Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Leholimo
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 6
    • Maru

      SEHLOOHO SE KA NTLE | HA E LE HANTLE HO ETSAHALA’NG LEHOLIMONG?

      Lipotso Tseo Batho Ba Li Botsang ka Leholimo

      Na u kile ua ipotsa hore na ke bo-mang ba phelang leholimong le hore na leholimong ho joang? Haeba ho joalo, hase uena feela. Batho ba ’nile ba ipotsa lipotso tseo ka lilemo tse likete. Batho ba bang ba lumela hore leholimong ke moo ho lulang baholo-holo ba rōna ba lokeloang ke tlotla. Ba bang ba nahana hore ke sebaka se tletseng thabo se nang le mangeloi hammoho le batho ba lokileng ba ileng ba hlokahala. Ba bang bona ba nahana hore ke moo ho lulang libōpuoa tsa moea tse limilione.

      Ho ntse ho le joalo, batho ba bang ba re re ke ke ra tseba se etsahalang leholimong kaha ha ho motho ea tsoang teng ea ka re bolellang ka lona. Empa lebaka leo le fosahetse hobane Jesu Kreste o ile a phela leholimong pele a tla lefatšeng. O ile a bua le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” Kahoo, Jesu o ne a tsebisa baapostola ba hae ka leholimo ha a re: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo.”—Johanne 6:38; 14:2.

      Ntate oa Jesu e leng Jehova Molimo, o lula leholimong. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, ha ho motho ea ka hlalosang leholimo hamolemo ho feta Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ba ile ba tsebisa batho ka se etsahalang leholimong ka hore ba bontše batho ba tšepahalang lipono.

      Sehlooho se latelang se bua ka litlaleho tsa Bibele tse hlalosang lintho tseo batho ba fapaneng ba ileng ba li bona. Ha u ntse u nahana ka litlaleho tseo, u lokela ho hopola hore leholimo hase sebaka se nang le lintho tseo re ka li bonang kapa ra li tšoara. Kahoo, Molimo ha aa ka a re hlalosetsa se etsahalang leholimong ka tsela e ka utloisisoang feela ke libōpuoa tsa moea, empa o re hlaloselitse ka tsela eo re ka e utloisisang. Litlaleho tsena li tla u thusa hore u utloisise libōpuoa tse phelang ‘libakeng tse ngata tsa bolulo’ tseo Jesu a buileng ka tsona.

  • Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 6
    • Jesu o eme ka letsohong le letona la terone e khōlō ea Jehova e pota-potiloeng ke mangeloi

      SEHLOOHO SE KA NTLE | HA E LE HANTLE HO ETSAHALA’NG LEHOLIMONG

      Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?

      Bibele e bua ka liketsahalo tse ’maloa tse re thusang ho utloisisa hore na ho etsahala’ng leholimong. Re u khothalletsa hore u ithute ka liketsahalo tsena. Le hoja lintho tseo ho buuoang ka tsona mona li sa lokela ho nkoa ka tsela ea sebele, liketsahalo tsena li tla re thusa ho utloisisa hore na Jehova le libōpuoa tse phelang leholimong ba joang le hore na ba re ama joang.

      JEHOVA KE EENA EA PHAHAMENG KA HO FETISISA

      “Terone e ne e le boemong ba eona leholimong, ’me ho na le ea lutseng teroneng. Ea lutseng, ka ponahalo, o joaloka lejoe la jaspere le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo.”—Tšenolo 4:2, 3.

      “Ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka seqha se hlahang lerung letsatsing la pula e tšolohang. Ke kamoo ho benya ho neng ho bonahala kateng ka hohle. E ne e le ponahalo ea sebōpeho sa khanya ea Jehova.”—Ezekiele 1:27, 28.

      Liponong tseo moapostola Johanne le moprofeta Ezekiele ba li boneng, ho sebelisoa lintho tseo re ka li bonang tse kang majoe a matle, mookoli le boholo ba terone ho tšoantšetsa Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa e leng Jehova. Li re ruta hore Jehova o lula sebakeng se hlollang ka botle le se nang le khutso.

      Litšoantšetso tsena tse buang ka Molimo li lumellana hantle le seo mopesaleme a ileng a se ngola ha a re: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo. O tšabeha ho feta melimo e meng kaofela. Etsoe melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela; empa ha e le Jehova, o entse maholimo. Ho hlompheha le bokhabane li ka pel’a hae; matla le botle li sehalalelong sa hae.”—Pesaleme ea 96:4-6.

      Le hoja Jehova e le Ea Phahameng ka ho Fetisisa, o batla hore re mo rapele ’me o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rōna. (Pesaleme ea 65:2) Molimo o oa re rata ’me o re tsotella haholo. Ke kahoo moapostola Johanne a ileng a re: “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.

      JESU O NA LE MOLIMO

      “[Morutuoa oa Mokreste e leng Setefane], a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo, eaba o re: ‘Bonang! Ke bona maholimo a bulehile le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.’”—Liketso 7:55, 56.

      Nakoana pele Setefane a bona pono eo, Jesu o ile a bolaoa ke batho bao Setefane a neng a bua le bona, e leng baeta-pele ba Bajuda. Pono eo e ne e bontša hore Jesu o oa phela le hore o tsositsoe bafung ’me o fuoe tlhompho. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “[Jehova] a mo tsosa [Jesu] bafung ’me a mo lulisa ka letsohong la hae le letona libakeng tsa leholimo, ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong le lebitso le leng le le leng le bitsoang, eseng feela tsamaisong ena ea lintho, empa hape le ho e tlang ho tla.”—Baefese 1:20, 21.

      Mangolo a boetse a bontša hore feela joaloka Jehova, Jesu le eena o tsotella batho haholo. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba kulang le ba holofetseng a ba a tsosa bafu. O ile a bontša hore o rata Molimo le batho ka hore a shoele batho bohle. (Baefese 2:4, 5) Kaha Jesu o lutse ka letsohong le letona la Molimo, haufinyane o tla sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona hore a hlohonolofatse batho ba mamelang.

      MANGELOI A SEBELETSA MOLIMO

      Moprofeta Daniele o ile a re: “Ka ’na ka talima ho fihlela literone li behoa ’me Moholo-holo oa Matsatsi [Jehova] a lula fatše. . . . Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.”—Daniele 7:9, 10.

      Ponong ena ea leholimo, Daniele o ile a bona mangeloi a mangata. E tlameha ebe eo e ne e le pono e hlollang! Mangeloi ke libōpuoa tsa moea tse bohlale le tse matla. Lihlopha tsa ’ona li akarelletsa lirafime le likerubime. Ka Bibeleng ho buuoa ka mangeloi ka makhetlo a fetang 250.

      Mangeloi hase batho ba hlokahetseng ba neng ba phela lefatšeng. Molimo o bōpile mangeloi nako e telele pele batho ba e-ba teng. Mangeloi a ne a le teng ha Molimo a bōpa lefatše ’me a hlaba litlatse.—Jobo 38:4-7.

      Tsela e ’ngoe eo ka eona mangeloi a sebeletsang Molimo ke ka ho tšehetsa batho mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Moapostola Johanne o ile a bona pono e hlalosang hore na mosebetsi oa mangeloi ke ofe. O ile a ngola a re: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6) Le hoja kajeno mangeloi a sa bue le batho joaloka nakong e fetileng, a thusa ba bolelang litaba tse molemo hore ba fumane batho ba lipelo li ntle.

      SATANE O KHELOSA BATHO BA LIMILIONE

      “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [Jesu Kreste] le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:7-9.

      Ho na le nako eo khotso e neng e le sieo leholimong. Qalong ea histori ea batho, lengeloi le leng le ile la e-ba le takatso ea ho rapeloa eaba le furalla Jehova. Le ile la bitsoa Satane, e bolelang “Mohanyetsi.” Hamorao, mangeloi a mang le ’ona a ile a mo latela ’me a fetoha bademona. Kaha ba khopo, ba hanyetsa Jehova ’me ba susumelletsa batho hore ba phele ka tsela e sa mo khahliseng.

      Satane le bademona ba hae ba khopo ebile ba sehlōhō. Ke lira tsa batho tse ba baketseng mathata a mangata. Ho etsa mohlala, Satane o ile a bolaea liphoofolo tsa Jobo ea tšepahalang hammoho le bahlanka ba hae. Hape, o ile a sebelisa “moea o moholo” ho heletsa ntlo eo bana ba Jobo ba leshome ba neng ba le ka har’a eona, ’me ea ba bolaea. Ka mor’a moo, Satane o ile a otla Jobo ka “mathopa a bolaeang ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.”—Jobo 1:7-19; 2:7.

      Haufinyane Satane o tla felisoa. O oa tseba hore “o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Satane a ke ke a atleha ’me tseo ke litaba tse monate.

      BATHO BA TSOANG LEFATŠENG

      Ha Bibele e bua ka Jesu e re: “Ua rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng, ’me ua ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10.

      Joaloka ka Jesu, batho ba bang ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ke il’o le lokisetsa sebaka. Hape, . . . ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.”—Johanne 14:2, 3.

      Ho na le mosebetsi oo batho ba eang leholimong ba il’o o etsa. Ba tla busa le Jesu ’Musong oa leholimo, oo haufinyane o tlang ho busa batho ’me o tlise litlhohonolofatso tse ngata. Ke oona ’Muso oo Jesu a boleletseng balateli ba hae hore ba o rapelle thapelong ea mohlala. O ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.

      Jesu o na le ba tsoselitsoeng leholimong

      BATHO BA EANG LEHOLIMONG BA IL’O ETSA’NG?

      Moapostola Johanne o ile a re: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’”—Tšenolo 21:3, 4.

      Pono ena e bua ka nako eo ka eona ’Muso oa Molimo o entsoeng ka Jesu le batho ba khethiloeng ho ea busa le eena, o tlang ho felisa Satane ’me o etse lefatše paradeise. Lintho tse re bakelang bohloko le mahlomola li tla fela. Le lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.

      Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng ba sa kang ba tsosetsoa leholimong? Ba tla tsosetsoa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.—Luka 23:43.

      HA U OA LOKELA HO TŠABA BADEMONA

      Mehleng ena batho ba bangata ba tšoana le batšoaruoa ba tlanngoeng ka liketane. Ba lumela litumela-khoela ’me ba lula ba tšohile hore meea e mebe e ka ba ntša kotsi. Batho ba bangata ba roala lintho tse itseng le ho iketsa lithatho ’me ba lumela hore li ka ba sireletsa ho meea e mebe. Empa ha ho hlokahale hore u etse lintho tsena hobane Bibele e re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Jehova, e leng Molimo oa ’nete o matla haholo ho feta Satane ’me a ka u sireletsa haeba u mo tšepa.

      E le hore Jehova a u sireletse, u lokela ho ithuta hore na ke eng e mo thabisang ebe u ua e etsa. Ho etsa mohlala, Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba Efese ba ile ba bokella libuka tsohle tsa bona tsa bonohe eaba baa li chesa. (Liketso 19:19, 20) Hoa tšoana le mehleng ena, e le hore Molimo a u sireletse u lokela ho lahla lintho tsohle tse amanang le tšebelisano le meea tse kang lithatho, litšoantšo, libuka, mehala e “sireletsang” le ntho efe kapa efe e amanang le meea.

      Bibele e re: “Ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Haeba u ipeha tlas’a Molimo ka hore u mamele melao ea hae le ho mo sebeletsa, u ka kholiseha hore u ka khona ho hlōla Satane le bademona ba hae.

      Lipono tsena li re kholisa hore Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, mangeloi a tšepahalang hammoho le batho ba tsoang lefatšeng, kaofela baa re tsotella ebile ba batla hore re phele hamonate. Haeba u batla ho ithuta ho eketsehileng ka seo ba tla se etsa, re u khothalletsa hore u kopane le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kapa u kene websaeteng ea rōna ea www.pr418.com/st ebe u daonlouda buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela