-
Re Hloka ho TšelisoaMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?
Re Hloka Ho Tšelisoa
Na u sa hopola u oela ha u sa le monyenyane? Mohlomong u ile ua tsoa kotsi letsohong kapa ua phumoha lengoleng. Na u sa hopola kamoo ’mè oa hao a ileng a u tšelisa kateng? Mohlomong o ile a hlatsoa leqeba la hao eaba o oa le tlamisa. Ho ka etsahala hore ebe u ile ua lla, empa mantsoe a hae le tsela eo a ileng a u tšoara ka eona li ile tsa u tšelisa le ho etsa hore u ikutloe hantle. Lilemong tseo ho ne ho e-na le motho ea lulang a u tšelisa.
Empa ha re ntse re hōla, bophelo bo ba thata le ho feta. Mathata a rōna a ba maholo ’me ho ba thata ho fumana motho ea re tšelisang. Ka bomalimabe hase kamehla ho hakoa le ho tlamisoa ho khonang ho felisa mathata ho batho ba baholo. Nahana ka mehlala ena.
Na u kile ua utloa bohloko ba ho felloa ke mosebetsi? Ntate e mong ea bitsoang Julian o re o ile a tšoenyeha haholo ha a ne a lelekoa mosebetsing. O ne a ipotsa hore na o tla hlokomela lelapa la hae joang. O ne a boetse a ipotsa hore na ke hobane’ng ha k’hamphani ea hae e mo lahla kherehloa ka mor’a hore a e sebeletse ka lilemo.
Ho ka etsahala hore ebe u sa ntse u utloile bohloko ka lebaka la ho hlalana le molekane oa hao. ’Mè e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ha monna oa ka a ne a ntšiea likhoeling tse 18 tse fetileng ke ne ke utloile bohloko haholo. E ne eka pelo ea ka e robehile likoto. Ke ne ke utloa bohloko ’meleng le kelellong. Taba ena e ile ea ntšosa haholo.”
Ho ka boela ha etsahala hore u oa kula ’me ha ho bonahale eka u sa tla ke u fole. Mohlomong u ee u ikutloe joaloka mopatriareka Jobo ea kileng a re: “Ke tennoe ke bophelo, ha ke rate ho ’na ke phela.” (Jobo 7:16, Bibele ea Sesotho) Kapa ho ka etsahala hore ebe u ee u ikutloe joaloka ntate-moholo e mong ea bitsoang Luis ha a re: “Ke se ke emetse lefu la ka feela.”
Ka lehlakoreng le leng ho ka etsahala hore ebe u hloka matšeliso ka lebaka la ho shoeloa. Ntate e mong ea bitsoang Robert o re: “Qalong ke ne ke sa kholoe ha ke utloa hore mora oa ka o hlokahalletse kotsing ea sefofane. Ka mor’a moo ke ile ka utloa bohloko bo tebileng, boo Bibele e bo bapisang le ho hlajoa ka sabole.”—Luka 2:35.
Robert, Luis, Raquel le Julian ba ile ba fumana matšeliso mathateng a bona. Ba ile ba fumana matšeliso a sebele ho Molimo ea Matla ’ohle. Molimo o re tšelisa joang? Na le uena a ka u tšelisa?
-
-
Molimo o re Tšelisa Joang?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?
Molimo O Re Tšelisa Joang?
Moapostola Pauluse o ile a re Jehovaa ke “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Kahoo, Bibele e re tšepisa hore Molimo a ke ke a sitoa ho re thusa le ho re tšelisa mathateng afe kapa afe ao re tobanang le ’ona.
Ho na le ntho eo re lokelang ho e etsa haeba re batla hore Molimo a re tšelise. Na ngaka e ka thusa motho haeba ba sa behelana nako ea ho kopana? Moprofeta Amose o kile a botsa a re: “Na ba babeli ba tla tsamaea hammoho ntle le hore ebe ba behelane nako ea ho kopana?” (Amose 3:3) Ke kahoo Bibele e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Empa re tseba joang hore Molimo a ka fela a atamela ho rōna? Lebaka la pele ke hore Molimo o boletse ka makhetlo a mangata hore o batla ho re thusa. (Sheba lebokose le sehloohong sena.) Lebaka la bobeli ke hore ho na le bopaki bo bongata ba batho bao Molimo a ileng a ba thusa, ba mehleng ena le ba nakong e fetileng.
Morena Davida o ne a e-na le mathata a tšoanang le ao batho ba bangata mehleng ena ba nang le ’ona. Davida o kile a kōpa Jehova a re: “Utloa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho kōpa thuso ho uena.” Na Jehova o ile a araba thapelo eo? E, hamorao Davida o ile a re: “Ke thusitsoe, hoo pelo ea ka e thabileng.”—Pesaleme ea 28:2, 7.
JESU O TŠELISA BATHO BA UTLOILENG BOHLOKO JOANG?
Jehova o khethile Jesu hore a tšelise bohle ba utloileng bohloko. Mosebetsi o mong oo Jesu a o filoeng ke hore a “tlamise ba robehileng lipelo” le “ho tšelisa bohle ba siameng.” (Esaia 61:1, 2) Joalokaha Bibele e bolela, Jesu o tsotella “bohle ba sehlang le ba imetsoeng.”—Matheu 11:28-30.
Jesu o ne a tšelisa batho ka ho ba fa likeletso le ho ba tšoara ka mosa. O ne a bile a phekola ba kulang. Ka letsatsi le leng monna ea tšoeroeng ke lepera o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a susumetsoa ke khauho eaba o re: “Kea batla. Hloeka.” (Mareka 1:40, 41) Monna eo o ile a fola.
Mehleng ena, Jesu ha a sa le eo lefatšeng bakeng sa ho thusa batho ba hlaheloang ke mathata. Empa Bibele e re Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle,” ’me u thusa bohle ba mathateng. (2 Bakorinthe 1:3) Nahana ka litsela tse ’nè tseo Jehova a li sebelisang ho tšelisa batho mehleng ena.
Bibele. “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.
Moea o Halalelang. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, ho ile ha e-ba le khotso phuthehong eohle ea Bokreste. Bakreste bao ba thusitsoe ke ho “tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang.” (Liketso 9:31) Moea o halalelang ke matla ao Molimo a a sebelisang. Moea ona o matla haholo ’me Molimo a ka o sebelisa ho thusa motho e mong le e mong mathateng a hae.
Thapelo. Bibele e re khothalletsa hore re ‘se ke ra tšoenyeha ka letho.’ Ho e-na le hoo e re: “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.
Bakreste-’moho. Bakreste-’moho ke metsoalle ea rōna e re tšelisang ha re le mathateng. Moapostola Pauluse o ile a re metsoalle ea hae ke “thuso e matlafatsang” linakong tse thata.—Bakolose 4:11; 1 Bathesalonika 3:7.
Empa u ka ’na ua ipotsa hore na litsela tsena tse ’nè tseo Molimo a re tšelisang ka tsona li ka re thusa joang ha re e-na le mathata. A re ke re hlahlobeng mehlala ea batho bao re buileng ka bona sehloohong se fetileng. Joaloka bona, le uena u ka bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Joaloka motho eo ’m’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.”—Esaia 66:13.
a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.
-
-
U ka Fumana Matšeliso ha U le MathatengMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?
U Ka Fumana Matšeliso Ha U Le Mathateng
Batho ba hlaheloa ke mathata a fapaneng. Le hoja re ke ke ra khona ho bua ka bothata bo bong le bo bong bo hlahelang batho, a re ke re bueng ka mehlala ea batho ba bane bao re buileng ka bona qalong. Hlokomela kamoo Molimo a ileng a tšelisa batho mathateng a bona a fapaneng.
HA U FELLOA KE MOSEBETSI
“Ke ile ka itloaetsa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o teng le ho qoba ho senya chelete.”—Jonathan
Ntate e mong ea bitsoang Setha o re: “’Na le mosali oa ka re ile ra felloa ke mosebetsi ka nako e le ’ngoe. Re ile ra tlameha ho phela ka liphallelo le ho batla mesebetsi ea nakoana ka lilemo tse peli. Sena se ile sa etsa hore mosali oa ka a nyahame a be a ikutloe a se na thuso.”
Ha Seth a hlalosa hore na ba thusitsoe ke eng o re: “Mosali oa ka Priscilla o ne a lula a ikhopotsa mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:34. Jesu o ile a re ha rea lokela ho tšoenyeha ka lintho tse tla etsahala hosane hobane letsatsi ka leng le na le mathata a lona. Ho rapela ho ile ha mo thusa ho lula a e-na le matla a ho tsoela pele ka bophelo. ’Na ke ile ka tšelisoa ke Pesaleme ea 55:22. Joaloka mopesaleme Davida, ke ile ka lahlela mathata a ka ho Jehova ’me o ile a nthusa. Ke ile ka boela ka fumana mosebetsi, leha ho le joalo re batla feela litlhoko tsa ho tsoela pele ka bophelo ’me re mamela keletso ea Jesu e ho Matheu 6:20-22. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re na le kamano e ntle le Jehova, hape lelapa la rōna le thabile.”
Ntate e mong ea bitsoang Jonathan o re: “Ke ne ke tšohile ha khoebo ea lelapa e oa ’me ke ipotsa hore na bokamoso bo tla ba joang. Khoebo ea rōna e neng e e-na le lilemo tse 20 e ile ea oa ka lebaka la ho putlama ha moruo. ’Na le mohats’aka re ne re se re lula re qabanela chelete. Re ne re sa khone le ho sebelisa karete ea rōna ea mokitlane hobane re tšaba hore e ke ke ea sebetsa.
“Ho bala Bibele le ho kōpa thuso ea moea o halalelang ho ile ha re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ke ile ka itloaetsa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o teng le ho qoba ho senya chelete. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ile ra boela ra fumana thuso ho balumeli-’moho. Ba ile ba etsa hore re boele re be le boitšepo ’me ba re fa thuso nakong eo re hlileng re e hlokang.”
HA U HLALANA LE MOLEKANE OA HAO
’Mè e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ke ne ke halefile ke bile ke utloile bohloko ha monna oa ka a ntšiea. Ke ne ke lula ke sa thaba. Empa ke ile ka ba le kamano e ntle le Molimo ’me o ile a ntšelisa. Ho rapela kamehla ho ile ha nthusa hore ke be le khotso. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o thobile pelo ea ka.
“Bibele e nthusitse hore ke se ke ka lula ke halefile kapa ke utloile bohloko. Ke ile ka nahanisisa ka ho teba ka mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho Baroma 12:21 a reng: ‘U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.’”
“Ho na le nako ea ho ‘tela se lahlehileng.’. . . Hona joale ke tsoela pele ka bophelo.”—Raquel
“Motsoalle e mong oa ka o ile a nkeletsa hore ke tsoele pele ka bophelo. O ile a mpontša lengolo la Moeklesia 3:6 ’me a ntlhokomelisa hore ho na le nako ea ho ‘tela se lahlehileng.’ Ho ne ho se bonolo ho amohela keletso eo, empa ke sona seo ke neng ke lokela ho se etsa. Hona joale ke tsoela pele ka bophelo.”
Elizabeth o re: “Ha u hlalana le molekane oa hao, u hloka motho ea ka u tšehetsang. Ke ne ke e-na le motsoalle ea neng a oa a tsoha le ’na kamehla. O ne a lla le ’na, a ntšelisa a bile a etsa hore ke ikutloe ke ratoa. Ke kholisehile hore ke Jehova ea neng a mo sebelisa hore a ntšelise.”
HA U KULA KAPA U TSOFETSE
“Ha ke qeta ho rapela, moea oa hae o halalelang o oa ’matlafatsa.”—Luis
Luis, eo re buileng ka eena sehloohong se qalang o ne a tšoeroe ke lefu la pelo ’me a batla a e-shoa ka makhetlo a mabeli. Hona joale o hloka ho lula a le mochineng o mo thusang ho hema ka lihora tse 16 ka letsatsi. Luis o re: “Ke lula ke rapela Jehova. Ha ke qeta ho rapela, moea oa hae o halalelang o oa ’matlafatsa. Ho rapela ho etsa hore ke khothale hobane kea tseba hore Jehova o ntsotella e le kannete.”
Nkhono e mong ea bitsoang Petra o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li etsa, empa ha ke khone. Ke utloa bohloko ha ke sa khone ho iketsetsa lintho. Ke lula ke khathetse ’me ke phela ka meriana. Ka linako tse ling ke hopola ha Jesu a ne a kōpa Ntate oa hae hore haeba ho khoneha, mathata a mang a ke a mo fete. Empa Jehova o ile a mo fa matla a ho mamella. Le ’na Jehova o oa ’matlafatsa. Thapelo ke moriana ho ’na ’me ke ikutloa hantle ka mor’a hore ke bue le Molimo.”—Matheu 26:39.
Julian, ea nang le lilemo tse ka bang 30 a tšoeroe ke boloetse ba ho satalla ha mesifa o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Le hoja ke hlahile ke phetse hantle, hona joale ke tsamaea ka setuloana sa batho ba holofetseng. Empa ke sa ntse ke phela bophelo bo thabisang kaha ke thusa ba bang. Ho thusa batho ba bang ho fokotsa bohloko boo ke bo utloang. Ke kholisehile hore Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re hlokomela. Ke bua joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: ‘Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.’”—Bafilipi 4:13.
HA U SHOETSOE
Antonio o re: “Ke ne ke sa kholoe ha ke utloa hore ntate oa ka o thutsoe ke koloi ’me o hlokahetse. Ntho e utloisang bohloko haholo ke hore e ne e se phoso ea hae. Empa ho ne ho se letho leo nka le etsang. O ile a qeta matsatsi a mahlano a akhehile, eaba ka mor’a moo o oa hlokahala. Ke ne ke sa batle ho lla ’Mè a nchebile, empa ke ne ke lla habohloko ha ke le mong. Ke lula ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha sena se etsahetse.
“Nakong eo e boima ke ne ke lula ke kōpa hore Jehova a nthuse ho laola maikutlo le hore ke boele ke thabe. Ha nako e ntse e e-ea, maikutlo a ka a ile a kokobela. Ke ile ka hopola hore Bibele e re ‘bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.’ Kaha Molimo a ke ke a bua leshano, ke kholisehile hore ke tla boela ke kopana le ntate oa ka mohla a tsosoang.”—Moeklesia 9:11; Johanne 11:25; Tite 1:2.
“Le hoja mora oa rōna a hlokahalletse kotsing ea sefofane, re sa ntse re hopola linako tse monate tseo re bileng le tsona le eena.”—Robert
Robert, eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “’Na le mosali oa ka re ile ra ba le khotso e hlalosoang lengolong la Bafilipi 4:6, 7. Ho rapela Jehova ke hona ho ileng ha re thusa hore re be le khotso. Khotso eo e re thusitse ho bolella baqolotsi ba litaba ka tšepo eo re nang le eona ea tsoho. Le hoja mora oa rōna a hlokahalletse kotsing ea sefofane, re sa ntse re hopola linako tse monate tseo re bileng le tsona le eena. Re lula re nahana ka tsona.
“Ha balumeli-’moho ba re bolella hore ba re bone re bua re khobile matšoafo ka tšepo ea tsoho thelevisheneng, re ile ra ba bolella hore ke ka lebaka la lithapelo tsa bona. Ke lumela hore haesale Jehova a re tšehetsa le ho re tšelisa a sebelisa likhothatso tse tsoang ho bona.”
Joalokaha mehlala e ka holimo e bontša, Molimo a ka khona ho tšelisa batho mathateng ’ohle a bona. Na le uena Molimo a ka u tšelisa? E, Molimo a ka u tšelisa mathateng ’ohle a hao.b Joale ke hobane’ng ha u sa kōpe hore Jehova a u thuse? Bibele e re ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.
-