-
U Tla Ema Joang ka Pel’a Setulo sa Kahlolo?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
eo Jesu o ne a e-na le matla a ho laela a borena holim’a Bakreste, Pauluse o ne a ka ngola hore Jehova “o re ntšitse matleng a lefifi, a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratehang.”—Ba-Kolosse 1:13, BPN; 3:1.
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re re Jesu ha aa ka a fetoha Morena oa ’Muso oa Molimo ka 33 C.E.? (b) Jesu o ile a qala ho busa ’Musong oa Molimo neng?
15 Leha ho le joalo, ka nako eo Jesu ha aa ka a sebetsa e le Morena le Moahloli holim’a lichaba. O ne a lutse pel’a Molimo, a letetse nako ea ho sebetsa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Pauluse o ile a ngola ka eena: “Ke ho lefe ho mangeloi o kileng oa re, le ka mohla o le mong: Lula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao?”—Ba-Heberu 1:13.
16 Lipaki tsa Jehova li hatisitse bopaki bo bongata ba hore nako ea Jesu ea ho leta e ile ea fela ka 1914, ha a fetoha ’musi oa ’Muso oa Molimo maholimong a sa bonahaleng. Tšenolo 11:15, 18 e re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile.” E, lichaba li ile tsa bontša ho halefelana nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. (Luka 21:24) Lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le lintho tse tšoanang, tseo re li boneng ho tloha ka 1914 li tiisa hore hona joale Jesu o-oa busa ’Musong oa Molimo, ’me bofelo ba ho qetela ba lefatše bo atametse.—Mattheu 24:3-14, NW.
17.Ke lintlha life tsa sehlooho tseo re li fumaneng ho tla fihlela moo?
17 Ho ikhopotsa lintlha ka bokhutšoanyane: Ho ka boleloa hore Molimo o lutse teroneng e le Morena, empa ka kutloisiso e ’ngoe a ka lula teroneng ea hae ho ahlola. Ka 33 C.E., Jesu o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo, ’me hona joale ke Morena oa ’Muso. Empa na Jesu, eo hona joale a busang e le Morena, o boetse o sebeletsa e le Moahloli? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka see, haholo-holo nakong ee?
18. Ke bopaki bofe bo teng ba hore hape Jesu e ne e tla ba Moahloli?
18 Jehova, ea nang le tokelo ea ho beha baahloli, o khethile Jesu e le Moahloli ea finyellang litekanyetso tsa Hae. Jesu o ile a bontša sena ha a bua ka ho phela ha batho moeeng: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle.” (Johanne 5:22) Leha ho le joalo, mosebetsi oa Jesu oa boahloli o tsoela pele ho fetela ka ’nģane ho ho ahlola ho joalo, hobane ke moahloli oa ba phelang le oa bafu. (Liketso 10:42; 2 Timothea 4:1) Pauluse o kile a bolela: “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna [Jesu] eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31; Pesaleme ea 72:2-7.
19. Ke hobane’ng ha e le ho nepahetseng ho bua ka Jesu a lula fatše e le Moahloli?
19 Ka hona na ho na le se lokafatsang hore re etse qeto ea hore Jesu o lula teroneng e khanyang mosebetsing o khethehileng oa Moahloli? E. Jesu o ile a bolella baapostola: “Nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula le lōna literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlole meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli.” (Mattheu 19:28, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Le hoja hona joale Jesu e le Morena oa ’Muso, mosebetsi oa hae o eketsehileng o boletsoeng ho Mattheu 19:28 o tla akarelletsa ho lula teroneng ho ahlola nakong ea Lilemo tse Sekete. Ka nako eo o tla ahlola moloko oohle oa batho, ba lokileng le ba sa lokang. (Liketso 24:15) Ho molemo ho hopola sena ha re lebisa tlhokomelo ea rōna ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e amanang le nako ea rōna le bophelo ba rōna.
Papiso Ena e Re’ng?
20, 21. Ke eng seo baapostola ba Jesu ba ileng ba se botsa se amanang le nako ea rōna, e leng ho lebisang potsong efe?
20 Nakoana pele Jesu a shoa, baapostola ba hae ba ile ba mo botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tsa bohlokoa tse neng li tla ba teng lefatšeng pele ‘bofelo bo hlaha.’ Nakoana pele ho bofelo boo, lichaba li tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.”—Mattheu 24:14, 29, 30.
21 Leha ho le joalo, batho ba lichabeng tseo ba tla tsoella joang ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae? A re fumaneng hoo papisong ea linku le lipōli, e qalang ka mantsoe ana: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae.”—Mattheu 25:31, 32.
22, 23. Ke lintlha life tse bontšang hore papiso ea linku le lipōli ha e-ea ka ea qala ho phethahala ka 1914?
22 Na papiso ee e sebetsa nakong ea ha Jesu a ne a lula matleng a borena ka 1914, kamoo re ’nileng ra utloisisa kateng ka nako e telele? Ha e le hantle, Mattheu 25:34 e bua ka eena e le Morena, kahoo ka ho utloahalang papiso ena e sebetsa ho tloha ha Jesu a fetoha Morena ka 1914. Empa ke ho ahlola hofe hoo a ileng a ho etsa kapele ka mor’a moo? E ne e se ho ahlola “lichaba tsohle.” Ho e-na le hoo, o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ho ba ipolelang e le ba bōpang “ntlo ea Molimo.” (1 Petrose 4:17, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Tumellanong le Malakia 3:1-3, Jesu, e le lenģosa la Jehova, ka boahloli o ile a hlahloba Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng lefatšeng. E ne e boetse e le nako ea kahlolo ea boahloli ho Bokreste-’mōtoana, boo ka bohata bo neng bo ipolela e le “ntlo ea Molimo.”c (Tšenolo 17:1, 2; 18:4-8) Leha ho le joalo, ha ho letho le bontšang hore ka nako eo, kapa hona hore ho tloha ka nako eo, Jesu o ile a lula bakeng sa ho ahlola lichaba tsohle qetellong e le linku kapa lipōli.
23 Haeba re hlahlobisisa mosebetsi oa Jesu papisong ena, re hlokomela hore qetellong o ahlola lichaba tsohle. Papiso ena ha e bontše hore ho ahlola ho joalo ho ne ho tla tsoela pele ka nako e telele ea lilemo tse ngata, joalokaha eka motho e mong le e mong ea shoang nakong ea lilemo tsena tse mashome tse fetileng o ile a ahloloa e le ea tšoaneloang ke lefu la ka ho sa feleng kapa bophelo bo sa feleng. Ho bonahala eka boholo ba ba shoeleng lilemong tse mashome tse sa tsoa feta ba ile lebitleng le tloaelehileng la moloko oa batho. (Tšenolo 6:8; 20:13) Leha ho le joalo, papiso ena e bontša nako ea ha Jesu a ahlola batho ba “lichaba tsohle” ba phelang nakong eo ’me ba talimane le ho lihuoa ha kahlolo ea hae ea boahloli.
24. Papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng?
24 Ka mantsoe a mang, papiso ena e supa nako e tlang eo ka eona Mor’a motho a tlang ho tla ka khanya ea hae. O tla lula bakeng sa ho ahlola batho ba phelang nakong eo. Kahlolo ea hae e tla be e thehiloe holim’a seo ba iponahalitseng ba le sona. Ka nako eo “phapang pakeng tsa ea lokileng le ea sa lokang” e tla be e pakiloe ka ho hlakileng. (Malakia 3:18, NW) Ho phatlalatsoa ha sebele ha kahlolo le ho lihuoa ha eona ho tla phethoa ka nako e lekanyelitsoeng. Jesu o tla fana ka likahlolo tse lokileng tse thehiloeng holim’a se totobetseng mabapi le batho ka bomong.—Bona le 2 Ba-Korinthe 5:10.
25. Mattheu 25:31 e bontša’ng ha e bua ka Mor’a motho a lula teroneng e khanyang?
25 Kahoo, sena se bolela hore ‘ho lula ha Jesu teroneng ea hae e khanyang’ bakeng sa kahlolo, ho boletsoeng ho Mattheu 25:31, ho sebetsa nakong e tlang eo ka eona Morena enoa ea matla a tla lula fatše ho phatlalatsa le ho liha kahlolo holim’a lichaba. E, pono ea kahlolo e amang Jesu e ho Mattheu 25:31-33, 46 e ka bapisoa le pono e ho Daniele khaolo ea 7, moo Morena ea busang, Moholo oa Matsatsi, a ileng a lula fatše ho phetha mosebetsi oa hae e le Moahloli.
26. Ke tlhaloso efe e ncha ea papiso ena e bonahalang?
26 Ho utloisisa papiso ea linku le lipōli ka tsela ena ho bontša hore ho fana ka kahlolo ho linku le lipōli ho sa ntse ho e-tla. Ho tla etsahala ka mor’a hore “mahlomola” a boletsoeng ho Mattheu 24:29, 30 a qalehe ’me Mor’a motho ‘a fihle ka khanya ea hae.’ (Bapisa le Mareka 13:24-26.) Joale, ha tsamaiso eohle e khopo e fihla bofelong ba eona, Jesu o tla tsamaisa lekhotla ’me a fane ka kahlolo le ho e liha.—Johanne 5:30; 2 Ba-Thessalonika 1:7-10.
27. Ke eng seo re lokelang ho thahasella ho se tseba mabapi le papiso ea ho qetela ea Jesu?
27 Sena se hlakisa kutloisiso ea rōna ea nako ea papiso ea Jesu, e bontšang nako eo ka eona linku le lipōli li tla ahloloa. Empa e re ama joang rōna ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho? (Mattheu 24:14) Na e etsa hore mosebetsi oa rōna e be oa bohlokoa bo bonyenyane, kapa e tlisa boikarabelo bo boima haholoanyane? A re boneng kamoo re amehang kateng sehloohong se latelang.
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
“O tla khetha ba bang ho ba bang, joalo ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”—MATTHEU 25:32.
1, 2. Ke hobane’ng ha papiso ea linku le lipōli e lokela ho tsosa thahasello ea rōna?
KA SEBELE Jesu Kreste e ne e le Tichere e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. (Johanne 7:46) O mong oa mekhoa ea hae ea ho ruta e ne e le ho sebelisa lipapiso, kapa litšoantšo. (Mattheu 13:34, 35) Tsena li ne li le bonolo empa li le matla ho fetiseng linnete tse tebileng tsa moea le tsa boprofeta.
2 Papisong ea linku le lipōli, Jesu o ile a supa nako ea hore a sebetse boemong bo khethehileng: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae . . .” (Mattheu 25:31) Sena se lokela ho tsosa thahasello ea rōna hobane ke setšoantšo seo ka sona Jesu a qetellang karabo ea hae potsong ena: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Empa see se bolela’ng ho rōna?
3. Pejana puong ea hae, ke eng seo Jesu a ileng a re se ne se tla etsahala hang-hang ka mor’a hore mahlomola a maholo a qalehe?
3 Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tse hlollang tse neng li tla tla ‘hang-hang ka mor’a’ ho qaleha ha mahlomola a maholo, e leng liphetoho tseo re li letetseng. O ile a re ka nako eo “pontšo ea Mor’a motho” e ne e tla bonahala. Sena se tla ama ka ho tebileng “lichaba tsohle tsa lefatše” tse tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka
-