeta ba Bibele . . . bo bongata haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe ho iketsahalla ka tšohanyetso feela hore bo phethahale.”—A LAWYER EXAMINES THE BIBLE, EA IRWIN H. LINTON

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

      © Robert Harding Picture Library/SuperStock

  • Histori ea Eona ke ’Nete
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • Histori ea Eona ke ’Nete

      “Ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.”—LUKA 1:3.

      BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Litšōmo li pheta lipale tse monate tse sa boleleng lintho tsa bohlokoa tse kang libaka, matsatsi le mabitso a batho bao li buang ka bona. Ho fapana le moo, Bibele e na le lintlha tse ngata tse qaqileng tsa histori hoo ’mali a se nang pelaelo ea hore ‘mantsoe a eona ke ’nete ka ho feletseng.’—Pesaleme ea 119:160, The Psalms for Today, ea R. K. Harrison.

      MOHLALA: Bibele e tlaleha hore “Nebukadnezare morena oa Babylona . . . a isa Jojakine [Morena oa Juda] kholehong Babylona.” Hamorao, “Evile-merodake morena oa Babylona, ka selemo sa ha e e-ba morena, a phahamisa hlooho ea Jojakine morena oa Juda ho tsoa ntlong ea botlamuoa.” Ho feta moo, “kamehla [Jojakine] o ne a fuoa kabelo e tsoang ho morena, e loketseng letsatsi le leng le le leng, ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.”—2 Marena 24:11, 15; 25:27-30.

      SEO BAEPOLLI BA LINTHO TSA KHALE BA SE FUMANENG: Lithakong tsa Babylona ea boholo-holo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana litokomane tsa ’muso tsa mehleng ea puso ea Nebukadnezare II. Li bontša hore batšoaruoa le batho ba bang ba neng ba hlokomeloa ke ba ntlo ea borena ba ne ba abeloa tekanyo e itseng ea lijo. Lethathamong la ba neng ba fumana likabelo tseo, ho na le “Yaukin [Jojakine],” eo e neng e le “morena oa naha ea Yahud (Juda),” le ba ntlo ea hae. Taba ea hore ho kile ha e-ba le mohlahlami oa Nebukadnezare ea bitsoang Evile-merodake na eona ke ’nete? Nkhong e fumanoeng pel’a motse oa Susa ho ngotsoe sena: “Ntlo ea borena ea Amil-Marduk [Evile-merodake], Morena oa Babylona, mora oa Nebukadnezare, Morena oa Babylona.”

      U NAHANA JOANG? Na ho na le buka e ’ngoe ea boholo-holo ea bolumeli e bolelang lintlha ka ho hlaka le ka ho nepahala ha e bua ka histori? Kapa Bibele ea ikhetha?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

      “Boitsebiso bo ka Bibeleng ba linako le libaka tseo liketsahalo li etsahetseng ho tsona bo nepahetse haholo ebile bo tšepahala ho feta boitsebiso bo bukeng leha e le efe ea boholo-holo.”—A SCIENTIFIC INVESTIGATION OF THE OLD TESTAMENT, EA ROBERT D. WILSON

      [Setšoantšo se leqepheng la 5]

      Litokomane tsa Babylona tse buang ka Morena Jojakine oa Juda

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

      © bpk, Berlin/Vorderasiatisches Museum, SMB/Olaf M. Tessmer/Art Resource, NY

  • E Nepahetse Saenseng
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • E Nepahetse Saenseng

      “Na ha kea u ngolla nakong e fetileng ka likeletso le tsebo, e le hore u bontše bonnete ba lipolelo tsa ’nete, e le hore u khutlisetse lipolelo tsa ’nete?”—LIPROVERBIA 22:20, 21.

      BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Hangata libuka tsa boholo-holo li fana ka likhopolo tse sa utloahaleng le tse kotsi tse ’nileng tsa pakoa ka ho feletseng ke saense ea morao-rao hore hase ’nete. Le mehleng ena, lingoli li ile tsa lokela ho ntlafatsa boitsebiso ba libuka e le hore bo lumellane le lintho tse ncha tse ntseng li fumanoa. Empa Bibele e bolela hore e ngotsoe ke ’Mōpi le hore Lentsoe la hae “le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.

      MOHLALA: Molao oa Moshe o ile oa laela Baiseraele hore ba lokela ho cheka sekoti ha ba ithusa “ka ntle ho liahelo” ebe ba koahela mantle. (Deuteronoma 23:12, 13) Haeba ba ne ba ka tšoara setopo sa motho kapa sa phoofolo, Baiseraele ba ne ba lokela ho hlapa. (Levitike 11:27, 28; Numere 19:14-16) Mehleng eo, batho ba tšoeroeng ke lepera ba ne ba lokela ho aroloa ho batho ba bang ho fihlela ho fumanoe hore ba ke ke ba hlola ba tšoaetsa ba bang.—Levitike 13:1-8.

      SEO LINGAKA LI SE HLOKOMETSENG KAJENO: Tsamaiso e hantle ea likhoerekhoere, ho hlapa matsoho le ho arola batho ba tšoeroeng ke mafu a tšoaetsanoang e ntse e le tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho loantša maloetse. Haeba ho se na matloana a chekiloeng fatše kapa mokhoa oa ho tsamaisa likhoerekhoere o haufi, Litsi Tsa Taolo le Thibelo ea Mafu, United States (CDC [U.S. Centers for Disease Control and Prevention]), li re: “Motho o lokela ho ithusa bonyane limithara tse 30 ho tloha kae kapa kae moo ho nang le metsi ebe o koahela mantle a hae.” Ho latela se builoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ha batho ba motse ba lahla mantle ka tsela e sireletsehileng, ba fokotsa lefu la letšollo ka liphesente tse 36. Lilemo tse ka tlaase ho 200 tse fetileng, lingaka li ile tsa fumana hore li ne li tšoaetsa bakuli ba bangata ha li sa hlape matsoho ka mor’a hore li tšoare litopo. Mokhatlo oa CDC o ntse o bolela hore ho hlapa matsoho ke “mokhoa o ntseng o atleha ka ho fetisisa oa ho thibela mafu.” Ho thoe’ng ka ho arola batho ba tšoeroeng ke lepera kapa ke mafu a mang? Morao tjena, Saudi Medical Journal e ile ea re: “Ha lefu la seoa le qala, ho arola bakuli le ho ba behella moo ba sa kopaneng le batho ba bang e ka ba oona feela mokhoa o atlehang oa ho laola lefu le tšoaetsanoang.”

      U NAHANA JOANG? Na u ka lebella hore buka leha e le efe ea boholo-holo e nkoang e halalela e lumellane le saense ea mehleng ee? Kapa Bibele ea ikhetha?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

      “Ke ho hlollang haholo ho bala ka lintho tse neng li etsoa mehleng ea Moshe ho thibela maloetse.”—MANUAL OF TROPICAL MEDICINE, EA DR. ALDO CASTELLANI LE DR. ALBERT J. CHALMERS

  • Ea Lumellana
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • Ea Lumellana

      “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 PETROSE 1:21.

      BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Le hoja libuka tsa boholo-holo li ngotsoe ka nako e le ’ngoe, hangata lia hanyetsana. Ke ka seoelo libuka tse ngotsoeng ke batho ba fapaneng, ba le libakeng tse fapaneng ka linako tse sa tšoaneng li ka lumellanang ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore libuka tsa eona kaofela tse 66 li ngotsoe ke Mongoli a le mong—ka hona molaetsa oa eona oa lumellana.—2 Timothea 3:16.

      MOHLALA: Moshe, e leng molisa oa lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., o ile a ngola bukeng ea pele ea Bibele hore ho tla tla “peō” e tla lopolla moloko oa batho. Hamorao buka eo e ile ea bolela esale pele hore peō eo e tla ba setloholo sa Abrahama, Isaka le Jakobo. (Genese 3:15; 22:17, 18; 26:24; 28:14) Lilemong tse ka bang 500 hamorao, moprofeta Nathane o ile a bolela hore peō e tla hlaha lesikeng la borena la Davida. (2 Samuele 7:12) Lilemo tse sekete ka mor’a moo, moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore peō ke Jesu le sehlopha se khethiloeng ho balateli ba hae. (Baroma 1:1-4; Bagalata 3:16, 29) Qetellong, mafelong a lekholo la pele la lilemo C.E., buka ea ho qetela ea Bibele e ile ea profeta hore litho tsa peō eo li tla pakela Jesu lefatšeng, li tsosetsoe leholimong ’me li buse le eena ka lilemo tse sekete. Peō ena e le sehlopha, e tla timetsa Diabolose ’me e pholose moloko oa batho.—Tšenolo 12:17; 20:6-10.

      SEO BAHLALOSI BA BIBELE BA SE BUANG: Ka mor’a hore Louis Gaussen a etse lipatlisiso tse tebileng ka libuka tse 66 tsa Bibele, o ile a ngola hore o ile a hlolloa ke “ho momahana ho makatsang ha buka ena e ngotsoeng ka nako ea lilemo tse 1 500 ke bangoli ba bangata hakaale . . . ba neng ba ngola ka morero o tšoanang, le hoja ba ne ba sa utloisise morero oo, e leng oa ho pholosa lefatše lohle ka Mora oa Molimo.”—Theopneusty—The Plenary Inspiration of the Holy Scriptures.

      U NAHANA JOANG? Na u ne u ka lebella hore buka e nkileng lilemo tse fetang 1 500 e ngoloa ke batho ba fapaneng ba 40, e lumellane ka ho feletseng? Kapa Bibele ea ikhetha?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

      “Ha mangolo ana a kopana, a bōpa buka e le ’ngoe e lumellanang . . . Ha ho buka leha e le ’ngoe e tšoanang le eona libukeng tsohle tse lefatšeng.”—THE PROBLEM OF THE OLD TESTAMENT, EA JAMES ORR

  • Ke ea Bohlokoa le Kajeno
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • Ke ea Bohlokoa le Kajeno

      “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.”—PESALEME EA 119:105.

      BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Libuka tse ling li ka nkoa li ngotsoe ka bokheleke, empa ha li khone ho fana ka keletso eo re ka e sebelisang bophelong. Libuka tse fanang ka likeletso tsa mehleng ena le tsona li lokela ho lula li ntlafatsoa. Ho fapana le tsona, Bibele eona e bolela hore “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.”—Baroma 15:4.

      MOHLALA: Le hoja Bibele e sa ngolloa ho fana ka keletso ea tsa bongaka, e na le litlhahiso tse molemo tse ka re thusang hore re phele hantle maikutlong le ’meleng. Ka mohlala, e re “pelo e nang le khotso e phelisa motho hantle.” (Liproverbia 14:30, Bibele—Phetolelo e Ncha) Bibele e boetse ea lemosa: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Ka lehlakoreng le leng, e bolela hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

      SEO LIPATLISISO LI SE BONTŠANG: Ho ba le khutso, ho ba le metsoalle ea sebele le ho fana, ho ka ntlafatsa bophelo ba hao. The Journal of the American Medical Association ea tlaleha: “Banna ba phatlohang ka bohale ba kotsing e khōlō ea ho otloa ke setorouku ho feta ba laolang bohale ba bona.” Lipatlisisong tse entsoeng ka lilemo tse leshome Australia, ho fumanoe hore batho ba hōlileng ba lulang “ba kopana le metsoalle ea bona le ba nang le batho bao ba ntšanang se inong le bona,” ba na le monyetla o moholo oa ho phela nako e teletsana. Ka 2008, bafuputsi ba Canada le ba United States ba ile ba fumana hore “motho o thaba haholo ha a thusa ba bang ka chelete ho feta ha a e sebelisa molemong oa hae feela.”

      U NAHANA JOANG? Na u ne u ka tšepa buka efe kapa efe e ngotsoeng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng hore e u fe keletso ka tsa bophelo? Kapa Bibele ea ikhetha?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

      “Ke rata Bibele haholo . . . hobane e fana ka likeletso tsa bohlokoa mabapi le bophelo bo botle.”—NGAKA HOWARD KELLY, SETHO SE ILENG SA QALA SETSI SA THE JOHNS HOPKINS UNIVERSITY SCHOOL OF MEDICINE

  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”

      “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—JOHANNE 17:3.

      TSEBO e ka pholosa bophelo. Ha Nouhou ea likhoeli li leshome a ne a kula, ’mè oa hae—ea hlokomelang bakuli motseng oa habo, Niger—o ne a tseba seo a lokelang ho se etsa. O ile a etsa motsoako oa tsoekere, letsoai le metsi a hloekileng e le hore a khutlisetse metsi ’meleng oa mora oa hae. Ho latela UNICEF, se ileng sa etsa hore “ngoana oa hae a hlaphoheloe ka potlako ke hobane o ile a nka khato ka potlako ebile o ne a e-na le tsebo ea tsa bongaka.”

      Tsebo ea Bibele le eona e ka pholosa bophelo. Mongoli oa pele oa Bibele, Moshe, o ile a re: “Hase lentsoe la lefeela ho lōna, empa le bolela bophelo ba lōna, ’me ka lentsoe lena le ka lelefatsa matsatsi a lōna.” (Deuteronoma 32:47) Na ka sebele Bibele e ka lelefatsa matsatsi a rōna? Ke ka tsela efe e bolelang bophelo ba rōna?

      Lihloohong tse hlano tse fetileng, ho bontšitsoe hore ha ho buka e ka bapisoang le Bibele hobane ea tšepahala litabeng tsa boprofeta, e nepahetse litabeng tsa saense le tsa histori, ea lumellana ebile e fupere likeletso tsa bohlokoa. Sena se bontša hore Bibele ea ikhetha. Ka hona, ha e bolela hore batho ba ka phela ka ho sa feleng, na see ha se re susumelletse hore re e hlahlobisise ka hloko?

      Re u khothalletsa hore u ithute hore na ke joang tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka etsang hore u imolohe kelellong hona joale ’me u be le bokamoso bo thabileng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bontša hore na u ka fumana tsebo eo joang.

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

      Bibele e boetse e ikhetha ka hore ke eona feela e fanang ka likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa tseo re li botsang, tse kang:

      • Re phelela eng?

      • Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale?

      • Na ke tla ke ke bone baratuoa ba ka ba shoeleng?

      U ka fumana likarabo tsa Bibele tsa lipotso tsena bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela