Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa

      BEKE le beke, liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova li lokisetsa hore ho be le puo ea phatlalatsa e thehiloeng tabeng e itseng ea Mangolo. Haeba u moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, na u iponahatsa u le sebui sa phatlalatsa se atlehang, u le mosuoe? Haeba ho joalo, u ka ’na ua kōptjoa hore u fane ka puo ea phatlalatsa. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se thusitse barab’abo rōna ba likete tse mashome ho tšoanelehela tokelo ena ea tšebeletso. Ha u abetsoe ho fana ka puo ea phatlalatsa, u lokela ho qala ka ho etsa’ng?

      Ithute Kemiso ea Puo

      Pele u etsa lipatlisiso leha e le life, bala kemiso ea puo ’me u thuise ka eona ho fihlela u e utloisisa. Tebisa moko-taba oa eona ka kelellong, e leng sehlooho sa puo. U il’o ruta bamameli ba hao eng? Sepheo sa hao ke sefe?

      Tloaelana le lihlooho tse khōlō. Hlahlobisisa lintlha tseo tse khōlō. Ntlha ka ’ngoe e hokahana le sehlooho joang? Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō, ho thathamisitsoe lintlha tse nyenyane tse ngata. Lintlha tse tšehetsang lintlha tseo tse nyenyane li thathamisitsoe ka tlas’a tsona. Hlokomela kamoo karolo ka ’ngoe ea kemiso ea puo e tlatsetsang kateng ho e tlang pele ho eona, kamoo e u lebisang ho e latelang le ho thusa ho finyella sepheo sa puo kateng. Hang ha u utloisisa moko-taba, sepheo sa puo le kamoo lintlha tse khōlō li finyellang morero oo kateng, joale u se u loketse ho hōlisa boitsebiso boo.

      Qalong u ka ’na ua fumana ho le molemo ho nahana ka puo ea hao e le lipuo tse khutšoanyane tse ’nè kapa tse hlano, puo ka ’ngoe e e-na le ntlha e khōlō. Li lokisetse ka bonngoe.

      Kemiso e fanoeng ke thulusi ea ho lokisetsa. Ha ea etsetsoa hore u fane puo ea hao ka eona e le joalo. E joaloka masapo a ’mele. U lokela ho a kenya linama, ka tsela ea tšoantšetso, u a fe pelo ’me u a phelise.

      Ho Sebelisa Mangolo

      Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba theha thuto ea bona Mangolong. (Luka 4:16-21; 24:27; Lik. 17:2, 3) Le uena u ka etsa joalo. Mangolo e lokela ho ba ’ona motheo oa puo ea hao. Ho e-na le ho hlalosa le ho sebelisa lipolelo tse boletsoeng kemisong e fanoeng, hlokomela kamoo Mangolo a tšehetsang lipolelo tseo kateng, ’me u rute ka ho sebelisa Mangolo.

      Ha u ntse u lokisetsa puo ea hao, hlahloba temana ka ’ngoe e bontšitsoeng kemisong ea puo. Ela hloko litemana tse e potolohileng. Litemana tse ling li ka fana ka boitsebiso feela bo thusang. Ha ho hlokahale hore li baloe kapa li hlalosoe kaofela ha u fana ka puo ea hao. Khetha tse tšoanelang bamameli ba hao hantle. Ha u ka lebisa tlhokomelo mangolong a bontšitsoeng kemisong ea puo e hatisitsoeng, mohlomong ho ke ke ha hlokahala hore u sebelise Mangolo a eketsehileng.

      Ho atleha ha puo ea hao ho itšetlehile ka boleng ba ho ruta, eseng ka bongata ba mangolo a sebelisitsoeng. Ha u kenyelletsa mangolo, bontša hore na ke hobane’ng ha a sebelisoa. Iphe nako ea ho hlalosa hore na a sebetsa joang. Ha u qeta ho bala lengolo, lula u phetlile Bibele ea hao ha u ntse u tšohla temana eo. Bamameli ba hao ba tla etsa se tšoanang. Ke joang u ka tsosang thahasello ea bamameli ba hao le ho ba thusa ho rua molemo ka botlalo Lentsoeng la Molimo? (Neh. 8:8, 12) U ka etsa sena ka ho hlalosa, ka papiso le ka tšebeliso ea taba.

      Ho hlalosa. Ha u lokisetsa ho hlalosa temana ea bohlokoa, ipotse: ‘E bolela’ng? Ke hobane’ng ha ke e sebelisa puong ea ka? E tlameha ebe bamameli ba ipotsa’ng ka temana ee?’ Mohlomong ho tla hlokahala hore u hlahlobe litemana tse e potolohileng, semelo, boemo, sefutho sa mantsoe ao, morero oa mongoli eo ea bululetsoeng. Sena se hloka hore u etse lipatlisiso. U tla fumana boitsebiso bo bongata ba bohlokoa likhatisong tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) U se ke ua leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka temana eo, empa hlalosa hore na ke hobane’ng ha u itse bamameli ba hao ba e bale mabapi le ntlha e ntseng e tšohloa.

      Papiso. Morero oa lipapiso ke ho lebisa bamameli ba hao kutloisisong e tebileng kapa ho ba thusa ho hopola ntlha kapa molao-motheo oo u o boletseng. Lipapiso li thusa batho ho utloisisa seo u ba boleletseng sona le ho se amahanya le seo ba seng ba se tseba. Jesu le eena o ile a etsa joalo ha a ne a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tsebahalang. “Linonyana tsa leholimo,” “likhahla tsa naha,” “heke e moqotetsane,” ‘ntlo e holim’a lefika,’ le lipolelo tse joalo tse ngata li ile tsa etsa hore thuto ea hae e be e matla, e hlakileng le e sa lebaleheng.—Mat., likhao. 5–7.

      Tšebeliso ea taba. Ho hlalosa le ho etsa papiso ka lengolo ho tla fana ka tsebo, empa ho sebelisa tsebo eo ke hona ho tlisang litholoana. Ke ’nete hore ke boikarabelo ba batho ba u mametseng ho nka khato ka molaetsa oa Bibele, empa u ka ba thusa ho lemoha seo ba lokelang ho se etsa. Hang feela ha u kholisehile hore batho ba u mametseng ba utloisisa temana e ntseng e tšohloa le hore ba bona kamoo e amanang kateng le ntlha e boletsoeng, iphe nako ho ba bontša tšusumetso ea eona tumelong le boitšoarong. Totobatsa melemo ea ho tlohela mehopolo e fosahetseng kapa boitšoaro bo sa lumellaneng le ’nete e ntseng e tšohloa.

      Ha u ntse u nahana kamoo u ka sebelisang mangolo kateng, u hopole hore batho ba u mametseng ba tsoa limelong tse sa tšoaneng ’me ba tobana le maemo a mangata a fapa-fapaneng. E ka ’na eaba ke batho ba sa tsoa thahasella, bacha, batho ba hōlileng kapa batho ba loantšanang le mathata a sa tšoaneng a botho. Etsa hore puo ea hao e be e sebetsang le ea sebele. Qoba ho fana ka keletso e utloahalang eka u nahanne ka batho ba seng bakae feela.

      Liqeto Tsa Sebui

      U se u etselitsoe liqeto tse itseng mabapi le puo ea hao. Lintlha tse khōlō li bontšitsoe ka ho hlaka, le nako eo u lokelang ho e sebelisa ha u tšohla sehlooho ka seng se seholo e bontšitsoe ka ho hlaka. Liqeto tse ling u lokela ho iketsetsa tsona. U ka ’na ua khetha ho sebelisa nako e ngata kapa e nyenyane lintlheng tse itseng tse nyenyane. U se ke ua nka hore u lokela ho akaretsa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ka tekanyo e tšoanang. Ho etsa joalo ho ka etsa hore u fane ka boitsebiso u potlakile ’me ho ferekanye bamameli ba hao. U ka tseba joang hore na ke bofe boo u ka bo hōlisang haholoanyane le hore na ke bofe boo u ka bo bolelang ka bokhutšoanyane, kapa hanyenyane feela? Ipotse: ‘Ke lintlha life tse ka nthusang ho fetisa mohopolo o ka sehloohong oa puo? Ke life tse bonahalang li e-na le monyetla o moholohali oa ho ruisa batho ba ’mametseng molemo? Na ho siea lengolo le itseng le bontšitsoeng le ntlha e amanang le lona ho ka senya tatellano ea bopaki bo fanoang?’

      Ela hloko hore u qobe ho kenya khopolo-taba kapa maikutlo a hao. Esita le Mor’a Molimo, Jesu Kreste, o ile a qoba ho bua ‘ka ho iqalla.’ (Joh. 14:10) Utloisisa hore lebaka leo batho ba tlang libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ka lona ke ho tla utloa ha ho tšohloa Bibele. Haeba u tsejoa u le sebui se hloahloa, mohlomong ke hobane u itloaelitse ho lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo, eseng ho uena. Lebaka lena ke lona le etsang hore ho thabeloe lipuo tsa hao.—Bafil. 1:10, 11.

      Ha e le mona u se u entse hore kemiso e bonolo e fetohe tlaleho e matla ea Mangolo, joale u lokela ho itlhakisetsa puo ea hao. Ho molemo ho etsa joalo ka lentsoe le phahameng. Ntho ea bohlokoa ke ho tiisa hore u hopola lintlha kaofela hantle. U lokela ho fana ka puo ea hao ka kholiseho, u etse hore boitsebiso boo bo phele ’me u nehelane ka ’nete ka cheseho. Pele u fana ka puo ea hao, ipotse: ‘Ke rerile ho finyella eng? Na lintlha tse khōlō li totobetse? Na ka sebele ke entse hore Mangolo e be ’ona motheo oa puo ea ka? Na ntlha ka ’ngoe e khōlō e hokahana hantle le e latelang? Na puo e haha kananelo bakeng sa Jehova le litokisetso tsa hae? Na sephetho se amana ka ho toba le sehlooho, se bontša bamameli hore na ba etse’ng le ho ba susumelletsa ho etsa feela joalo?’ Haeba u ka khona ho arabela lipotso tsena ka e, joale u tla be u loketse ‘ho etsa se molemo ka tsebo,’ molemong oa phutheho le bakeng sa tlotliso ea Jehova!—Liprov. 15:2.

  • Hōlisa Tsebo Joaloka Mosuoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Hōlisa Tsebo Joaloka Mosuoe

      PAKANE ea hao ke efe joaloka mosuoe? Haeba u sa tsoa ba mohoeletsi oa ’Muso, ha ho pelaelo hore u lakatsa ho ithuta mokhoa oa ho khanna thuto ea lehae ea Bibele, kaha Jesu o ile a neha balateli ba hae kabelo ea ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Haeba u se u e-na le phihlelo mosebetsing ona, mohlomong pakane ea hao ke hore u atlehe haholoanyane ho finyella lipelo tsa bao u batlang ho ba thusa. Haeba u motsoali, ka sebele u batla ho ba mosuoe ea tla susumetsa bana ba hao hore ba nehele bophelo ba bona ho Molimo. (3 Joh. 4) Haeba u moholo kapa u hahamalla ho ba eena, mohlomong u batla ho ba sebui sa phatlalatsa se tla etsa hore bamameli ba sona ba be le kananelo e tebileng bakeng sa Jehova le litsela tsa hae. U ka finyella lipakane tsee joang?

      Ithute ho Mosuoe ea Hloahloa, Jesu Kreste. (Luka 6:40) Ho sa tsotellehe hore na Jesu o ne a bua le letšoele mosikong oa thaba kapa le batho ba seng bakae feela ha ba ntse ba tsamaea tseleng, seo a ileng a se bua le tsela eo a se buileng ka eona ha sea ka sa lebaleha. Jesu o ile a susumetsa likelello le lipelo tsa bamameli ba hae ’me a sebelisa boitsebiso ka tsela eo ba neng ba ka e utloisisa. Na u ka etsa lintho tse tšoanang?

      Itšetlehe ka Jehova

      Bokhoni ba Jesu ba ho ruta bo ile ba hōlisoa ke kamano e haufi-ufi eo a neng a e-na le eona le Ntat’ae oa leholimo le tlhohonolofatso ea moea oa Molimo. Na u rapela Jehova ka tieo hore u khone ho khanna thuto ea lehae ea Bibele ka katleho? Haeba u motsoali, na u rapella tataiso ea Molimo kamehla bakeng sa ho ruta bana ba hao? Na u rapela ho tsoa pelong ha u lokisetsa ho fana ka lipuo kapa ho khanna liboka? Ho itšetleha ha hao joalo ka Jehova ka thapelo ho tla u thusa ho ba mosuoe ea atlehileng haholoanyane.

      Ho itšetleha ka Jehova ho boetse ho bonahala ka ho itšetleha ka Lentsoe la hae, Bibele. Ha Jesu a rapela bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae joaloka motho ea phethahetseng, o ile a re ho Ntat’ae: “Ke ba file lentsoe la hao.” (Joh. 17:14) Le hoja Jesu a ne a e-na le phihlelo e ngata haholo, ha ho mohla a kileng a bua a iqalla. Kamehla o ne a bua seo Ntat’ae a mo rutileng sona, kahoo o re behetse mohlala oo re ka o latelang. (Joh. 12:49, 50) Lentsoe la Molimo, joalokaha le bolokiloe ka Bibeleng, le na le matla a ho susumetsa batho—liketso tsa bona, mehopolo ea bona e tebileng le maikutlo. (Baheb. 4:12) Ha u ntse u hōla tsebong ea Lentsoe la Molimo ’me u ithuta ho le sebelisa hantle tšebeletsong ea hao, u tla hōlisa mofuta oa bokhoni ba ho ruta o atametsang batho ho Molimo.—2 Tim. 3:16, 17.

      Hlompha Jehova

      Ho ba mosuoe ea etsisang Kreste hase feela taba ea ho khona ho fana ka puo e monate. Ke ’nete hore batho ba ile ba hlolloa ke “mantsoe a khahlisang” a Jesu. (Luka 4:22) Empa pakane ea Jesu e ne e le efe ha a ne a bua hantle hakaalo? E ne e le ho hlompha Jehova, eseng ho ikhapela tlhokomelo. (Joh. 7:16-18) ’Me o ile a khothalletsa balateli ba hae, a re: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mat. 5:16) Keletso eo e lokela ho susumetsa tsela eo re rutang ka eona. Re lokela ho ikemisetsa ho qoba ntho leha e le efe e ka tlosang tlhokomelo pakaneng eo. Ka hona ha re lokisetsa seo re tla se bua kapa tsela eo re tla se bua ka eona, re tla be re etsa hantle ha re ipotsa, ‘Na see se tla tebisa kananelo bakeng sa Jehova, kapa se tla lebisa tlhokomelo ho ’na?’

      Ka mohlala, lipapiso le mehlala ea sebele li ka sebelisoa ka katleho ha re ruta. Leha ho le joalo, ha ho etsoa papiso kapa ho phetoa phihlelo e telele e nang le boitsebiso bo bongata, ntlha e fuperoeng ke thuto eo e ka ’na ea lahleha. Ka ho tšoanang, ho pheta lipale tse reretsoeng ho tšehisa feela ho tlosa tlhokomelo morerong oa tšebeletso ea rōna. Ha e le hantle, mosuoe o tla be a ikhapela tlhokomelo ho e-na le ho finyella pakane ea sebele ea thuto ea puso ea Molimo.

      ‘Khetholla’

      Hore motho e be morutuoa oa sebele, o lokela ho utloisisa hantle seo a se rutoang. O lokela ho utloa ’nete le ho bona kamoo e fapaneng le litumelo tse ling kateng. Ho bontša phapang pakeng tsa lintho ho thusa ho finyella sena.

      Ka makhetlo, Jehova o ile a phehella batho ba hae hore ba ‘khetholle’ pakeng tsa ntho e hloekileng le e sa hloekang. (Lev. 10:9-11) O itse ba neng ba tla sebeletsa ka tempeleng ea hae e khōlō ea moea ba ne ba tla ruta sechaba “phapang pakeng tsa ntho e halalelang le ntho e silafetseng.” (Ezek. 44:23) Buka ea Liproverbia e tletse lipolelo tse ngata tse bontšang phapang pakeng tsa ho loka le bokhopo, pakeng tsa bohlale le booatla. Esita le lintho tse sa fapanang li ka khetholloa. Moapostola Pauluse o ile a bontša phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea molemo, joalokaha ho tlalehiloe ho Baroma 5:7. Bukeng ea Baheberu, o ile a bontša kamoo tšebeletso ea boprista bo phahameng ba Kreste e phahametseng ea boprista ba Arone kateng. Ka sebele, joalokaha morupeli oa lekholo la bo17 la lilemo, John Amos Comenius, a ngotse: “Ho ruta ho bolela ho bontša kamoo lintho li fapanang le tse ling kateng mererong ea tsona e sa tšoaneng, ka libōpeho le ka tšimoloho. . . . Ka hona, motho ea tsebang ho bontša phapang pakeng tsa lintho o tseba ho ruta.”

      Ka mohlala, nka taba ea ho ruta motho e mong ka ’Muso oa Molimo. Haeba a sa utloisise hore na ’Muso oo ke eng, u ka ’na ua bontša kamoo seo Bibele e se bolelang se fapaneng kateng le khopolo ea hore ’Muso oo e mpa feela e le boemo bo ka pelong ea motho. Kapa u ka bontša kamoo ’Muso oo o fapaneng le mebuso ea batho kateng. Leha ho le joalo, bakeng sa batho ba tsebang linnete tsena tsa motheo, ho ka ’na ha hlokahala hore u fane ka boitsebiso bo qaqileng haholoanyane. U ka ’na ua ba bontša kamoo Puso ea Bomesia e fapaneng kateng le borena ba Jehova ba bokahohleng, bo hlalositsoeng ho Pesaleme ea 103:19, kapa kamoo bo fapaneng kateng le ‘’muso oa Mora ea ratoang oa Molimo,’ o boletsoeng ho Bakolose 1:13, kapa kamoo bo fapaneng kateng le “tsamaiso,” e boletsoeng ho Baefese 1:10. Ho sebelisa mokhoa oa ho bontša phapang ho ka thusa ho etsa hore thuto ena ea bohlokoa ea Bibele e hlakele bamameli ba hao hantle.

      Ka makhetlo, Jesu o ile a sebelisa mokhoa ona oa ho ruta. O ile a bontša phapang pakeng tsa kutloisiso e tloaelehileng ea Molao oa Moshe le morero oa sebele oa Molao. (Mat. 5:21-48) O ile a bontša phapang pakeng tsa boinehelo ba sebele ba bomolimo le mesebetsi ea boikaketsi ea Bafarisi. (Mat. 6:1-18) O ile a bontša phapang pakeng tsa moea oa ba neng ba ‘rena ka thata’ holim’a ba bang le moea oa boitelo o neng o tla bonahatsoa ke balateli ba hae. (Mat. 20:25-28) Ketsahalong e ’ngoe, e tlalehiloeng ho Matheu 21:28-32, Jesu o ile a kōpa bamameli ba hae hore ba iketsetse qeto mabapi le phapang pakeng tsa ho itokafatsa le pako ea sebele. Sena se re lebisa karolong e ’ngoe ea bohlokoa ea ho ruta hantle.

      Khothalletsa Bamameli ho Nahana

      Ho Matheu 21:28, re bala hore Jesu o ile a kenyelletsa papiso ea hae ka ho botsa: “Le nahana joang?” Mosuoe ea hloahloa ha a phete lintlha feela kapa ho fana ka likarabo. Ho e-na le hoo, o khothalletsa batho ba mo mametseng ho hōlisa matla a ho nahana. (Liprov. 3:21; Bar. 12:1) Ka tekanyo e itseng, sena se etsoa ka ho botsa lipotso. Ho ea ka Matheu 17:25, Jesu o ile a botsa: “U nahana joang, Simone? Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?” Lipotso tsa Jesu tse fatang maikutlo li ile tsa thusa Petrose ho iketsetsa qeto e nepahetseng mabapi le ho lefa lekhetho la tempele. Ka ho tšoanang, ha a ne a araba monna ea ileng a botsa, “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Jesu o ile a bontša phapang pakeng tsa liketso tsa moprista le Molevi le tsa Mosamaria. Eaba o botsa potso ena: “Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?” (Luka 10:29-36) Le mona hape, ho e-na le ho nahanela motho ea mo mametseng, Jesu o ile a re a ikarabe.—Luka 7:41-43.

      Finyella Pelo

      Mesuoe e utloisisang Lentsoe la Molimo ea hlokomela hore borapeli ba ’nete hase taba feela ea ho tšoara lintlha tse itseng ka hlooho le ho boloka melao e itseng. Bo thehiloe kamanong e ntle le Jehova le ho bontšeng kananelo bakeng sa litsela tsa hae. Borapeli bo joalo bo akarelletsa pelo. (Deut. 10:12, 13; Luka 10:25-27) Ka Mangolong, lentsoe “pelo” hangata le bolela motho ea feletseng ea ka hare, ho akarelletsa lintho tse kang litakatso, kameho, maikutlo le litšusumetso.

      Jesu o ne a tseba hore, le hoja batho ba sheba ponahalo ea ka ntle, Molimo o bona seo pelo e leng sona. (1 Sam. 16:7) Ho sebeletsa ha rōna Molimo ho lokela ho susumetsoa ke lerato la rōna ho eena, eseng boiteko ba ho khahlisa batho ba bang. (Mat. 6:5-8) Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ile ba etsa lintho tse ngata bakeng sa mponeng. Ba ne ba hatisa haholo taba ea hore ho lateloe lintlha tse nyenyane tsa Molao le ho boloka melao eo ba neng ba iketselitse eona. Empa bophelong ba bona ba ile ba hlōleha ho bonahatsa litšoaneleho tse neng li ka ba amahanya le Molimo eo ba neng ba ipolela hore baa mo rapela. (Mat. 9:13; Luka 11:42) Jesu o ile a ruta hore le hoja ho le bohlokoa ho mamela litlhokahalo tsa Molimo, bohlokoa ba ho mamela ho joalo bo laoloa ke se ka pelong. (Mat. 15:7-9; Mar. 7:20-23; Joh. 3:36) Ho ruta ha rōna ho tla hlahisa molemo o moholohali haeba re etsisa mohlala oa Jesu. Ke habohlokoa hore re rute batho ho ithuta seo Molimo a se hlokang ho bona. Empa hape ke habohlokoa hore ba tsebe le ho rata Jehova joaloka motho e le hore boitšoaro ba bona e be ponahatso ea kamoo ba nkang kamano e amohelehang le Molimo oa ’nete e le ea bohlokoa kateng.

      Ho hlakile hore e le hore batho ba rue molemo thutong e joalo, ba lokela ho tseba se ka lipelong tsa bona. Jesu o ile a khothalletsa batho ho hlahlobisisa mabaka a bona a ho etsa lintho le ho lekola maikutlo a bona. Ha a ne a lokisa maikutlo a fosahetseng, o ne a botsa ba mo mametseng hore na ke hobane’ng ha ba ne ba nahana, ba bua, kapa ba etsa lintho tse itseng. Leha ho le joalo, e le hore a se ke a ba siea feela, Jesu o ne a kopanya potso ea hae le tlhaloso, papiso kapa ho nka khato e neng e ba khothalletsa ho talima litaba ka leihlo le nepahetseng. (Mar. 2:8; 4:40; 8:17; Luka 6:41, 46) Ka ho tšoanang le rōna re ka thusa batho ba re mametseng ka ho etsa tlhahiso ea hore ba ipotse lipotso tse kang, ‘Ke hobane’ng ha tsela ee ea ho etsa lintho e ipiletsa ho ’na? Ke hobane’ng ha ke itšoara ka tsela ee boemong boo?’ Joale u ba susumelletse ho talima lintho ka pono ea Jehova.

      Ba Rute ho Sebelisa se Boletsoeng

      Mosuoe ea molemo oa tseba hore “bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” (Liprov. 4:7) Bohlale ke bokhoni ba ho sebelisa tsebo ka katleho bakeng sa ho rarolla mathata, ho qoba likotsi, ho finyella lipakane, ho thusa ba bang. Ke boikarabelo ba mosuoe ho thusa liithuti hore li ithute ho etsa seo empa eseng ho li etsetsa liqeto. Ha le tšohla melao-motheo e sa tšoaneng ea Bibele, thusa seithuti ho nahana. U ka ’na ua bua ka boemo bo tloaelehileng ebe u botsa seithuti kamoo molao-motheo oa Bibele oo le sa tsoa ithuta ka oona o neng o ka se thusa kateng haeba se ne se talimane le boemo bo joalo.—Baheb. 5:14.

      Puong ea hae ka Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a fana ka mohlala o sebetsang o ileng oa ama bophelo ba batho. (Lik. 2:14-36) Ka mor’a hore a tšohle litemana tse tharo tsa Mangolo tseo bongata boo bo neng bo bolela hore boa li lumela, Petrose o ile a bontša kamoo li sebetsang kateng ho latela liketsahalo tseo kaofela ha bona ba neng ba li bone. Ka lebaka leo, bongata boo bo ile ba ikutloa bo tlameha ho nka khato ka seo bo se utloileng. Na ho ruta ha hao ho ba le phello e tšoanang ho batho? Na ha u khotsofalle feela ho pheta lintlha ebe u thusa batho ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho li le joalo? Na u ba khothalletsa ho hlokomela kamoo lintho tseo ba ithutang tsona li lokelang ho ama bophelo ba bona kateng? Ba ka ’na ba se ke ba hoeletsa ba re, “Re tla etsa joang?” joalokaha bongata bo ile ba etsa ka Pentekonta, empa haeba u sebelisitse mangolo hantle, ba tla susumelletseha ho nahana ka ho nka khato e loketseng.—Lik. 2:37.

      Ha le bala Bibele le bana ba lōna, lōna batsoali le na le monyetla o motle oa ho ba koetlisa hore ba nahane ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka tsela e sebetsang. (Baef. 6:4) Ka mohlala, le ka ’na la khetha litemana tse seng kae ’malong oa Bibele oa beke eo, le buisane ka moelelo oa tsona, ebe le botsa lipotso tse kang tsena: ‘Taba ee e re thusa joang? Re ka sebelisa litemana tsee joang tšebeletsong? Li senola eng ka Jehova le ka tsela ea hae ea ho etsa lintho ’me seo se hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa hae joang?’ Khothalletsa lelapa la hao ho fana ka litlhaloso lintlheng tsena ha ho tšohloa lintlha tse khōlō tsa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. E ka ’na eaba litemana tseo ba fanang ka litlhaloso ka tsona e tla ba tseo ba li hopolang.

      Beha Mohlala o Motle

      Ha u rute feela ka seo u se buang empa hape le ka seo u se etsang. Liketso tsa hao li fana ka mohlala o molemo oa kamoo ho ka sebelisoang lintho tseo u li buang. Ena ke tsela eo bana ba ithutang ka eona. Ha ba etsisa batsoali ba bona, ba fana ka bopaki ba hore ba batla ho tšoana le batsoali ba bona. Ba batla ho tseba hore na ho joang ho etsa seo batsoali ba bona ba se etsang. Ka ho tšoanang, ha bao u ba rutang ‘ba fetoha baetsisi ba hao joalokaha u etsisa Kreste,’ ba qala ho utloa litlhohonolofatso tsa ho tsamaea litseleng tsa Jehova. (1 Bakor. 11:1) Tsela eo Molimo a sebelisanang le bona ka eona e fetoha karolo ea liphihlelo tsa bona.

      Ena ke khopotso e tebileng mabapi le bohlokoa ba ho beha mohlala o motle. ‘Mofuta oa batho [oo re leng oona] liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo’ e tla ba thuso e khōlō ea ho etsa hore bao re ba rutang ba bone pontšo e phelang ea kamoo ba ka sebelisang melao-motheo ea Bibele kateng. (2 Pet. 3:11) Haeba u khothalletsa seithuti sa Bibele ho bala Lentsoe la Molimo kamehla, uena ka bouena u lokela ho khothalla ho le bala. Haeba u batla hore bana ba hao ba ithute ho boloka melao-motheo ea Bibele, tiisa hore ba bona liketso tsa hao li lumellana le thato ea Molimo. Haeba u ruta phutheho hore e chesehe tšebeletsong, tiisa hore u kopanela ka botlalo mosebetsing oo. Haeba u itloaelitse ho etsa seo u se rutang, u boemong bo botle ba ho susumetsa ba bang.—Bar. 2:21-23.

      Ka sepheo sa ho ntlafatsa ho ruta ha hao, ipotse: ‘Ha ke fana ka taeo, na ke e fana ka tsela e etsang phapang maikutlong, lipuong kapa liketsong tsa ba e utloang? Bakeng sa ho hlakisa litaba, na ke bontša phapang pakeng tsa khopolo e ’ngoe kapa tsela e itseng ea ho etsa lintho? Ke etsa’ng ho thusa liithuti tsa ka, bana ba ka kapa bamameli ba ka sebokeng hore ba hopole seo ke se buang? Na ke bontša bamameli ka ho hlaka kamoo ba ka sebelisang seo ba ithutang sona kateng? Na ba khona ho bona seo mohlaleng oa ka? Na ba utloisisa kamoo ho arabela ha bona tabeng e ntseng e tšohloa ho ka susumetsang kamano ea bona le Jehova kateng?’ (Liprov. 9:10) Tsoela pele ho ela lintho tsena hloko ha u ntse u batla ho hōlisa tsebo ea hao joaloka mosuoe. “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.”—1 Tim. 4:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela