Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Ehlile Jesu o Ile a Shoa?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 2
    • Setopo sa Jesu se theoloa thupeng ea tlhokofatso ’me barutuoa ba hae ba shebile ba le hojana

      SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO A BA A SHOA?

      Na Ehlile Jesu o Ile a Shoa?

      Jesu Monazaretha o ile a bolaoa ka selemo sa 33. O ne a qosoa ka hore o hlohlelletsa bofetoheli, ’me a otloa habohloko a ba a khokhotheloa thupeng ka lipekere. O ile a shoa a le bohlokong bo otlang pelo. Empa Molimo o ile a mo tsosa, ’me a nyolohela leholimong ka mor’a matsatsi a 40.

      Tlaleho ena e ikhethang e hlaha Likosepeleng tse ’nè tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, a tsejoang ka hore ke Testamente e Ncha. Na lintho tse ngotsoeng ho tsona li ile tsa fela tsa etsahala? Potso ena ke ea bohlokoa. Haeba ha lia ka tsa etsahala, tumelo le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng eo Bakreste ba nang le eona, ha e na thuso. (1 Bakorinthe 15:14) Empa haeba li ile tsa etsahala, uena le batho ba bang le na le bokamoso bo chabileng. Kahoo, na litlaleho tsa Likosepele ke ’nete kapa ke tšōmo feela?

      SEO BOPAKI BO SE BONTŠANG

      Ho fapana le litšōmo, litlaleho tsa Likosepele li bontša hore bangoli ba tsona ba entse sohle se matleng a bona hore ba li ngole ka hloko le ka ho nepahala. Ho etsa mohlala, li bua ka libaka tseo boholo ba tsona li ntseng li le teng. Li boetse li bua ka batho bao bo-rahistori ba pakang hore ba kile ba phela.—Luka 3:1, 2, 23.

      Bo-rahistori ba lilemong tsa bo-100 ho isa ho 200, ba bua ka Jesu.a Tsela eo a ileng a bolaoa ka eona ho latela seo Likosepele li se buang, e lumellana le mokhoa oo Baroma ba neng ba bolaea batho ka oona mehleng eo. Ho feta moo, liketsahalo tse boletsoeng ho tsona li ngotsoe ka tsela e nepahetseng hobane li boetse li bua ka liphoso tsa barutuoa ba Jesu. (Matheu 26:56; Luka 22:24-26; Johanne 18:10, 11) Lintlha tsena tsohle li bontša hore bangoli ba Likosepele baa tšepahala le hore lintho tseo ba li ngotseng ka Jesu li nepahetse.

      NA JESU O ILE A TSOHA BAFUNG?

      Le hoja batho ba bangata ba lumela hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha, ba bang ha ba lumele. Baapostola ba hae le bona ha baa ka ba lumela ha ba ne ba bolelloa ka lekhetlo la pele hore o tsohile bafung. (Luka 24:11) Leha ho le joalo, bona le barutuoa ba bang ba Jesu ba ile ba khaotsa ho belaela ha ba mo bona ka makhetlo a ’maloa. Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng o ile a bonoa ke batho ba fetang 500.—1 Bakorinthe 15:6.

      Le hoja barutuoa ba hae ba ne ba le kotsing ea ho tšoaroa le ho bolaoa, ba ile ba ba sebete ’me ba bolella batho ba bang le ba ileng ba bolaea Jesu hore o tsohile bafung. (Liketso 4:1-3, 10, 19, 20; 5:27-32) Na barutuoa bao ba ka be ba bile sebete joalo haeba ba ne ba sa kholiseha hore Jesu o tsohile bafung? Ha e le hantle, ho tloha mehleng eo ho fihlela kajeno, tsoho ea Jesu e ’nile ea etsa hore batho ba fetohe Bakreste.

      Lintho tsohle tse ngotsoeng litlalehong tsa Likosepele tse buang ka lefu la Jesu le tsoho ea hae, li bontša hore li nepahetse. Ha u li bala ka hloko u tla kholiseha hore ke ’nete. Hape u tla kholiseha le ho feta ha u utloisisa hore na ke hobane’ng ha li etsahetse. Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

      a Rahistori ea bitsoang Tacitus ea hlahileng hoo e ka bang ka selemo sa 55 mehleng ea Jesu, o ngotse ka Jesu. O ile a re “Kreste, eo [Bakreste] ba ipitsang ka eena, o ahlotsoe ka sehlōhō nakong ea puso ea Tiberius matsohong a e mong oa babusisi ba rōna, e leng Ponse Pilato.” Bo-rahistori ba bang ba buang ka Jesu ke Suetonius (oa selemong sa bo-100); rahistori oa Mojuda Josephus (oa selemong sa bo-100) le Pliny e Monyenyane, e leng ’musisi oa Bithynia (oa selemong sa bo-200).

      Ke Hobane’ng ha e le Bo-rahistori ba ’Maloa ba Ngotseng ka Tsoho ea Jesu?

      Ha re nahana ka tsela eo Jesu a ileng a ama bophelo ba batho ka eona ha a le lefatšeng, na re ka lebella hore bo-rahistori ba sa tsebeng Bibele ba bue ’nete ka eena? Che. Likosepele li ngotsoe lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ke libuka tse ’maloa feela tsa mehleng eo tse ntseng li le teng. (1 Petrose 1:24, 25) Hape, re ke ke ra lebella hore bahanyetsi ba Jesu ba ngole lintho tse ka etsang hore batho ba lumele ho eena.

      Ha moapostola Petrose a bua ka tsoho ea Jesu o ile a re: “Molimo a tsosa Enoa ka letsatsi la boraro ’me a mo neha hore a bonahale, eseng ho batho bohle, empa ho lipaki tse behiloeng esale pele ke Molimo, ho rōna, ba ileng ba ja le ho noa le eena ka mor’a ho tsoha ha hae bafung.” (Liketso 10:40, 41) Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a bonahala ho batho bohle? Kosepele ea Matheu e re ha batho ba neng ba le khahlanong le bolumeli ba utloa ka tsoho ea Jesu, ba ile ba leka ho thibela batho ho e phatlalatsa.—Matheu 28:11-15.

      Na see se bolela hore Jesu o ne a sa batle hore batho ba tsebe hore o tsohile bafung? Che, hobane Petrose o ile a tsoela pele ho re: “Hape, a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore Enoa ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” Bakreste ba ’nete ba ile ba bolela ka tsoho ea Jesu ’me ba ntse ba etsa joalo le mehleng ena.—Liketso 10:42.

  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 2
    • Batho ba mefuta eohle ba phela hamonate Paradeiseng

      SEHLOOHO SE KA NTLE

      Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?

      “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.”​—Baroma 5:12

      Adama le Eva ba shebile tholoana eo ba neng ba thibetsoe ho e ja; Adama le Eva ba tsofetseng; lekase le isoa mabitleng

      U ka re’ng ha motho a ka u botsa hore na u ka rata ho phela ka ho sa feleng? Batho ba bangata ba ka re e, empa ba boela ba re seo se ke ke sa etsahala. Ba re lefu ke karolo ea bophelo, le hore ke qetello ea rōna bohle.

      Empa joale u ka re’ng ha motho a ka u botsa hore na u se u itokiselitse ho shoa? Batho ba bangata ba ka re che. Re ithuta’ng lipotsong tsee? Ka tlhaho re batla ho phela ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona. Bibele e re Molimo o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho phela. E re “o kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.”—Moeklesia 3:11.

      Leha ho le joalo, batho ha ba phele ka ho sa feleng. Ho senyehile hokae? Na ho na le seo Molimo a se entseng ho lokisa boemo boo? Bibele e araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang, ’me karabo ea eona e fana ka lebaka leo ka lona Jesu a ileng a utloa bohloko le ho shoa.

      HO SENYEHILE HOKAE?

      Likhaolo tse tharo tse qalang bukeng ea Bibele ea Genese, li re Molimo o ile a fa banyalani ba pele, e leng Adama le Eva tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ’me a ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba se ke ba lahleheloa ke eona. Li boetse li bontša kamoo banyalani bao ba ileng ba hlōleha ho mamela Molimo kateng ’me ba lahleheloa ke bophelo boo ba neng ba bo tšepisitsoe. Empa batho ba bang ba re pale ea Adama le Eva ke tšōmo feela. Leha ho le joalo, Genese ke histori e ngotsoeng ka ho nepahala joaloka Likosepele.a

      Ho se mamele ha Adama ho ile ha fella ka eng? Bibele e re: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Adama o ile a etsa sebe ka hore a se ke a mamela Molimo. O ile a lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ’me qetellong a shoa. Kaha re litloholo tsa hae, re futsitse sebe. Kahoo rea kula, rea tsofala ebile rea shoa. Taba ea hore na ke hobane’ng ha re shoa, e lumellana le seo bo-rasaense ba se buang ka lefutso. Empa na ho na le seo Molimo a se entseng ho lokisa boemo boo?

      MOLIMO O ENTSE ENG?

      Molimo o lokiselitse ho reka seo Adama a entseng hore litloholo tsa hae li lahleheloe ke sona, e leng bophelo bo sa feleng. O entse seo joang?

      Lengolo la Baroma 6:23 le re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Sena se bolela hore lefu le teng ka lebaka la sebe. Adama o ile a shoa ka lebaka la sebe. Ka ho tšoanang, kaha re baetsalibe re fumana moputso oo sebe se o lefang, e leng lefu. Empa ha se molato oa rōna hobane re tsoaletsoe sebeng. Molimo o ile a bontša hore oa re rata ka ho romela Mora oa hae, e leng Jesu, e le hore a tl’o re jarela libe. O ne a tla re jarela tsona joang?

      Batho ba mefuta eohle ba phela hamonate Paradeiseng

      Lefu la Jesu le entse hore batho ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng

      Kaha motho ea entseng sebe, e leng Adama o ne a phethahetse, ho ne ho hlokahala motho ea phethahetseng ea tla mamela Molimo ho isa lefung hore a tl’o re lokolla sebeng. Bibele e re: “Etsoe feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” (Baroma 5:19) Jesu ke eena ‘motho eo a le mong.’ O ile a tloha leholimong, ea e-ba motho ea phethahetsengb, ’me a re shoela. Lefu la hae le entse hore re amoheloe ke Molimo ’me re be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.

      KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO A BA A SHOA?

      Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a shoe e le hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng? Molimo ea Matla ’Ohle o ne a ka ’na a laela feela hore litloholo tsa Adama li phele ka ho sa feleng. O na le matla a ho etsa joalo. Empa o ne a tla be a sa tšepahalle seo a se buileng kaha o itse moputso oo sebe se o lefang ke lefu. Mantsoe ao a lokela ho nkeloa hloohong ’me a ke ke a fetoloa feela hobane motho a rata. A bohlokoa e le hore toka e phethoe.—Pesaleme ea 37:28.

      Haeba Molimo a sa ka a phetha toka tabeng ena, batho ba ne ba ke ke ba hlola ba mo tšepa. Ho etsa mohlala, ba ne ba tla ipotsa hore na o tla phetha toka ha a khetha hore na ke litloholo life tsa Adama tse lokelang ho fumana bophelo bo sa feleng. Na ba ka mo tšepa hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae? Tsela eo Molimo a phethileng toka ka eona tabeng ena, e re tiisetsa hore o tla lula a etsa se nepahetseng.

      Molimo o file batho tšepo ea hore ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng ka ho romela Jesu hore a ba shoele. Ho Johanne 3:16, Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Lefu la Jesu le bontša hore Molimo o na le toka le hore o rata batho haholo.

      Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ile a lokela ho utloa bohloko le ho shoa ka sehlōhō joalokaha ho boletsoe Likosepeleng? Kaha Jesu o ile a mamella ha a lekoa ’me a lula a tšepahala, o ile a paka hore Diabolose o leshano ha a re batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo ha ba lekoa. (Jobo 2:4, 5) Mohlomong ho ile ha bonahala eka Satane o bua ’nete ka mor’a hore a eke Adama. Empa Jesu ea neng a phethahetse joaloka Adama, o ile a lula a tšepahala le hoja a ile a utloa bohloko. (1 Bakorinthe 15:45) O ile a bontša hore Adama le eena a ka be a ile a tšepahala ho Molimo. Jesu o re sietse mohlala o motle ka hore a mamelle liteko. (1 Petrose 2:21) Kaha Jesu o ile a mamela, Molimo o ile a mo putsa ka hore a mo tsosetse leholimong moo a ke keng a hlola a shoa.

      LEFU LA JESU LE U TSOELA MOLEMO JOANG?

      Jesu o ile a fela a shoa. Lefu la hae le entse hore batho ba tle ba phele ka ho sa feleng. Na u batla ho phela ka ho sa feleng? Jesu o ile a bontša hore na re ka fumana bophelo bo sa feleng joang ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

      Bangoli ba makasine ena ba u khothalletsa hore u ithute ka Jehova, e leng Molimo oa ’nete le ka Mora oa hae Jesu Kreste. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa. U ka boela oa fumana lintlha tse ling ka hore u kene websaeteng ea rōna ho www.pr418.com/st.

      a Sheba sehlooho se reng “The Historical Character of Genesis,” bukeng ea Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 922, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

      b Molimo o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae pōpelong ea Maria, ’me a mo sireletsa ka moea o halalelang hore a se ke a futsa sebe sa Maria ea sa phethahalang.—Luka 1:31, 35.

      Bohobe bo se nang tomoso boa fetisoa Sehopotsong

      “Le ’ne le Etse Sena”

      Bosiung ba pele Jesu a nehelana ka bophelo ba hae, o ile a bokana le baapostola ba hae ba tšepahalang eaba o theha Sehopotso sa lefu la hae. O ile a re ho bona: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li bontša hore li mamela taelo eo ka hore selemo le selemo li kopane e le hore li ikhopotse lefu la Jesu. Selemong se fetileng batho ba 19 862 783 ba bile teng Sehopotsong.

      Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla ba ka Laboraro la la 23 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re u mema hore u be teng Sehopotsong le lelapa la hao le metsoalle hore le tl’o mamela puo e thehiloeng Bibeleng. E tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha lefu la Jesu e le la bohlokoa le hore na le ka u tsoela molemo joang. Ho kenoa mahala; ha ho ntšoe koleke. Re kōpa hore u botse Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na Sehopotso se tla tšoareloa hokae le hore na se tla ba ka nako mang. Kapa u shebe websaeteng ea rōna ho www.pr418.com/st.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela