Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/1 maq. 20-25
  • Ho Letela Jehova ka Mamello ho Tloha Bocheng ba ka ho ea Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Letela Jehova ka Mamello ho Tloha Bocheng ba ka ho ea Pele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Koetlisetsoa ho Tšepa Jehova
  • Mahloriso aa Tota
  • Nako e Khutšoanyane ea Mosebetsi oa Moea o Bontšang Cheseho
  • Tšehetso e Tsoang ho Barab’eso ba Moea
  • Jehova o Lokolla Bahlanka ba Hae ba Tšepahalang
  • Nka Buseletsa Eng ho Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Tšepa Tlhokomelo ea Jehova e Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ke Susumelitsoe ke Botšepehi Bo sa Sekisetseng ba Lelapa Leso ho Molimo
    Tsoha!—1998
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/1 maq. 20-25

Ho Letela Jehova ka Mamello ho Tloha Bocheng ba ka ho ea Pele

JOALOKAHA HO BOLETSE RUDOLF GRAICHEN

Joaloka lehalima, tsietsi e ile ea hlasela lelapa leso ha ke sa le lilemo li 12 feela. Taba ea pele, Ntate o ile a kenngoa teronkong. Joale, ’na le khaitseli ea ka re ile ra qobelloa ho tloha lapeng ’me ra romeloa ho ea lula le batho bao re sa ba tsebeng. Hamorao, ’na le ’Mè re ile ra tšoaroa ke Gestapo. Ke ile ka kena teronkong, ’me eena o ile a qetella a le kampong ea mahloriso.

LETOTO leo la liketsahalo le ile la tšoaea qalo feela ea nako ea mahloriso a bohloko ao ke fetileng ho ’ona bocheng ba ka ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Gestapo ea Manazi e tummeng hampe le Stasi ea Jeremane Bochabela li ile tsa leka ho senya botšepehi ba ka ho Molimo. Hona joale, ka mor’a lilemo tse 50 tsa tšebeletso e nehetsoeng ho eena, joalokaha mopesaleme a ile a bolela, nka re: “E sa le le bocheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhōla.” (Pesaleme ea 129:2) Ke leboha Jehova hakaakang!

Ke hlahile ka la 2 June, 1925, torotsoaneng ea Lucka haufi le Leipzig, Jeremane. Esita le pele ke hlaha, batsoali ba ka, Alfred le Teresa, ba ile ba hlokomela ’nete ea Bibele ka har’a lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Ke hopola letsatsi le leng le le leng ke sheba litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele tse neng li fanyehiloe leboteng la ntlo eso. Setšoantšo se seng se ne se bontša phiri le konyana, potsanyane le lengau, namane le tau—tsohle li le khotsong, li eteletsoe pele ke moshanyana. (Esaia 11:6-9) Litšoantšo tse joalo li ile tsa e-ba le phello e sa feleng ho ’na.

Neng le neng ha ho ne ho khoneha, batsoali ba ka ba ne ba nkenyelletsa mesebetsing ea phutheho. Ka mohlala, ka February 1933, matsatsi a seng makae feela ka mor’a hore Hitler a buse, “Photo-Drama of Creation”—ka liselaete tsa eona, litšoantšo tsa eona tse tsamaeang, le tlhaloso e rekotiloeng—e ile ea bontšoa torotsoaneng ea habo rōna. Ke ne ke thabile hakaakang, ’na moshanyana ea lilemo li supileng feela, ke palame ka morao ho teraka ho pholletsa le toropo ke le e mong oa ba machang ba phatlalatsa “Photo-Drama”! Lekhetlong lena le ho a mang, barab’abo rōna ba ile ba etsa hore ke ikutloe hore ke setho sa phutheho se ka sebelisoang ho sa tsotellehe bonyenyane ba ka. Ka hona ho tloha lilemong tse tlaase-tlaase, ke ile ka rutoa ke Jehova ’me ka susumetsoa ke Lentsoe la hae.

Ho Koetlisetsoa ho Tšepa Jehova

Ka lebaka la ho tiea ha tsona tabeng ea ho se nke lehlakore ha Bokreste, Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa kenella lipolotiking tsa Manazi. Ka lebaka leo, ka 1933 Manazi a ile a fetisa melao e re hanelang ho bolela, ho bokana esita le ho bala lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele. Ka September 1937 barab’abo rōna bohle ka phuthehong, ho akarelletsa le Ntate, ba ile ba tšoaroa ke Gestapo. Seo se ile sa ntšoenya haholo. Ntate o ile a ahloleloa lilemo tse hlano teronkong.

Ho ile ha e-ba thata haholo lapeng. Empa kapele re ile ra ithuta ho tšepa Jehova. Ka letsatsi le leng ha ke ne ke tla hae ke e-tsoa sekolong, ’Mè o ne a ntse a bala Molula-Qhooa. O ne a batla ho nketsetsa lijo tsa motšehare tse itekanetseng, ka hona o ile a beha makasine ena ka holim’a k’habote e nyenyane. Ka mor’a lijo tsa motšehare, ha re hleka lijana, ho ile ha kokotoa ka matla. E ne e le lepolesa le neng le batla ho hlahloba folete ea rōna le batla lingoliloeng tsa Bibele. Ke ile ka tšoha haholo.

Ho ne ho chesa ka tsela e sa tloaelehang letsatsing leo. Ka hona ntho ea pele eo lepolesa lena le ileng la e etsa e bile ho rola helmete ea lona ’me la e beha holim’a tafole. Eaba le tsoela pele ho batla. Ha le ntse le sheba ka tlas’a tafole, helmete ea lona e ile ea qala ho thella. Ka hona ’Mè o ile a nka helmete ena ka potlako ’me a e beha holim’a makasine ea Molula-Qhooa e holim’a k’habote! Lepolesa lena le ile la phenyekolla folete ea rōna empa ha lea ka la fumana lingoliloeng leha e le life. Ka sebele, ho hang ha lea ka la nahana ho sheba ka tlas’a helmete. Ha le se le loketse ho tsamaea, le ile la buela ka marameng ha le kōpa tšoarelo ho ’Mè ha le nanabetsa letsoho ka mor’a lona ho nka helmete. Ke ile ka ikutloa ke imolohile hakaakang!

Liphihlelo tse kang eo li ile tsa ntokisetsa liteko tse boima haholoanyane. Ka mohlala, sekolong ke ile ka hatelloa ho kenela mokhatlo oa Bacha ba Hitler, oo ho oona bana ba neng ba koetlisetsoa ho itšoara joaloka masole le ho kenngoa filosofi ea Manazi ka ho teba. Mesuoe e meng e ne e ipehetse pakane ea hore liithuti tsohle li kopanele. E tlameha ebe mosuoe oa ka, Herr Schneider o ile a ikutloa hore o ne a hlōlehile ka ho feletseng hobane, ho fapana le mesuoe e meng eohle sekolong sa ka, o ne a haelloa ho finyella pakane ena ka seithuti se le seng feela. Seithuti seo e ne e le ’na.

Ka letsatsi le leng Herr Schneider o ile a tsebisa sehlopha sohle: “Bashanyana, hosane re tla intša re le sehlopha.” E mong le e mong o ile a thabela khopolo ena. Eaba oa phaella: “Kaofela ha lōna le lokela ho apara lijunifomo tsa lōna tsa Bacha ba Hitler e le hore ha re macha literateng, bohle ba ka bona hore le bashanyana ba Hitler ba batle.” Hoseng ha letsatsi le latelang bashanyana bohle ba ile ba hlaha ba apere lijunifomo tsa bona ntle le ’na. Mosuoe o ile a mpitsetsa ka pele ho tlelase ’me a nkōpa: “Qamaka u shebe bashanyana ba bang ebe ua icheba.” O ile a phaella: “Kea tseba hore batsoali ba hao ba futsanehile ’me ba ke ke ba khona ho u rekela junifomo, empa e-re ke u bontše ho hong.” O ile a nkisa deskeng ea hae, a bula lae, ’me a re: “Ke batla ho u fa junifomo ena e ncha-ncha. Na ha e ntle?”

Nka be ke ile ka mpa ka shoa ho e-na le ho apara junifomo ea Manazi. Ha mosuoe oa ka a bona hore ha kea ikemisetsa ho e apara, o ile a halefa, ’me sehlopha sohle se ile sa ntloka. Joale o ile a re ntša empa a leka ho mpata ka ho etsa hore ke tsamaee ka har’a bashanyana ba bang bohle ba apereng lijunifomo. Leha ho le joalo, batho ba bangata toropong ba ne ba ka mpona kaha ke ne ke khethollehile har’a liithuti-’moho le ’na. E mong le e mong o ne a tseba hore ’na le batsoali ba ka re Lipaki tsa Jehova. Ke leboha Jehova ka ho mpha matla a moea a hlokahalang ke sa le mocha.

Mahloriso aa Tota

Ka letsatsi le leng mathoasong a 1938, ’na le khaitseli ea ka re ile ra tlosoa sekolong ra isoa ka koloi ea mapolesa sekolong sa ho ntlafatsa botho ba batlōli ba molao Stadtroda, e leng bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 80. Hobane’ng? Makhotla a ne a entse qeto ea ho re tlosa tšusumetsong ea batsoali ba rōna ho re fetola bana ba Manazi. Kapele basebetsi ba ikarabellang sekolong seo ba ile ba hlokomela hore ’na le khaitseli ea ka rea hlompha re bile re ikokobelitse, le hoja re tiile ho se nkeng lehlakore ha rōna ha Bokreste. Motsamaisi o ne a khahliloe ke rōna hoo a neng a batla ho kopana le ’Mè ka seqo. Boemo ba rōna bo ile ba sebetsoa ka tsela e fapaneng, ’me Mè o ile a lumelloa ho re etela. ’Na le khaitseli ea ka le ’Mè re ne re thabile haholo re bile re leboha Jehova ka ho re fa monyetla ona oa ho ba hammoho bakeng sa ho khothatsana letsatsi lohle. Re ne re hlile re ho hloka.

Re ile ra lula sekolong sena ka likhoeli tse ka bang ’nè. Eaba re romeloa Pahna ho ea lula le lelapa le leng. Le ne le laetsoe ho re boloka re le hōle le beng ka rōna. ’Mè o ne a sa lumelloe le ho re etela. Empa, ka makhetlo a seng makae, o ile a fumana tsela ea ho kopana le rōna. A sebelisa menyetla eo e tlang seoelo, ’Mè o ile a etsa sohle seo a neng a ka se etsa ho kenya ka ho rōna boikemisetso ba ho lula re tšepahala ho Jehova, ho sa tsotellehe liteko le maemo tseo a neng a ka li lumella.—1 Bakorinthe 10:13.

’Me liteko li ile tsa fela tsa tla. Ka la 15 December, 1942, ke sa ntse ke le lilemo li 17 feela, ke ile ka nkoa ke Gestapo ’me ka kenngoa setsing sa litlamo se Gera. Hoo e ka bang beke hamorao, ’Mè o ile a tšoaroa le eena ’me ka ba le eena teronkong e le ’ngoe. Kaha ke ne ke sa ntse ke le tlaasana lilemong, makhotla a ne a ke ke a hlahlela nyeoe ea ka. Ka hona ’na le ’Mè re ile ra nka likhoeli tse tšeletseng re le litlamong ha makhotla a sa ntse a emetse hore ke be lilemo li 18. Letsatsing lona leo ke bileng lilemo li 18 ka lona, ’na le ’Mè re ile ra tlisoa nyeoeng.

Pele ke hlokomela se etsahalang, ho ne ho felile. Ka sebele ha kea ka ka hlokomela hore ke ne nke ke ka hlola ke bona ’Mè hape. Ntho ea ho qetela eo ke e hopolang ka eena ke ha ke mo bona a lutse holim’a setulo sa lepolanka se setšo haufi le ’na ka lekhotleng. Ka bobeli re ile ra phatlalatsoa re le molato. Ke ile ka ahloleloa lilemo tse ’nè teronkong ’me ’Mè o ile a ahloleloa selemo se le seng le halofo.

Matsatsing ao ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse likete tse koaletsoeng literonkong le likampong. Leha ho le joalo, ke ile ka romeloa teronkong e Stollberg, moo e neng e le ’na feela Paki. Ke ile ka qeta nako e fetang selemo ke koaletsoe seleng ea ka ke le mong, empa Jehova o ne a e-na le ’na. Lerato leo ke neng ke le hlaoletse bakeng sa hae bocheng ba ka e ne e le senotlolo sa ho lula ke phela moeeng.

Ka la 9 May, 1945, ka mor’a hore ke be teronkong ka lilemo tse peli le halofo, re ile ra amohela litaba tse monate—ntoa e ne e letse! Ke ile ka lokolloa hona letsatsing leo. Ka mor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse 110 ka maoto, ke ile ka fihla hae ke hlile ke kula ka lebaka la ho felloa ke matla le tlala. Ke ile ka hlaphoheloa ka mor’a likhoeli tse ’maloa.

Hang ha ke fihla, ke ile ka angoa habohloko ke litaba tse sithabetsang. Tsa pele e bile tse mabapi le ’Mè. Ka mor’a hore a kene teronkong ka nako e etsang selemo le halofo, Manazi a ile a mo kōpa hore a tekene tokomane e latolang tumelo ea hae ho Jehova. O ile a hana. Ka hona Gestapo e ile ea mo isa kampong ea mahloriso ea basali, e Ravensbrück. O ile a shoella moo a bolaoa ke typhus hantle feela pele ntoa e lala. E ne e le Mokreste ea sebete haholo—mohlabani ea matla eo le ka mohla a neng a sa tele. E se eka Jehova a ka mo hopola hamolemo.

Ho ile ha boela ha e-ba le litaba tse mabapi le moholoane oa ka, Werner, eo le ka mohla a sa kang a inehela ho Jehova. O ne a ile a kenela sesole sa Jeremane ’me o ile a bolaoa Russia. Ntate eena? O ile a tla hae, empa ka masoabi, e ne e le e mong oa Lipaki tse seng kae tse ileng tsa tekena tokomane eane e tummeng hampe ea ho latola tumelo ea tsona. Ha ke mo bona, o ne a bonahala a nyahame a bile a ferekane kelellong.—2 Petrose 2:20.

Nako e Khutšoanyane ea Mosebetsi oa Moea o Bontšang Cheseho

Ka la 10 March, 1946, ke ile ka ba teng kopanong ka lekhetlo la pele ka mor’a ntoa Leipzig. Ke ile ka thaba hakaakang ha ho phatlalatsoa hore kolobetso e ne e tla ba letsatsing lona leo! Le hoja ke ne ke nehetse bophelo ba ka ho Jehova lilemong tse ngata tse fetileng, ona e ne e le monyetla oa ka oa pele oa ho kolobetsoa. Le ka mohla nke ke ka lebala letsatsi leo.

Ka la 1 March, 1947, ka mor’a ho bula maliboho ka nako e etsang khoeli, ke ile ka memeloa Bethele e Magdeburg. Liofisi tsa Mokhatlo li ne li hlile li senyehile ka lebaka la ho qhoma ha libomo. Ho thusa ka mosebetsi oa ho lokisa e bile tokelo e kaakang! Ka mor’a lehlabula leo ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba pula-maliboho e khethehileng motseng oa Wittenberge. Likhoeling tse ling ke ne ke qeta lihora tse fetang 200 ke bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke ne ke thabile hakaakang hore ebe ke lokolohile hape—ho se ntoa, ho se mahloriso, ho se literonko!

Ka masoabi, tokoloho eo ha ea ka ea nka nako e telele. Ka mor’a ntoa, Jeremane e ile ea arohana, ’me sebaka seo ke neng ke lula ho sona se ile sa oela tlas’a taolo ea Makomonisi. Ka September 1950 mapolesa a sekhukhu a Jeremane Bochabela, a tsejoang e le Stasi, a ile a qala ho kenya barab’abo rōna litlamong ka mokhoa o hlophisitsoeng. Liqoso tseo ke neng ke qosoa ka tsona li ne li sa utloahale. Ke ne ke qosoa ka ho ba mpimpi ea ’muso oa Amerika. A ile a nthomela teronkong ea Stasi e mpe ka ho fetisisa ka har’a naha, e Brandenburg.

Tšehetso e Tsoang ho Barab’eso ba Moea

Sebakeng seo, Stasi e ne e sa ntumelle ho robala motšehare. Ebe e ntlhoma lipotso bosiu bohle. Ka mor’a hore ke hlokofatsoe ka tsela ena ka matsatsi a seng makae, lintho li ile tsa mpefala. Hoseng ho hong, ho e-na le ho nkhutlisetsa seleng ea ka, ba ile ba nkenya ka har’a e ’ngoe ea li-U-Boot Zellen tsa bona tse tummeng hampe (tse tsebahalang e le lisele tsa sabmarine ka lebaka la sebaka seo li leng ho sona se ka tlaase-tlaase). Ba ile ba bula lemati la tšepe la khale le mafome ’me ba nkōpa hore ke kene. Ke ne ke tlameha ho tlōla monyako o phahameng. Ha ke hata fatše, ke ile ka hlokomela hore ho tletse metsi. Lemati le ile la koaloa ka ho khahleloa, ’me la etsa lerata le hlabang le tšosang. Ho ne ho se na khanya ho bile ho se na fensetere. Ho ne ho le hotšo tšo!

Ka lebaka la metsi a botebo ba lisenthimithara tse ’maloa fatše, ke ne nke ke ka lula, ka sekama kapa ka robala. Ka mor’a ho leta ka nako e neng e bonahala eka ke e sa feleng, ke ile ka khutlisetsoa ho ea hlongoa lipotso tse eketsehileng tlas’a mabone a khanya e matla. Ha ke tsebe hore na ke hofe ho neng ho le hobe ho feta ho hong—ho ema ka har’a metsi letsatsi lohle ho seo e batlang e le lefifi la bonka-ntjana kapa ho mamella mabone a khanyang habohloko a tobisitsoeng ho ’na bosiu bohle.

Ba ne ba ntšosa khafetsa ka hore ba tla nthunya. Ka mor’a ho hlongoa lipotso ka masiu a itseng, hoseng ho hong ke ile ka eteloa ke ofisiri ea sesole e phahameng ea Russia. Ke ile ka ba le monyetla oa ho e bolella hore Stasi ea Jeremane e ne e ntšoere hampe le ho feta kamoo Gestapo ea Manazi e kileng ea ntšoara kateng. Ke ile ka e bolella hore Lipaki tsa Jehova li ne li sa nke lehlakore tlas’a ’muso oa Manazi ’me li ntse li sa nke lehlakore tlas’a ’muso oa Makomonisi le hore ha re itšunya-tšunye lipolotiking hohle lefatšeng. Ke ile ka bolela hore, ho fapana le hoo, ba bangata bao ka nako eo e neng e le liofisiri tsa Stasi e kile ea e-ba litho tsa mokhatlo oa Bacha ba Hitler, moo e ka ’nang eaba ba ithutile tsela ea ho hlorisa batho ba se nang molato ka sehlōhō teng. Ha ke ntse ke bua, ’mele oa ka o ne o thothomela ka lebaka la serame, tlala le ho felloa ke matla.

Hoa makatsa hore ebe ofisiri ena ea Russia ha ea ka ea nkhalefela. Ho fapana le hoo, e ile ea nkapesa kobo ’me ea ntšoara ka tsela e mosa. Kapele ka mor’a ketelo ea eona, ke ile ka khutlisetsoa seleng e ntlenyana. Matsatsing a seng makae hamorao, ke ile ka isoa makhotleng a Jeremane. Ha nyeoe ea ka e ntse e tsoela pele, ke ile ka thabela tokelo e molemo ea ho kopanela sele le Lipaki tse ling tse hlano. Ka mor’a ho mamella tšoaro e sehlōhō haholo, ke ile ka fumana ho ba le botsoalle le barab’eso ba moea ho khatholla hakaakang!—Pesaleme ea 133:1.

Ka lekhotleng ke ile ka boleloa ke le molato oa bompimpi ’me ka ahloleloa lilemo tse ’nè teronkong ea linokoane tse kotsi. Ho ne ho nkoa hore kahlolo eo ke e bobebe. Barab’eso ba bang ba ile ba ahloleloa lilemo tse fetang leshome. Ke ile ka romeloa teronkong ea linokoane tse kotsi e sirelelitsoeng ka thata-thata. Ke nahana hore le toeba e ne e ke ke ea khona ho kena kapa ho tsoa ka teronkong eo—tšireletso e ne e le matla haholo. Empa, ka thuso ea Jehova barab’abo rōna ba sebete ba ile ba khona ho kenya Bibele eohle ka sekhukhu. E ile ea aroloa ka libuka tsa eona ’me ea potolosoa har’a barab’abo rōna bao e neng e le batšoaruoa.

Re ne re etsa see joang? Ho ne ho le thata haholo. Nako feela eo re neng re kopana ka eona e ne e le ha re il’o tola ka lishaoareng hang ka libeke tse ling le tse ling tse peli. Ka lekhetlo le leng, ha ke ntse ke tola, mor’eso e mong o ile a ntšebela hore o patile maqephe a Bibele ka thaoleng ea hae. Ka mor’a hore ke tole ke ne ke lokela ho nka thaole ea hae ho e-na le ho nka ea ka.

Molebeli e mong o ile a bona ha enoa mor’eso a ntšebela ’me a mo otla hampe haholo ka molangoana oa mapolesa. Ke ne ke tlameha ho nka thaole kapele ke be ke itsoakanye le batšoaruoa ba bang. Hoa thabisa hore ebe ha kea ka ka tšoaroa ka maqephe a Bibele. Ho seng joalo lenaneo la rōna la ho iphepa moeeng le ka be le ile la senyeha. Re ile ra feta liphihlelong tse ngata tse joalo. ’Malo oa rōna oa Bibele kamehla o ne o etsetsoa sephiring le ka ho ipeha kotsing ho hoholo. Mantsoe a moapostola Petrose a reng, “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele,” ka sebele a ne a loketse haholo.—1 Petrose 5:8.

Ka lebaka le itseng, ba nang le matla a ho laela ba ile ba etsa qeto ea hore khafetsa ba tlose ba bang ba rōna teronkong e ’ngoe ea linokoane tse kotsi ba ba ise ho e ’ngoe. Ka lilemo tse ’nè, ke ile ka isoa literonkong tse ka bang leshome tsa linokoane tse kotsi. Empa, kamehla ke ne ke khona ho fumana barab’eso. Ke ile ka rata bara bana beso ka ho teba, ’me pelo ea ka e ne e utloa bohloko haholo ha ke lokela ho ba siea ka linako tsohle ha ke ne ke isoa teronkong e ’ngoe.

Qetellong ke ile ka romeloa Leipzig, ’me moo ke ile ka lokolloa teronkong. Molebeli oa teronko ea ileng a ntokolla ha a ka ba a re, tsamaea hantle empa, ho e-na le hoo o ile a re, “Re tla boela re u bona haufinyane.” Ka lebaka la bokhopo ba hae o ne a batla hore ke boele ke tšoaroe. Hangata ke nahana ka Pesaleme ea 124:2, 3 (BPN), moo e reng: “Hoja Morena a se ke a ba le rōna, ha batho ba ne ba re tsohela matla, ba ka be ba re koentse re ntse re phela, ha khalefo ea bona e ne e re tlōketse.”

Jehova o Lokolla Bahlanka ba Hae ba Tšepahalang

Joale ke ne ke boetse ke lokolohile hape. Khaitseli ea ka eo e leng lefahla-’moho le ’na, Ruth le Morali’abo rōna Herta Schlensog ba ne ba le keiting ba nkemetse. Lilemong tsohle tsa ha ke le teronkong, Herta o ne a nthomella sephutheloana sa lijo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ka sebele ke lumela hore ntle ho liphutheloana tseo, nka be ke ile ka shoela teronkong. E se eka Jehova a ka mo hopola hamolemo.

Esale ke lokolloa, Jehova o ntlhohonolofalitse ka litokelo tse ngata tsa tšebeletso. Ke ile ka boela ka sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng, Gronau, Jeremane, hape ke le molebeli oa potoloho Lithabeng tse Matsutla-tsutla tsa Jeremane. Hamorao ke ile ka memeloa ho etsa kōpo ea ho ba sehlopheng sa bo31 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower sa baromuoa. Re ile ra abeloa mangolo Yankee Stadium nakong ea kopano ea machaba ea Lipaki tsa Jehova ka 1958. Ke bile le tokelo ea ho bua le letšoele le leholo la bara le barali beso le ho pheta tse ling tsa liphihlelo tsa ka.

Ka mor’a kabo ea mangolo ke ile ka nka leeto le eang Chile ho ea sebeletsa ke le moromuoa. Sebakeng seo ke ile ka sebeletsa hape ke le molebeli oa potoloho, karolong ea Chile e ka boroa bo hōle—ka sebele ke ne ke rometsoe lipheletsong tsa lefatše. Ka 1962, ke ile ka nyala Patsy Beutnagel, moromuoa ea ratehang ea tsoang San Antonio, Texas, U.S.A. Ke ile ka thabela lilemo tse ngata tse hlollang tsa tšebeletso ea Jehova le eena a le lehlakoreng la ka.

Lilemong tse fetang 70 tsa bophelo ba ka, ke bile le linako tse ngata tsa ho thaba le mahlomola a mangata. Mopesaleme o itse: “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” (Pesaleme ea 34:19) Ka 1963, ha ke ntse ke le Chile, ’na le Patsy re ile ra thulana le lefu le utloisang bohloko la morali oa rōna oa lesea. Hamorao, Patsy o ile a kula, eaba re fallela Texas. O ile a shoa a le lilemo li 43 feela, le eena e le tlas’a maemo a utloisang bohloko. Ke rapela khafetsa hore Jehova a hopole mosali oa ka ea ratehang hamolemo.

Hona joale, le hoja ke kula ke bile ke tsofetse, ke thabela tokelo ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea kamehla ke bile ke le moholo Brady, Texas. Ka sebele, hase kamehla bophelo bo bileng bonolo, ’me e ka ’na eaba ho na le liteko tse ling tseo ke sa ntseng ke tla talimana le tsona. Leha ho le joalo, joaloka mopesaleme nka re: ‘Molimo, u nthutile e sa le le bocheng ba ka, ’me ke ntse ke tumisa mehlolo ea hao ho fihlela la kajeno.’—Pesaleme ea 71:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

(1) Kajeno ke sebeletsa ke le moholo ke bile ke le pula-maliboho, (2) ke na le Patsy, pejana ho lechato la rōna, (3) ka tlelaseng ea Herr Schneider, (4) ’mè oa ka, Teresa, ea ileng a shoela Ravensbrück

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela