Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bohloko ba ho Shoeloa
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • Mosali ea llang

      SEHLOOHO SE KA NTLE

      Bohloko ba ho Shoeloa

      “Thōla ngoan’aka. Molimo oa tseba hore na o etsa’ng.”

      Mosali ea bitsoang Bebe o ile a bolelloa mantsoe ao. O ne a le lefung la ntate oa hae ea ileng a hlokahalla kotsing ea koloi.

      Bebe o ne a rata ntate oa hae haholo. Le hoja mantsoe ao a ne a buuoa ke motho ea tloaetseng lelapa labo, a ile a mo utloisa bohloko le ho feta. Bebe o ne a lula a re ka pelong: “Ke hobane’ng ha Molimo a khethile ho nka ntate oa ka?” Esita le ka mor’a lilemo ho ne ho bonahala hore Bebe o ne a e-s’o tšelisehe kaha o ile a ngola ka kotsi eo.

      Bebe o ile a hlokomela hore ho nka nako hore motho a tšelisehe, haholo-holo ha ho hlokahetse motho eo a mo ratang haholo. Bibele e re lefu ke “sera sa ho qetela.” (1 Bakorinthe 15:26) Lefu le fihla ka tšohanyetso ’me le re arohanya le batho bao re ba ratang. Ke ngoetsi ea malapa ’ohle. Kahoo ho thata ho mamella bohloko bo tlisoang ke lona.

      Mohlomong u kile oa ipotsa lipotso tsena: ‘Ho nka nako e kae hore motho a tšelisehe? Motho a ka sebetsana le bohloko bo tlisoang ke lefu joang? Nka tšelisa batho ba hlokahalletsoeng joang? Na batho bao ke ba ratang ba tla boela ba phele?’

  • Na ke Phoso ho Utloa Bohloko?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

      Na ke Phoso ho Utloa Bohloko?

      Na u kile oa kula ka nakoana? Mohlomong u ile oa fola kapele hoo u seng u lebetse ka hona. Empa bohloko ba ho shoeloa ha bo fele kapele hakaalo. Buka e ’ngoe e buang ka bohloko ba ho shoeloa ke molekane e re: “Bohloko ba ho shoeloa ha bo fele.” Leha ho le joalo, e tsoela pele ho re: “Ka mor’a nako bohloko boo bo ka fokotseha ka thuso ea batho ba bang.”

      Ho etsa mohlala, nahana hore na Abrahama o ile a ikutloa joang ha mosali oa hae a hlokahala. Bibele e re: “Abrahama a bokollela Sara le ho mo llela.” Ho bonahala ho nkile nako hore a sebetsane le bohloko ba ho shoeloa.a Mohlala o mong ke oa Jakobo, ea neng a nahana hore mora oa hae Josefa, o bolailoe ke libata. O ile a mo llela ka “matsatsi a mangata,” ’me ba lelapa la hae ba sitoa ho mo tšelisa. Esita le ka mor’a lilemo tse ngata o ne a ntse a utloisoa bohloko ke lefu la Josefa.—Genese 23:2; 37:34, 35; 42:36; 45:28.

      Abrahama o ntse a lla pel’a setopo sa Sara

      Abrahama o ile a utloisoa bohloko ke lefu la mosali oa hae Sara

      Le mehleng ena batho ba bangata ba shoetsoeng ba utloa bohloko ka nako e telele. Nahana ka mehlala ena e ’meli.

      • “Monna oa ka Robert o hlokahetse ka la 9 July, 2008. Hoseng ha mohla a tla hlokahala, re ne re ntse re iketsetsa lintho ka tloaelo. Joaloka kamehla, ha re qeta ho ja, re ile ra sunana, ra hakana ’me ra bolellana hore rea ratana. Le hoja e se e le lilemo tse tšeletseng a hlokahetse, ke ntse ke utloa bohloko. Nke ke ka mo lebala.”—Gail, ea lilemo li 60.

      • “Le hoja mosali oa ka a hlokahetse lilemo tse 18 tse fetileng, ha ke e-s’o mo lebale ebile ke ntse ke utloile bohloko. Kamehla ha ke bona ntho e ntle, kea mo hopola. Kea tseba hore o ne a ka thabela ho bona seo ke se bonang.”—Etienne, ea lilemo li 84.

      Ha se phoso hore motho a nke nako e telele joalo a utloile bohloko. Batho ba utloa bohloko ka litsela tse sa tšoaneng, kahoo e ka ba phoso ho ba ahlola ha ba itšoara ka tsela e itseng ha ba shoetsoe. Hape, ha rea lokela ho ikoatela ha re bona eka re se re utloile bohloko ka nako e telele ho tlōla. Re ka sebetsana joang le bohloko ba ho shoeloa?

      a Mora oa Abrahama e leng Isaka le eena o ile a utloa bohloko ka nako e telele. Joalokaha re tla bona sehloohong se hlahang makasineng ena se reng “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona”, Isaka o ne a ntse a utloile bohloko le ka mor’a lilemo tse tharo ’mè oa hae Sara a hlokahetse.—Genese 24:67.

  • Kamoo U ka Sebetsanang le Bohloko ba ho Shoeloa
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

      Kamoo U ka Sebetsanang le Bohloko ba ho Shoeloa

      Batho ba ka u fa likeletso tse ngata tabeng ena. Leha ho le joalo, ha se tsohle tse ka u thusang. Ho etsa mohlala, ba bang ba ka u eletsa hore u se ke oa lla kapa oa bontša hore u utloile bohloko. Ba bang bona ba ka u eletsa hore u lle u ntše bohloko. Empa Bibele e fana ka keletso e molemo ka ho fetisisa eo lingaka li lumellanang le eona.

      Litsong tse ling ho thoe monna ke nku ha a lle. Na u hlajoa ke lihlong ha u lokela ho lla moo u leng mong esita le ka pel’a batho? Litsebi tsa mafu a kelello li re ho tloaelehile hore motho a lle ha a utloile bohloko. Ho lla ho ka u thusa hore u tsoele pele ka bophelo ka mor’a nako e itseng ho sa tsotellehe hore na u lahlehetsoe hakae. Empa ho ipipetsa ho ka u kulisa. Bibele e hanana le hore banna ha baa lokela ho lla kapa hore ho phoso ho lla. Nahana ka mohlala oa Jesu. Le hoja a ne a e-na le matla a ho tsosa bafu, o ile a lla ha motsoalle oa hae Lazaro a hlokahetse.—Johanne 11:33-35.

      Ho tloaelehile hore motho a ikutloe a halefile ha a shoetsoe, haholo-holo haeba motho eo a mo ratang a hlokahetse ka tšohanyetso. Ho na le mabaka a mangata a etsang hore motho a ikutloe a halefile, a kang ha batho bao a ba tšepang ba bua feela ba sa nahana kapa ba sa bue ’nete. Monna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Mike o re: “Ntate o hlokahetse ke le lilemo li 14. Lepatong la hae, moruti oa Chache o ile a re Molimo o hloka batho ba lokileng, kahoo o potlakela ho ba nka.a Mantsoe ao a ile a nkhalefisa hobane re ne re hloka ntate oa rōna haholo. E se e le lilemo tse 63 a hlokahetse empa ke ntse ke utloile bohloko.”

      Ho boetse ho tloaelehile hore motho a ikutloe a le molato, haholo-holo haeba motho eo a mo ratang a hlokahetse ka tšohanyetso. Motho ea hlokahalletsoeng a ka ’na a re: ‘A ka be a sa hlokahala haeba ke sa ka ka etsa sena kapa sane.’ Kapa mohlomong u ile oa qoaketsana le mofu pele a hlokahala. Taba eo e ka etsa hore u ikutloe u le molato le ho feta.

      Haeba u ikutloa u le molato kapa u halefile, ha oa lokela ho thōla feela. Ho e-na le hoo, buisana le motho ea tla u mamela a be a u tiisetse hore batho ba bangata ba ikutloa ka tsela eo ha ba hlokahalletsoe. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

      Motsoalle ea molemo ka ho fetisisa ke ’Mōpi oa rōna e leng Jehova Molimo. Mo bolelle maikutlo a hao ha u rapela hobane ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ho feta moo, o tšepisa hore bohle ba etsang joalo ba tla ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafilipi 4:6, 7) Hape, bala Bibele e le hore u fumane matšeliso a tsoang ho Molimo. Ngola litemana tsa Bibele tse khothatsang. (Sheba lebokose le sehloohong sena.) U ka ba oa tšoara tse ling ka hlooho. Ho nahana ka litemana tseo ho ka u thusa, haholo-holo ha u le mong bosiu ebile u sitoa ho robala.—Esaia 57:15.

      Haufinyane tjena mosali oa monna ea lilemo li 40 eo re tla mo bitsa Jack, o ile a bolaoa ke kankere. Jack o re ka linako tse ling o jeoa ke bolutu. Empa o re o thusoa ke ho rapela. O re: “Ha ke rapela Jehova, ke utloa ho ba betere. Hangata ke phaphama har’a bosiu ebe ha ke sa khona ho robala. Ka mor’a hore ke bale ’me ke nahanisise ka litemana tsa Bibele tse khothatsang le ho rapela, ke ba le khotso ebe ke khona ho robala.”

      ’Mè oa mosali ea bitsoang Vanessa o ile a hlokahala ka lebaka la bokuli. Vanessa le eena o ile a thusoa ke ho rapela. O re: “Ha ke ikutloa ke imetsoe, ke ne ke bitsa lebitso la Molimo ebe kea lla. Kamehla Jehova o ne a mamela lithapelo tsa ka ’me a mpha matla.”

      Litsebi tse eletsang batho ba hlokahalletsoeng, li ba khothalletsa hore ba thuse batho ba bang kapa ba ithaopele ho etsa litšebeletso tsa sechaba. Ho etsa joalo ho ka etsa hore ba thabe ’me ha kokobetsa bohloko. (Liketso 20:35) Bakreste ba bangata ba hlokahalletsoeng ba hlokometse hore ho thusa batho ba bang hoa ba khothatsa.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

      a Bibele ha e rute thuto ena. Ho e-na le hoo, e bua ka lintho tse tharo tse bakang lefu.—Moeklesia 9:11; Johanne 8:44; Baroma 5:12.

      LITEMANA TSA BIBELE TSE KHOTHATSANG

      • Molimo o u utloela bohloko.—Pesaleme ea 55:22; 1 Petrose 5:7.

      • Molimo o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae.—Pesaleme ea 86:5; 1 Bathesalonika 5:17.

      • Molimo o hloloheloa batho ba hlokahetseng.—Jobo 14:13-15.

      • Molimo o re o tla tsosa bafu.—Esaia 26:19; Johanne 5:28, 29.

  • Tšelisa Batho ba Hlokahalletsoeng
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

      Tšelisa Batho ba Hlokahalletsoeng

      Ntate le mora oa hae e monyenyane ba mabitleng

      Na u kile oa ikutloa u sa tsebe hore na u tšelise motho ea hlokahalletsoeng joang? Ka linako tse ling ha re tsebe hore na re lokela ho re’ng kapa re etse’ng, kahoo re qetella re thōla feela kapa re sa etse letho. Empa ho na le lintho tse molemo tseo re ka li etsang.

      Hangata ho hlokahala feela hore u etele motho ea hlokahalletsoeng ’me u mo bolelle hore u lla le eena. Litsong tse ngata batho ba haka motho kapa ba mo tšoare ka letsoho ho bontša hore baa mo tsotella. Haeba motho ea hlokahalletsoeng a batla ho bua le uena, mo mamele ka hloko. Hape u ka thusa lelapa le hlokahalletsoeng ka mesebetsi ea ka tlung, e kang ho pheha, ho hlokomela bana kapa oa ba thusa ho hlophisa litaba tsa lepato haeba ho hlokahala. Ho etsa joalo ho ka ba khothatsa ho feta ho bua mantsoe leha e le afe.

      Ha nako e entse e-ea, u ka phutholoha ho bua ka mofu, mohlomong ka makhabane a hae kapa lintho tse monate tse etsahetseng ha a sa phela. Ho bua ka lintho tse joalo ho ka etsa hore mong ka mofu a imolohe ho se hokae. Ho etsa mohlala, Pam eo monna oa hae Ian a hlokahetseng lilemo tse tšeletseng tse fetileng o re: “Ka linako tse ling, batho ba mpolella lintho tse ntle tseo monna oa ka a neng a li etsa tseo ke neng ke sa tsebe ka tsona ’me kea thaba.”

      Bafuputsi ba re batho ba bangata ba hlokahalletsoeng ba thusoa haholo ka mor’a hore lefu le hlahe, empa ka mor’a nako batho baa lebala ka bona ebe ba phathahana ka mabaka a bona. Kahoo, etsa boiteko ba ho lula u etela motho ea hlokahalletsoeng.a Batho ba bangata ba hlokahalletsoeng ba thabela ho eteloa e le hore ba ntše maikutlo.

      Nahana ka mosali oa Mojapane ea bitsoang Kaori, eo ’mè oa hae a ileng a hlokahala eaba ka mor’a selemo le likhoeli tse tharo ho hlokahala ausi oa hae. Hoa thabisa hore batho ba haufi le eena ba ile ba tsoela pele ho mo tšehetsa. E mong oa bona ke Ritsuko ea ileng a mo tšehetsa haholo. Kaori o re: “Ho bua ’nete, qalong ke ne ke sa rate taba eo. Ke ne ke sa batle hore mang kapa mang a nke sebaka sa ’mè oa ka ’me ke sa lumele hore ho na le motho ea ka tšoanang le eena. Empa ke ile ka qetella ke rata ’mè Ritsuko haholo ka lebaka la tsela eo a neng a ntšoara ka eona. Ke ne ke e-ea le eena mosebetsing oa boboleli le libokeng tsa Bokreste beke le beke. O ne a re ke tle ha hae ke tl’o noa tee le eena, a ntlisetsa lijo a bile a ’ngolla mangolo le likarete hangata. Tsela e ntle eo ’mè Ritsuko a neng a etsa lintho ka eona e nthusitse haholo.”

      Ho se ho fetile lilemo tse 12 ’mè oa Kaori a hlokahetse ’me Kaori le monna oa hae ba qeta lihora tse 70 ka khoeli ba ruta batho Bibele. Kaori o re: “’Mè Ritsuko o ntse a ntsotella le kajeno. Kamehla ha ke khutlela hae kea mo etela ’me ke thabela ho ba le eena.”

      Motho e mong eo batho ba ileng ba mo tšehetsa ke Poli e leng Paki ea Jehova e lulang Cyprus. Monna oa hae e leng Sozos, e ne e le moholo oa Mokreste ea mosa kaha hangata o ne a mema likhutsana le bahlolohali hore ba tl’o ja le lelapa la hae. (Jakobo 1:27) Ka masoabi Sozos o ile a hlokahala a le lilemo li 53, a bolaoa ke kankere ea boko. Poli o re: “Ke lahlehetsoe ke monna oa ka ea tšepahalang eo re qetileng lilemo tse 33 re nyalane.”

      Banyalani ba tlisetsa ntate le mora lijo

      Batla menyetla ea ho thusa batho ba hlokahalletsoeng

      Ka mor’a lepato, Poli o ile a fallela Canada le mora oa hae oa ho fela ea lilemo li 15 eo lebitso la hae e leng Daniel. Ha ba le moo, ba ile ba tsoela pele ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng seo. Poli o re: “Batho ba phutheho ea rōna ba ne ba sa tsebe hore ke hlokahalletsoe ke monna. Empa ba ile ba re khothatsa ’me ba re thusa ka litsela tse sa tšoaneng. Ba re thusitse ka nako e nepahetseng kaha mora oa ka o ne a hloka ntate! Baholo ba phutheho ba ile ba bontša hore ba tsotella Daniel haholo. E mong oa bona o ne a tsamaea le eena ha a e-ea metsoalleng ea hae kapa a e’o bapala bolo.” Hona joale Poli le mora oa hae ba thabile.

      Ho hlakile hore re ka thusa batho ba hlokahalletsoeng ’me ra ba tšelisa ka litsela tse fapaneng. Hape Bibele e re tšelisa ka ho re re tla ba le bokamoso bo babatsehang.

      a Batho ba bang ba tšoaea letsatsi leo motho a hlokahetseng ka lona e le hore ba tle ba tšelise beng ka mofu ha letsatsi leo le atamela kaha ka nako eo ba hloka matšeliso haholo.

  • Bafu ba Tla Tsoha!
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

      Bafu ba Tla Tsoha!

      Gail eo re buileng ka eena lihloohong tse fetileng, o re a ke ke a lebala monna oa hae, Robert. Leha ho le joalo, o na le tšepo ea hore o tla boela a mo bone lefatšeng le lecha leo Molimo a re tšepisang lona. O re: “Ke rata lengolo la Tšenolo 21:3, 4. Le re: ‘Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’”

      Gail o re: “Lengolo lena le tšelisa batho bohle ba hlokahalletsoeng ’me le ba fa tšepo e le hore ba khone ho mamella bohloko ba ho shoeloa. Ke utloela batho ba hlokahalletsoeng ba sa tsebeng hore ba ka boela ba bona baratuoa ba bona.” Gail o phela tumellanong le seo a se lumelang ka hore a qete lihora tse 70 ka khoeli a bua le batho ka Bibele ’me a ba bolella ka tšepiso eo Molimo a re fang eona ea hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”

      Jobo o tsoile mathopa

      Jobo o ne a lumela hore o tla tsosoa

      U ka ’na oa re: ‘Hoo ho ke ke ha etsahala!’ Nahana ka monna ea bitsoang Jobo. O ne a kula haholo. (Jobo 2:7) Le hoja a ne a utloa ho le molemo hore a shoe, o ne a lumela hore Molimo o na le matla a ho mo tsosa. O ile a re: “Hoja u ka mpata [lebitleng] . . . U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:13, 15) Jobo o ne a lumela hore Molimo oa hae o tla mo hloloheloa ’me a mo tsose.

      Haufinyane Molimo o tla tsosa Jobo hammoho le bafu ba bang ha lefatše e se e le paradeise. (Luka 23:42, 43) Lengolo la Liketso 24:15 le re: “Ho tla ba le tsoho.” Jesu o ile a re: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Jobo o tla bona ha Molimo a phethahatsa tšepiso eo. O tla ba “mahlahahlaha” hape joaloka bocheng ’me nama ea hae “e nchafale ho feta bocheng.” (Jobo 33:24, 25) Batho ba ananelang tšepo ea tsoho eo Molimo a fanang ka eona le bona ba tla nchafala.

      Haeba u kile oa hlokahalloa ke motho eo u mo ratang, ho ka etsahala hore lintlha tseo re buileng ka tsona li se ke tsa u tšelisa ka ho feletseng. Empa ha u nahanisisa ka tšepiso eo Molimo a re fang eona e hlahang ka Bibeleng, u ka ba le tšepo ’me oa khona ho tsoela pele ka bophelo.—1 Bathesalonika 4:13.

      Na u ka rata ho utloa lintlha tse ling tse mabapi le ho sebetsana le bohloko ba ho shoeloa? Na u na le lipotso tse ling tse kang “Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo le mahlomola?” Ka kōpo kena websaeteng ea rōna ea jw.org/st, e le hore u fumane likarabo tse khothatsang tse tsoang Bibeleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela