Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb05 maq. 43-64
  • Tlaleho ea Lefatše ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
yb05 maq. 43-64

Tlaleho ea Lefatše ka Bophara

◼ AFRIKA

Palo ea linaha: 56

Palo ea baahi: 770 301 093

Palo ea bahoeletsi: 983 057

Palo ea lithuto tsa Bibele: 1 769 182

Na u ne u tseba hore litaba tse molemo lia boleloa Sahara? Nafissatou ea lilemo li 17 o lula toropong ea merafo e Niger leboea. Ha bana bao a kenang sekolo le bona ba qala ho qoqa ka litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, Nafissatou o ile a itsamaela. Ngoanana e mong eo e leng seithuti-’moho le eena o ile a mo sala morao a mo botsa hore na ho senyehile kae. Nafissatou o ile a re ha a rate moqoqo oa mofuta oo. Qalong ngoanana eo o ile a mo soma, a re ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro feela ho ne ho ke ke ha e-ba kotsi. Nafissatou o ile a re taba eo e tebile hobane ’Mōpi ha a rate lintho tse joalo. Eaba o ntša buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka mokotleng oa hae oa sekolo ’me o bontša ngoanana eo karolo e tšohlang likotsi tsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Ka mor’a moo o ile a ntša Bibele ea hae eaba o balla ngoanana eo 2 Bakorinthe 7:1. Ngoanana eo o ile a lumela hore ha a shebeletse livideo tsa boitšoaro bo bobe, o ba le maikutlo a matla ao a sitoang ho a hlalosa. O ile a kōpa buka ea Bacha Baa Botsa. Nafissatou o ile a mo fa eona eaba hamorao o re: “Ha ke mo bona lekhetlong le latelang o ne a le mong, kahoo ke ile ka mo botsa hore na metsoalle ea hae e kae. O ile a re, ‘Motsoalle oa ka ke buka ena.’ Ke ile ka qala ho ithuta le eena, ’me o ile a ba teng Sehopotsong.”

Lilemong tse ka holimo ho 15 tse fetileng, mosali e mong oa Tanzania o ile a ithuta Bibele le morali e mong oabo rōna eo e leng moromuoa. Thuto eo e ile ea tsoela pele ka lilemo tse ’maloa. Mosali eo o ne a tsilatsila ho emela ’nete ka lebaka la ho hanyetsoa ke lelapa labo, ’me qetellong thuto e ile ea emisa. Leha ho le joalo, barali ba hae ba babeli ba banyenyane ba ne ba ntse ba mametse ba khutsitse ha ’mè oa bona a ntse a ithuta. Ha morali e moholo a tloha lapeng ha a le lilemo li 18, hang-hang o ile a ea Holong ea ’Muso eaba o kōpa ho khanneloa thuto. O ile a tsoela pele ka potlako a ba a kolobetsoa. Moen’ae le eena o ile a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me le eena o ile a kolobetsoa. Kaha ’mè oa bona o ile a khothatsoa ke bohato bo tiileng boo barali ba hae ba bo nkileng ba ho emela ’nete, o ile a etsa qeto ea ho tsosolosa thuto ea hae ea Bibele. Lekhetlong lena o ile a hlōla bothata ba ho tšaba batho boo pele bo neng bo mo sitisa ho tsoela pele, ’me o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho ka May 2004.

Ha phutheho e mamela taelo ea hore e ‘hlokomele likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona,’ ka sebele Jehova oa e hlohonolofatsa. (Jak. 1:27) Ho ile ha etsahala joalo phuthehong e ’ngoe Lesotho. Se seng sa litho tse kolobelitsoeng tsa phutheho e ne e le ’Mapolo, e leng motsoali ea se nang molekane, ea neng a e-na le bara ba bane ba banyenyane. ’Mapolo o ne a tseba hore o kulela lefu, kahoo o ile a lokisetsa bana ba hae hore ba tle ba tsebe ho itlhokomela. O ile a ithuta Bibele le bona, a ea le bona libokeng, a ba ruta ho etsa mafielo, ao ba neng ba a rekisa tseleng. Ha ’Mapolo a hlokahala ka 1998, bara ba hae bao e neng e se e le likhutsana ba ile ba sala ba hlokometsoe ke nkhono oa bona. Morali’abo rōna e mong oa moromuoa ea neng a thusitse ’Mapolo hore e be Paki e kolobelitsoeng o ile a ea mokhatlong o mong oa lithuso tsa sechaba ho ea kōpela likhutsana tseo thuso ’me li ile tsa khona ho lefelloa chelete ea sekolo. Lipaki tse ling li ile tsa fa bashemane bao liaparo. Eaba nkhono oa bona oa hlokahala. Mora e mong oabo rōna ka phuthehong o ile a ithuta Bibele le bona a ba a ba lefella rente. Bashemane bao ba bane kaofela ba ba teng libokeng kamehla. Ba babeli e se e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ’me e moholo, Rantšo, ea seng a le lilemo li 20, o kolobelitsoe kopanong ea potoloho ka March 2004. O ile a khannela mor’a ngoan’abo ’mè oa hae thuto, e leng Retšelisitsoe, eo le eena a ileng a kolobetsoa hona letsatsing leo. Rantšo o re o leboha hore ebe ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba ile ba mo hlokomela ka lerato, eena hammoho le banab’abo.

Moromuoa e mong Cameroon o tlaleha tjena: “Beke e ’ngoe le e ’ngoe ha ke ntse ke ithuta Bibele le mohlankana e mong, ke ne ke utloa motho e mong a bina lifela ka tlung. Eaba ke botsa motho eo ke ithutang le eena ka re, ‘Ke mang enoa ea ntseng a bina eo ke sa mo tsebeng?’ E ne e le moena oa hae, Stephen, eo e leng sefofu. Ke sebelisa k’hasete ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ke ile ka qala ho khannela Stephen thuto ea Bibele. Pakane ea rōna e ne e le ho ithuta temana e le ’ngoe ea Bibele ka hlooho thutong e ’ngoe le e ’ngoe. Stephen o khona ho hopola hantle haholo, kahoo o ile a ithuta litemana tse ngata tsa Bibele. O boetse o ba teng libokeng ’me o arabela hangata. Haufinyane o ile a fana ka puo ea hae ea pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. E ne e le ’malo oa Bibele, ’me kaha Stephen ha a tsebe ho bala Braille, o ile a tlameha ho tšoara litemana tseo ka hlooho. Ke tšepa hore haufinyane ke tla tšoara Stephen ka letsoho ke ee le eena tšebeletsong. E ’ngoe ea litemana tseo Stephen a li ratang ka ho fetisisa ke ea Esaia 35:5, e reng: ‘Mahlo a lifofu a tla tutuboloha.’ Stephen o thabela hore ebe mahlo a hae a moea a se a tutubolohile, ’me hona joale o binela Jehova lithoriso, o mo leboha ka hore ebe haufinyane mahlo a hae a nama le ’ona a tla bona.”

Liberia e tsekolotsoeng ke ntoa, mosali e mong ea bitsoang Nancy o ile a tla ho morali e mong oabo rōna ’me a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Moruti oa hae o ne a mo boleletse hore Molimo o tla isa Lipaki Tsa Jehova liheleng hobane ke Bakreste ba bohata. Leha ho le joalo, o ne a lula haufi le Lipaki tse ling, ’me o ne a hlokometse hore neng le neng ha molumo oa lithunya o kokobela, kamehla baholo ba phutheho ea moo ba ne ba tsamaea ba il’o bona hore na barab’abo bona ba phela joang. O ile a boela a hlokomela hore kamehla ha ntoa e ne e khutsitse Lipaki li ne li sebelisa monyetla oo ho ea pakela ba bang. Nancy le ba bang ba bangata motseng oo ba ile ba hlolloa ha ba bona koloi e tsoang ofising ea lekala e le eona ea pele e fetang sebakeng sa ntoa e tsamaisa liphallelo tse neng li hlokahala haholo, tseo Lipaki tsa Fora le Belgium li neng li nehelane ka tsona. O ile a re: “Ke nahana hore lōna le tšoere ’nete.” O tsoela pele hantle ho ithuta.

Mohlankana e mong o ile a tla motseng o mong Uganda a tlil’o etsa mosebetsi oa kaho ntlong eo barab’abo rōna ba tšoarelang liboka ho eona. E mong oa bo-pula-maliboho o ile a sebelisa monyetla oo ho pakela sehahi seo, ’me se ile sa thabela litaba tseo. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana se ne se lokela ho khutlela ha habo sona holimo lithabeng. Kaha ho ne ho se na Lipaki moo monna eo a lulang teng, pula-maliboho eo o ile a mo hlalosetsa hore na ke hokae moo a ka fumanang Holo ea ’Muso e haufi. Mohlankana eo o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 30 ka baesekele litseleng tse tšesaane tsa mokurutlane tse theohang thabeng a il’o batla barab’abo rōna. Kaha ha aa ka a fumana motho Holong ea ’Muso, o ile a siea sephephechana ka tlas’a lemati, a kōpa thuto ea Bibele. Pula-maliboho e mong eo hamorao a ileng a ea mo batla ha habo o ile a makala ha a fihla moo a fumana batho ba 200 ba emetse ho utloa molaetsa oa Bibele! Ba bangata ba bona ba ne ba hlile ba thahasella ho ithuta Bibele. Hona joale ho tšoaroa liboka sebakeng sena se hōle.

Mantsiboeeng a mang motsaneng o mong o nang le batho ba ka bang 600 o ka boroa-bochabela Nigeria, baahi ba motse ba ile ba bona khanya e khōlō sepakapakeng e entse seriti ka har’a nōka. Khanya eo e ne e bonahala e ntse e atamela ho bona, kahoo ba ile ba baleha. Ba bangata ba ne ba nahana hore ke eona timetso eo esale Lipaki Tsa Jehova li ruta ka eona, kahoo ba ile ba balehela Holong ea ’Muso, ba re, “Armagedone e ke ke ea timetsa mohaho ona.” Qetellong hoo e ka bang ka 10 ea bosiu, baahi ba ile ba hlokomela hore khanya eo e ne e le ea tetema e khōlō ea mollo sekhoeng. Ha barab’abo rōna ba botsa baahi ba motse hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa balehele likerekeng tse haufinyane, monna e mong o ile a araba ka ho re: “Tse ling ke likereke tse se nang thuso. Armagedone ea lōna e tla li timetsa e mpa e ke ke ea timetsa Holo ea ’Muso.”

Morali e mong oabo rōna eo e leng pula-maliboho oa kamehla kampong ea baphaphathehi Guinea o re: “Ha ke ntse ke le tšebeletsong ke ea ka ntlo le ntlo, ke ile ka fumana ngoananyana e mong ea lilemo li robeli habo. O holofetse. O ile a mpolella hore batsoali ba hae ba atisa ho mo siea ba mo notleletse lapeng letsatsi lohle. Ke ile ka mo bolella hore ke batla hore e be motsoalle oa ka. Eaba kea mo botsa hore na ke eng seo a ratang hore Molimo a mo etsetse sona. O ile a re o batla hore Molimo a etse hore a khone ho tsamaea. Ke ile ka phetla Esaia 35:5, 6 Bibeleng ’me ka mo bontša hore Jehova o tšepisa hore ea holofetseng o tla khona ho tsamaea. Eaba ke phetla setšoantšo se bontšang ha Jesu a folisa ba kulang bukaneng ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ke ile ka boela ka mo bolella hore o tla fumana litlhohonolofatso tsena haeba a ka ithuta Bibele ’me a etsa seo Jehova a se hlokang ho eena. O ile a lumela hore ke mo khannele thuto ea lehae ea Bibele. Re se re qetile bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ’me re se re le haufi le ho qeta bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! Ka mor’a hore re ithute ka libeke tse tharo, o ile a bolela hore o lakatsa ho ea libokeng. Kaha ha a khone ho tsamaea ho ea libokeng, ke ea habo ebe kea mo pepa rea libokeng. O rata liboka hoo haeba ke sa mo lata, a utloang bohloko a be a lle.”

◼ LINAHA TSA AMERIKA

Palo ea linaha: 56

Palo ea baahi: 868 871 739

Palo ea bahoeletsi: 3 165 925

Palo ea lithuto tsa Bibele: 3 089 453

Marie oa Guadeloupe o tlaleha tjena: “Lebōpong la leoatle le pel’a hotele eo ke sebetsang ho eona, baeti ba ’maloa ba tlileng hoteleng ba ile ba mpolella hore ho na le liaparo le lieta tse siiloeng holim’a lefika tse seng li qetile matsatsi a mabeli moo. Ke ile ka nka lintho tseo e le hore ke fumane boitsebiso bo ka bontšang hore na ke tsa mang. Ke ile ka fumana sepache se tšetseng li-euro tse 1 067 [R8 258]! Batho ba ’maloa ba neng ba shebeletse ba ile ba nqophella hore ke inkele e ’ngoe ea chelete eo ke be ke ba fe e ’ngoe. Hang-hang ke ile ka ba bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore letsoalo la ka le ntlama hore ke tšepahale. Kahoo ke ile ka isa lintho tseo kaofela moo ho amoheloang baeti teng hoteleng. Batho ba sebetsang moo le bona ba ile ba makala ha ke sa inkela chelete eo. Ke ile ka boela ka ba hlalosetsa boemo ba ka. Ha ke khutlela lebōpong la leoatle, batho ba bang ba neng ba le teng moo ba ne ba labalabela ho tseba ho eketsehileng ka seo re se lumelang. Ke ile ka ba pakela ke sebelisa Bibele. Har’a bona ho ne ho e-na le mosali e mong ea ileng a re, ‘Ke tla hira Lipaki Tsa Jehova feela hore e be tsona tse ntšebeletsang.’” Ka mor’a moo, mong’a liaparo tseo o ile a fumanoa ’me mapolesa a ile a rorisa morali’abo rōna ka botšepehi ba hae.

Antonio ke setho sa lelapa la Bethele Mexico ’me o sebelisa monyetla o mong le o mong ho buisana le batho ka ’nete. Haufinyane ha a ntse a tsamaea ka bese a ea sebokeng sa phutheho, o ile a fa monna e mong ea apereng hantle le mosali e mong ea apereng hantle pampitšana. Ba ile ba e-ba le moqoqo o monate. Antonio o ile a re: “Ha ke fihla moo ke theohang bese teng ke ile ka re ba sale hantle, empa ke ile ka makala ha ba batla ho theoha le ’na e le hore re tsoele pele ho qoqa, le hoja e ne e se moo ba theohang teng. Ka mor’a hore re theohe, re ile ra buisana hape ho se hokae, eaba ke boetse ke re ba sale hantle. Ba ile ba mpotsa, ‘U ea kae?’ Eaba kea araba: ‘Ke ea sebokeng phuthehong eo ke kopanelang ho eona.’ Ba ile ba shebana eaba ba re, ‘Na re ka tsamaea le uena?’ Ka araba, ‘Ke tla thabela ho tsamaea le lōna!’ Mosali eo e mocha, eo e leng ’muelli oa molao, le mochana oa hae, ea ntseng a ithuta univesithi, ka bobeli ba ne ba utloile molaetsa oa ’nete lilemong tse ’maloa tse fetileng empa ba sa ka ba tsoela pele ka lebaka la khanyetso ea lelapa. Ha ba ntse ba tsamaea le Antonio ba ea sebokeng, ba ile ba bolela hore ba tšepa hore ba tla bona motho ea ileng a bua le bona ka Bibele pele. Ba ile ba makala ba ba ba thaba hakaakang ha ba kopana le eena moo! Ba ne ba thabetse hore ebe ba bile teng sebokeng ’me ba ne ba labalabela ho ithuta Bibele. Mosali eo e mocha o ile a re: “Ke Jehova ea re tlisitseng mona, ’me ho tloha hona joale ho ea pele re tla tsoela pele ho tla.” Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ba khannela thuto, e tsamaisoang habeli ka beke.

Haiti, Jacqueline eo e leng mosali oa molebeli oa potoloho, o ne a e-na le morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho mosebetsing oa boboleli ha ba bona mosali e mong e mocha a lutse a le mong pel’a tsela a ntse a lla. Baralib’abo rōna ba ile ba mo atamela ’me ba mo botsa hore na o sithabelitsoe ke eng. Qalong, mosali eo o ile a hana ho araba, empa ha ba mo phehella ka mosa, o ile a araba ka ho re, “Ke entse seo ke neng ke batla ho se etsa.” Hang-hang ha Jacqueline a lemoha hore o jele chefo, o ile a mo botsa hore na ho joalo eaba o ōma ka hlooho oa lumela. Kapele-pele baralib’abo rōna ba ile ba mo potlakisetsa sepetlele hore a e’o alafshoa. Bekeng e latelang, morali eo oabo rōna oa pula-maliboho o ile a khutla ho ea mo khothatsa. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele.

Ha Lourdes a fihla mochineng oo ho lefshoang ho oona suphamaketeng e ’ngoe Paraguay, o ile a haroha letsoalo ha a fumana hore chelete eo a neng a lefa ka eona e ne e le ea maiketsetso. Hang-hang motho ea lefisang o ile a bitsa molebeli. Lourdes le morali oa hae ea lilemo li hlano, ea bitsoang Ingrid, ba ile ba isoa ka kamoreng e nyenyane hore ba e’o emela mapolesa. Mookameli oa suphamakete eo le molebeli ba ile ba re morali’abo rōna a ba bolelle hore na o nkile chelete eo ea maiketsetso hokae. Lourdes o ne a sa hopole hore na o e fumane hokae ’me o ile a ba bolella hore o ne a sa tsebe hore ke ea maiketsetso. A utloile bohloko, Ingrid o ile a sheba mookameli le molebeli eaba o re: “Le re tšoara joaloka masholu. ’Mè hase lesholu. Re Lipaki Tsa Jehova, ebile ha re bolelle batho mashano.” Mookameli o ile a botsa Lourdes hore na ke Paki, eaba o re ho joalo. Ho ile ha letsetsoa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me qetellong banna bao ba ile ba kholiseha hore ka sebele Lourdes ke Paki. Ba ile ba ikōpela tšoarelo ho Lourdes le Ingrid ka tšitiso eo eaba baa ba lokolla. Hamorao Ingrid e monyenyane o ile a re ntho e mpe ka ho fetisisa ka boemo boo kaofela ke hore ba ile ba hlōleha ho reka mokotla oa liqhōme tseo a neng a li lakatsa haholo.

Mor’abo rōna e mong o ne a ntse a bolela litaba tse molemo Costa Rica eaba o etsa qeto ea ho buisana le moahelani oa hae oa Mok’hatholike e le hore a mo pakele. Mor’abo rōna o ne a tšohile hobane monna eo o ne a sa rate Lipaki; o ne a bile a li nyefola. O ile a makala ha monna eo a re a kene ka tlung ’me a mo hlalosetsa hore na ke eng se fetotseng maikutlo a hae. Motsoalle e mong oa hae o ne a ile a mo memela hore ba etele kerekeng ea Evangeli e motseng o mong o hōle. Ha ba fihla moo, monna eo o ile a kōptjoa hore a hlalose “seo a fetileng ho sona litabeng tsa bolumeli.” O ile a re feela ke Mok’hatholike. Batho bao ha baa ka ba rata seo eaba ba mo ntša ka kerekeng, ba bolella motsoalle oa hae hore o ipehile kotsing ea ho ahloloa hobane o tloaelane le Mok’hatholike. Monna eo o ile a tloha kerekeng eo, empa kaha o ne a le hōle le hae a le sebakeng seo a sa se tsebeng, o ne a sa tsebe hore na o tla robala hokae. O ile a ea ntlong e ’ngoe a ba hlalosetsa se etsahetseng, eaba ba re a kene. Ba ile ba mo ngoathela, ba ba ba mo fa boroko. Beng ba ntlo eo ba ile ba boela ba pakela monna enoa. E, e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Monna eo o ile a ameha maikutlo hakaakang ha a fumana hore ka sebele Lipaki li rata baahelani ba tsona! Hona joale o ithuta Bibele le Lipaki.

Morali e mong oabo rōna oa Trinidad o ngola tjena: “Ha ke ntse ke paka seterateng, mosali e mong o ile a tla ho ’na a kōpa limakasine tsa morao-rao. Ka mor’a hore ke mo fe limakasine tse ’maloa, ke ile ka ithaopela ho ithuta Bibele le eena lapeng. Mosali eo o ile a re o kile a ithuta empa o sa tsoa fallela sebakeng se secha. Ke ile ka kōpa hore a mphe lebitso la hae le aterese, empa mosali eo o ile a hana, a re haeba re hlile re sebeletsa Molimo oa ’nete, Molimo o tla mpontša moo a lulang teng. Letsatsing le hlahlamang ha ke ntse ke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ke ile ka kokota ntlong e ’ngoe, ’me mosali eo o ile a hlaha monyako. Ha a mpona ke e-na le motho eo ke tsamaeang le eena, o ile a tšeha ka ho makala eaba o re, ‘U mphumane joang kapele hakaale?’ Ke ile ka mo botsa hore na oa hopola hore na o itse’ng ho ’na maobane. O ile a re re kene ka tlung, eaba re qalisa thuto. Hona joale mosali eo ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.”

◼ ASIA LE BOCHABELA BO HARE

Palo ea linaha: 47

Palo ea baahi: 3 971 703 969

Palo ea bahoeletsi: 574 927

Palo ea lithuto tsa Bibele: 444 717

Ghanshyam ke pula-maliboho oa kamehla Nepal. O iphelisa ka ho khanna tekesi. Mosebetsing oa hae o kopana le batho ba mefuta-futa ’me o fumana hore ba bangata ba bona ba potlakile, esita le ha e le bosiu, ka hona ha ba na nako ea ho qoqa. Ho ntse ho le joalo, o etsa matsapa a maholo a ho qalisa moqoqo. Kamehla ha ho khoneha, o fa bapalami pampitšana e loketseng le aterese ea Holo ea ’Muso e haufi. Bapalami ba bangata ba ’nile ba leboha seo. Hona joale ba bahlano ba bona ba ithuta Bibele le Ghanshyam.

Taiwan monna oa morali e mong oabo rōna o ne a atisa ho sebelisa lentsoe la hae le phefa ho omanya mosali oa hae, haholo-holo ha a le mothating oa ho ea sebokeng sa Bokreste. Eaba ka letsatsi le leng o otloa ke stroke. O ile a holofala eaba o isoa sepetlele. Ka mamello morali’abo rōna o ile a mo hlokomela ’me ka masene a sebelisa nako ea ha monna oa hae a ikoetlisa hore litho tsa hae tse lemetseng li boele li sebetse hantle ho mo thusa ho utloisisa ’nete ea Bibele. Morali’abo rōna o ile a re: “U lokela ho koetlisa boko ba hao, kahoo ke tla u fa boitsebiso bo itseng; u leke ho bo hopola, akere ua utloa?” Monna oa hae o ne a tseba hore o lokela ho nahana, kahoo o ile a lumela. Morali’abo rōna o ile a sebelisa boitsebiso boo a bo nkileng libukaneng tse fapa-fapaneng ho mo ruta tse ling tsa linnete tsa motheo, tse kang lebitso la Molimo le litšobotsi tsa hae le sehlooho sa Bibele. Ho phaella moo, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba mo etela ba ba ba mo tšoara ka mosa. Sena se ile sa mo khahla hoo ha a tsoa sepetlele a khutlela lapeng, a ileng a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Joale o se a qalile ho ba teng libokeng a tsamaea ka setulo sa likooa ’me o sebelisa lentsoe la hae le phefa ho arabela.

Rohana, eo e leng pula-maliboho ea khethehileng ea sebetsang sebakeng sa mahaeng Sri Lanka, o ne a hanyetsoa ke monna e mong ea khannang baesekele e nang le karolo e ka thōko e ka palamisang batho ba babeli. Ha a bona Rohana a le tšebeletsong, o ne a mo rohaka. Ka lekhetlo le leng o ile a sokela Rohana ka hore haeba a sa khaotse ho paka sebakeng seo, a ka ’na a hlajoa. Rohana o ile a bontša mosa. Hamorao, monna eo o ile a ameha kotsing eaba o kenngoa sepetlele a tsoile likotsi tse mpe. Rohana o ile a mo etela sepetlele eaba o mo isetsa mpho. Ha monna eo a bona hore na ke mang ea mo etetseng, o ile a qala ho lla ’me a kōpa Rohana hore a mo tšoarele ka tsohle tseo a mo rohakileng ka tsona. Monna eo o ile a re: “Mohlomphehi, ka lebaka la tsela eo ke ileng ka u tšoara ka eona, ho ne ho tla ba molemo hore u nkotle ka molamu ho e-na le hore u tlohe hōle koana u tl’o ntšelisa.” Joale o tsoile sepetlele ’me o tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho khanna baesekele e palamisang batho ba ’maloa. Hape o bala limakasine tsa rōna kamehla.

Batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba tla Hong Kong ba tlil’o sebetsa malapeng. Mosali e mong ea joalo o ne a qalile ho ithuta bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ha a le Philippines ’me o ne a batla ho tsoela pele ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, o ne a sa tsebe moo a ka fumanang Lipaki teng, kahoo o ile a rapella thuso hore a li fumane. Ka letsatsi le leng ha a ne a sa ea mosebetsing, o ile a tšela kou ea leoatle a ea setsing se seholo sa khoebo le serapeng sa boikhathollo se bohareng moo Mafilipino a mangata a bokanang teng mafelong a beke. O ile a batla empa a se ke a bona leha e le mang eo a ka reng ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, le hoja kamehla li paka serapeng seo sa boikhathollo mafelong a beke. Leha ho le joalo, o ile a bona bukana ea Seo a se Hlokang e lahletsoe ka moqomong oa matlakala. Mosali eo o ile a nka bukana eo ’me a bona hore e ne e ngotsoe nomoro ea thelefono. E ne e le nomoro ea morali’abo rōna ea neng a nehelane ka bukana eo. Mosali eo o ile a makala haholo a ba a thaba ha a fumana hore morali eo oabo rōna o ne a sebetsa hona mohahong oo le eena a sebetsang ho oona. O ile a qalella ho ithuta Bibele hape ’me o tla libokeng.

Molebeli oa potoloho le moholo e mong Republic of Korea ba ile ba etsa leeto la bolisa hantle feela ka nako e nepahetseng. Ba ile ba etela morali e mong oabo rōna ea neng a qetile lilemo tse leshome a sa kopanele tšebeletsong. Monna oa hae, ea neng a sa lumele hore Molimo o teng, o ile a etsa qeto ea ho ea kerekeng ka mor’a hore a etsoe opereishene. Ha barab’abo rōna ba mo etetse, ba ile ba kopana le monna oa hae, eo ka mor’a hore ba be le moqoqo oa botsoalle a ileng a amohela bukana ea Seo a se Hlokang. Moholo eo o ile a khothatsa morali eo oabo rōna ha a ntse a ithuta le monna oa hae. Monna eo o ile a amohela memo ea ho ea kopanong ea setereke, ’me ka mor’a moo o ile a khaotsa ho ea kerekeng eaba o tla libokeng kamehla. Morali eo oabo rōna le eena o ile a tsoela pele a ba a kōpa hore bara le barali ba bona ba bane ba lulang motseng o mong ba eteloe. Ka lebaka leo, monna oa morali eo oabo rōna, morali oa hae e moholo le monna oa hae, le morali oa hae oa ho fela ba kolobelitsoe. Hamorao, mor’a hae e moholo le mosali oa hae le bona ba ile ba kolobetsoa, ’me ka kakaretso ho ile ha e-ba le Lipaki tse ncha tse tšeletseng.

Yuki, ea kenang sekolo se phahameng Japane, o ne a thatafalloa ho bolella liithuti-’moho le eena hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kaha o ne a hlokomela hore o lokela ho paka, o ile a elelloa hore o tla lokela ho nka bohato ba pele hobane ho ne ho se mohla liithuti-’moho le eena li kileng tsa bua ka taba ea bolumeli. O ile a etsa qeto ea ho etsa hore metsoalle ea hae e bone ha a rapela nakong ea lijo tsa motšehare. O ile a rapela ka tieo hoseng hohle a kōpa sebete. Joale, ho e-na le hore ha a etsa thapelo nakong ea lijo tsa motšehare a potlake e le hore ho se be le ea hlokomelang, o ile a inama eaba o rapela nako e teletsana. Ha a qeta, seithuti-’moho le eena se ile sa mo botsa hore na oa kula. Leha ho le joalo, Yuki o ile a sitoa ho paka. A nyahame haholo ka lebaka la seo, hamorao o ile a kōpa tšoarelo ho Jehova ka thapelo ’me a boela a kōpa sebete. Ka mor’a hore Yuki a rapele letsatsing le hlahlamang, seithuti-’moho le eena se ile sa boela sa mo botsa hore na oa kula, eaba Yuki o re ka pelong, ‘Ena ke eona nako ea ho paka!’ O ile a hlalosa hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Qalong seithuti-’moho le eena se ile sa makala, empa joale se ile sa qala ho hloma Yuki lipotso—U rapella’ng? Lebitso la Molimo ke mang? Jesu e ne e le mang? le tse ling. Yuki o ile a thaba haholo.

Motseng o bitsoang Kupang, Indonesia, Glenn o ne a tsebahala ka botahoa le ho ba lekhoba la lithethefatsi. Batho ba ne ba mo hirela ho ea sokela ba bang kapa ho ba otla. O ne a lula le batsoali ba hae ha ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba mo etela ’me ba buisana le eena ka Bibele. Ka mor’a nako e khutšoanyane, Glenn o ile a amohela thuto ea Bibele ’me ka boikitlaetso bo boholo a tlohela mekhoa ea hae e mebe. Ka letsatsi le leng mong’a lebenkele le leng o ile a mo fa chelete e ngata hore a e’o otla monna ea itseng. Glenn o ile a nahana ka chelete eo a e fuoeng empa a etsa qeto ea hore a se hlole a amohela mesebetsi e joalo. O ile a khutlisa chelete eaba o hana mosebetsi oo. Hamorao ha Glenn a e-ea lebenkeleng le leng, mong’a lona o ne a tšohile hore o tlil’o mo otla. Glenn o ile a kholisa mong’a lebenkele leo hore joale o se a ithuta Bibele ebile o se a phela ka khotso. Mong’a lebenkele leo o ile a amohela thuto ea Bibele a ba a mo fa mosebetsi lebenkeleng leo. Glenn o ile a kolobetsoa kopanong ea setereke selemong se fetileng, ’me mong’a lebenkele o ne a le teng.

◼ EUROPE

Palo ea linaha: 46

Palo ea baahi: 728 373 014

Palo ea bahoeletsi: 1 490 345

Palo ea lithuto tsa Bibele: 733 728

Ha Jacoba, e leng morali e mong oabo rōna ea lilemo li 88 oa Netherlands, a qeta ho hlokahala, beng ka eena ba ile ba fumana lengolo la molao le tsoang mapoleseng a moo. O ne a qetile lilemo tse ngata a a tlisetsa limakasine ka botšepehi. Karolo e ’ngoe ea lengolo leo e ne e baleha tjena: “E ne e le motho oa bohlokoa haholo ho rōna. O ne a etela seteishene sa rōna kamehla, ’me re ne re thabela ho noa tee le eena. Re ne re tsota sebete sa hae—le hoja a ne a se a hōlile o ne a ntse a tsamaea ka baesekele, ho sa tsotellehe boemo ba leholimo, a etela batho a il’o ba bolella seo a se lumelang. Re tla mo hloloheloa haholo mona.”

Phihlelo e ’ngoe ke ena e tsoang Switzerland. Lelapa le leng la Lipaki Tsa Jehova le neng le ea phomolong le ile la fa mora oa lelapa le leng la Lipaki linotlolo tsa folete ea lona, la kōpa hore ha le ntse le le sieo, a fepe litlhapi tse ka letangoaneng. Mohla moshanyana eo a qalang ho ea foleteng moo, o ile a thatafalloa ho notlolla monyako. Mosali ea ka foleteng e bapileng le eo o ile a utloa lerata eaba o hlaha monyako. Ha a bona moshanyana eo a leka ho bula monyako oa folete, o ile a etsa qeto ea hore ke lesholu eaba o bitsa mapolesa. Ha moshanyana eo a qeta ho fepa litlhapi, o ile a tsoa eaba o kopana le mapolesa a mabeli a hlometseng! A ile a botsa: “U batla’ng moo?” Eaba oa araba: “Ke qeta ho fepa litlhapi, joalokaha ke ne ke kōpiloe hore ke etse joalo.” Mapolesa ao ha aa ka a mo lumela. O ile a re: “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, joaloka ba lelapa le lulang mona. Ba nkōpile hore ke ba etsetse mosebetsi ona ha ba ntse ba le sieo, kahoo ba mphile linotlolo tsa bona.” Mapolesa ao a ne a sa kholiseha, kahoo a ne a batla ho mo isa seteisheneng sa mapolesa. Eaba moshanyana eo o re: “Butleng hanyane. Metsoalle ea ka e mphile nomoro ea eona ea cell phone, ke ena pampiring mona; le ka e letsetsa hona joale le e botse hore na seo ke se buileng ke ’nete.” Mapolesa ao a ile a letsetsa nomorong eo ’me a fumana hore seo moshanyana eo a se buileng ke ’nete. Eaba a kōpa tšoarelo aa tsamaea. Ha ba lelapa leo ba khutla phomolong, ba ile ba ikopanya le mosali ea lulang foleteng e bapileng le eo, ea neng a sa tsoa fallela moo. Ba ile ba mo leboha ka kameho ea hae. Eaba ba hlalosa hore moshanyana eo ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova joaloka bona, le hore o tšepahala ka hohle-hohle. Kaha mosali eo o ne a sa tsebe ho hokaalo ka Lipaki Tsa Jehova, moqoqo o ile oa tsoela pele, e leng ho ileng ha fella ka hore a lumele ho khanneloa thuto ea Bibele.

Ha morali e mong oabo rōna a ntse a paka ka ntlo le ntlo Italy, o ile a fumana monyetla oa ho buisana le mosali e mong e mocha ea nang le bana ea bileng a tšoarehileng haholo ke mosebetsi oa hae. Ka mor’a hore morali’abo rōna a leke ho ikopanya le eena ka makhetlo a mangata empa a sa atlehe, o ile a etsa qeto ea ho mo letsetsa. Ha ba bua ka thelefono, mosali eo e mocha o ile a hlalosa hore ka sebele ha a na nako ea ho bua ka Bibele. Morali’abo rōna o ile a re: “Ka metsotso e 10 kapa 15, u ka ithuta ntho e ’ngoe e ncha, esita le ka thelefono.” Eaba mosali eo o re: “Haeba e le ka thelefono, ho lokile!” Haufinyane morali’abo rōna o ile a mo siela buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng eaba o qala thuto ka thelefono. Thuto eo e atisa ho tšoaroa ka Moqebelo hoseng, empa ba se ba qeta metsotso e 30 ho fapana le e 10 kapa 15.

Angela ke e mong oa bahoeletsi ba ntseng ba eketseha ba Brithani ba sa kang ba itheka moroalo ho pakela batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba lulang moo. Ha a ne a fapohetse lebenkeleng la Machaena le rekisang lijo tseo motho a ka tsamaeang ka tsona, e mong oa batho ba sebetsang moo o ile a mo leleka. Leha ho le joalo, ha Angela a tsamaea, mosali e mong oa Lechaena o ile a hlaha a matha ka mor’a lebenkele, a bitsa lebitso la Molimo ka Sechaena. Ka mor’a ho buisana le eena joalo lekhetlong la pele, Angela o ile a mo siela limakasine kamehla. Le hoja mosali eo a ne a rata lingoliloeng, o ile a hlalosa hore o fumana ho le thata ho lumela hore Molimo o bōpile bokahohle. O ne a nahana hore lintho tsohle li bile teng ka kotsi.

Mosebetsi oa mosali eo e ne e le ho etsa li-pie tse entsoeng ka mahe lebenkeleng leo le rekisang lijo tseo motho a ka tsamaeang ka tsona. Angela o ile a mo botsa hore na o tsoaka lintho tse kae ha a etsa pie e entsoeng ka mahe. O ile a araba ka ho re: “Tse hlano.” Eaba Angela o etsa tlhahiso ea hore lekhetlong le tlang ha a etsa pie e entsoeng ka mahe, a akhele lintho tseo tse hlano tse tsoakoang holimo a tle a bone hore na li tla etsa li-pie tse kae tse entsoeng ka mahe. Bekeng e latelang ha Angela a etela lebenkeleng leo, mosali eo oa Lechaena o ile a mo khahlanyetsa, a mo fa pie e entsoeng ka mahe e qetang ho halikoa, eaba o re joale oa lumela hore Molimo o entse bokahohle. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me mosali enoa o tsoela pele hantle ka ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo.

Jeremane, ha litšila tse nang le mahlaseli a kotsi tse tsoang litsing tsa matla a nyutlelie li tsamaisoa ka terene, batho ba loanelang ho sireletsa tikoloho ba atisa ho ipelaetsa. Ka hona, mosebetsi oa ho li tsamaisa ka terene o lebeloa ka thata ke mapolesa, a tlamehang ho bona hore seporo se lula se se na letho ha terene e tla. Ka November 2003, ho ile ha etsoa mosebetsi o mong o joalo moo Gudrun e neng e le pula-maliboho teng. O re: “Ke ile ka nahana hore mapolesa a tla qeta lihora tse ngata a lutse feela, eaba ke etsa qeto ea ho a isetsa ntho eo a ka e balang.” Gudrun o ile a fumana mapolesa ao a hlile a le botsoalle. Kaha o ne a nkile baskete e tletseng limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ha aa ka a thatafalloa ho fumana tumello ea ho bua le mapolesa ao. Sehlopha se seng sa mapolesa a tsoang Bavaria se ile sa ba sa mo nka foto ha a ntse a a neha Tsoha! koloing ea ’ona. Ka matsatsi a mabeli o ile a tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 120, a buisana le mapolesa a fetang 100 ao a a fumanang tseleng. O ile a tsamaisa limakasine tse 184. Ka cheseho o ile a re: “Ke phihlelo eo nke keng ka e lebala!”

Spain, ka letsatsi le leng ha Ana María a tloha mosebetsing o ile a ea moo a emelang bese teng, eare ha a ntse a eme moo, a qala ho bala tse ling tsa litsebiso tse manehiloeng moo. Hang-hang o ile a hlokomela e ’ngoe ea tsona. E ne e baleha tjena: “Ke hloka ho kopana le Lipaki Tsa Jehova ka potlako e le hore ke tsoele pele ho ithuta Bibele.” Ana María o ile a letsetsa nomorong eo hang-hang ’me a etsa litokisetso tsa ho kopana le mosali eo, eo lebitso la hae e neng e le Felicitas. O ne a sa tsoa fihla a tsoa Ecuador, moo a neng a ntse a ithuta Bibele teng ka lilemo tse peli. Ka potlako ba ile ba qalisa ho ithuta Bibele hape, ’me Felicitas le mor’a hae ba ’nile ba e-ba teng libokeng tsohle ho tloha ka nako eo. Ba ananela hore ebe tsoelo-pele ea bona ea moea ha ea ka ea emisa nako e telele.

Bulgaria mosali e mong hammoho le setloholo sa hae ba ne ba ithuta Bibele le Lipaki. Mosali eo o ile a thabela ho tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova. Kaha Bibele ea hae e ne e se na lebitso la Molimo, o ile a etsa qeto ea ho ea lebenkeleng la libuka ho ea reka e nang le lona. Morekisi o ile a mo botsa hore na o batla’ng. Ha a mo bolella, o ile a qala ho mo omanya a re: “U e mong oa lequloana leo!” Eaba ka eona nako eo moruti o kena ka lebenkeleng. Ha a botsoa potso e reng, “Lebitso la Molimo ke mang?” o ile a araba ka hore: “Ho hlakile hore ke Jehova. Joale khaotsa ho omanya mosali enoa.” Morekisi o ile a hlolloa. Mosali eo hammoho le litho tse tharo tsa lelapa la hae ba tsoela pele hantle moeeng.

Lelapa le leng Russia le ile la hlaheloa ke koluoa: batsoali ba ile ba hlokahalloa ke mora oa bona eo ba mo ratang. Ha ho setse letsatsi pele a patoa, ’mè oa hae o ile a letsetsa metsoalle ea mor’a hae kaofela, a sebelisa linomoro tsa thelefono tse bukeng eo mora oa bona a neng a ngola lintlha ho eona. Buka eo e ne e akarelletsa nomoro ea thelefono ea lelapa le leng la Lipaki Tsa Jehova, ’me le lona ’mè eo o ile a le memela lepatong. Lelapa leo la Lipaki le ne le sa tsebe batsoali bao, empa le ile la sebelisa monyetla oo ho ea tšelisa lelapa leo. Mor’abo rōna o ile a buisana le ntate oa teng ka tšepo ea tsoho a ba a mo siela bukana e reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Mor’abo rōna o ile a mo etela ka mor’a matsatsi a mabeli. Ntate eo o ile a re: “Bukana ena e re amme haholo. Re entse qeto ea ho ipha nako ea ho ithuta Bibele.” Mosali oa hae o se a ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me o itokisetsa ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

◼ OCEANIA

Palo ea linaha: 30

Palo ea baahi: 34 820 382

Palo ea bahoeletsi: 94 087

Palo ea lithuto tsa Bibele: 48 307

Olena o ne a le lilemo li 12 feela ha a ne a kolobetsoa ka December 2003, Hawaii. Ho fapana le bacha ba bang ba ratang boikhathollo, Olena o na le lipakane tse tiileng tsa moea. O ile a re: “Ke ile ka thabela ho ba pula-maliboho ea thusang ka March le May, ’me ruri ke ile ka thabela ho sebetsa le bo-pula-maliboho le ba hōlileng. Ka mohlala, Moqebelo thapama ke ile ka ba le tokelo ea ho tsamaea le morali e mong oabo rōna eo e neng e le moromuoa ha a etela batho ba Machaena a bile a ithuta Bibele le bona. Ke ile ka fumana puo eo e thahasellisa haholo. Pakane ea ka e khōlō ke ho ba pula-maliboho oa kamehla phuthehong eo ho eona ho buuoang puo ea naha e ’ngoe. E le hore ke finyelle pakane eo, ke ea boboleling ka Laboraro ha ke tsoa sekolong le ka Moqebelo le ka Sontaha. Hape ke rerile ho ba pula-maliboho ea thusang hangata ka hohle kamoo nka khonang.” Olena o nahana hore ke eng hape e tla mo thusa ho finyella lipakane tsa hae? O re: “Ho sireletsa pelo ea ka ho bolela hore ke tlameha ho bontša ka liketso hore ho khahlisa Jehova ke habohlokoa ho ’na. Ho tloaelana le batho ba ikutloang ka tsela e tšoanang le eo ke ikutloang ka eona ka Jehova ho tla nthusa hore ke tsoele pele ho tsamaea tseleng ea ho loka. Ho qeta nako ke sebeletsa Jehova ho bolela hore nke ke ka qeta nako e ngata ke e-na le batho ba nang le maikutlo a lefatše. Sena sea ntšireletsa hore ke se nahane hore lintho tse bonahalang le boithabiso ba boitšoaro bo bobe ke tsona lintho tse ka nthabisang.”

Solomon Islands ho tloaelehile hore batsoali ba fe beng ka bona ngoana a le mong kapa ba babeli ba banyenyane hore ba ba hōlise. Ha banyalani ba bang ba ithuta hore na Jehova o lebeletse’ng ho batsoali, ba ile ba lokisetsa hore morali oa bona, Deborah, eo e neng e se e le moroetsana, a khutle. O ne a tla etsa’ng ha ka tšohanyetso a iphumana a se a le ka lapeng la Lipaki, le nang le kemiso e maphathaphathe ea liboka, ho paka, le thuto ea lelapa ea Bibele? Deborah o re: “Esita le sebokeng sa pele seo ke ileng ka ea ho sona, ke ile ka utloa eka batho ba tlileng moo ba hlile ba thabetse hore ebe ke tlile. Ke ne ke lebeletse ho bona baruti ba apereng liaparo tse khethehileng, empa ba ne ba le sieo. Ho ne ho bonahala eka motho e mong le e mong o ba le seabo libokeng, esita le bana ba banyenyane.” Ha hoa ka ha feta nako e telele pele Deborah le eena a e-ba le karolo libokeng. Ntho e ’ngoe hape eo a e thabelang ke hore ntate oa hae oa mo ruta o bile o ruta le banab’abo. Deborah o re: “Ntate o re thusa hore re nahane ka hloko ka mehlala ea batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng. Sena se hlile sea nthusa ha ke e-na le bothata.” Deborah, eo hona joale e seng e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o re o thabetse hore ebe ’nete ea Lentsoe la Molimo e ile ea susumelletsa batsoali ba hae hore ba mo khutlisetse lapeng le hore ba mo kenye tseleng e isang bophelong.

Likarolo tse ling tsa Papua New Guinea li tletse lithaba, ’me ha ho tsela e eang metseng e mengata. E meng ea metse ena e hōle le lintho tsa mehleng ea kajeno tse tsoetseng pele. Leha ho le joalo, litaba tse molemo tsa ’Muso li khona ho finyella le libakeng tsena. Monna e mong ea bitsoang Leanna o ile a tla sebokeng phuthehong e ’ngoe e motse-moholo, Port Moresby. Barab’abo rōna ba ile ba makala ha ba utloa hore ke morena oa motse o mong o thōko holimo ka lithabeng, moo batho ba hae ba se nang lintho tsa sejoale-joale. Leanna o ile a qeta matsatsi a mahlano a tsamaea sekhoeng pele a il’o fihla ’mileng o moholo. Ho tloha moo o ile a tsamaea ka teraka ho ea motse-moholo. O ile a re lilemong tse ka bang ’nè tse fetileng, o ile a tla motseng oo, ’me ha a le seterateng o ile a kopana le mor’abo rōna ea ileng a mo fa Molula-Qhooa. Leanna o ile a nka makasine eo a khutlela le eona ha habo, ’me ha a qeta ho e bala, a qala ho ruta batho ba motseng oa habo litaba tse makasineng eo. O ile a qeta lilemo tse ’maloa a ntse a etsa joalo Sontaha se seng le se seng, a boloka makasine eo ka hloko ka polasetikeng ho e sireletsa. Qetellong, baahi ba motse oo ba ile ba mo qophella hore a e’o batla bahatisi ba makasine ena. O ile a khutlela motseng oo ’me a ikopanya le barab’abo rōna, ba ileng ba lokisetsa ho ithuta le eena. Leanna o ile a qeta libeke tse ka bang peli a lula le lelapa le leng la Lipaki a ba a qeta ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang. Ha a hlalosetsoa hore ho na le phutheho motseng o mong o seng hōle haholo le ha habo, o ile a thaba haholo a ba a re: “Ke qholong ea nta moo! Ke leeto la matsatsi a mabeli feela ha motho a tloha haeso a ea teng ka maoto.” A nkile mokotla o tletseng lingoliloeng a bile a utloisisa ’nete ea Lentsoe la Molimo ka ho tebileng haholoanyane, o ile a kena leetong le lelelele le khutlelang ha habo. Ho entsoe litokisetso tsa ho etela motseng ona haufinyane e le hore batho ba teng ba ka rutoa Bibele ka tsela e nepahetseng.

Sechabeng se sehlekehlekeng sa Kiribati, morali e mong oabo rōna ea sebetsang ofising ea ho fetolela ea Lipaki Tsa Jehova o pheta phihlelo ea hae: “Hoseng ho hong ke ile ka kenya Molula-Qhooa o tšohlang taba ea lihele ka mokotleng oa ka eaba ke etsa qeto ea ho o buella, le hoja e ne e le oa khale. ’Na le motho eo ke tsamaeang le eena re ile ra kopana le monna e mong. Re ile ra itsebisa eena eaba re mo bontša makasine eo, ra mo hlalosetsa ka bokhutšoanyane hore na Bibele e re’ng ka lihele. O ile a inama ’me a qeta nako e telele a sa re letho, kahoo ke ile ka mo botsa hore na oa kula na. Ha a phahamisa hlooho, ke ile ka hlokomela hore o ne a ntse a lla. O ile a re bolella hore taba eo makasine eo e buang ka eona e mo amme haholo. Ho ne ho fetile libeke tse seng kae feela mor’a hae a hlokahetse, ’me eena le mosali oa hae ba ne ba sa ntse ba saretsoe. Ka bobeli ba ne ba sa phetse ho rapella hore Molimo a ba tšelise kaha ba ne ba lumela hore mor’a bona o liheleng tse chesang. Ha monna eo a utloa seo Bibele e hlileng e se buang ka boemo ba bafu, o ile a hlolloa a ba a thaba haholo. Ba ile ba qalisa thuto ha ba boela ho eena. O atisa ho re o ’nile a rapella hore Molimo a mo bontše ’nete le ho re o labalabela ho fumana bolumeli bo hlileng bo rutang Bibele. O se a qalile ho tla libokeng ’me o lokisetsa hantle e le hore a fane ka likarabo tse tsoang pelong nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa.”

Ka December 2003, baeti ba fetang 60 000 ba ile ba e-ba teng kopanong e khōlō ka ho fetisisa eo Lipaki Tsa Jehova li kileng tsa e tšoara Australia. Ha Alyscea ea lilemo li tšeletseng a khutla kopanong Sydney, o ne a labalabela ho bontša bana bao a kenang sekolo le bona buka e ncha ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ha ’mè oa Alyscea a tlil’o mo lata thapameng eo, o ile a makala ha a bona mantsoe a reng “Tlotlisang Molimo” a ngotsoe ka litlhaku tse khōlō botong ka tlelaseng. Hoseng hoo Alyscea o ne a phetetse matichere a mararo le liithuti-’moho le eena tse 24 tlaleho ea kopano. Kaofela ba ile ba khahloa ke buka e ncha le tlaleho eo Alyscea a ba phetetseng eona ka mafolofolo ea lintlha tse ling tse hlahelletseng lenaneong. Mantsoe ao a reng “Tlotlisang Molimo” a ile a lula botong moo letsatsi lohle.

[Setšoantšo se leqepheng la 43]

Rantšo (oa bobeli ho tloha ka letsohong le letona) o na le mor’a ngoan’abo ’mè oa hae, ebile o na le banab’abo, Lesotho

[Setšoantšo se leqepheng la 43]

Nafissatou, Niger

[Setšoantšo se leqepheng la 48]

Marie, Guadeloupe

[Setšoantšo se leqepheng la 48]

Antonio, Mexico

[Setšoantšo se leqepheng la 52]

Ghanshyam, Nepal

[Setšoantšo se leqepheng la 56]

Jacoba, Netherlands

[Setšoantšo se leqepheng la 58]

Angela, Brithani

[Setšoantšo se leqepheng la 61]

Olena, Hawaii

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela