-
U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le JehovaMolula-Qhooa—2013 | January 15
-
-
U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
“Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.”—JOSH. 24:15.
1-3. (a) Ke hobane’ng ha Joshua e le mohlala o motle oa motho ea ileng a khetha ho etsa se nepahetseng bophelong? (b) Ke sefe seo re lokelang ho se hopola ha re tlameha ho etsa liqeto?
LIQETO tseo re li etsang ke tsa bohlokoa haholo. Li re thusa hore re khethe hore na ke lintho life tseo re tla li etsa bophelong. Ho tea mohlala: Nahana ka motho ea tsamaeang tseleng e be ka tšohanyetso o fihla moo litsela li arohanang. O tla khetha tsela efe? Ho ka etsahala hore ebe o tla khetha tsela e tla mo isa haufi le moo a batlang ho ea teng ho e-na le ho khetha e tla mo isa hōle.
2 Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba ba boemong bo tšoanang. Ka mohlala, Kaine o ile a tlameha ho etsa qeto ea hore na o laola bohale ba hae kapa che. (Gen. 4:6, 7) Joshua o ile a tlameha ho khetha hore na o sebeletsa Molimo oa ’nete kapa o rapela melimo ea bohata. (Josh. 24:15) Sepheo sa Joshua e ne e le hore a lule a e-na le kamano e haufi le Jehova; ke ka lebaka leo a ileng a etsa qeto e neng e tla mo thusa ho finyella seo. Kaine o ne a se na sepheo se joalo, ’me o ile a etsa qeto e ileng ea mo suthisetsa hōle le Jehova.
3 Ka linako tse ling, le rōna re tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa e le hore re lule re le tseleng e nepahetseng. Haeba seo se etsahala, hopola hore na sepheo sa hao ke sefe—ke ho tlotlisa Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang le ho qoba ntho efe kapa efe e tla etsa hore u suthele hōle le eena. (Bala Baheberu 3:12.) Sehloohong sena le se latelang, re tla tšohla lintho tse supileng bophelong ba rōna tseo ho tsona re sa lokelang ho lumella letho ho re suthisetsa hōle le Jehova.
MOSEBETSI OA BOIPHELISO
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba le mokhoa oa ho iphelisa?
4 Bakreste ba tlameha ho itlhokomela ba be ba hlokomele le ba malapa a bona. Bibele e bolela hore mang kapa mang ea sa batleng ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa ba lelapa la hae, o mobe ho feta motho ea sa lumelang. (2 Bathes. 3:10; 1 Tim. 5:8, NW, ftn.) Ho hlakile hore mosebetsi oa boipheliso ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna, empa haeba u se hlokolosi, o ka u suthisetsa hōle le Jehova. Ka tsela efe?
5. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho nahana ka tsona ha re fumana mosebetsi?
5 A re re u batla mosebetsi. Haeba u lula naheng eo ho eona ho nang le leqeme la mosebetsi, u ka ’na ua lekeha hore u amohele mosebetsi ofe kapa ofe o hlahang. Leha ho le joalo, u tla etsa’ng haeba mosebetsi oo o le khahlanong le melao-motheo ea Bibele? U tla etsa’ng haeba kemiso ea hao kapa nako eo u tla e qeta u le tseleng e tla u sitisa mesebetsing ea hao ea Bokreste kapa e etse hore u be hōle le lelapa la hao? Na u tla amohela mosebetsi oo o nang le mathata, u nahana hore o molemo ho feta ho se sebetse? Hopola hore ho khetha tsela e fosahetseng ho ka u suthisetsa hōle le Jehova. (Baheb. 2:1) Ho sa tsotellehe hore na u batla mosebetsi kapa u ntse u nahana ka ho fetola mosebetsi, u ka etsa qeto e bohlale joang?
6, 7. (a) Ke mabaka afe a mabeli a ka ’nang a etsa hore motho a amohele mosebetsi? (b) Ke lebaka lefe le tla etsa hore a be le kamano e haufi le Jehova?
6 Joalokaha ho boletsoe pejana, hopola hore na sepheo sa hao ke sefe. Ipotse, ‘Ke batla ho finyella’ng ka mosebetsi oo?’ Haeba lebaka le ka sehloohong la hore u sebetse ke ho hlokomela lelapa la hao e le hore le ka tsoela pele le sebeletsa Jehova—Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. (Mat. 6:33) Jehova ha a tsielehe ha u thulana le bothata ba ho felloa ke mosebetsi kapa ba ho oa ha moruo ka tšohanyetso. (Esa. 59:1) “O tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Pet. 2:9.
7 Ka lehlakoreng le leng, ho tla etsahala’ng haeba sepheo sa hao e le feela hore u be morui? Mohlomong u tla atleha. Leha ho le joalo, hopola hore le haeba u ka “atleha” ho kotsi hore u sebetse feela ka sepheo sa hore u be morui. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Ho ameha haholo ka leruo le mosebetsi ho tla u suthisetsa hōle le Jehova.
8, 9. Ke lintho life tseo batsoali ba lokelang ho nahana ka tsona mabapi le tsela eo ba talimang mosebetsi ka eona? Hlalosa.
8 Haeba u motsoali, nahana hore na mohlala oo o u behang o ama bana ba hao joang. Ba bona ntho eo u e nkang e le ea bohlokoa e le efe—mosebetsi oa hao kapa setsoalle sa hao le Jehova? Haeba ba hlokomela hore maemo, botumo le leruo ke tsona lintho tse tlang pele bophelong ba hao, ba ka ’na ba latela mohlala oa hao tseleng eo e kotsi. Tlhompho eo ba u hlomphang ka eona joaloka motsoali e ka ’na ea fokotseha. Mocha e mong oa Mokreste o re: “Ho tloha ha ke sa le monyenyane esale Ntate a phathahane ka mosebetsi oa hae. Qalong ho ne ho bonahala eka o sebetsa ka thata e le hore lelapa la hae le fumane lintho tse molemo ka ho fetisisa. O ne a batla hore re phele hamonate. Empa morao tjena lintho li fetohile. O sebetsa ka thata ebe o tla a rekile lintho tse turang tseo lelapa le sa li hlokeng. Ka lebaka leo, lelapa leso le tsebahala ka hore le na le chelete e ngata eseng ka hore ke lelapa le khothatsang batho ba bang moeeng. Ke ne ke tla thabela hore Ntate a sebetse ka thata ho thusa lelapa leso moeeng ho e-na le hore a sebetse ka thata hore a fumane chelete e ngata.”
9 Batsoali, le se ke la suthela hōle le Jehova ka ho etsa hore mosebetsi e be eona ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba lōna. Bontšang bana ba lōna ka mohlala oo le ba behelang oona hore le lumela e le kannete hore leruo la bohlokoahali leo re ka bang le lona, ke la moea e seng la lintho tse bonahalang.—Mat. 5:3.
10. Ke ntho efe eo mocha a lokelang ho nahana ka eona ha a khetha hore na o tla etsa mosebetsi ofe bophelong?
10 Haeba u mocha ea ntseng a nahana ka hore na u tla etsa mosebetsi oa mofuta ofe, u ka etsa joang hore u fihlele qeto e nepahetseng? Joalokaha re se re bone, u lokela ho tseba hore na u batla ho finyella eng bophelong. Haeba u nahana ka ho ikoetlisetsa mosebetsi o itseng, nahana ka hore na mosebetsi oo o tla u thusa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao kapa o tla u suthisetsa hōle le Jehova. (2 Tim. 4:10) Na u ikemiselitse ho latela mohlala oa batho bao thabo ea bona e itšetlehileng ka hore na ba na le chelete e kae bankeng kapa hore na ba na le liabo tse kae mebarakeng? Kapa na u tla khetha ho ba le kholiseho e tšoanang le ea Davida ea ileng a ngola a re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe”? (Pes. 37:25) Hopola hore tsela e ’ngoe eo u e khethang e tla u suthisetsa hōle le Jehova, athe e ’ngoe e tla u isa bophelong bo molemo ka ho fetisisa. (Bala Liproverbia 10:22; Malakia 3:10.) U tla khetha tsela efe?a
BOIKHATHOLLO LE BOITHABISO
11. Bibele e re’ng ka boikhathollo le boithabiso, empa ke sefe seo re lokelang ho se hopola?
11 Bibele ha e khahlanong le hore batho ba thabe ebile ha e bolele hore boikhathollo le boithabiso ke tšenyo ea nako. Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, o ile a re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Tim. 4:8) Bibele e boetse e re ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla” ebile e khothalletsa batho hore ba fumane phomolo e lekaneng. (Moek. 3:4; 4:6) Leha ho le joalo, haeba u se hlokolosi, boikhathollo le boithabiso li ka u suthisetsa hōle le Jehova. Ka tsela efe? Taba ke hore na u khetha boikhathollo le boithabiso ba mofuta ofe le hore na u qeta nako e kae ho bona.
Boithabiso bo nepahetseng le bo itekanetseng boa khatholla
12. Ke lintho life tseo u lokelang ho nahana ka tsona mabapi le hore na u khetha boikhathollo le boithabiso ba mofuta ofe?
12 Ntlha ea pele, nahana ka mofuta oa boikhathollo kapa boithabiso boo u bo khethang. Kholiseha hore u ka khona ho fumana mofuta o loketseng oa boikhathollo kapa boithabiso. Leha ho le joalo, ’nete ke hore boholo ba boithabiso bo teng bo tlotlisa lintho tseo Molimo a li hloileng tse akarelletsang mabifi, ho sebelisana le meea le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Kahoo, u lokela ho hlahlobisisa hore na boikhathollo le boithabiso boo u kopanelang ho bona ke ba mofuta ofe. Bo u ama joang? Na bo u khothalletsa hore u be mabifi, u rate tlhōlisano kapa u be le moea oa bochaba? (Liprov. 3:31) Na bo u jella chelete? Na bo ka khopisa ba bang? (Bar. 14:21) Boikhathollo kapa boithabiso boo u kopanelang ho bona bo etsa hore u kopane le batho ba mofuta ofe? (Liprov. 13:20) Na bo u susumelletsa hore u be le takatso ea ho etsa lintho tse fosahetseng?—Jak. 1:14, 15.
13, 14. Ke sefe seo u lokelang ho nahana ka sona mabapi le nako eo u e qetang boithabisong?
13 Hape, nahana ka nako eo u e qetang boikhathollong le boithabisong. Ipotse, ‘Na ke qeta nako e ngata ke ikhatholla hoo ke salloang ke nako e nyenyane ea ho etsa lintho tsa moea?’ Haeba u khetha ho sebelisa nako e ngata haholo boikhathollong kapa boithabisong, u tla hlokomela hore nako eo ea hao ea phomolo ha ea u khatholla hakaalo. Ha e le hantle, batho ba ka thabela boithabiso le ho feta haeba ba sa sebelise nako e ngata ho tlōla tekanyo ho bona. Hobane’ng? Hobane baa tseba hore ba qalile ka ho etsa “lintho tsa bohlokoa haholo,” joale ha ba utloe ba le molato ha ba ikhatholla.—Bala Bafilipi 1:10, 11.
14 Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ho qeta nako e ngata re ithabisa ke ntho e monate, ho etsa joalo ho ka re suthisetsa hōle le Jehova. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 20 ea bitsoang Kim, o ile a hlokomela seo bophelong ba hae. O re: “Ke ne ke e-ea phathing e ’ngoe le e ’ngoe. Mafelo-beke a mang le a mang ho ne ho e-na le ntho e khōlō e etsahalang—Labohlano, Moqebelo le Sontaha. Leha ho le joalo, hona joale kea hlokomela hore ho na le lintho tse ngata haholo tsa bohlokoa tseo nka li etsang. Ka mohlala, kaha ke pula-maliboho, ke tsoha ka hora ea botšelela hoseng e le hore ke itokisetse ho ea tšebeletsong ea tšimo, kahoo, nke ke ka khona hore ebe ke ntse ke e-na le metsoalle ho fihlela ka hora ea pele kapa ea bobeli hoseng. Kea tseba hore hase hore ’moka o mong le o mong o fosahetse empa e ka re sitisa haholo. Joaloka linthong tse ling tsohle, ha rea lokela ho senya nako e ngata haholo re le ’mokeng e joalo.”
15. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le boithabiso bo khathollang?
15 Batsoali ba na le boikarabelo ba ho itlhokomela le ho hlokomela bana ba bona ka lintho tseo ba li hlokang nameng, moeeng le maikutlong. Seo se akarelletsa ho etsa litokisetso tsa hore le be le boikhathollo. Haeba u motsoali, u se ke ua sulafalletsa bana bophelo ka ho etsa eka boithabiso ba mofuta o mong le o mong bo fosahetse. Ka nako e tšoanang, u lokela ho lula u falimehile e le hore le se ke la angoa ke mekhoa e mebe. (1 Bakor. 5:6) Haeba u ipha nako e lekaneng ea ho nahanisisa lintho, u tla fumana boithabiso le boikhathollo bo tla khatholla ba lelapa la hao e le kannete.b Ka tsela eo, uena hammoho le bana ba hao le tla khetha tsela e tla etsa hore le be le kamano e haufi le Jehova.
KAMANO EO LITHO TSA LELAPA LI BANG LE EONA
16, 17. Batsoali ba bangata ba thulana le boemo bofe bo utloisang bohloko, ’me re tseba joang hore Jehova o utloisisa bohloko boo ba bo utloang?
16 Kamano eo batsoali ba nang le eona le bana ba bona e matla hoo Jehova a ileng a etsa papiso ka eona ha a ne a bontša hore na o rata sechaba sa hae hakae. (Esa. 49:15) Kahoo, ka tlhaho batho ba utloa bohloko haholo ha setho se seng sa lelapa se furalla Jehova. Morali e mong oabo rōna eo morali oa hae a ileng a khaoloa o re, “Ke ne ke utloile bohloko haholo. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha a furalla Jehova?’ Ke ile ka ikutloa ke le molato.”
17 Jehova o utloisisa bohloko boo u bo utloang. Le eena “pelo ea hae [e ile] ea utloa bohloko” ha motho oa pele a ne a mo fetohela. O ile a boela a utloa bohloko ha batho ba neng ba phela pele ho Moroallo ba mo fetohela. (Gen. 6:5, 6) Ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba e-s’o ka ba e-ba boemong boo, ba utloisise hore na eo ke ntho e utloisang bohloko hakae. Leha ho le joalo, ho ka ba kotsi ho lumella hore boitšoaro bo fosahetseng ba setho sa lelapa se khaotsoeng bo u suthisetse hōle le Jehova. Joale, ke eng e ka u thusang ho mamella le hoja u utloile bohloko haholo ha setho sa lelapa se furalla Jehova?
18. Ke hobane’ng ha batsoali ba sa lokela ho itjarisa molato haeba ngoana oa bona a furalla Jehova?
18 U se ke ua itjarisa molato ka se etsahetseng. Jehova o file batho boikhethelo, ’me setho se seng le se seng sa lelapa se inehetseng le se kolobelitsoeng se lokela ho ‘jara mojaro oa sona.’ (Bagal. 6:5) Ha e le hantle, Jehova o nka hore motho eo ea entseng sebe ke eena ea jarang boikarabelo ka seo a se entseng, eseng uena. (Ezek. 18:20) Hape, u se ke ua beha batho ba bang molato. Hlompha tokisetso eo Jehova a e entseng ea ho fana ka khalemelo. Ema u tiile khahlanong le Diabolose—u se ke ua loantša balisa ba sireletsang phutheho.—1 Pet. 5:8, 9.
Hase phoso ho ba le tšepo ea hore setho sa lelapa seo u se ratang se tla khutlela ho Jehova
19, 20. (a) Batsoali ba ka etsa’ng e le hore ba mamelle bohloko boo ba bo utloang ha ngoana oa bona a khaotsoe? (b) Ke tšepo efe eo batsoali bao ba lokelang ho ba le eona?
19 Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlonamela Jehova, u tla suthela hōle le eena. Ka sebele, setho sa lelapa se lokela ho bona hore u ikemiselitse ho rata Jehova ho feta mang kapa mang esita le litho tsa lelapa la hao. Kahoo, e le hore u khone ho mamella boemo boo, u lokela ho tiisa hore u imatlafatsa moeeng. U se ke ua ikarola ho bara le barali beno ba tšepahalang ba Bakreste. (Liprov. 18:1) Rapela Jehova ’me u mo tšollele maikutlo a hao. (Pes. 62:7, 8) U se ke ua batla mabaka a hore u itsoakanye le setho sa lelapa se khaotsoeng; ka mohlala, ka hore u buisane le sona ka e-mail. (1 Bakor. 5:11) Lula u phathahane ka lintho tsa moea. (1 Bakor. 15:58) Morali’abo rōna eo ho builoeng ka eena ka holimo o re, “Kea tseba hore ke lokela ho lula ke phathahane tšebeletsong ea Jehova le hore ke lokela ho lula ke le matla moeeng e le hore ha morali oa ka a khutlela ho Jehova, ke tle ke khone ho mo thusa.”
20 Bibele e re lerato “le tšepa lintho tsohle.” (1 Bakor. 13:4, 7) Hase phoso ho ba le tšepo ea hore setho seo sa lelapa seo u se ratang se tla khutlela ho Jehova. Selemo le selemo, batho ba bangata ba ileng ba etsa liphoso baa baka ebe ba khutlela mokhatlong oa Jehova. Jehova ha a lule a ba halefetse ka mor’a hore ba bake. Ho e-na le hoo, o “itokiselitse ho tšoarela.”—Pes. 86:5.
ETSA LIQETO TSE BOHLALE
21, 22. U ikemiselitse ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela boo u nang le bona joang?
21 Jehova o file batho bao a ba bōpileng bolokolohi ba ho ikhethela. (Bala Deuteronoma 30:19, 20.) Empa bolokolohi boo bo tsamaea le boikarabelo ba bohlokoa. Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Ke tsamaea tseleng efe? Na ke ’nile ka lumella hore mosebetsi, boikhathollo le boithabiso kapa kamano eo ke nang le eona le litho tsa lelapa la ka kapa leso li etse hore ke suthele hōle le Jehova?’
22 Jehova o lula a rata bahlanka ba hae. Ntho feela e ka etsang hore re suthele hōle le eena, ke haeba re tsamaea tseleng e fosahetseng. (Bar. 8:38, 39) Leha ho le joalo, seo ha sea lokela ho etsahala! Ikemisetse hore u se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa lintho tse ling tse ’nè bophelong ba rōna tseo ho tsona re ka bontšang hore re ikemiselitse ho etsa seo.
a E le hore u fumane boitsebiso bo batsi mabapi le ho khetha mosebetsi, sheba khaolo ea 38 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2.
b E le hore u fumane litlhahiso tse mabapi le boithabiso, sheba Tsoha! ea November 2011, leqepheng la 17-19.
-
-
Loanela ho Lula U E-Na le Kamano e Haufi le JehovaMolula-Qhooa—2013 | January 15
-
-
Loanela ho Lula U E-na le Kamano e Haufi le Jehova
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAK. 4:8.
1, 2. (a) “Merero” ea Satane ke efe? (b) Ke eng e tla re thusa hore re atamele ho Molimo?
JEHOVA MOLIMO o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho batla ho ba le kamano e haufi le eena. Leha ho le joalo, Satane o batla hore joaloka eena re nahane hore ha re hloke Jehova. Lena ke leshano leo Satane a ’nileng a le ntšetsa pele ho tloha nakong eo a neng a thetsa Eva ka eona serapeng sa Edene. (Gen. 3:4-6) Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba ’nile ba nahana hore batho ha ba hloke Molimo.
2 Ka lehlohonolo, rōna ha ho hlokahale hore re oele lerabeng la Satane. “Re tseba merero ea hae.” (2 Bakor. 2:11) Satane o leka ho re suthisetsa hōle le Jehova ka ho re susumetsa hore re etse liqeto tse fosahetseng. Empa joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, re ka etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le mosebetsi, boithabiso le lelapa. Sehloohong sena re tla tšohla lintho tse ling tse ’nè tseo Satane a re lekang ka tsona: e leng theknoloji, bophelo bo botle, chelete le ho ikhantša. Haeba re etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le lintho tsena, re tla ‘atamela ho Molimo.’—Jak. 4:8.
THEKNOLOJI
3. Bontša hore na theknoloji e ka sebelisoa hantle kapa hampe joang.
3 Hona joale lisebelisoa tsa elektronike tse tsoetseng pele li atile haholo lefatšeng. Ha li sebelisoa hantle, li ka re tsoela molemo haholo. Ha li sebelisoa hampe, li ka senya kamano ea rōna le Ntate oa rōna ea leholimong. Nahana ka lik’homphieutha. Ho sebelisitsoe k’homphieutha hore makasine ena eo u ntseng u e bala e ngoloe e be e hatisoe. K’homphieutha e ka u thusa ho etsa lipatlisiso, ho buisana le batho ’me ka linako tse ling u ka fumana boithabiso bo khathollang ho eona. Leha ho le joalo, re ka rata lik’homphieutha ho tlōla tekanyo. Ka bohlale babapatsi ba kholisa batho hore ba tlameha ho fumana lisebelisoa tsa elektronike tsa morao-rao. Mohlankana e mong o ne a batla k’homphieutha ea tablet hoo a ileng a rekisa phio ea hae ka lekunutu, e le hore a tsebe ho reka k’homphieutha eo. Ruri boo e ne e le booatla bo boholo!
4. Mokreste e mong o ile a etsa’ng ho hlōla bothata boo a neng a e-na le bona ba ho sebelisa k’homphieutha ho tlōla tekanyo?
4 Ntho e mpe le ho feta ke hore motho a senye kamano ea hae le Jehova ka lebaka la ho sebelisa theknoloji hampe kapa ka ho e sebelisa ho tlōla tekanyo. Jon eo e leng mohlankana oa Mokreste ea lilemo li ka tlaasenyana ho 30, o re: “Kea tseba hore Bibele e re re lokela ho ‘ithekela nako e loketseng’ ea ho etsa lintho tsa moea. Empa ke hlokometse hore ke sebelisa k’homphieutha hampe.”a Hangata Jon o ne a sebelisa Inthanete ho fihlela bosiu haholo. O re: “Ha ke ntse ke khathala, ho ne ho e-ba thata le ho feta hore ke khaotse ho buisana le batho ka Inthanete kapa ho shebella livideo tse khutšoanyane tse bontšoang moo—’me hangata e le livideo tse bontšang lintho tse fosahetseng.” E le hore a khone ho hlōla bothata boo, Jon o ile a seta k’homphieutha ea hae hore e itime ha e se e le nako ea hore a robale.—Bala Baefese 5:15, 16.
Batsoali, thusang bana ba lōna hore ba sebelise theknoloji ka bohlale
5, 6. (a) Batsoali ba na le boikarabelo bofe mabapi le bana ba bona? (b) Batsoali ba ka tiisa joang hore bana ba bona ba ba le setsoalle se molemo?
5 Batsoali, ha lea lokela ho laola ntho e ’ngoe le ’ngoe eo bana ba lōna ba e etsang, empa le lokela ho beha leihlo tsela eo ba sebelisang k’homphieutha ka eona. Le se ke la ba tlohela feela eaba le ba beha kotsing ea ho sheba boitšoaro bo bobe Inthaneteng, ho bapala lipapali tsa video tse mabifi, ho sebelisana le meea hammoho le ho etsa setsoalle le batho ba babe; e le hore feela ba lule ba phathahane ’me ba se ke ba le khathatsa. Haeba le etsa joalo, ba ka ’na ba re, ‘Kaha ’Mè le Ntate ha ba tsotelle hore na re etsa’ng, e tlameha ebe seo re se etsang ha se phoso.’ Kaha le batsoali, mosebetsi oa lōna ke hore le sireletse bana ba lōna—ho akarelletsa le ba lilemong tsa bocha—nthong e ’ngoe le e ’ngoe e ka ba suthisetsang hōle le Jehova. Esita le liphoofolo li sireletsa malinyane a tsona kotsing. Nahana feela hore na bere e tšehali e ka etsa’ng haeba motho a batla ho ntša malinyane a eona kotsi!—Bapisa Hosea 13:8.
6 Thusang bana ba lōna hore ba hlophise ho ba le ’moka o tla ba tsoela molemo le Bakreste ba bang ba behang mohlala o motle ka phuthehong, ebang ke ba bacha kapa ba hōlileng. Hape, le hopole hore bana ba lōna ba hloka hore lōna le qete nako e ngata le bona! Kahoo, ipheng nako ea hore le tšehe, le bapale, le sebetse le be le ‘atamele ho Molimo’ hammoho.b
BOPHELO BO BOTLE
7. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re batla ho lula re phetse hantle?
7 Hangata re botsa batho ba bang hore na ba phela joang. Batho ba ’nile ba kula haesale Adama le Eva ba mamela Satane ’me ba ikarola ho Jehova. Satane oa thaba ha re kula hobane ho kula ho re thatafalletsa ho sebeletsa Jehova. Hape, haeba re e-shoa, ho hang re ke ke ra khona ho sebeletsa Jehova. (Pes. 115:17) Kahoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna e le hore re lule re phela hantle.c Hape, re lokela ho ameha ka bophelo le boiketlo ba bara le barali babo rōna.
8, 9. (a) Re ka qoba ho ameha ka bophelo ba rōna ho tlōla tekanyo joang? (b) Re ka rua melemo efe ha re loanela ho ba le thabo?
8 Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re se ke ra ameha ka bophelo ba rōna ho tlōla tekanyo. Batho ba bang ba qeta nako e ngata ba khothalletsa tsela e itseng ea ho ja, mekhoa ea phekolo kapa meriana le litlolo tsa letlalo ho feta eo ba e qetang ba bolela ka ’Muso oa Molimo. Ba ka ’na ba nahana hore ba thusa batho ba bang e le kannete. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho buella meriana kapa litlolo tsa letlalo pele ho liboka kapa ka mor’a tsona ha re le Holong ea ’Muso kapa likopanong. Hobane’ng?
9 Re bokana hammoho e le hore re buisane ka lintho tsa moea le ho fumana thabo, e leng tšobotsi e hlahisoang ke moea o halalelang oa Molimo. (Bagal. 5:22) Maemong a joalo, ho fana ka keletso e mabapi le mekhoa ea phekolo le meriana ho sa tsotellehe hore na motho o e kōpile kapa che, ho ka re sitisa morerong oa rōna oa ho buisana ka lintho tsa moea ’me ha hlokisa ba bang thabo. (Bar. 14:17) Motho o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o sebetsana le litaba tsa bophelo bo botle joang. Ho phaella moo, ha ho na motho ea nang le tharollo ea mafu ’ohle. Esita le lingaka tse hloahloa ka ho fetisisa lia tsofala, lia kula ebe qetellong lia shoa. Ho ameha haholo ka bophelo ba rōna ho ke ke ha eketsa nako eo re e phelang. (Luka 12:25) Ka lehlakoreng le leng, “pelo e thabileng ke moriana o motle.”—Liprov. 17:22.
10. (a) Ke litšobotsi life tseo Jehova a li ratang ho rōna? (b) Re tla thabela bophelo bo botle neng?
10 Ke hantle hore re amehe ka tsela eo re shebahalang ka eona. Empa ha rea lokela ho leka ka matla ho tlosa matšoao ’ohle a bontšang hore rea tsofala. Matšoao ao a ka bontša hore re hōlile kelellong, re na le seriti hammoho le botho bo botle. Ka mohlala, Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liprov. 16:31) Ke tsela eo Jehova a re talimang ka eona ’me le rōna re lokela ho leka ho italima ka tsela e tšoanang. (Bala 1 Petrose 3:3, 4.) Kahoo, na e ka ba bohlale hore re behe bophelo ba rōna kotsing ka hore re etse liopereishene kapa re amohele mekhoa e kotsi ea phekolo e le hore feela re shebahale re le batle? “Thabo ea Jehova” ke eona eo e leng mohloli oa botle ba ’nete bo hlahang ka hare, ho sa tsotellehe hore na re tsofetse kapa ha rea phela hantle. (Neh. 8:10) Ke lefatšeng le lecha feela moo re tla phela hantle re be re boele bocheng. (Jobo 33:25; Esa. 33:24) Ho fihlela nakong eo, re lokela ho bontša bohlale le tumelo ’me seo se tla re thusa hore re lule re e-na le kamano e haufi le Jehova ha re ntse re thabela bophelo ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona hona joale.—1 Tim. 4:8.
CHELETE
11. Chelete e ka ba leraba joang?
11 Ha ho phoso ho ba le chelete kapa ho ba le khoebo e etsoang ka botšepehi. (Moek. 7:12; Luka 19:12, 13) Leha ho le joalo, joang kapa joang “lerato la chelete” le tla re suthisetsa hōle le Jehova. (1 Tim. 6:9, 10) “Matšoenyeho a tsamaiso ena,” e leng ho ameha haholo ka ho fumana lintho tseo re li hlokang bophelong, a ka re bipetsa moeeng. Ka ho tšoanang, le “matla a thetsang a maruo,” e leng phoso eo batho ba e etsang ea ho nahana hore maruo a ka ba tlisetsa thabo ea nako e telele le tšireletseho, a ka re bipetsa moeeng. (Mat. 13:22) Jesu o ile hlakisa taba ea hore ‘ha ho na motho’ ea ka atlehang ho sebeletsa Molimo le maruo.—Mat. 6:24.
12. Ke maraba afe a lichelete a atileng kajeno, hona re ka a qoba joang?
12 Ho talima chelete ka tsela e fosahetseng ho ka etsa hore motho a etse lintho tse fosahetseng. (Liprov. 28:20) Batho ba bang ba ’nile ba batla ho fumana chelete e ngata kapele, kahoo ba ile ba becha lotto. Bara ba bang babo rōna ba kena likhoebong tse ba tšepisang hore ba tla fumana chelete e ngata kapele, ’me ba bile ba tšepisa ba bang ka phuthehong hore le bona ba ka fumana chelete e ngata. Haeba re le meharo, seo se ka etsa hore re kene khoebong e ka etsang hore re lahleheloe ke chelete e ngata. U se ke ua lumella meharo hore e etse hore u qhekelloe. Hlaphoheloa kelellong. Haeba u tšepisoa phaello e ngata ka tsela e sa tloaelehang u tsebe hore seo sea belaetsa.
13. Tsela eo Jehova a talimang chelete e fapana joang le tsela eo lefatše le e talimang ka eona?
13 Haeba re beha ‘’muso le ho loka ha hae’ pele, Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho fumana lintho tseo re hlileng re li hlokang bophelong. (Mat. 6:33; Baef. 4:28) Ha a batle hore re robale ha re le libokeng hobane re sebetsa ho tlōla tekanyo kapa re tšoenyehe ka chelete ha re le Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, batho ba bangata bao re phelang har’a bona ba lumela hore ha ba ithukhubetsa hore ba fumane chelete e ngata ba tla ba le bokamoso bo sireletsehileng ebe hamorao ba raha qhebelele bophelong. Hangata ba susumetsa bana ba bona hore ba ipehele lipakane tse tšoanang tsa ho fumana lintho tse bonahalang. Jesu o ile a bontša hore seo ke ho hloka kahlolo e molemo. (Bala Luka 12:15-21.) Sena se ka ’na sa re hopotsa Gehazi, ea neng a nahana hore a ka tsoela pele a le meharo ’me a ’na a ba le kamano e ntle le Jehova.—2 Mar. 5:20-27.
14, 15. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa hore chelete e tla re fa tšireletseho? Fana ka mohlala.
14 Ho tlalehoa hore lintsu tse ling li ’nile tsa khangoa ke metsi ha li ne li sa tlohele tlhapi e neng e le boima haholo hore li ka e phahamisa. Na ntho e tšoanang e ka etsahalla Mokreste? Moholo e mong ea bitsoang Alex o re, “Hangata ke motho ea baballang lintho. Haeba ke tšetse sesepa se hlatsoang moriri se se ngata haholo, ke busetsa se seng ka botlolong.” Leha ho le joalo, Alex o ile a qala ho phathahana ka ho reka le ho rekisa liabo limmarakeng tsa matsete, a nahana hore o tla tlohela mosebetsi kapele ka mor’a moo ebe o kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. O ile a ameha haholo ka ho ithuta mokhoa oa ho reka le ho rekisa liabo. O ile a sebelisa chelete eo a neng a e bolokile le eo a ileng a e alima ho barekisi ba bang ba liabo ’me a reka liabo tseo litsebi li neng li boletse hore theko ea tsona e tla phahama ka potlako. Ho e-na le hoo, theko ea tsona e ile ea putlama. Alex o re, “Ke ne ke batla ho fumana chelete ea ka hape. Ke ile ka nahana hore ha nka leta ho se hokae, theko ea liabo e tla boela e phahame.”
15 Alex o ile a qeta likhoeli a ntse a nahana ka liabo tsa hae. O ile a thatafalloa ho tsepamisa kelello linthong tsa moea ’me o ne a hlobaela. Empa theko ea liabo ha e-ea ka ea hlola e phahama. Alex o ile a lahleheloa ke chelete eo a neng a e bolokile ’me o ile a tlameha ho rekisa ntlo ea hae. O re, “Ke ile ka utloisa lelapa la ka bohloko haholo.” Empa o ile a ithuta thuto ea bohlokoa. “Hona joale kea tseba hore mang kapa mang ea tšepang tsamaiso ea Satane o tla soetseha haholo.” (Liprov. 11:28) Ka sebele, ho tšepa chelete eo re e bolokileng, matsete a rōna kapa mokhoa leha e le ofe oa ho fumana chelete, ho itšoanela feela le ho tšepa “molimo oa tsamaiso ena,” e leng Satane. (2 Bakor. 4:4; 1 Tim. 6:17) Hona joale Alex o entse liphetoho e le hore a phele bophelo bo itekanetseng “ka lebaka la litaba tse molemo.” O re seo se entse hore eena le ba lelapa la hae ba thabe haholo le hore ba be le kamano e haufi le Jehova.—Bala Mareka 10:29, 30.
HO IKHANTŠA
16. Ho ikhantša ho nepahetseng le ho fosahetseng ho fapana joang?
16 E ka ba hantle hore re ikhantše ka lintho tse nepahetseng. Ka mohlala, kamehla re lokela ho ba motlotlo hore ebe re Lipaki Tsa Jehova. (Jer. 9:24) Ha re le motlotlo ka seo re leng sona seo se tla re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng le hore re latele melao ea Molimo e phahameng. Empa ho nka hore maikutlo kapa maemo a rōna a phahametse a batho ba bang ho ka re suthisetsa hōle le Jehova.—Pes. 138:6; Bar. 12:3.
Ho e-na le ho ameha ka ho fumana maemo ka phuthehong, thabela ho etsa tšebeletso ea hao!
17, 18. (a) Fana ka mehlala e ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse le ea ba neng ba ikhantša. (b) Mora e mong oabo rōna o ile a etsa’ng ho qoba hore boikhantšo bo mo suthisetse hōle le Jehova?
17 Bibele e na le mehlala ea batho ba neng ba ikhantša hammoho le ea ba neng ba ikokobetsa. Morena Davida o ile a ikokobelletsa tataiso ea Jehova ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Pes. 131:1-3) Empa Jehova o ile a kokobetsa marena a neng a ikhantša e leng Nebukadnezare le Belshatsare. (Dan. 4:30-37; 5:22-30) Le kajeno, re kopana le maemo ao ho ’ona ho ka bang thata ho bontša boikokobetso. Ryan, ea lilemo li 32, eo e leng mohlanka ea sebeletsang, o ile a fallela phuthehong e ’ngoe. Ryan o re, “Ke ne ke lebeletse hore ka mor’a nakoana ke tla buelloa hore ke be moholo, empa selemo se ile sa ba sa feta ke e-s’o buelloe.” Na Ryan o ne a tla halefa kapa a utloe bohloko, a nka hore baholo ba mo tlōlisitse mahlo holimo? Na o ne a tla khaotsa ho ea libokeng, a lumelle boikhantšo hore bo mo suthisetse hōle le Jehova hammoho le batho ba Hae? U ka be u ile ua etsa’ng?
18 Ryan o re, “Ke ile ka bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke khona ho e fumana ka har’a lingoliloeng tsa rōna e buang ka tebello e chechisetsoang morao.” (Liprov. 13:12) “Ke ile ka hlokomela hore ho ne ho hlokahala hore ke ithute ho ba le mamello le boikokobetso. Ho ne ho hlokahala hore ke lumelle Jehova hore a nkoetlise.” Ryan o ile a khaotsa ho nahana ka eena haholo ’me a tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho sebeletsa batho ba bang—ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a nakoana o ne a se a khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele tse tsoelang pele. O re, “Ha ke ne ke khethoa hore ke be moholo ka mor’a selemo le halofo, seo se ile sa etsahala ke sa se lebella. Ke ne ke se ke khaolitse ho tšoenyeha ka taba eo hobane ke ne ke thabela tšebeletso ea ka ea tšimo haholo.”—Bala Pesaleme ea 37:3, 4.
LULA U LE HAUFI LE JEHOVA!
19, 20. (a) Re ka etsa joang hore re tiise hore lintho tsohle tseo re ithutileng tsona lihloohong tsee ha li re suthisetse hōle le Jehova? (b) Ke mehlala efe eo re ka e etsisang ea batho ba ileng ba lula ba le haufi le Jehova?
19 Lintlha tsohle tseo ho builoeng ka tsona sehloohong sena le se fetileng ke tsa bohlokoa bophelong ba rōna. Re ikhantša ka hore ebe re bahlanka ba Jehova. Bophelo bo botle le lelapa le thabileng ke tse ling tsa limpho tse khōlō ka ho fetisisa tse tsoang ho Jehova. Rea utloisisa hore mosebetsi oa boipheliso le chelete li ka re thusa hore re itlhokomele ka lintho tseo re li hlokang. Rea tseba hore boithabiso bo ka re khatholla le hore theknoloji e ka re tsoela molemo. Empa ho hahamalla lintho tsena ho tlōla tekanyo le ka nako e fosahetseng kapa ka tsela e tla re sitisa borapeling ba rōna ho ka re suthisetsa hōle le Jehova.
U se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova!
20 Ka sebele, Satane a ka thabela hore seo se etsahale. Leha ho le joalo, u ka qoba hore uena le ba lelapa la hao le hlaheloe ke tlokotsi eo! (Liprov. 22:3) Atamela ho Jehova ’me u lule haufi le eena. Re na le mehlala e mengata ka Bibeleng ea batho ba ileng ba atamela ho Jehova. Enoke le Noe ba ile ba “tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Gen. 5:22; 6:9) Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheb. 11:27) Molimo o ile a tsoela pele a tšehelitse Jesu hobane Jesu o ne a lula a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae ea leholimong. (Joh. 8:29) Etsisa mohlala oa batho bao. “Thabang kamehla. Rapelang le sa phetse. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” (1 Bathes. 5:16-18) U se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova!
a Mabitso a fetotsoe.
b Sheba sehlooho se reng, “Kamoo U ka Hōlisang Bana ba Nang le Boikarabelo” Tsoheng! ea October 2011.
c Sheba sehlooho se reng, “Litsela Tse Hlano Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao” Tsoheng! ea March 2011.
-