Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Ba Hopola ’Mōpi oa Bona’
    Molula-Qhooa—1989 | February 15
    • ‘Ba Hopola ’Mōpi oa Bona’

      Ke bacha ba bakae ba etelletsang pele lithahasello tsa moea? E ka ’na eaba lichabeng tse ling moetlo ke ho laetsana motho a sa le monyenyane, ho kena lenyalong a sa le monyenyane, ho imeloa ke boikarabelo ba lelapa kapa lipakane tsa lefatše motho a sa le monyenyane. Empa na Bakreste ba bacha ba lokela ho latela mokhoa o joalo o tloaelehileng? Ho na le ho hongata ho ka thabeloang ke bacha ba masooa ba utloisisang ho itela ka ho ‘hopola ’Mōpi oa bona’ matsatsing a bocha ba bona.—Moeklesia 12:1.

      Ka mohlala, e mong ke Yutaka oa Yokohama, Japane, eo hammoho le moen’ae Keisuke, ba neng ba ithuta le Paki e ’ngoe ea pula-maliboho. O ne a le lilemo li robong ka nako eo. Ka mor’a libeke tse seng kae ’m’a bona o ile a hlokomela ho ntlafala ho hoholo ha boitšoaro ba bashemane bana ba babeli kaha ba ne ba qalile ho sebelisa melao-motheo ea Bokreste. Kahoo le eena o ile a qala ho ithuta, hammoho le bana ba hae ba bang ba bararo. Ka ho bona thabo eo lelapa la hae le e fumanang lithutong tsa lona tsa Bibele, ntate le eena o ile a kopanela, ’me ka mor’a nako kaofela ba kolobetsoa.

      Ha a le lilemo li leshome, Yutaka a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. O ile a tsoela pele ka sena ka nako e fetang lilemo tse supileng, ha a le sekolong sa mathomo, sekolong se mahareng le ho fihlela ha a le sekolong se phahameng. O ne a nehelana ka nako e ngata tšebeletsong ea ’Muso hoseng-seng, a pakela batho ba fetang ka tsela seteisheneng sa terene se sebakeng seo. E le hore a se ke a tsosa lelapa ka oache a llang, o ne a tlama khole letsohong la hae, a leketlisa karolo e ’ngoe ea khole ka ntle ho fensetere. ’Mate oa hae eo e neng e le pula-maliboho ea thusang o ne a ee a tle ’me a e hule hanyenyane ka nako e loketseng. Ka mor’a nako e fetang lilemo tse supileng e le pula-maliboho ea thusang, Yutaka o ile a finyella sepheo sa hae sa tšebeletso ea bopula-maliboho ba ka mehla ka Loetse 1983. O ile a qeta sekolong se phahameng ka Tlhakubele 1984.

      Takatsuki, Japane, Yasuko o ne a le selemong sa bobeli sekolong se mahareng. O ne a khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae tse fapaneng tse supileng beke le beke—tse hlano e le liithuti ’moho le eena ’me tse peli e le matichere a hae. Ha Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea Japane e tlaleha phihlelo ea hae, o ile a bontša matichere a hae sehlooho seo, a a hopotsa hore, joale ha e le mona pale ena e hatisitsoe, ba lokela ho ithuta hamolemo.

      Ba ‘hopolang ’Mōpi oa bona’ ha ba ntse ba le banyenyane, e-bang ke ka bopula-maliboho kapa ka tšebeletso leha e le efe e chesehang ea ka mehla, ba khona ho hlaolela “lerato la Ntate,” le hlokahalang ho feta ntho leha e le efe eo lefatše le ka fanang ka eona. Ka sebele, “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:15-17.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1989 | February 15
    • Lipotso tse Tsoang ho Babali

      ▪ Phapang ke efe pakeng tsa ho se shoe le bophelo bo sa feleng?

      Bophelo bo ke keng ba fela bo tla thabeloa ke batlotsuoa ba fumanang bophelo ba moea leholimong hammoho le batho bao Molimo o ba bolelang ba lokile bakeng sa bophelo lefatšeng la Paradeise. Kahoo ha u nahana ka phello, ho se shoe leholimong le bophelo bo sa feleng lefatšeng ha e le hantle li fella ka ntho e tšoanang—ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ho na le se ka hlalosoang mabapi le ho se shoe.

      Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho se shoe” (athanasia) le entsoe ka lentsoe le hanyetsang e le thanatos e bolelang “lefu.” Ka hona ho se shoe ho na le kutloisiso ea motheo ea ‘ho hloka lefu; kapa ho ke keng ha shoa. Ka ho utloahalang, Jehova ke eena mohloli feela oa bophelo bohle ’me ha a shoe. (Pesaleme ea 36:9; 90:1, 2) Hona ho tiisoa ke ’nete ea hore Mora oa hae ea tlotlisitsoeng, eo hona joale e leng “lehlaseli la khanya ea oona [Molimo], le setšoantšo sa boleng ba oona;” o hlalosoa a le “’Musi oa babusi le Morena oa marena; e leng eena a ’notši ea nang le ho se shoe.” (Ba-Heberu 1:3; 1 Timothea 6:15, 16) Ha ho sebopuoa se ka nkang bophelo ba Jesu kaha e le ea sa shoeng, e leng ho mo khethollang ho batho kapa meea e ka shoang. Ho feta moo, rea bala: “Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a e-shoa; lefu ha le sa na matla ho eena.”—Ba-Roma 6:9.

      Le hoja ho se shoe, ka kutloisiso e ’ngoe e itseng, e le bophelo bo sa feleng, ka ho hlakileng ho se shoe ho bolela ho fetang hore motho ea nang le bona o tla phela ka ho sa feleng. Ho bonahala ho bontša mofuta o khethehileng oa bophelo, ’me ho amahanngoa le ho se bole. Bibele e bua tjena ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba amohelang moputso oa leholimo: “E ka khona ho bolang hona [’meleng oa bona oa botho] ho apare ho sa boleng, le ho shoang hona ho apare ho sa shoeng. ’Me etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shoang hona ho apere ho sa shoeng, ke moo polelo e ngoliloeng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitsoe ke hlōlo.”—1 Ba-Korinthe 15:53, 54.

      Le teng, Bibele ha e fane ka lintlha tse ngata tse qaqileng mabapi le mofuta oa bophelo bo bitsoang ho se shoe. Hoo re ho tsebang ke hore batho ba shoang—esita le bona batho ba phethahetseng ba lebelletseng bophelo bo ke keng ba fela lefatšeng—ba tlameha ho ja le ho noa e le hore ba ka boloka bophelo ba bona, ho seng joalo baa shoa ’me ’mele ea bona ea bola. (Genese 2:9, 15, 16) Ha ho pelaelo hore ho se shoe ho akarelletsa mofuta oa bophelo o sa hlokeng ho tšehetsoa ka tsela e joalo. Ka hona ho ka boleloa hore bohle ba fetohang ba sa shoeng ha ba tlas’a tsuo ea lefu kapa hore ‘lefu ha le sa na matla ho bona.’ Hape, hoo ho lumellana le hore ba amohela ho se bole, ho bontšang hore ’mele ea bona ea moea kapa litho tsa bona ka tlhaho li ke ke tsa tsofala, tsa senyeha kapa tsa bola. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 5:1 ; Tšenolo 20:6.) Ka litsela tsena ho ka bonoa phapang pakeng tsa ho se shoe le bophelo bo sa feleng ba botho.

      Jehova Molimo ke Moahloli ea phethehileng ea putsang batlotsuoa ka ho se shoe. Ha bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa le temohong ea hae a rera hore ba joalo ba lekoe ka ho felletseng ’me ka ntle ho pelaelo ba tšoanelehela ho se shoe, re ka tšepa hore ba tla tšepahala ka ho sa feleng. Bohle bao Jehova a ba ahlolang e le ba tšoaneloang ke bophelo bo ke keng ba fela, ebang ba bo fumana e le meea e sa shoeng kapa e le batho ba phethahetseng, ba tla khona ho mo rapela ka ho sa feleng. Ka hona, ha re qetella, phello ea bophelo bo sa feleng ba botho le ho se shoe leholimong ke bophelo bo ke keng ba fela.—Johanne 17:3.

      ▪ Ho ea ka Johanne 20:25 na ho nepahetse ho fihlela qeto ea hore Jesu o ile a khokhotheloa ka sepekere se fapaneng ho letsoho ka leng?

      Cyclopaedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea M’Clintock le Strong, ea hlalosa:

      ‘Ho sentsoe nako e ngata le boikhathatso ho phehoa khang ka hore na ho ile ha sebelisoa lipekere tse tharo kapa tse ’nè ha ho khokhotheloa Morena. Nonnus o tiisa hore ho ile ha sebelisoa tse tharo feela, ’me o tšehetsoa ke Gregory Nazianzen ho seo. Tumelo e tloaelehileng haholoanyane ke ea lipekere tse ’nè, e leng khopolo eo Curtius a e tšehetsang haholo ’me e le ka mabaka a thahasellisang. Ba bang ba ’nile ba phahamisa palo ea lipekere ho ea ho tse leshome le metso e mene.’—Moqolo II, leqephe 580.

      Mattheu 27:35 e re feela: “Eare hobane ba mo thakhise, ba arolelana liaparo tsa hae, ba li laola ka lotho.” Ho fanoe ka lintlha tse qaqileng tse fokolang, joaloka ho Mareka, Luka le Johanne. Ka mor’a tsoho ea Jesu, Thomase o itse: “Ekare ha ke sa bone maqeba a lithakhisa matsohong a hae, ka kenya monoana oa ka maqebeng a lithakhisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.” (Johanne 20:25) Kahoo le hoja ka linako tse ling batlōli ba molao ba ne ba tlamelloa thupeng, Jesu o ile a khokhothelloa ka lipekere. Ho tsoa ho Johanne 20:25 ba bang ba ile ba boela ba fihlela qeto ea hore ho ile ha sebelisoa lipekere tse peli, se le seng ho letsoho ka leng. Empa na hore a be Thomase o sebelisitse lentsoe le ka bongateng (lithakhisa) ho lokela ho utloisisoa e le tlhaloso e tobileng e bontšang hore letsoho ka leng la Jesu le ne le phuntsoe ka sepekere se fapaneng?

      Ho Luka 24:39 Jesu ea tsositsoeng o itse: “Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele.” Sena se bontša hore maoto a Kreste le ’ona a ne a khokhothetsoe ka lipekere. Kaha Thomase ha aa ka a bua ka masoba a lipekere maotong a Jesu, hore e be o sebelisitse lentsoe le ka bongateng “lithakhisa” e ne e ka ’na ea e-ba puo e akaretsang e bontšang lipekere tse ngata tse ileng tsa sebelisoa ho khokhothela Jesu.

      Ka hona, ntlheng ena ho hang ha ho mokhoa oa ho bolela ka tieo hore na ho ile ha sebelisoa lipekere tse kae. Litšoantšo leha e le life tsa Jesu ha a le thupeng li lokela ho utloisisoa e le lintho tse entsoeng ke baetsi ba litšoantšo tse mpang li fana ka tšoantšetso e theiloeng linneteng tse sa hlakang hantle tseo re nang le tsona. Ha hoa lokela hore ho lumelloe hore ho pheha khang ka litaba tse joalo tseo e seng tsa bohlokoa ho pupetse ’nete e nang le bohlokoa bo boholo ea hore “re bile ra boelanngoa le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona.”—Ba-Roma 5:10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela