Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na ho Tšepahala ho Feletsoe ke Nako?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 1
    • Mohiri o supa mosebetsi ka monoana

      SEHLOOHO SE KA NTLE | LEBAKA LA HORE U TŠEPAHALE!

      Na ho Tšepahala ho Feletsoe ke Nako?

      Hitoshi o ne a sebetsa k’hamphaning e batlelang batho mosebetsi Japane. Ha a ntse a hlahloba tlaleho ea lichelete le mookameli oa hae, mookameli o ile a mo bolella hore a bue leshano tlalehong eo a neng a e etsa. Hitoshi o ile a mo hlalosetsa hore letsoalo la hae ha le mo lumelle hore a etse bolotsana mosebetsing. Ka lebaka leo, mookameli oa hae o ile a mo tšosa ka hore o tla mo leleka mosebetsing ’me qetellong o ile a felloa ke mosebetsi.

      Likhoeli ka mor’a moo, Hitoshi o ile a nyahama kaha o ne a feletsoe ke tšepo ea hore o sa tla ke a fumane mosebetsi. Ka mohlala, ha a ne a hlahlobeloa mosebetsi k’hamphaning e ’ngoe, o ile a bolela hore a ke ke a etsa bolotsana mosebetsing. Motho ea neng a mo hlahloba o ile a re, “Tsela eo u nahanang ka eona ha ea tloaeleha!” Le hoja metsoalle le ba lelapa ba ile ba khothatsa Hitoshi hore a tiee qetong ea hae ea hore a tšepahale, o ile a qala ho ba le lipelaelo. Ka mohlala, o ile a ipotsa hore na ebe ke bohlale ha a bolella ba bang hore ke motho ea tšepahalang.

      Se ileng sa hlahela Hitoshi ke khopotso e bohloko ea hore hase batho bohle ba nkang botšepehi e le ba bohlokoa. Bonneteng, ebile batho ba bang ba nka botšepehi e le tšitiso, haholo-holo litabeng tsa khoebo. Mosali e mong ea sebetsang Afrika Boroa o re: “Batho ba bangata bao ke sebetsanang le bona ha ba tšepahale ’me ka linako tse ling ke iphumana ke le khatellong e matla ea hore ke tšoane le bona.”

      Mokhoa o mong oa ho se tšepahale o atileng haholo kajeno ke oa ho bua leshano. Lilemong tse seng kae tse fetileng, phuputso e ileng ea etsoa ke setsebi sa kelello sa Univesithi ea Massachusetts Amherst, se bitsoang Robert S. Feldman, e ile ea bontša hore batho ba baholo ba etsang liphesente tse 60 ba bua leshano pele ho feta metsotso e leshome, ha ba ntse ba qoqa. Feldman o re phuputso eo “e ile ea ba makatsa haholo, hobane ba ne ba sa lebella hore batho ba ka bua leshano hangata hakaalo bophelong.” Ruri hoa makatsa ho bona hore batho ba bangata ha ba rate ho thetsoa, empa ba bangata ba bua leshano!

      Ke hobane’ng ha ho bua leshano, ho utsoa le mefuta e meng ea bolotsana e le lintho tse atileng hakaale kajeno? Bolotsana bo ama sechaba ka kakaretso joang? Empa habohlokoa le ho feta, re ka etsa’ng hore re se ke ra kenella mekhoeng ee ea bolotsana?

  • Kamoo Bolotsana bo ka U Amang
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 1
    • Basali ba babeli baa buisana

      SEHLOOHO SE KA NTLE | LEBAKA LA HORE U TŠEPAHALE!

      Kamoo Bolotsana bo ka U Amang

      “Bophelong, ho lula e-na le mathata a ka rarolloang feela ka hore motho a etse bolotsananyana.”—Samantha, oa Afrika Boroa.

      Na u lumellana le maikutlo ao? Joaloka Samantha, kaofela re kile ra tobana le maemo a boima ka tsela e itseng. Tsela eo re etsang lintho ka eona ha re le maemong ao, e bontša hore na ke mekhoa efe eo re e nkang e le ea bohlokoa. Ka mohlala, haeba re tšaba ho hlajoa ke lihlong, re ka ’na ra nahana hore ho loketse ho etsa bolotsana maemong a itseng. Leha ho le joalo, ha ’nete e hlahella, hangata bolotsana bo beha motho ka mosing. Ak’u nahane ka lintlha tse latelang.

      BOLOTSANA BO ETSA HORE BATHO BA SE KE BA TŠEPANA

      Botšepehi ke motheo oa hore batho ba tšepane. Ha batho ba babeli ba tšepana, ba ikutloa ba phutholohile ebile ba sireletsehile. Empa ho tšepana ha ho be teng ka ho panya ha leihlo. Batho ba matlafatsa ho tšepana ha ba qeta nako ba le ’moho, ba buisana ka botšepehi ebile e se baithati. Leha ho le joalo, ho tšepana ho ka fela ka tšohanyetso ka lebaka la ketso e le ’ngoe feela ea bolotsana. Joale, ha batho ba se ba sa tšepane, ha ho bonolo hore ba boele ba tšepane.

      Na u kile ua thetsoa ke motho eo u neng u nahana hore ke motsoalle oa hao oa bohlokoa? Haeba ho joalo, u ile ua ikutloa joang? Mohlomong u ile ua utloa bohloko, ua nka hore o u tsoile tlaase. Hoa utloahala hore ebe u ile ua ikutloa joalo. Ha ho pelaelo hore bolotsana bo ka senya kamano ea bohlokoa eo batho ba nang le eona le ba bang.

      BOLOTSANA BO TSOALA BOLOTSANA

      Phuputsong e ileng ea etsoa ke Robert Innes, eo e leng moprofesa oa lithuto tsa khoebo Univesithing ea California, o ile a fumana hore “ehlile batho ba tšoaetsana bolotsana.” Kahoo, bolotsana bo ka tšoantša le kokoana-hloko e bakang mafu—ha u qeta nako e ngata u e-na le motho ea bolotsana, u ipeha kotsing e khōlō ea hore a u “tšoaetse” bolotsana.

      U ka etsa’ng hore u se ke ua oela lerabeng la ho ba bolotsana? Bibele e ka u thusa. Re kōpa hore u ke u hlahlobe melao ea Bibele e seng mekae.

      Mekhoa e sa Tšoaneng ea ho se Tšepahale

      Ho bua leshano

      Monna o ntša reng monoaneng

      KE ENG? Ho bua leshano ke ho se bolelle motho ’nete eo a nang le tokelo ea ho e tseba. Ho bua leshano ho kopanyelletsa ho sotha litaba ka morero oa ho khelosa motho, ho pata lintlha tse itseng e le ho isa motho le khongoana holimo, kapa ho feteletsa ’nete ka sepheo sa ho thetsa motho e mong.

      SEO BIBELE E SE BUANG: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3: 32) “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.”—Baefese 4:25.

      Ho etselletsa

      Banna ba babeli ba ntse ba seba ha monna e mong a kena ka phaposing

      KE ENG? Ke ho bua leshano le lipolelo tse bontšang lehloeo, tse reretsoeng ho senya motho e mong lebitso.

      SEO BIBELE E SE BUANG: “Motho ea bolotsana o ntse a hlahisa ho hloka kutloano, ’me moetselletsi o arola ba tloaelaneng.” (Liproverbia 16:28) “Moo ho se nang patsi mollo oa tima, ’me moo ho se nang moetselletsi khang ea emisa.”—Liproverbia 26:20.

      Bomenemene

      Monna o supa lioache tse patiloeng ka jaseng

      KE ENG? Ke ho susumelletsa motho e mong hore a fane ka chelete kapa thepa e le hore a ikhakanye.

      SEO BIBELE E SE BUANG: “U se ke ua etsa bolotsana ho mosebetsi ea hiriloeng ea khathatsong le ea futsanehileng.” (Deuteronoma 24:14, 15) “Ea etsetsang ea tlaase bolotsana o nyelisitse Moetsi oa hae, empa ea bontšang mohau ho ea futsanehileng oa Mo tlotlisa.”—Liproverbia 14:31.

      Ho utsoa

      Motho o utsoa sepache ka mokotlaneng

      KE ENG? Ke ho nka thepa ea motho e mong empa a sa u lumella.

      SEO BIBELE E SE BUANG: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) “Le se ke la khelosoa. . . . Masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.

  • Molemo oa ho Tšepahala
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 1
    • Monna o khutlisetsa sepache ho mong’a sona

      SEHLOOHO SE KA NTLE | LEBAKA LA HORE U TŠEPAHALE!

      Molemo oa ho Tšepahala

      “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

      Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike leo ka linako tse ling le fetoleloang e le “botšepehi,” le bolela ntho e molemo kahohle-hohle. Hape le ka bolela ntho e khahlisang ha motho a e shebile, litabeng tse amang le boitšoaro.

      Bakreste ba nka ka ho teba mantsoe ana a bululetsoeng a moapostola Pauluse, a reng: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” Seo se akarelletsa eng?

      HO LOANA LE MAIKUTLO A RŌNA

      Batho ba bangata ba icheba ka seiponeng hoseng ho hong le ho hong pele ba tloha lapeng. Hobane’ng? Ke hobane ba batla ho shebahala hantle. Empa ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta hore na re kutile joang kapa hore na re apere liaparo tsa feshene. Ha e le hantle, motho eo re leng eena ka hare a ka ntlafatsa kapa a theola seriti tsela eo re shebahalang ka eona ka ntle.

      Lentsoe la Molimo le bolela ka ho toba hore batho ba sekametse bobeng. Genese 8:21 e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” Kahoo, hore re lule re tšepahala, re tlameha ho loantša tšekamelo ea ho etsa lintho tse mpe eo re tsoetsoeng re e-na le eona. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa ka ho hlaka boiteko ba hae ba ho loantša sebe, ha a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:22, 23.

      Ka mohlala, ha lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho etsa bobe ’me re tleloa ke maikutlo a matla a ho etsa bolotsana, ha ho hlokahale hore re be makhoba a lipelo tsa rōna. Re ntse re e-na le boikhethelo tabeng eo. Haeba re khetha hore re hanele monahano oo o mobe, re ka lula re tšepahala ho sa tsotellehe hore ebe batho ba bangata bao re phelang le boha ha ba tšepahale.

      U KA HLŌLA NTOENG ENA

      Hore re be batho ba tšepahalang, re lokela ho phela ka melao e phahameng ea boitšoaro. Empa ka bomalimabe, batho ba bangata ba qeta nako e ngata ba nahana ka melao ea ho apara ho feta ea boitšoaro. Ka lebaka leo, ba lokafatsa ho se tšepahale hafeela ho ba tsoela molemo maemong ao ba leng ho ’ona. Buka e bitsoang The (Honest) Truth About Dishonesty e ile ea re: “Bonneteng, batho ba etsa bolotsana hoo ba seng ba sa nahane hore seo ba se etsang ke bolotsana.” Empa na ho na le molao o tšepahalang o ka re thusang ho tseba hore na bolotsana e ka ba ntho e amohelehang? Ka lehlohonolo o teng.

      Lefatšeng lohle, batho ba limilione ba hlokometse hore Bibele e na le molao o joalo. Ha ho letho le ka bapisoang le molao oa boitšoaro o ka Bibeleng. (Pesaleme ea 19:7) Molao oo o fana ka tataiso eo re ka e tšepang litabeng tsa lelapa, tsa mosebetsi esita le tsa borapeli. Ebile ha o felloe ke nako. Melao le melaoana ea Bibele e sebetsa bathong ba lichaba tsohle, merabe le meloko. Re ka koetlisa lipelo tsa rōna hore li tšepahale li be li rate ho loka ka hore re ithute Bibele re be re nahanisise ka seo e se buang.

      Empa hore re hlōle ntoeng ena ea ho lula re tšepahala, ha hoa lekana hore re be le tsebo e nepahetseng ea Bibele, kaha re phela lefatšeng la batho ba boitšoaro bo bobe le ba re hatellang hore re amohele mekhoa ea bona e silafetseng. Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re rapele Molimo hore a re thuse le ho re tšehetsa. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Ha re etsa joalo, re tla ba le sebete sa ho emela se nepahetseng ’me re lule re tšepahala linthong tsohle.

      MELEMO EA HO TŠEPAHALA

      Hitoshi, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang, o ile a rua molemo ka lebaka la ho tsejoa e le mosebetsi ea tšepahalang. Hona joale o sebeletsa mohiri ea ananelang hore ebe oa tšepahala. Hitoshi o re: “Kea leboha hore ebe ke ile ka fumana mosebetsi o ntumellang hore ke lule ke e-na le letsoalo le hloekileng.”

      Batho ba bang le bona ba hlokometse seo. Ak’u nahane ka mehlala ea batho ba bang ba ruileng molemo ha ba latela molao oa Bibele oa ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”

      • Letsoalo le Hloekileng

        Cheryl

        “Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka tlohela sekolo e le hore ke il’o sebetsa le masholu. Ka lebaka leo, boholo ba chelete eo ke neng ke e fumana, e ne e le ea bolotsana. Hamorao ke ile ka nyaloa ’me ’na le mohats’aka ra qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra ithuta hore Jehovaa Molimo o hloile mekhoa ea bolotsana, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho fetola tsela eo re phelang ka eona. Ka 1990 re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa re le Lipaki Tsa Jehova.”—Liproverbia 6:16-19.

        “Nakong e fetileng ntlo ea ka e ne e tletse thepa ea bosholu, empa hona joale ha e sa le eo; ’me sena se etsa hore ke be le letsoalo le hloekileng. Ha ke hopola lilemo tse ngata tse fetileng tseo ke li phetseng ka bolotsana, ruri ke leboha Jehova hore ebe o nkhauhetse. Bosiu bo bong le bo bong ke robala ke khotsofetse kaha kea tseba hore ke khahlisa Jehova.”—Cheryl, oa Ireland.

        Bobby

        “Ha mookameli oa ka a utloa hore ke hanne ha moreki e mong a mpha tjotjo, o ile a re ho ’na: ‘Molimo oa hao ke eena ea etsang hore u be motho ea tšepahalang hakana! K’hamphani ea rōna e hlohonolofalitsoe ka ho ba le motho ea tjena.’ Ho tšepahala linthong tsohle ho nthusa hore ke be le letsoalo le hloekileng ka pel’a Jehova Molimo. Ebile ho mpha monyetla oa hore ke thuse ba lelapa la ka le batho ba bang hore le bona ba tšepahale.”—Sonny, oa Hong Kong.

      • Ho ba le Khotso Kelellong

        Tom

        “Ke sebetsa bankeng e ’ngoe ea machaba ’me ke ’na motlatsi oa mookameli e moholo. Khoebong ena, batho ba bangata ha ba na taba le ho tšepahala, ba shebile ho rua feela. Ba bangata ba na le maikutlo a hore, ‘Phoso e kae ha motho a etsa bolotsananyana haeba seo se tla mo thusa hore a rue ’me a phahamise moruo?’ Empa ho tšepahala ho nthusa hore ke be le khotso kelellong. Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala esita le ho tobana le litla-morao leha e le life tse ka ntlhahelang. Bahiri ba ka baa tseba hore nke ke ba thetsa kapa ka thetsa motho leha e le ofe molemong oa k’hamphani.”—Tom, oa United States.

      • Boitlhompho

        Kaori

        “Mookameli oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke bue leshano mabapi le thepa e ’ngoe e neng e nyametse mosebetsing, empa ke ile ka hana. Eitse ha masholu a fumanoa, mohiri oa ka o ile a nteboha hore ebe ke buile ’nete. Motho o lokela ho ba sebete hore a tšepahale lefatšeng lena le sa tšepahaleng. Empa qetellong batho ba bang ba tla re tšepa ba be ba re hlomphe.”—Kaori, oa Japane.

      Ho ba le letsoalo le hloekileng, ho ba le khotso kelellong hammoho le boitlhompho ke melemo e bontšang hore ehlile ho tšepahala ho re ruisa molemo. Na ha ho joalo?

      a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela